Ho Ananela Lipokano Tsa Bokreste
“A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho.”—BAHEBERU 10:24, 25.
1, 2. (a) Ke hobane’ng ha ho ba teng lipokanong tsa Bakreste ba ’nete e le tokelo? (b) Ke ka kutloisiso efe Jesu a leng teng lipokanong tsa balateli ba hae?
KE TOKELO e kaakang ho ba teng pokanong ea Bokreste, ebang ke ea barapeli ba Jehova ba ka tlaase ho leshome kapa ba likete tse ngata, hobane Jesu o itse: “Moo ho nang le ba babeli kapa ba bararo ba bokaneng hammoho ka lebitso la ka, ke teng moo har’a bona”! (Matheu 18:20) Ke ’nete hore ha a ne a etsa tšepiso eo, Jesu o ne a bua ka litaba tsa boahloli tse neng li hloka hore ba etellang pele ka phuthehong ba li sebetse ka nepo. (Matheu 18:15-19) Empa na mantsoe a Jesu a ka boela a sebelisoa ka tsela ea motheo lipokanong tsohle tsa Bokreste tse buloang le ho koaloa ka thapelo ka lebitso la hae? E. Hopola, ha Jesu a ne a roma balateli ba hae mosebetsing oa ho etsa barutuoa, o ile a tšepisa: “Bonang! ke na le lōna ka matsatsi ’ohle ho fihlela qetellong ea tsamaiso ea lintho.”—Matheu 28:20.
2 Ha ho pelaelo hore Hlooho ea phutheho ea Bokreste, Morena Jesu Kreste, o thahasella haholo lipokano tsohle tsa balateli ba hae ba tšepahalang. Ho feta moo, re ka tiiseha hore o na le bona ka moea o halalelang oa Molimo. (Liketso 2:33; Tšenolo 5:6) Jehova Molimo le eena o thahasella ho bokana ha rōna hammoho. Morero o ka sehloohong oa lipokano tse joalo ke ho isa thoriso ho Molimo “liphuthehong.” (Pesaleme ea 26:12) Ho kopanela ha rōna libokeng tsa phutheho ke bopaki ba hore rea mo rata.
3. Re ananela lipokano tsa Bokreste ka mabaka afe a bohlokoa?
3 Ho na le mabaka a mang a utloahalang ao ka ’ona re ananelang lipokano tsa Bokreste. Pele a tloha lefatšeng, Jesu Kreste o ile a khetha barutuoa ba hae ba tlotsitsoeng hore ba sebeletse e le “lekhoba le tšepahalang le le masene” tabeng ea ho fa ba ntlo ea tumelo lijo tsa moea tse nakong. (Matheu 24:45) Tsela ea bohlokoa eo phepo ea moea e joalo e etsoang ka eona ke ea liboka tsa phutheho hammoho le lipokano tse khōloanyane—likopano tse khōlō le tse nyenyane. Morena Jesu Kreste o tataisa lekhoba lena le tšepahalang hore le fane ka boitsebiso ba bohlokoahali lipokanong tse joalo ho bohle ba batlang ho pholoha bofelo ba tsamaiso ena e khopo le ho fumana bophelo lefatšeng le lecha la Molimo la ho loka.
4. Ke “tloaelo” efe e kotsi e boletsoeng ka Bibeleng, ’me ke’ng se tla re thusa ho e qoba?
4 Kahoo, ha ho Mokreste ea ka ruang molemo ka ho hlaolela tloaelo e kotsi eo moapostola Pauluse a ileng a e hlokomela, ’me a ngola: “A re nahanelaneng hore re susumeletsane leratong le mesebetsing e metle, re sa tlohele ho bokana ha rōna hammoho, joalokaha ba bang ba e-na le tloaelo eo, empa re khothatsana, ’me haholoanyane joalo kaha le bona letsatsi le ntse le atamela.” (Baheberu 10:24, 25) Ho nahanisisa ka tokelo le melemo ea ho ba teng lipokanong tsa Bokreste ho tla re thusa hore re tšehetse lipokano tse joalo ka botšepehi le ka pelo eohle.
