Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 12/1 leq. 32
  • U se ke Ua Jara ba Bang ka Pelo

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • U se ke Ua Jara ba Bang ka Pelo
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 12/1 leq. 32

U se ke Ua Jara ba Bang ka Pelo

HO KA ’na ha bonahala e le ho phephetsang ho feta leha e le neng pele hore re qobe ho khopeha ha e mong a re siteloa. Bibele e na le keletso e sebetsang maemong a joalo. Moapostola Pauluse o ngotse: “Halefang, ’me leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; a letsatsi le se ke la le likella le ntse le le boemong ba ho halefa.”—Ba-Efese 4:26, NW.

Ha e mong a re siteloa, ke ntho e mpang e tloaelehile ho halefa ka tekanyo e itseng. Hore ebe Pauluse o re “halefang” ho fana ka maikutlo a hore ka linako tse ling khalefo e ka ’na ea lokela—mohlomong e le ho arabela tšoarong e leeme kapa tšebelisong e mpe ea toka. (Bapisa le 2 Ba-Korinthe 11:29, NW.) Empa haeba e tloheloa e sa lokisoa, esita le khalefo e loketseng e ka ba le liphello tse kotsi, tse lebisang sebeng se seholo. (Genese 34:1-31; 49:5-7; Pesaleme ea 106:32, 33) Kahoo, u ka etsa’ng haeba u ikutloa u susumelletsehile hore u halefe?

Maemong a mangata a amang litšito tse nyenyane, u ka ’na ua lokisa boemo boo pelong ea hao ‘’me ua khutsa’ kapa u ka atamela ea u sitetsoeng hore le tšohle taba eo. (Pesaleme ea 4:4; Mattheu 5:23, 24) Ebang ke ka tsela e ’ngoe ea tseo, ho molemo ka ho fetisisa ho lokisa taba kapele e le hore ho khopeha ho se fehle le ho tsoala liphello tse kotsi.—Ba-Efese 4:31.

Jehova o re tšoarela libe ka bolokolohi, esita le libe tseo mohlomong ka ho se tsebe ha rōna re sa hlokomeleng hore rea li etsa. Na le rōna ka ho tšoanang re ke ke ra tšoarela motho e mong tšito e nyenyane?—Ba-Kolosse 3:13; 1 Petrose 4:8.

Ka mokhoa o thahasellisang, lentsoe la Segerike bakeng sa “tšoarela” ha e le hantle le bolela “ho tlohela.” Tšoarelo ha e hloke hore re nyenyefatse kapa re lumelle phoso. Ka linako tse ling e ka ’na ea ama feela ho tlohela boemo hore bo fete, u hlokomela hore ho koetla ho khopeha ho tla ekelletsa moroalong oa hao feela le ho senya bonngoe ba phutheho ea Bokreste. Ho phaella moo, ho koetla ho khopeha ho ka ba kotsi haholo bophelong ba hao bo botle ba ’mele!—Pesaleme ea 103:9.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela