Ho Mamela—Na ke Thuto ea Bohlokoa ea Bongoaneng?
SEHLOOHO sa litaba koranteng e ’ngoe se ne se baleha tjena: “Batsoali ba Batla Batho ba Ikemetseng, Eseng Bana ba Mamelang.” Tlaleho ena e khutšoanyane e ne e thehiloe liphellong tsa phuputso e entsoeng New Zealand, e ileng ea senola hore ke feela “karolo ea 22 lekholong ea ba arabetseng ba neng ba nahana hore bana ba lokela ho rutoa lapeng ho mamela.” Phuputsong ena ho ile ha boela ha hlokomeloa hore kajeno batsoali ba lumela hore ke habohlokoa haholo ho ruta bana lintho tse kang mekhoa e metle, ho ikemela le ho ba le boikarabelo.
Mehleng ena eo batho ba etelletsang lithahasello tsa bona pele ebile e le baithati, ha ho makatse hore ebe batho ba bangata ha ba rate ho mamela le ho ruta bana ba bona ho mamela. Empa na ho mamela bongoaneng ho lokela ho nkoa e le ntho e tsoileng fesheneng le e fetiloeng ke nako? Kapa na ke e ’ngoe ea lithuto tsa bohlokoa tseo bana ba ka ithutang tsona le ho rua molemo ho tsona? Ntlha ea bohlokoa le ho feta ke hore na Jehova Molimo, Mohloli oa tokisetso ea lelapa, o talima ho mamela batsoali joang, ’me melemo e meng ea ho mamela ho joalo ke efe?—Liketso 17:28; Baefese 3:14, 15.
“Sena se Lokile”
Moapostola Pauluse o ile a ngolla phutheho ea Bokreste ea Efese ea lekholong la pele la lilemo a re: “Bana, le mamele batsoali ba lōna bonngoeng le Morena, kaha sena se lokile.” (Baefese 6:1) Kahoo, lebaka le ka sehloohong la ho mamela ho joalo ke hore ho tumellanong le tekanyetso ea Molimo ea se nepahetseng. Joalokaha Pauluse a boletse, “sena se lokile.”
Tumellanong le sena, re hlokomela hore Lentsoe la Molimo le hlalosa koetliso ea batsoali e etsoang ka lerato e le mokhabo o motle, “moqhaka o khahlehang hloohong ea hao le sefaha se setle molaleng oa hao,” hape e le ntho e ‘khahlisang haholo Moreneng.’ (Liproverbia 1:8, 9; Bakolose 3:20) Se fapaneng ka ho tobileng le seo ke hore ho se mamele batsoali ho ka fella ka ho se amoheloe ke Molimo.—Baroma 1:30, 32.
“E le Hore U ka Tsoella Hantle”
Pauluse o ile a bua ka moputso o mong oa ho mamela ha a ne a ngola a re: “‘Hlompha ntat’ao le ’m’ao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso: ‘E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.’” (Baefese 6:2, 3; Exoda 20:12) Ho mamela batsoali ho ka fella ka hore motho a tsoelle hantle ka litsela life?
Ea pele, na hase ’nete hore batsoali ba tseba hamolemo ka lebaka la nako eo ba e phetseng le phihlelo eo ba nang le eona? Le hoja ho ka ’na ha bonahala eka ba saletse morao tsebong ea lik’homphieutha kapa lithutong tse ling tse rutoang sekolong, ba tseba ho hongata ka bophelo le ka ho sebetsana ka katleho le mathata a bophelo. Ka lehlakoreng le leng, bacha ba haelloa ke monahano o tsitsitseng o tlisoang ke ho hōla kelellong. Kahoo, ba na le tšekamelo ea ho potlakela ho etsa liqeto, ba atisa ho inehela khatellong ea lithaka e kotsi, ’me sena se ba ntša kotsi. Bibele e bua ’nete ha e re: “Booatla bo tlameletsoe pelong ea moshanyana.” Pheko ke efe? “Thupa ea taeo e tla bo suthisetsa hōle le eena.”—Liproverbia 22:15.
Melemo ea ho mamela ha e felle feela kamanong ea batsoali le bana. E le hore batho ba hlophisehe ’me ba hatele pele, ba tlameha ho sebelisana, e leng seo ka lehlakoreng le leng se hlokang ho mamela ho itseng. Ka mohlala, lenyalong, ho ikemisetsa ho inehela ke hona ho tlisang khotso le kutloano le thabo, eseng ho batla sena le sane le ho se nahanele litokelo tsa ba bang le maikutlo a bona. Mosebetsing, ho hlokahala hore basebetsi ba ikokobetse e le hore khoebo leha e le efe kapa mokhatlo e ka atleha. Tabeng ea melao le litaelo tsa ’muso, ho mamela ha ho lokolle motho kotlong feela empa ho boetse ho fella ka tšireletseho e itseng.—Baroma 13:1-7; Baefese 5:21-25; 6:5-8.
Bacha ba sa mameleng ba boholong hangata e ba mekhelo sechabeng. Ho fapana le hoo, thuto ea ho mamela e ithutoang bongoaneng e ka tsoela pele ho putsa motho bophelo bohle ba hae. Ho molemo hakaakang ho ithuta eona bongoaneng!
Moputso o Moholo oa ho Mamela
Ho mamela ha ho felle feela ka likamano tse thabisang ka lapeng le melemo e meng ea bophelo bohle empa ho boetse ho rala motheo oo ho oona ho ka hahoang kamano ea bohlokoahali—e lipakeng tsa motho le ’Mōpi oa hae. Kaha Jehova Molimo ke ‘’Mōpi e Moholo’ eo e leng “mohloli oa bophelo,” ke ka nepo re lokelang ho mo mamela ka ho feletseng.—Moeklesia 12:1; Pesaleme ea 36:9.
Lentsoe “mamela” ka libōpeho tse sa tšoaneng tsa lona le hlaha ka makhetlo a mangata ka Bibeleng. Ho feta moo, ho na le litšupiso tse makholo tse lebisang melaong, litaelong le liqetong tsa boahloli tsa Molimo, tseo kaofela ha tsona li hlokang boikokobetso. Ho totobetse hore Molimo o nka ho hlokahala hore motho a mamele e le hore a ka mo amohela. E, ho mamela ke habohlokoahali bakeng sa ho haha kamano le Jehova. (1 Samuele 15:22) Hoa soabisa hore ebe tšekamelo ea motho ea tlhaho hase ho mamela empa ke ho se mamele. Bibele e re: “Tšekamelo ea pelo ea motho e mpe ho tloha bocheng ba hae.” (Genese 8:21) Ka lebaka leo, thuto ea ho mamela ha ea lokela ho ithutoa bongoaneng feela empa bophelong bohle. Ho etsa joalo ho fella ka moputso o moholo.
Hopola hore, joalokaha moapostola Pauluse a boletse, taelo ea ho mamela batsoali e tsamaea le tšepiso e habeli, e leng, hore “u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.” Mantsoe a tiisang tšepiso ena a fumanoa ho Liproverbia 3:1, 2 e reng: “Mora oa ka, u se ke ua lebala molao oa ka, ’me e se eka pelo ea hao e ka boloka litaelo tsa ka, hobane u tla ekelletsoa bolelele ba matsatsi le lilemo tsa bophelo le khotso.” Moputso o moholo oa ba mamelang ke ho ba le kamano le Jehova hona joale le bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la khotso.—Tšenolo 21:3, 4.
[Litšoantšo tse leqepheng la 30, 31]
Ho mamela ho fella ka likamano tse thabisang lapeng, mosebetsing le ho ba le kamano e thabisang le Jehova