Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • “U Etse Lintho ka Toka” ha u Tsamaea le Molimo
    Atamela ho Jehova
    • 4. Re tseba joang hore Jehova o lebeletse hore re phele ka tsela e lumellanang le litekanyetso tsa hae tse lokileng?

      4 Jehova o lebeletse hore re phele ka litekanyetso tsa hae tsa se nepahetseng le se fosahetseng. Kaha litekanyetso tsa hae ha li na leeme ebile li lokile, re phehella toka le ho loka ha re ipapisa le tsona. Esaia 1:17 e re: “Ithuteng ho etsa lintho tse lokileng, sebetsang lintho ka toka.” Lentsoe la Molimo le re phehella hore re ‘sebeletse ho etsa lintho tse lokileng.’ (Sofonia 2:3) Le boetse le re khothalletsa hore re “apare botho bo bocha boo Molimo a bo entseng ho ea ka thato ea hae.” (Baefese 4:24) Ho loka ha ’nete, e leng toka ea ’nete, ho fokotsa lintoa, ho se hloeke le boitšoaro bo hlephileng, kaha lintho tsena li silafatsa se halalelang.—Pesaleme ea 11:5; Baefese 5:3-5.

  • “U Etse Lintho ka Toka” ha u Tsamaea le Molimo
    Atamela ho Jehova
    • 6 Ha ho bonolo hore batho ba sa phethahalang ba phehelle ho loka. Re lokela ho hlobola botho ba khale le litloaelo tsa bona tsa boetsalibe ’me re apare bo bocha. Bibele e re botho bo bocha ke boo “Molimo a re thusang hore re be le bona ha re ntse re ithuta ka eena.” (Bakolose 3:9, 10) Poleloana boo “a re thusang hore re be le bona” e bontša hore ho apara botho bo bocha ke khato e tsoelang pele, e hlokang boikitlaetso. Ho sa tsotellehe hore na re leka ka matla hakae ho etsa se nepahetseng, kaha ha rea phethahala ka linako tse ling re ka iphumana re buile, re entse kapa re nahanne lintho tse fosahetseng.—Baroma 7:14-20; Jakobo 3:2.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela