Bokamoso ba Bolumeli ha ho Talingoa Liketsahalo Tsa Bona Tse Fetileng
Karolo 11: 2 B.C.E.-100 C.E.—Tsela ea Tumelo, Tšepo le Lerato
“Linnete tse khōlō li bonolo haholo: ho joalo le ka batho ba baholo.”—Bangoli ba lekholong la bo19 la lilemo ba Brithani Julius le Augustus Hare
LILEMO tse ka bang 320 ka mor’a lefu la Alexander e Moholo, morena oa Masidonia, mohlōli e moholoanyane oa lefatše o ile a tsoaloa. O ne a tla fapana le Alexander ka litsela tse peli tse khōlō, joalokaha ho profetiloe ho Luka 1:32, 33: “O tla bitsoa Mora oa Ea holimo-limo. . . . ’me borena ba hae bo ka ke ba e-ba le bofelo.” Jesu Kreste e ne e le eena ’Musi enoa, ’me o ne a tla phela ka nako e telele ho feta feela libuka tsa khale tsa histori.
Jesu ke motho ea bonolo ea neng a phela bophelo bo bonolo. O ne a se na ntlo e majabajaba. Ha a ka a ikamahanya le barui le linatla; leha e le hore o ne a ena le letlotlo la lintho tsa bohlokoa tsa lefatše. Jesu o tsoetsoe hoo e ka bang ka la 2 Mphalane B.C.E., lelapeng le itekanetseng la Bajode ka tlas’a maemo a bonolo haholo motseng o monyenyane oa Bethlehema. Bophelo ba hae ba pele bo ne bo se na liketsahalo tse hlokomelehang. O ile a rupelloa mosebetsi oa bobetli, “ka ho lekanya ha batho, e ne e le mora oa Josefa.”—Luka 3:23; Mareka 6:3.
Ekasita le batho ba somang khopolo ea hore Jesu ke Mora oa Molimo ba ke ke ba latola hore ho tsoaloa ha hae ho hlahisitse mehla e mecha, kapa hore e mong a ka hlōla haa ka a phea khang mantsoeng a buuoeng ke World Christian Encyclopedia a reng “Bokreste bo fetohile bolumeli bo atileng le ba lefatše lohle historing.”
Ha bo Bocha Empa bo Fapane
Bokreste e ne e se bolumeli bo bocha ho hang. Metso ea bona e kene ka botebo bolumeling ba Baiseraele, bo neng bo ōtloa ke Molao oa Jehova Molimo. Ekasita le pele Iseraele e fetoha sechaba, bo-ntat’a bona-moholo, Noe, Abrahama, le Moshe ba ne ba rapela Jehova ’me ha e le hantle ba ne ba tsoellisa pele bolumeli ba khale bo neng bo ntse bo le teng, borapeli ba ’nete ba ’Mōpi boo pele bo neng bo le Edene. Empa baeta-pele ba sechaba le ba bolumeli ba Iseraele ba ile ba lumella hore bolumeli ba bohata bo neng bo ena le likhopolo tsa Babylona bo kenelle borapeling ba bona ’me ka ho etsa joalo ba bo silafatsa. Ho joalokaha World Bible e bontša: “Phutheho ea Bajode nakong ea tsoalo ea Jesu e ne e silafalitsoe ke baikaketsi ’me e ferekantsoe ke lithuto tse neng li pupelitse linnete tsa motheo tsa moea tse neng li buuoe ke baprofeta ba baholo ba Baheberu.”
Ha lithuto tsa Jesu li bapisoa le tsa batho tse thata tse neng li amana le tumelo ea Bajode, li ne li tšoauoa ka bonolo. Pauluse, e mong oa baromuoa ba mafolofolo ba Bakreste ba lekholong la pele la lilemo, o bontšitse sena ha a ne a bua ka litšobotsi tse khōlō tsa Bokreste: “’Me joale, tse tharo tsena lia sala: tumelo le tebello, le lerato; empa e kholo ho tsona ke lerato.” (1 Ba-Korinthe 13:13) Malumeli a mang le oona a bua ka “tumelo le tebello, le lerato,” empa leha ho le joalo, Bokreste bo fapane. Joang?