Lipokano Tse Hahang
5. (a) Seo re se buang libokeng se lokela ho ba le phello efe? (b) Ke hobane’ng ha re sa lokela ho lieha ho memela ba thahasellang libokeng?
5 Kaha Bakreste ba rapella moea o halalelang oa Jehova hore o sebetse libokeng tsa Bokreste, motho ka mong ea leng teng o lokela ho etsa sohle seo a ka se khonang hore a sebetse tumellanong le moea ona ’me ‘e se ke ea e-ba ea bakelang moea o halalelang oa Molimo mesarelo.’ (Baefese 4:30) Ha moapostola Pauluse a ne a ngola mantsoe ao a bululetsoeng, o ne a bua ka tšebeliso e nepahetseng ea puo. Seo re se buang kamehla se lokela ho sebelisoa ‘bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore se ka fana ka se molemo ho bautloi.’ (Baefese 4:29) Sena ke sa bohlokoa ka ho khethehileng lipokanong tsa Bokreste. Lengolong la hae le eang ho Bakorinthe, Pauluse o ile a hatisa tlamo ea hore liboka e be tse hahang, tse rutang le tse khothatsang. (1 Bakorinthe 14:5, 12, 19, 26, 31) Bohle ba leng teng ba rua molemo libokeng tse joalo, ho akarelletsa le ba qalang ho ba teng, bao ha e le hantle ba ka ’nang ba etsa qeto ena: “Ka sebele Molimo o har’a lōna.” (1 Bakorinthe 14:25) Ka lebaka leo, ha rea lokela ho lieha ho memela ba sa tsoa thahasella ho bokana le rōna, hobane ho etsa joalo ho tla potlakisa tsoelo-pele ea bona moeeng.
6. Ke lintlha life tse thusang ho etsa hore seboka e be se hahang?
6 Bohle ba fuoeng lipuo, lipuisano kapa lipontšo sebokeng sa Bokreste ba batla ho tiiseha hore puo ea bona ea haha ebile e tumellanong le Lentsoe la Molimo le ngotsoeng, e leng Bibele. Ho ekelletsa ho bueng ka tsela e nepahetseng, re lokela ho bontša maikutlo le boikutlo tse tumellanong le litšobotsi tse lerato tsa Molimo le Kreste. Haeba bohle ba nang le karolo lenaneong la liboka ba ela hloko ho bontša ‘litholoana tsa moea oa Molimo,’ tse kang thabo, tiisetso le tumelo, bohle ba leng teng ka sebele ba tla ikutloa ba hahehile.—Bagalata 5:22, 23.
7. Bohle ba leng teng ba ka tlatsetsa joang pokanong e hahang?
7 Le hoja e ka ba ba seng bakae feela ba bang le karolo lenaneong la liboka tsa phutheho, bohle ba ka tlatsetsa pokanong e hahang. Hangata ho na le menyetla ea hore bamameli ba arabe lipotso. Ena ke menyetla ea ho bolela tumelo ea rōna phatlalatsa. (Baroma 10:9) Le ka mohla ha ea lokela ho sebelisoa e le monyetla oa ho buella maikutlo a rōna a botho, ho ithorisa ka seo re se finyeletseng kapa ho tšoaea molumeli-’moho le rōna liphoso. Na seo se ne se ke ke sa bakela moea oa Molimo mesarelo? Ho molemo ka ho fetisisa hore liphapang pakeng tsa balumeli-’moho le rōna li sebeletsoe lekunutung ka moea o lerato. Bibele e re: “Le be mosa e mong ho e mong, le e-na le qenehelo e bonolo, le tšoarelana ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.” (Baefese 4:32) Lipokano tsa Bokreste li re fa monyetla o babatsehang hakaakang oa ho sebelisa keletso ena e ntle! E le hore ba ka finyella seo, ba bangata ba fihla libokeng pele ho nako ’me ba lieha ho tsamaea ha li se li tsoile. Sena le sona se thusa ba sa tsoa thahasella, ba hlokang ho hong ho khethehileng hore ba ikutloe ba amohelehile. Kahoo Bakreste bohle ba inehetseng ba na le karolo eo ba ka e phethang tabeng ea ho etsa hore liboka li hahe ka ho ‘nahanelana hore ba susumeletsane leratong le mesebetsing e metle.’
Lokisetsa Hantle
8. (a) Ke boitelo bofe bo babatsehang boo ba bang ba bo etsang e le hore ba be teng libokeng? (b) Jehova o beha mohlala ofe e le molisa?
8 Le hoja ho ka ’na ha e-ba bonolo hore ba bang ba be teng lipokanong tsa Bokreste, ho ba bang ho hloka boitelo bo sa khaotseng. Ka mohlala, ’mè oa Mokreste ea tlamehang ho sebetsa hore a hlokomele ba ntlo ea hae ka se hlokahalang o atisa ho fihla hae a khathetse ha a tsoa mosebetsing. Ho ka etsahala hore ebe joale o tlameha ho apeha le ho thusa bana ba hae ho itokisetsa ho ea libokeng. E ka ’na eaba Bakreste ba bang ba tlameha ho tsamaea libaka tse telele ho ea fihla libokeng, kapa ba ka ’na ba sitisoa ke ho kula kapa ho tsofala. Ka sebele, Jehova Molimo o utloisisa boemo ba e mong le e mong ea tšepahalang ea bang teng libokeng, hantle feela joalokaha molisa ea lerato a utloisisa litlhoko tse khethehileng tsa nku ka ’ngoe mohlapeng oa hae. Bibele e re: “[Jehova] o tla alosa mohlape oa hae ka mokhoa oa molisa, o tla bokella likonyana matsohong a hae, a li jare sefubeng sa hae; le tse anyesang, a li sotetse butle.”—Esaia 40:11.
9, 10. Re ka fumana molemo o moholohali joang libokeng?
9 Ba tlamehang ho itela haholo e le hore ba be teng kamehla libokeng e ka ’na eaba ba na le nako e fokolang ea ho lokisetsa boitsebiso bo tla hlahlojoa. Ho tsamaisana le kemiso ea ’malo oa Bibele oa beke le beke ho etsa hore ho ba teng Sekolong sa Tšebeletso sa Puso ea Molimo e be ho putsang haholoanyane. Ka ho tšoanang, ho lokisetsa liboka tse ling esale pele, tse kang Thuto ea Molula-Qhooa le Thuto ea Buka ea Phutheho, ho etsa hore li ruise molemo haholoanyane. Ka ho bala boitsebiso bo ithutoang esale pele le ka ho hlahloba bonyane litemana tse ling tsa Bibele tse boletsoeng, bao maemo a bona a lelapa a hlokang nako e ngata ba tla be ba itokisitse haholoanyane hore ba be le karolo e molemo lipuisanong tsena tsa bohlokoa tsa Bibele.
10 Ba bang, bao maemo a bona a sa ba sitiseng hakaalo, ba ka sebelisa nako e eketsehileng bakeng sa ho lokisetsa liboka. Ka mohlala, ba ka etsa lipatlisiso mangolong a boletsoeng empa a sa qotsoa. Kahoo bohle e ka ba ba loketseng ho fumana molemo o moholohali libokeng ’me ba be le karolo e molemo ho haheng phutheho ka lipuo tsa bona le litlhaloso. Ka ho itokisetsa hantle, baholo le bahlanka ba sebeletsang ba tla beha mohlala o motle ka ho fana ka likarabo tse khutšoanyane, tse tobileng. Ka lebaka la ho hlompha litokisetso tsa Jehova, ba leng teng ba tla qoba mekhoa leha e le efe e faposang mohopolo ha liboka li tsoela pele.—1 Petrose 5:3.
11. Ke hobane’ng ha ho itaea ho hlokahala bakeng sa ho lokisetsa liboka?
11 Mesebetsi le boithabiso tseo e seng tsa bohlokoahali bakeng sa bophelo ba rōna bo botle ba moea li ka ’na tsa ja nako ea rōna e ngata haholo. Haeba ho joalo, ho hlokahala hore re itlhahlobe ’me re ‘khaotse ho ba ba se nang kahlolo e molemo’ tšebelisong ea nako ea rōna. (Baefese 5:17) Sepheo sa rōna e lokela ho ba ho ‘reka nako’ linthong tseo e seng tsa bohlokoa hakaalo e le hore re ka sebelisa nako e eketsehileng thutong ea botho ea Bibele le ho lokisetsa liboka, esita le tšebeletsong ea ’Muso. (Baefese 5:16) Ho ke ke ha latoloa hore hase kamehla sena se leng bonolo ’me se hloka ho itaea. Bacha ba lebisang tlhokomelo ea bona ho sena ba rala motheo o motle oa tsoelo-pele ea nako e tlang. Pauluse o ile a ngolla molekane oa hae e monyenyane ho eena Timothea a re: “Nahanisisa ka lintho tsena [keletso ea Pauluse ho Timothea]; u ikakhele ka setotsoana ho tsona, e le hore tsoelo-pele ea hao e ka bonahala ho batho bohle.”—1 Timothea 4:15.
Mehlala e Tsoang Lentsoeng la Molimo
12. Lelapa labo Samuele le ile la beha mohlala ofe o ikhethang?
12 Nahana ka mohlala o motle o ileng oa behoa ke lelapa labo Samuele, leo kamehla le neng le kopanela litokisetsong tsa ho bokana le barapeli-’moho le lona ha tabernakele ea Molimo e ne e le Silo. Ke ba batona feela bao ho neng ho hlokahala hore ba ee meketeng eo ho neng ho uoa ho eona selemo le selemo. Empa Elkana, ntate oa Samuele, o ne a e-ea le lelapa la hae kaofela, kaha eena “o na a ee a tlohe motseng oa habo ka selemo se seng le se seng, ho ea rapela le ho hlabela Jehova oa makhotla Silo.” (1 Samuele 1:3-5) Ha habo Samuele, Ramathaime-Tsofime, mohlomong e ne e le pel’a lebōpo la leoatle, Rentis ea kajeno mesikong ea lithaba ea “sebaka sa Efraime se lithaba.” (1 Samuele 1:1, NW) Kahoo, leeto le eang Silo e ne e tla ba la lik’hilomithara tse ka bang 30, e leng leeto le neng le etsa hore motho a khathale mehleng eo. Sena ke seo lelapa la Elkana le neng le se etsa ka botšepehi “selemo se seng le se seng [ha le ne le etela] tlung ea Jehova.”—1 Samuele 1:7.
13. Bajuda ba tšepahalang ba ile ba beha mohlala ofe ha Jesu a le lefatšeng?
13 Jesu le eena o ile a hōla e le karolo ea lelapa le leholo. Selemo le selemo lelapa lena le ne le tsamaea ho tloha Nazaretha lik’hilomithara tse ka bang 100 ho leba ka boroa ho ea ba teng moketeng oa Paseka Jerusalema. Ho na le litsela tse peli tseo e ka ’nang eaba ba ne ba li nka. Tsela e tobileng haholoanyane e ne e e-na le motheo o theohelang ka Phuleng ea Megido, joale e be moepa oa limithara tse ka bang 600 tse pholletsang le naheng ea Samaria ho ea fihla Jerusalema. Tsela e ’ngoe e tummeng e ne e le e ileng ea nkoa ke Jesu leetong la hae la ho qetela le eang Jerusalema ka 33 C.E. Ena e ne e hloka ho theosa le Phula ea Jordane ho ea fihla boemong bo ka tlaase ho leoatle ho fihlela a fihla “meeling ea Judea . . . ka mose ho Jordane.” (Mareka 10:1) Ho tloha mona, ‘tsela e eang Jerusalema’ ke sebaka sa lik’hilomithara tse 30, ho akarelletsa le moepa oa limithara tse 1100. (Mareka 10:32) Kamehla, batho ba bangata ba tšepahalang ba neng ba keteka ba ne ba nka leeto le boima ho tloha Galilea ho ea Jerusalema. (Luka 2:44) Ke mohlala o motle hakaakang bakeng sa bahlanka ba Jehova linaheng tse ruileng kajeno, bao boholo ba bona ha ho bapisoa, ho leng bonolo hore bo be teng lipokanong tsa Bokreste, ka lebaka la mekhoa ea ho tsamaea ea kajeno!
