Le Hlaphoheloe Likelellong—Bofelo bo Atametse
“Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka lebaka leo, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe ka sepheo sa ho rapela.”—1 PETROSE 4:7, NW.
1. (a) Ke ho soaba hofe hoo moeta-pele e mong oa bolumeli le balateli ba hae ba ileng ba ho utloa? (b) Kahobane litebello tse itseng li sa ka tsa phethahala, ho ka botsoa lipotso life?
“NAKONG ea thapelo ea ho qetela bosiung bona Molimo o ile a mpitsa. O ile a re batho ba 116 000 ba tla nyolohela leholimong ’me mabitla a balumeli ba shoeleng ba limillione tse 3,7 a tla bulehela ’nģa leholimong.” Ho boletse moeta-pele oa Mission for the Coming Days bosiung ba October 28, 1992, letsatsi leo ba neng ba profeta hore ke la kahlolo. Leha ho le joalo, ha October 29 e fihla, ha ho motho le ea mong ea neng a nyolohetse leholimong, ’me ha ho lebitla leha le le leng le neng le butsoe. Ho e-na le hore ba hloibiloe ka ho nkeloa leholimong, balumeli bao ba letsatsi la kahlolo Korea ba ile ba bona ho likela ha letsatsi ho ntseng ho tšoana le a mang. Matsatsi ao ho neng ho boletsoe hore e tla ba ’ona a kahlolo a ile a tla a ba a feta, empa ba profetang matsatsi a kahlolo ba lula ba sa nyahama. Bakreste ba lokela ho etsa joang? Na ba lokela ho khaotsa ho lumela hore bofelo bo atamela ka potlako?
2. Ke mang ea ileng a bua le baapostola ka letsatsi le tlang la kahlolo, ’me ke ka tlas’a maemo afe ba ileng ba ithuta see?
2 Ho araba lipotso tsena, a re hopoleng nako eo Jesu a neng a buisana le barutuoa ba hae ba le bang. Seterekeng sa Caesarea Philippi, se leboea-bochabela ho Leoatle la Galilea, ba furaletse ponahalo e hlollang ea Thaba ea Hermone e khōlō, ba ile ba utloa a ba bolella ka ho toba hore o tla bolaoa. (Mattheu 16:21) Mantsoe a mang a tebileng a ne a tla latela. Ka mor’a hore Jesu a ba hlalosetse hore ho ba morutuoa ho bolela ho phela bophelo ba boitelo bo sa khaotseng, o ile a lemosa: “Mor’a motho o tla tla ka khanya ea Ntat’ae le mangeloi a hae; ’me mohlang oo, o tla nea e mong le e mong ka tekanyo ea liketso tsa hae.” (Mattheu 16:27) Jesu o ile a bua ka ho tla ha nako e tlang. Leha ho le joalo, lekhetlong lena e ne e tla ba Moahloli. Nakong eo ntho e ’ngoe le e ’ngoe e tla itšetleha ka hore na o tla fumana batho ba mo latelang ka botšepehi kapa che. Kahlolo ea Jesu e tla thehoa ho latela tekanyo ea liketso, ho sa tsotellehe lintho tse bonahalang tseo motho a ka bang le tsona kapa a ke keng a ba le tsona. Barutuoa ba hae ba ne ba tlameha ho hopola taba ena ka hloko. (Mattheu 16:25, 26) Kahoo, ke Jesu Kreste ka boeena ea bolellang balateli ba hae ho lebella ho tla ha hae ho khanyang, le kahlolo ea hona.
3. Jesu o ile a tšoantšetsa bonnete ba ho tla ha hae ha nako e tlang joang?
3 Seo Jesu a se buang hamorao se tšoantšetsa bonnete ba ho tla ha hae ha nako e tlang. Ka mokhoa o bontšang matla oa bolela: “Ka ’nete ke re ho lōna: Ba bang ba teng ho ba emeng mona ba ke keng ba utloa ho shoa, ba e-so ho bone Mor’a motho a e-tla ’musong oa hae.” (Mattheu 16:28) Mantsoe ana a ile a phethahatsoa matsatsi a tšeletseng hamorao. Pono e phatsimang ea ho fetoloa ha Jesu ho ba sebōpehong se khanyang e makatsa barutuoa ba hae ba haufi. Ba bona sefahleho sa Jesu se khanya joaloka letsatsi ’me liaparo tsa hae li le bosoeu bo khanyang. Ho fetoloa sebōpeho ho khanyang hoo e ne e le pontšo ea khanya le ea ’Muso tsa Kreste. Ke tiiso e matlafatsang hakaakang ea boprofeta ba ’Muso! Ke khothatso e matla hakaakang ho barutuoa ba hae hore ba lule ba hlaphohetsoe likelellong!—2 Petrose 1:16-19.
Lebaka Leo ho Hlaphoheloa Likelellong ho Potlakileng
4. Ke hobane’ng ha Bakreste ba lokela ho falimeha moeeng ka ho tla ha hae?
4 Nako e ka tlaase ho selemo hamorao, re fumana Jesu a lutse Thabeng ea Mehloaare, a boetse a buisana le barutuoa ba hae ba le bang. Ha ba talima motse oa Jerusalema, o hlalosa seo pontšo ea ho ba teng ha hae ha nako e tlang e tla ba sona ’me oa lemosa: “Lebelang hle; hobane ha le tsebe nako eo Morena oa lōna a tla tla ka eona.” Balateli ba hae ba lokela ho lula ba falimehile ka linako tsohle hobane nako ea ho tla ha hae ha e tsejoe. Ba lokela ho lula ba itlhophiselitse hona ka linako tsohle.—Mattheu 24:42.
5. Tlhokahalo ea ho falimeha e ka tšoantšetsoa joang?
5 Ka mokhoa oa ho tla ha hae, Morena o tšoana le senokoane. O tsoela pele ho re: “Le mpe le tsebe hobane mong a ntlo, hola a ka tseba nako eo senokoane se tla tla ka eona, a ka lebela, ’me a ke ke a lumela hoba ntlo ea hae e phunngoe.” (Mattheu 24:43) Senokoane ha se etse tsebiso ho bolella mong’a ntlo hore na se tla tla neng; sebetsa sa sona se seholo ke ho tsometsa. Ka baka leo, mong’a ntlo o lokela ho lula a lebetse. Leha ho le joalo, ho Mokreste ea tšepahalang, ho falimeha a sa khathale ha ho bakoe ke letsoalo la ho tsometsoa. Ho e-na le hoo, ho susumetsoa ke tebello e chesehang ea ho tla ha Kreste ka khanya ho tlisa nako ea khotso ea Lilemo tse Sekete.
6. Ke hobane’ng ha re lokela ho hlaphoheloa likelellong?
6 Ho sa tsotellehe tebello eohle, ha ho motho ea ka hakanyang esale pele letsatsi le tobileng la ho tla ha hae. Jesu o re: “Le lōna, itokiseng ke hona; hobane Mor’a motho o tla tla ka nako eo le sa e hopolang.” (Mattheu 24:44) Ke ka hona ho hlokahalang ho hlaphoheloa kelellong. Haeba Mokreste a ne a ka nahana hore ka letsatsi le itseng, Kreste a ke ke a tla, mohlomong ke lona letsatsi leo a neng a tla tla ka lona! Ka ho hlakileng, Bakreste ba tšepahalang ba nang le boikutlo bo botle, nakong e fetileng ba ’nile ba leka ka ho tiea ho bolela esale pele nako eo bofelo bo tla tla ka eona. Leha ho le joalo, temoso ea Jesu e ipakile e le ’nete nako le nako: “Ha e le letsatsi leo le hora eo, ha ho ea tsebang; esita le mangeloi a leholimo ha a tsebe, leha e le Mora; empa ho tseba Ntate a ’notši.”—Mattheu 24:36.
