-
“Limpho Tseo e Leng Banna” Bakeng sa ho Hlokomela Linku Tsa JehovaMolula-Qhooa—1999 | June 1
-
-
Ha ho Hlokahala Hore Motho a ‘Khutlisetsoe Tseleng’
8. Kaofela ha rōna ho hlokahala hore re khutlisetsoe tseleng ka litsela life?
8 Ea pele, Pauluse o re, “limpho tseo e leng banna” li fanoe “ka sepheo sa ho khutlisetsoa tseleng ha bahalaleli.” (Baefese 4:12) Lereho la Segerike le fetoletsoeng e le “ho khutlisetsoa tseleng” le bolela ho beha ntho “tumellanong e loketseng.” Joaloka batho ba sa phethahalang, kaofela ho hlokahala hore re khutlisetsoe tseleng nako le nako—ho etsa hore monahano oa rōna, boikutlo ba rōna kapa boitšoaro li behoe “tumellanong e loketseng” le monahano oa Molimo le thato ea hae. Ka lerato Jehova o fane ka “limpho tseo e leng banna” ho re thusa ho etsa liphetoho tse hlokahalang. Ba etsa see joang?
9. Moholo a ka thusa joang ho khutlisetsa nku e entseng phoso tseleng?
9 Ka linako tse ling, moholo a ka ’na a bitsoa hore a e’o thusa nku e entseng phoso, eo mohlomong e ‘nkileng mohato o mong o fosahetseng pele e o hlokomela.’ Moholo a ka thusa joang? Bagalata 6:1 e re: ‘Leka ho khutlisetsa motho ea joalo tseleng ka moea o bonolo.’ Kahoo, moholo ha a fana ka keletso, o ne a ke ke a omanya mofosi ka ho sebelisa mantsoe a thata. Keletso e lokela ho khothatsa, e se ke ea “tšosa” ea e fuoang. (2 Bakorinthe 10:9; bapisa le Jobo 33:7.) E ka ’na eaba motho eo o se a ntse a ikutloa a soabile, ka hona molisa ea lerato o qoba ho mo nyahamisa. Ha keletso, esita le khalemelo e tiileng, ho hlakile hore e susumetsoa ke lerato ebile e fanoa ka lerato, ho ka etsahala hore e lokise monahano oa mofosi kapa boitšoaro ba hae, ka tsela eo, e mo tsosolosa.—2 Timothea 4:2.
10. Ho khutlisetsa ba bang tseleng ho akarelletsa eng?
10 Ha Jehova a fana ka “limpho tseo e leng banna” bakeng sa ho re khutlisetsa tseleng, o ne a nahanne hore baholo e be ba khathollang moeeng ’me e be ba tšoanelehang bakeng sa hore batho ba hae ba ka ba etsisa. (1 Bakorinthe 16:17, 18; Bafilippi 3:17) Ho khutlisetsa ba bang tseleng ha ho akarelletse feela ho khalemela ba nkang tsela e fosahetseng, empa ho akarelletsa le ho thusa ba tšepahalang ho khomarela tsela e nepahetseng.a Kajeno, ha ho e-na le mathata a mangata hakana a nyahamisang, ba bangata ba hloka khothatso e le hore ba ka tšoarella. Ho ka etsahala hore ba bang ba hloke thuso e fanoang ka mosa e le hore monahano oa bona o ka lumellangoa le oa Molimo. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba tšepahalang ba loana le maikutlo a tebileng a hore baa hlōleha kapa ha ba tšoanelehe. “Lisoule [tse joalo] tse tepeletseng maikutlo” li ka ’na tsa e-ba le maikutlo a hore Jehova a ke ke a li rata le ka mohla le hore esita le boiteko ba tsona bo molemohali ba ho sebeletsa Molimo ha ho mohla bo tla amoheleha ho eena. (1 Bathesalonika 5:14) Empa tsela ena ea ho nahana ha e tumellanong le tsela eo Molimo a hlileng a ikutloang ka eona ka barapeli ba hae.
11. Baholo ba ka etsa eng ho thusa ba loanang le maikutlo a ho se tšoanelehe?
11 Baholo, le ka etsa’ng ho thusa ba joalo? Ka mosa buisanang le bona ka bopaki ba Mangolo ba hore Jehova o hlokomela mohlanka e mong le e mong oa hae, ’me le ba tiisetse hore litemana tsena tsa Bibele li sebetsa ho bona ka ho toba. (Luka 12:6, 7, 24) Ba thuseng ho bona hore Jehova o ba ‘hutse’ hore ba mo sebeletse, ka hona, ka sebele e tlameha ebe oa bona hore ke ba bohlokoa. (Johanne 6:44) Ba tiisetseng hore ha ba bang—bahlanka ba bangata ba Jehova ba tšepahalang ba bile le maikutlo a tšoanang. Moprofeta Elia o kile a tepella maikutlo ka ho teba hoo a neng a batla ho shoa. (1 Marena 19:1-4) Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng lekholong la pele la lilemo ba ile ba ikutloa hore lipelo tsa bona lia ba ‘tsoa.’ (1 Johanne 3:20) Hoa tšelisa ho tseba hore ba tšepahalang mehleng ea Bibele ba ne ba e-na le “maikutlo a joaloka a rōna.” (Jakobo 5:17) Hape, le ka hlahloba lihlooho tse khothatsang ho Molula-Qhooa le Tsoha! le ba nyahameng. Molimo ea faneng ka lōna le le “limpho tseo e leng banna” a ke ke a hlokomoloha boiteko ba lōna bo etsoang ka lerato ba ho tsosolosa tšepo ea ba joalo.—Baheberu 6:10.
-
-
“Limpho Tseo e Leng Banna” Bakeng sa ho Hlokomela Linku Tsa JehovaMolula-Qhooa—1999 | June 1
-
-
“Ho Haha” Mohlape
12. Ke’ng se bontšoang ke poleloana e reng “ho haha ’mele oa Kreste,” hona senotlolo sa ho haha mohlape ke sefe?
12 Ea bobeli, “limpho tseo e leng banna” li fanoe ka sepheo sa ho “haha ’mele oa Kreste.” (Baefese 4:12) Mona Pauluse o sebelisa puo ea tšoantšetso. “Ho haha” ho hopotsa motho ka kaho, ’me “’mele oa Kreste” o bolela batho—litho tsa phutheho ea Bakreste ba tlotsitsoeng. (1 Bakorinthe 12:27; Baefese 5:23, 29, 30) Ho hlokahala hore baholo ba thuse barab’abo bona ho matlafala moeeng. Sepheo sa bona ke ‘ho haha eseng ho heletsa’ mohlape. (2 Bakorinthe 10:8) Senotlolo sa ho haha mohlape ke lerato, hobane “lerato lea haha.”—1 Bakorinthe 8:1.
13. Ho ba le qenehelo ho bolela’ng, ’me ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore baholo ba bontše qenehelo?
13 Tšobotsi e ’ngoe ea lerato e thusang baholo ho haha mohlape ke qenehelo. Ho ba le qenehelo ho bolela ho utloela ba bang bohloko—ho tseba menahano ea bona le maikutlo, ho hlokomela mefokolo ea bona. (1 Petrose 3:8) Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore baholo ba be le qenehelo? Ka holimo ho tsohle, hobane Jehova—ea fanang ka “limpho tseo e leng banna”—ke Molimo ea qenehelang. Ha bahlanka ba hae ba le mahlomoleng kapa ba utloa bohloko, o ba utloela bohloko. (Exoda 3:7; Esaia 63:9) O nahanela mefokolo ea bona. (Pesaleme ea 103:14) Joale, ke joang baholo ba ka bontšang qenehelo?
14. Baholo ba ka bontša ba bang qenehelo ka litsela life?
14 Ha motho e mong ea nyahameng a e-tla ho bona, baa mamela, ba hlokomela maikutlo a motho eo. Ba leka ho utloisisa semelo, botho le maemo tsa barab’abo bona. Joale ha baholo ba fana ka thuso ea Mangolo e hahang, linku li tla nolofalloa ho e amohela hobane e e-tsoa ho balisa bao ka sebele ba ba utloisisang le ba ba hlokomelang. (Liproverbia 16:23) Qenehelo e boetse e susumelletsa baholo ho nahanela mefokolo ea ba bang le maikutlo ao e ka a bakang. Ka mohlala, Bakreste ba bang ba seli ba ka ’na ba ikutloa ba le molato hobane ba sa khone ho etsa se eketsehileng tšebeletsong ea Molimo, mohlomong ka lebaka la ho hōla kapa ho kula. Ka lehlakoreng le leng, ba bang ba ka ’na ba hloka khothatso e le hore ba ntlafatse tšebeletso ea bona. (Baheberu 5:12; 6:1) Qenehelo e tla susumelletsa baholo ho fumana “mantsoe a thabisang” a hahang ba bang. (Moeklesia 12:10) Ha linku tsa Jehova li hahuoa le ho hlasimolloa, lerato la tsona ho Molimo le tla li susumelletsa ho etsa sohle seo li ka se khonang ho mo sebeletsa!
-
-
“Limpho Tseo e Leng Banna” Bakeng sa ho Hlokomela Linku Tsa JehovaMolula-Qhooa—1999 | June 1
-
-
a Phetolelong ea Segerike ea Septuagint, leetsi lona lena le fetoletsoeng e le ‘ho khutlisetsa tseleng’ le ne le sebelisitsoe ho Pesaleme ea 17[16]:5, moo Davida ea tšepahalang a ileng a rapella hore mehato ea hae e tiee litseleng tsa Jehova.
-