14, 15. (a) Anna o ile a beha mohlala ofe? (b) Re ka ithuta eng boikutlong bo botle bo ileng ba bontšoa ke ba bang ba qalang ho ba teng libokeng?
14 Mohlala o mong ke oa Anna mohlolohali ea lilemo li 84. Bibele e bolela hore ‘le ka mohla o ne a sa hlokoe tempeleng.’ (Luka 2:37) Ho feta moo, Anna o ne a thahasella ba bang ka lerato. Ha a bona ngoana Jesu ’me a hlokomela hore ke Mesia ea tšepisitsoeng, o ile a etsa’ng? O ile a leboha Molimo ’me a qala “ho bua ka ngoana eo ho bohle ba letetseng topollo ea Jerusalema.” (Luka 2:38) Ke boikutlo bo botle hakaakang, mohlala bakeng sa Bakreste kajeno!
15 E, ho ba teng libokeng tsa rōna le ho nka karolo ho tsona e lokela ho ba thabo e khōlō hoo joaloka Anna, re sa batleng ho ba sieo. Ba bangata ba bacha ’neteng ba na le boikutlo bona. Ba tsoile lefifing ba kene leseling la Molimo le tsotehang, ba batla ho ithuta sohle seo ba ka se khonang, ’me ba bangata ba bontša cheseho e khōlō bakeng sa liboka tsa Bokreste. Ka lehlakoreng le leng, ba bileng ’neteng ka nako e telele ba lokela ho itebela khahlanong le ho ‘tlohela lerato leo ba neng ba e-na le lona pele.’ (Tšenolo 2:4) Ho kula ho matla kapa maemo a mang ao motho a sitoang ho a laola ka linako tse ling a ka ’na a sitisa motho ho ba teng libokeng. Empa le ka mohla ha rea lokela ho lumella hore lerato la lintho tse bonahalang, boikhathollo kapa ho hloka thahasello li etse hore re se lokisetse, re be monyebe kapa re se kopanele kamehla libokeng.—Luka 8:14.
Mohlala o Motle ka ho Fetisisa
16, 17. (a) Boikutlo ba Jesu e ne e le bofe ka lipokano tsa moea? (b) Bakreste bohle ba lokela ho leka ho latela litloaelo life tse molemo?
16 Jesu o behile mohlala o ikhethang tabeng ea ho bontša kananelo bakeng sa lipokano tsa moea. A sa le mocha a le lilemo li 12, o ile a bontša hore o rata ntlo ea Molimo e Jerusalema. O ile a lahlehela batsoali ba hae empa ba ile ba qetella ba mo fumane a buisana le mesuoe ka Lentsoe la Molimo ka tempeleng. Ha a arabela kamehong ea batsoali ba hae, ka tlhompho Jesu o ile a botsa: “Na le ne le sa tsebe hore ke lokela ho ba ka tlung ea Ntate?” (Luka 2:49) Ka boikokobetso Jesu e monyenyane o ile a khutlela Nazaretha le batsoali ba hae. Ha a le moo o ile a tsoela pele ho bontša hore o rata liboka tsa borapeli ka hore a be teng kamehla synagogeng. Kahoo, ha a qala tšebeletso ea hae, Bibele e tlaleha sena: “Eaba o tla Nazaretha, moo a neng a hōliselitsoe teng; ’me, ho ea ka tloaelo ea hae ka letsatsi la sabatha, a kena ka synagogeng, ’me a ema hore a bale.” Ka mor’a hore Jesu a bale le ho hlalosa Esaia 61:1, 2, bamameli ba ile ba qala “ho hlolloa ke mantsoe a khahlisang a tsoang molomong oa hae.”—Luka 4:16, 22.
17 Kajeno liboka tsa Bokreste li latela mohlala oona ona oa motheo. Ka mor’a hore seboka se buloe ka pina ea thoriso le thapelo, litemana tse tsoang Bibeleng (kapa litemana tse qotsitsoeng boitsebisong ba thuto ea Bibele) lia baloa le ho hlalosoa. Bakreste ba ’nete ba tlamehile ho etsisa tloaelo e molemo ea Jesu Kreste. Ho isa moo maemo a bona a ba lumellang, ba thabela ho ba teng kamehla lipokanong tsa Bokreste.
Mehlala ea Kajeno
18, 19. Barab’abo rōna ba linaheng tse futsanehileng ba behile mohlala ofe o motle mabapi le liboka, likopano tse nyenyane le tse khōlō?
18 Likarolong tsa lefatše tse futsanehileng, boholo ba bara le barali babo rōna ba beha mohlala o motle oa ho ananela lipokano tsa Bokreste. Mozambique molebeli oa setereke, Orlando, le mosali oa hae, Amélia, ba ile ba nka lihora tse 45 ba tsamaea sebaka sa lik’hilomithara tse 90 ka maoto ho ea ka nģ’ane ho thaba e phahameng ho ea tšoara kopano. Joale ba ile ba tlameha ho nka leeto le tšoanang ho khutla ho ea tšoara kopano e latelang. Ka boikokobetso Orlando o ile a tlaleha: “Re ile ra ikutloa hore ha rea etsa letho ha re bapisoa le barab’abo rōna ba tsoang Phuthehong ea Bawa. Hore ba be teng kopanong le ho khutlela mahaeng a bona ba ile ba nka leeto la matsatsi a tšeletseng la lik’hilomithara tse ka bang 400 ba tsamaea ka maoto, ’me har’a bona ho ne ho e-na le mor’abo rōna ea lilemo li 60!”
19 Ho thoe’ng ka ho ananela liboka tsa beke le beke? Kashwashwa Njamba ke morali’abo rōna ea fokolang ea lilemong tsa bo-70. O lula Kaisosi, motsaneng o bohōle ba lik’hilomithara tse hlano ho tloha Holong ea ’Muso e Rundu, Namibia. Ho ba teng libokeng, o tsamaea leeto la lik’hilomithara tse leshome ho ea le ho khutla a feta morung. Ba bang ba ’nile ba hlaseloa ka mabifi tseleng ena, empa Kashwashwa o ntse a tla libokeng. Liboka tse ngata li tšoaroa ka puo eo a sa e utloisiseng. Ka hona o rua molemo joang ka ho ba teng? Kashwashwa o re: “Ka ho latela mangolo, ke leka ho fumana hore na puo e bua ka eng.” Empa ha a tsebe ho bala le ho ngola, ka hona o latela mangolo joang? Oa araba: “Ke mamela mangolo ao ke a tsebang ka hlooho.” ’Me ho theosa le lilemo, o bokeletse mangolo a ’maloa mohopolong oa hae. Ho ntlafatsa matla a hae a ho sebelisa Bibele, o kena litlelase tseo phutheho e li lokiselitseng tsa ho ithuta ho bala le ho ngola. O re: “Ke rata ho ba teng libokeng. Kamehla ho na le lintho tse ncha tse ithutoang. Ke rata ho thabela botsoalle le bara le barali babo rōna. Le hoja nke ke ka bua le bona kaofela, kamehla baa tla ba tl’o ntumelisa. ’Me habohlokoa ka ho fetisisa, kea tseba hore ka ho ba teng libokeng, ke thabisa pelo ea Jehova.”
20. Ke hobane’ng ha re sa lokela ho tlohela lipokano tsa rōna tsa Bokreste?
20 Joaloka Kashwashwa, barapeli ba Jehova ba limilione lefatšeng lohle ba bontša kananelo e babatsehang bakeng sa lipokano tsa Bokreste. Ha lefatše la Satane le leba timetsong ea lona, re ke ke ra khona ho tlohela ho bokana ha rōna hammoho. Ho e-na le hoo, a re luleng re falimehile moeeng ’me re bontše kananelo e tebileng bakeng sa liboka, likopano tse nyenyane le tse khōlō. Seo ha se na ho thabisa pelo ea Jehova feela empa se tla re ruisa molemo ka ho enneng ha re ntse re kopanela thutong ea bomolimo e isang bophelong bo sa feleng.—Liproverbia 27:11; Esaia 48:17, 18; Mareka 13:35-37.
Lipotso Tsa Tlhahlobo
◻ Ke hobane’ng ha ho ba teng lipokanong tsa Bokreste e le tokelo?
◻ Bohle ba leng teng ba ka tlatsetsa joang sebokeng se hahang?
◻ Jesu Kreste o behile mohlala ofe o ikhethang?
◻ Ke thuto efe e ka ithutoang ho barab’abo rōna ba linaheng tse futsanehileng?
[Setšoantšo se leqepheng la 18]
Lipaki tse kang tsena tsa Romania li beha mohlala o motle oa ho ananela lipokano tsa Bokreste
[Lebokose le leqepheng la 17]
Ba Ananela Liboka Tsa Beke Le Beke
Batho ba limilione ba lula metseng e hlasetsoeng ke bofutsana le tlōlo ea molao. Ho sa tsotellehe maemo a joalo, Bakreste ba ’nete har’a bona ba ananela lipōkano tsa Bokreste ka tsela e babatsehang. Moholo ea sebeletsang ho e ’ngoe ea liphutheho tsa Soweto tsa Gauteng, Afrika Boroa oa tlaleha: “Phuthehong e nang le Lipaki le bahoeletsi ba sa kolobetsoang ba 60, ba bang teng libokeng tsa rōna ba ba lipakeng tsa 70 le 80, ’me ka linako tse ling ba feta moo. Le hoja bara le barali babo rōna ba sa kopanele hōle, karolo ena ea Soweto e kotsi. Mor’abo rōna e mong o ile a hlajoa ka morao ha a e-ea sebokeng. Bonyane baralib’abo rōna ba babeli ba ile ba tšoaroa ka morero oa ho k’hothotsoa. Empa sena ha se ba thibele ho tla. Ka Lisontaha, re nka nako e khutšoanyane re ithuta lipina ka mor’a ho koala liboka ka thapelo. Bonyane hoo e ka bang karolo ea 95 lekholong e sala kamehla ’me e bina lipina tsohle tse tla binoa libokeng tsa beke e latelang. Sena se thusa ba sa tsoa thahasella ho ithuta lipina le ho bina le rōna.”
Batho ba lulang libakeng tsa mahaeng ba na le litšitiso tse ling, tse kang maeto a malelele ao ba tlamehang ho a nka e le hore ba be teng libokeng hararo ka beke. Banyalani ba bang ba thahasellang ba lula sebakeng se bohōle ba lik’hilomithara tse 15 ho tloha Holong ea ’Muso Lobatse, Botswana. Selemong se fetileng, ba bile teng kamehla libokeng le bana ba bona ba babeli. Monna o lokisa lieta bakeng sa ho phelisa lelapa. Mosali o rekisa lintho tse nyenyane bakeng sa ho tlatsetsa cheleteng e kenang ka lapeng e le hore ba ka lefa lipalangoang bakeng sa ho ea le ho khutla libokeng.
Haufinyane mantsiboeeng a mang a lehlabula, ka mor’a seboka sa nakong ea ketelo ea molebeli oa potoloho, lelapa lena le ile la hloka lipalangoang seemelong sa libese ka 9:00 mantsiboea. Libese li ne li chaisitse kapele ka lebaka la boemo bo bobe ba leholimo. Lepolesa le leng le ile la emisa koloi ea lona ’me la ba botsa hore na ba etsa’ng. Ha le utloa bothata ba bona, le ile la ba hauhela ’me la nka leeto la lik’hilomithara tse 15 ho ba isa hae. Mosali, eo e leng mohoeletsi ea sa kolobetsoang, o ile a re ho monna oa hae: “Ua bona, ha re etelletsa liboka pele, Jehova o re hlokomela kamehla.” Hona joale monna le eena o bontšitse takatso ea ho ba ’moleli oa litaba tse molemo.