7. Ho ba balateli ba Kreste, re lokela ho phela bophelo ba rōna joang?
7 Ka hona, re lokela ho fihlela qeto efe? Hore ho ba balateli ba Kreste, ho hlokahala hore ka linako tsohle re phele re ntse re lumela hore bofelo ba tsamaiso ena e khopo bo haufi.
8. Ke’ng e ’nileng ea e-ba letšoao la Bakreste ho tloha mehleng ea pele ea Bokreste?
8 Boikutlo bo joalo e ’nile ea e-ba letšoao la Bakreste, joalokaha bo-rahistori ba lefatše le litsebi tsa Bibele ba ’nile ba hlokomela. Ka mohlala, bahlophisi ba The Translator’s New Testament, ka tlas’a lentsoe “Letsatsi” lethathamong la mantsoe, ba itse: “Bakreste ba mehla ea T[estamente] e N[cha] ba ne ba phela ba lebeletse Letsatsi leo (ke hore nako eo) lefatše la hona joale ka bobe le bokhopo bohle ba lona le neng le tla felisoa ’me Jesu a khutlele lefatšeng ho ahlola batho bohle, ho tlisa nako e ncha ea khotso le ho qala Borena ba hae lefatšeng lohle.” Encyclopædia Britannica ea hlokomela: “Ho atoloha ho ikhethang ha Bokreste lefatšeng ho amana ka mokhoa o tobileng le tebello ea Bokreste ea nako ea bofelo, ka mokhoa oa tebello e haufi ea ho khutla ha Kreste. Tebello ea Bokreste ea nako ea bofelo ho hang ha e e-s’o be ho laba-labela ’Muso oa Molimo o tlang ntle le ho etsa boiteko.”
Seo ho Hlaphoheloa Kelellong ho se Bolelang
9. Esita le hoja litebello tse ling tsa Petrose ka Messia li ne li sa nepahala, ke hobane’ng ha a ne a ka lula a kholisehile?
9 Moapostola Petrose, ho ka etsang lilemo tse 30 ka mor’a lipuisano tsane tsa botsoalle tseo Jesu a ileng a ba le tsona le barutuoa ba hae ba haufi-ufi, ha aa ka a khathala ke ho lebella hore bofelo bo tle. Le hoja litebello tsa hae tsa pele le tsa barutuoa-’moho le eena ka Messia li ne li sa nepahala, o ile a lula a kholisehile hore lerato le matla a Jehova li tiisa ho phethahala ha tšepo ea bona. (Luka 19:11; 24:21; Liketso 1:6; 2 Petrose 3:9, 10) O phahamisa ntlha e utloahalang ka mokhoa o sa fetoheng Mangolong a Segerike ha a re: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse.” Joale o phehella Bakreste-’moho: “Ka lebaka leo, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe ka sepheo sa ho rapela.”—1 Petrose 4:7, NW.
10. (a) Ho bolela eng ho hlaphoheloa kelellong? (b) Ho akareletsa eng ho bona lintho kamanong ea tsona e nepahetseng le thato ea Molimo?
10 Ho ‘hlaphoheloa kelellong’ ha ho bolele ho ba bohlale ponong ea lintho ea lefatše. Jehova o re: “Ke tla felisa bohlale joa ba bohlale, ke fetole tsebo ea batsebi lefeela.” (1 Ba-Korinthe 1:19) Lentsoe leo Petrose a le sebelisang le ka bolela “ho ela kelellong.” Ho hlaphoheloa hona ha moea ho amana le borapeli ba rōna. Ka lebaka leo, ha re tsitsitse kelellong, re bona lintho kamanong ea tsona e nepahetseng le thato ea Jehova; re utloisisa hore na ke lintho life tseo e leng tsa bohlokoa le tseo eseng tsa bohlokoa. (Mattheu 6:33, 34) Hobane bofelo bo le haufi, ha re haptjoe ke mokhoa oa bophelo o tummeng; ebile ha re iphapanyetse nako eo re phelang ho eona. (Bapisa le Mattheu 24:37-39.) Ho e-na le hoo, re laoloa ke ho se feteletse le ho leka-lekana mohopolong, boikutlong, le boitšoarong, ho bonahatsoang ho Molimo pele (“ho falimeha ka sepheo sa ho rapela”) ’me ebe li bonahatsoa ho moahelani oa rōna (“ho ba le lerato le matla e mong ho e mong”).—1 Petrose 4:7, 8, NW.
11. (a) Ho bolela eng ho ‘nchafatsoa ka matla a susumetsang likelello tsa [rōna]’? (b) Ke joang matla a macha a kelello a re thusang ho etsa liqeto tse molemo?
11 Ho hlaphoheloa kelellong ho akareletsa ho ‘nchafatsoa ka matla a susumetsang likelello tsa [rōna].’ (Ba-Efese 4:23, NW) Hobane’ng re lokela ho nchafatsoa? Kaha re futsitse ho se phethahale ’me re phela tikolohong e nang le tšekamelo ea ho etsa sebe, kelello ea rōna e busoa ke tšekamelo e khahlanong le bomoea. Matla ao a tsoela pele ho khannela mehopolo le litšekamelo tseleng ea lintho tse bonahalang, ea boithati. Ka hona, ha motho e e-ba Mokreste, o hloka matla a macha, kapa boikutlo ba kelello bo busang, a tla khannela mehopolo ea hae tseleng e nepahetseng, tseleng ea moea, ho leba boikemisetsong ba ho itela. Kahoo, ha khetho e hlaha, ka mohlala, thutong, mosebetsing oo motho a ithutelang oona, mosebetsing oo motho a o etsang, boithabisong, boikhathollong, mokhoeng oa ho apara, kapa nthong leha e le efe, tšekamelo ea hae ea pele e tla ba ho nahana taba ka pono ea lintho ea moea eseng ea nama, ea boithati. Boikutlo bona bo bocha ba kelello bo etsa hore ho be bonolo ho etsa qeto linthong ka kelello e hlaphohetsoeng le ka ho hlokomela hore bofelo bo haufi.
12. Re ka lula re ‘phetse hantle tumelong’ joang?
12 Ho hlaphoheloa kelellong ho bolela hore re phela hantle moeeng. Ke joang re ka lulang re ‘phela hantle tumelong’? (Tite 2:2, NW) Re tlameha ho fepa likelello tsa rōna ka lijo tse nepahetseng. (Jeremia 3:15, NW) Ho iphepa ka ho sa khaotseng ka Lentsoe la Molimo la ’nete ho tšehelitsoeng ke tšebetso ea moea oa hae o halalelang ho tla re thusa ho boloka ho leka-lekana ha rōna ha moea. Ka lebaka leo, ho ba le thuto ea botho ka mehla, haesita le tšebeletso ea tšimo, thapelo, le ho kopana le Bakreste, ke habohlokoa haholo.
Kamoo ho Hlaphoheloa Kelellong ho Re Sireletsang
13. Ke joang ho hlaphoheloa kelellong ho re sireletsang hore re se etse liphoso tse booatla?
13 Ho hlaphoheloa kelellong ho ka re sireletsa khahlanong le ho etsa phoso e booatla eo ka lebaka la eona re ka lahleheloang ke bophelo ba rōna bo sa feleng. Ke joang hoo ho ka etsahalang? Moapostola Pauluse o bua ka “molao oo oa kelello.” Bakeng sa motho ea phetseng tumelong, molao oa kelello o laoloa ke ntho eo a e thabelang, e leng “molao oa Molimo.” Ke ’nete, “molao oa sebe” o loantšana le molao oo oa kelello. Leha ho le joalo, Mokreste e ka ba mohlōli ka thuso ea Jehova.—Ba-Roma 7:21-25, NW.
14, 15. (a) Ke litšusumetso life tse peli tse loanelang ho laola kelello? (b) Ke joang re ka hapang tlhōlo ea kelello?