Tumelo ho Mang Hona ho Eng?
Jesu Kreste o hatelletse bohlokoa ba ho ‘lumela ho Molimo,’ Oo a o hlalositseng e le ’Mōpi. (Johanne 14:1; Mattheu 19:4; Mareka 13:19) Kahoo Bokreste bo fapane le litumelo tsa Sejode le Bobuddha, tseo ka bobeli li hanang khopolo ea ’Mōpi, ka ho bolela hore bokahohle bo ne bo ntse bo le teng. ’Me kaha Kreste a buile ka “Molimo o le mong oa ’nete,” ke ho hlakileng hore o ne a sa lumele ho melimo le melingoana e mengata ea ’nete joalokaha malumeli a boholo-holo a Babylona, Egepeta, Greece, le Roma a ne a ruta, kapa joalokaha Bohindu bo ruta.—Johanne 17:3.
Jesu o hlalositse hore, morero oa Molimo, e ne e le hore a nehelane ka “bophelo ba hae ho ba topollo ea ba bangata,” hore a ‘pholose ho timetseng,’ e le hore “e mong le e mong ea lumelang ho eena, a se ke a timela, a mpe a be le bophelo bo sa feleng.” (Mareka 10:45; Luka 19:10; Johanne 3:16; bapisa Ba-Roma 5:17-19.) Tumelo lefung la sehlabelo ho phethahatsa topollo sebeng e fapane le Boshintō, bo hanang ho lumela hore ho teng sebe sa mathomo.
Jesu o rutile hore ho na le tumelo e le ’ngoe feela ea ’nete. O elelitse: “Kenang ka monyako o patisaneng; hobane monyako oa timelo o hebehebe, le tsela e eang teng e phatlaletse, ’me ba kenang teng ba bangata. Hobane monyako oa bophelo o patisane, le tsela e eang teng e tšesane, ’me ba e fumanang ha ba bakae.” (Mattheu 7:13, 14) Buka Imperial Rome e re: “Bakreste [ba pele] ba ne ba tsitlallela hore ke bona feela ba neng ba ena le ’nete, le hore malumeli a mang ’ohle . . . a ne a fosahetse.” Ho hlakile hore hona ho fapane le boikutlo ba Bohindu le Bobuddha, bo bonang malumeli ’ohle a le bohlokoa.
Ke Tšepo ea Mofuta Ofe?
Tšepo ea Bokreste e likolohile tšepisong ea ’Mōpi ea hore ’muso oa hae o tla rarolla mathata a lefatše. Kahoo ho tloha qalong ea tšebeletso ea Jesu ka 29 C.E., o khothallelitse batho ho ‘lumela evangeling’ ea hore “’muso oa Molimo o atametse.” (Mareka 1:15) Ka ho fapaneng le malumeli a Bochabela, a kang Ch’ŏndogyo, lithuto tsa Jesu ha lia ka tsa hatella bochaba e le tsela ea ho finyella tšepo ea Bokreste. Ha e le hantle, Jesu o ile a hana litlhahiso tsohle tsa hore a kenele lipolotiki. (Mattheu 4:8-10; Johanne 6:15) Ka ho hlakileng, haa ka a etsa qeto ea hore “batho ba lokela ho thusa Molimo ka cheseho hore o tle o tlise Messia,” joaloka ha ho entse baeta-pele ba bang ba Bajode.
Tšepo ea Bokreste e kopanyelletsa tebello ea ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng tlas’a maemo a lokileng. (Bapisa Mattheu 5:5; Tšenolo 21:1-4.) Na hoo hase taba e bonolo e ka utloisisoang habonolo? E seng ho ba bangata bao likelello tsa bona li pupelitsoeng ke khopolo ea Bobuddha ea Nirvana, eo The Faiths of Mankind e e hlalosang e le “ho emisoa” e mpa “e se timetso.” ha e le hantle, buka ena e lumela hore, “ha ho bonolo ho hlalosa” Nirvana.
Lerato—Ho Mang Hona la Mofuta Ofe?
Jesu o boletse hore molao o moholo ke ona: “O rate Morena, Molimo oa hao, ka pelo ea hao eohle, le ka moea oa hao ’ohle, le ka khopolo ea hao eohle, le ka matla a hao ’ohle.” (Mareka 12:30) Hona ho fapane hakaakang le malumeli a behang pholoho ea motho pele, ha a hlokomoloha lithahasello tsa Molimo. Jesu o boletse hore, oa bobeli o bohlokoa ke lerato le tiileng la moahisani. O elelitse: “Ntho tsohle tseo le ratang hore batho ba le etse tsona, ba etseng tsona le lōna.” (Mattheu 7:12; 22:37-39) Empa hlokomela kamoo sena se fapanang kateng le thuto ea Confucius: “Se u sa lakatseng ha se etsoa ho uena, u se ke ua se etsa ho ba bang.” Ke lerato lefe leo u nahang hore le leholo, la mofuta o thibelang batho hore ba se ke ba u ntša kotsi kapa la mofuta o ba susumelletsang ho u etsa hantle?
“Teko ea pele eo motho e moholo a lekiloeng ka eona ke boikokobetso ba hae,” ho hlalositse mongoli oa Lenyesemane oa lekholong la bo19 la lilemo John Ruskin. Ka hore ka boikokobetso a nehelane ka bophelo ba hae lithahasellong tsa lebitso la Ntat’ae le botumong ba hae ’me, hape, molemong oa motho, Jesu o bontšitse lerato ho Molimo le ho motho. Hona ho fapane hakaakang le litšusumetso tsa boithati tsa bomolimo ba Alexander e Moholo, eo ka eena Collier’s Encyclopedia e reng: “Bophelong ba hae bohle, boo a bo behileng kotsing ka makhetlo a mangata, ha ho na bopaki ba hore o kile a nahana ka potso ea hore na ke’ng se neng se tla hlahela batho ba hae ka mor’a lefu la hae.”
Hape ha Jesu a bontša lerato leo a neng a ena le lona ho Molimo le ho motho, ho ena le Mahindu a kajeno a India, haa ka a tšehetsa tsamaiso ea khethollo har’a mekhatlo ea batho. ’Me ho ena le lihlopha tsa Bajode tse ileng tsa lumella litho tsa tsona ho loantša babusi ba neng ba sa tuma, Jesu o lemositse balateli ba hae hore “bohle ba tšoereng sabole, ba tla bolaoa ka sabole.”—Mattheu 26:52.
Tumelo e Pakoa ka Mesebetsi
Ho ba ha Bokreste ba pele le tumelo, tšepo, le lerato ho ile ha iponahatsa ka boitšoaro. Bakreste ba ile ba bolelloa ho “hlobola . . . motho oa khale” eo ka tloaelo a leng teng bathong ba sa phethahalang le ho “apara motho e mocha, ea bōpiloeng ka setšoantšo sa Molimo, ho lokeng le khalalelong ea ’nete.” (Ba-Efese 4:22-24) Hona ba ile ba ho etsa. Ka ho thahasellisang, Harold J. Laski, ea seng a shoele, ramahlale oa lipolotiki oa Lenyesemane, o itse: “Ruri, teko ea botšepehi hase tsebo ea ba lumelang phatlalatsa tumelo ea bona; teko ea bona ke tsebo ea ho fetola boitšoaro ba bona bophelong bo tloaelehileng ba letsatsi le letsatsi.”—(Mongolo o tšekaletseng ke oa rōna.) Bapisa 1 Ba-Korinthe 6:11.
Ba tletse tumelo e sa sisinyeheng le tšepo e nang le motheo o tiileng ’me ba susumetsoa ke lerato la ’nete, Bakreste ba pele ba ile ba qala ho mamela molao oa ho qetela oa Jesu ho bona pele a nyolohela leholimong: “E-eang ke hona, le rute lichaba tsohle; le ba kolobetse . . ., ’me le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona.”—Mattheu 28:19, 20.
