-
Na Lenyalo e Lokela ho ba Kamano ea Bophelo Bohle?Tsoha!—2001 | February 8
-
-
Baefese 4:26: “Letsatsi le se ke la le likella le halefile.”a Monna e mong ea thabileng lenyalong o lumela hore lengolo lena le thusa eena le mosali oa hae hore ba rarolle ho se utloane ha bona ka potlako. O re: “Haeba u sitoa ho robala ka mor’a hore le be le ntho eo le sa utloaneng ka eona, ho na le ho phoso. U ke ke ua lumella bothata hore bo tsoele pele.” Ka linako tse ling eena le mosali oa hae ba ’nile ba tšohla mathata a bona ho fihlela bosiu bo boholo. Empa hoa sebetsa. Oa phaella: “Ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ho hlahisa litholoana tse babatsehang.” Ka ho etsa joalo, monna enoa le mosali oa hae ba ’nile ba e-ba le lenyalo le thabileng ka lilemo tse 42.
-
-
Na Lenyalo e Lokela ho ba Kamano ea Bophelo Bohle?Tsoha!—2001 | February 8
-
-
a Ho latela kamoo nako e neng e baloa kateng lekholong la pele la lilemo Bochabela bo Hare, letsatsi le fela ha le likela. Kahoo, Pauluse o ne a khothalletsa babali hore ba be le khotso le ba bang pele letsatsi le leng le le leng le likela.
-