14 Pauluse o tsoela pele ho bontša phapang e hlakileng pakeng tsa kelello e laoloang ke nama e nang le tšekamelo ea ho etsa sebe, eo thahasello ea eona e leng bophelong ba ho ikhotsofatsa, le kelello e laoloang ke moea oa Molimo, eo thahasello ea eona e leng bophelong ba ho itela tšebeletsong ea Jehova. Pauluse oa ngola ho Ba-Roma 8:5-7: “Ba tsamaeang ka nama ba ithatela lintho tsa nama, empa ba tsamaeang ka moea ba ithatela tsa moea. Hobane thato ea nama ke lefu, empa thato ea moea ke bophelo le khotso. Kahobane thato ea nama ke bora ho Molimo; hobane ha e ipee tlas’a molao oa Molimo, le ho sitoa ea sitoa.”
15 Temaneng ea 11, Pauluse o hlalosa kamoo kelello e sebelisanang le moea o halalelang e ka hapang tlhōlo: “’Me ha Moea oa ea tsositseng Jesu bafung o ahile ka ho lōna, ea tsositseng Kreste [Jesu] bafung o tla phelisa le ’mele ea lōna e shoang, ka Moea oa hae o ahileng ka ho lōna.”
16. Ho hlaphoheloa kelellong ho re sireletsa khahlanong le likhoheli life?
16 Ka lebaka leo, ka ho hlaphoheloa likelellong, re ke ke ra hoheloa ke likhoheli tse teng hohle tsa lefatše lena, le bonahalang ka ho kenella ho ke keng ha lekanngoa boithabisong ba mefuta eohle, linthong tse bonahalang, le boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali. Kelello ea rōna e hlaphohetsoeng e tla re bolella ho “balehela bohlola” le ho phonyoha liphello tsa bona tse kotsi. (1 Ba-Korinthe 6:18, NW) Boikutlo ba rōna ba ho hlaphoheloa kelellong bo tla re susumeletsa ho eteletsa lithahasello tsa ’Muso pele le ho lebela menahano ea rōna ha re lekoa ka limpho tsa mosebetsi oa lefatše oo re ithutetseng oona tse ka fokolisang kamano ea rōna le Jehova.
17. Khaitseli e mong oa pula-maliboho o ile a bontša ho hlaphoheloa kelellong joang ha a talimane le boikarabelo bo amang lichelete?
17 Ka mohlala, naheng ea sebaka se chesang e Boroa-bochabela Asia, ho na le khaitseli e mocha ea neng a nahana ka lithahasello tsa ’Muso pele. O ne a hlaoletse lerato la tšebeletso ea nako e tletseng. Naheng eo mesebetsi e mengata e hloka tšebetso ea nako e tletseng ea matsatsi a tšeletseng kapa a supileng. Ka mor’a hore a qete lithuto tsa hae tsa univesithi, ntate oa hae, eo e neng e se e mong oa Lipaki tsa Jehova, o ne a lebeletse hore a amohele chelete e ngata bakeng sa lelapa. Empa kaha o ne a e-na le takatso e matla ea ho bula maliboho, o ile a fumana mosebetsi oa nakoana ’me a qala tšebeletso ea bopula-maliboho. Sena se ile sa halefisa ntate oa hae, ea ileng a etsa tšokelo ea ho lahlela thōto ea hae seterateng. Hobane ntate oa hae o ne a bapala papali ea chelete, o ne a e-na le likoloto tse boima, ’me o ne a lebeletse hore morali oa hae a mo lefelle likoloto tsa hae. Khaitseli ea hae e mo hlahlamang e ne e ithuta univesithi, ’me ka lebaka la likoloto tseo, ho ne ho se chelete ea ho lefella thuto ea hae. Khaitseli eo e mo hlahlamang e ile ea mo tšepisa hore haeba a ka e thusa, e tla hlokomela lelapa ha e fumana mosebetsi. Pelo ea hae e ne e arohane pakeng tsa lerato la hae ho khaitseli ea hae le lerato la hae bakeng sa tšebeletso ea bopula-maliboho. Ka mor’a ho nahanisisa taba eo ka hloko, o ile a etsa qeto ea ho tsoela pele ka bopula-maliboho ’me a batle mosebetsi o fapaneng. E le karabelo ea lithapelo tsa hae, o ile a fumana mosebetsi o lefang hantle hoo a ileng a khona ho thusa lelapa labo le khaitseli ka lichelete ’me hape le ho tsoela pele ka thahasello ea hae ea sehlooho, tšebeletso ea bopula-maliboho.
Batla Thuso ea Jehova ho Boloka ho Hlaphoheloa Kelellong
18. (a) Ke hobane’ng ha batho ba bang ba ka utloa ba nyahame? (b) Ke mangolo afe a ka khothatsang ba nyahameng?
18 E ka ’na eaba balateli ba bang ba Kreste ba fumana ho le boima ho boloka ho hlaphoheloa kelellong ha bona. Mamello ea bona e ka ’na eaba e ntse e fokotseha hobane tsamaiso ena ea lintho e nka nako e telele ho feta kamoo ba neng ba lebeletse ka teng. Ba ka utloa ba nyahame ke hona. Leha ho le joalo, bofelo boa tla. Jehova o tšepisa seo. (Tite 1:2) Haesita le lefatše la hae le tšepisitsoeng la Paradeise. Jehova o tiisa seo. (Tšenolo 21:1-5) Ha lefatše le lecha le fela le tla, ho tla ba le “sefate sa bophelo” bakeng sa bohle ba bolokileng ho hlaphoheloa kelellong ha bona.—Liproverbia 13:12.
19. Ke joang ho hlaphoheloa kelellong ho ka bolokoang?
19 Re ka boloka ho hlaphoheloa kelellong joang? Ka ho batla thuso ea Jehova. (Pesaleme ea 54:4) Lula haufi le eena. Re thaba hakaakang ha Jehova a rata botsoalle ba rōna! Morutuoa Jakobo oa ngola: “Atamelang Molimo, ’me o tla le atamela.” (Jakobo 4:8) Pauluse o re: “Ithabeleng Moreneng ka mehla; ke boela ke rialo, ke re: Ithabeleng. Mosa [“kahlolo ea lōna e molemo,” NW] oa lōna o tsejoe ke batho bohle. Morena o haufi. Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Molimo ka thapelo le ka kōpo e nang le teboho. ’Me khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 4:4-7) ’Me ha matšoenyeho a tsamaiso ena ea lintho e shoang a bonahala a le boima haholo hore re ka tsoela pele re a jere, a lahleleng ho Jehova, ’me o tla le tšehetsa.—Pesaleme ea 55:22.
20. Ho ea ka 1 Timothea 4:10, re lokela ho tsoela pele re tsamaea tseleng efe?
20 E, bofelo bo hlile bo atametse, kahoo hlaphoheloang likelellong! E ne e le keletso e molemo lilemo tse 1 900 tse fetileng; ke keletso ea bohlokoa haholo kajeno. A re tsoeleng pele ho sebelisa likelello tsa rōna tse hlaphohetsoeng ho rorisa Jehova ha a tsoela pele ho re tataisetsa lefatšeng la hae le lecha ka tšireletseho.—1 Timothea 4:10.
U ka Arabela Joang?
◻ Ho hlaphoheloa kelellong ke eng?
◻ Ke hobane’ng ha ho potlakile hore re hlaphoheloe kelellong?
◻ Ke joang re ka nchafatsoang ke matla a susumetsang likelello tsa rōna?
◻ Ke ntoa efe e tsoelang pele eo re lokelang ho e loana likelellong tsa rōna?
◻ Re ka boloka ho hlaphoheloa kelellong joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Ho atamela haufi le Molimo ka thapelo ho re thusa ho boloka ho hlaphoheloa kelellong
[Setšoantšo se leqepheng la 17]
Ha re hlaphohetsoe kelellong re ke ke ra hoheloa ke likhoheli tsa lefatše lena