Ka Pentekonta ea 33 C.E., moea oa Molimo o ile oa tšolohela holim’a barutuoa ba Bakreste ba 120 ba neng ba bokane ka tlung e ka holimo Jerusalema. Phutheho ea Bokreste e ile ea tsoaloa!a Letsatsing leo litho tsa eona li ile tsa fuoa ka mohlolo tsebo ea ho bua ka maleme a sele, kahoo e li nolofalletsa ho bua le Bajode le basokolohi ba linaha tse ling ba neng ba tlile moketeng Jerusalema. (Liketso 2:5, 6, 41) ’Me e le ka liphello life! Ka letsatsi le le leng, palo ea Bakreste e ile ea eketseha ho tloha ho 120 ’me ea feta 3 000!
Jesu o ne a lekanyelitse boboleli ba hae ho Bajode haholo. Empa kapelenyana ka mor’a Pentekonta, moapostola oa Mokreste Petrose o ile a sebelisetsoa ho bula “Tsela” bakeng sa Basamaria, ba neng ba boloka libuka tsa pele tse hlano tsa Bibele, ’me hamorao, ka 36 C.E., bakeng sa batho bohle bao e neng e se Bajode. Pauluse o ile a fetoha “moapostola oa balichaba” ’me a qalisa maeto a mararo a boromuoa. (Ba-Roma 11:13) Kahoo ho ile ha theoa liphutheho, ’me tsa ata. “Cheseho ea bona ea ho phatlalatsa tumelo e ne e sa lekanyetsoa,” ho bolela buka From Christ to Constantine, ’me ea phaella: “Bopaki ba Bokreste bo ne atile hohle ’me bo ena le liphello.” Ho hlorisoa ha Bakreste ho ile ha hlahisa molemo, hoa thusa ho phatlalatsa molaetsa, joalokaha moea o butsoela malakabe a mollo. Buka ea Bibele ea Liketso e bua ka histori e hlasimollang ea mosebetsi oa Bokreste o neng o ke ke oa thibeloa linakong tsa pele tsa Bokreste.
‘Boo Hase Bokreste Boo ke bo Tsebang!’
Na ke kamoo u arabelang kateng ha u utloa ka tlhaloso ena ea Bokreste ba mehleng ea pele? Na u ile ua hlokomela hore ho ena le hore ba bangata ba ipolelang hore ke Bakreste kajeno ba be le tumelo e matla, ba tletse lipelaelo, ’me ha ba tsebe hantle seo ba se lumelang? Na u ile ua hlokomela hore ho ena le hore ba be le tšepo, ba bangata ba bona ba aparetsoe ke tšabo, ’me ha baa tiiseha ka bokamoso? ’Me na u ile ua hlokomela, joalokaha ho hlalositse sesoasoi sa libuka sa lekholong la bo18 la lilemo sa Lenyesemane Jonathan Swift, hore “re na le bolumeli bo re etsang hore re hloeane, ho ena le hore re ratane”?
Pauluse o ile a profeta khōlo ena e mpe. “Liphiri tse bohale”—baeta-pele ba Bokreste ka lebitso feela—ba ne ba tla ‘tsoa har’a lona ’me ba bolela litaba tse khopo, ho ikhulela barutuoa.’ (Liketso 20:29, 30) Hona ho ne ho tla fihla bohōleng bofe? Tokollo ea rōna e latelang e tla hlalosa.
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Nakong eo batho bao e neng e se Bakreste, ba ne ba bitsa Bokreste “Tsela.” “Ke Antioke [hoo e ka bang pakeng tsa lilemo tse 10 le 20 hamorao] barutuoa ba qalileng ho bitsoa bakreste.”—Liketso 9:2; 11:26.
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Mokreste o na le tumelo ho Molimo o phelang
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Tšepo ea Bokreste e lebelletse pele paradeise ea lefatšeng e tsosolositsoeng
[Setšoantšo se leqepheng la 19]
Lerato la Bokreste ha le na khethollo ho thuseng ba bang ho sebeletsa Molimo