Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho fa Bana Tlhokomelo eo ba e Hlokang
    Tsoha!—2005 | February 8
    • Ho ba Koetlisa Ntle le ho ba Halefisa

      Dr. Robert Coles, tichere e tsebahalang ’me ebile e le ngaka ea mafu a kelello e etsang lipatlisiso, o kile a re: “Ngoana e mong le e mong o na le takatso ea ho etsa se nepahetseng. Ke nahana hore takatso ena ea ho batla ho tataisoa ho etsa se nepahetseng ba e filoe ke Molimo.” Ke mang ea lokelang ho khotsofatsa tlala le lenyora lee la ho batla ho tataisetsoa ho etsa se nepahetseng?

      Ho Baefese 6:4, Mangolo aa eletsa: “Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.” Na u hlokometse hore lengolo lee le fa bo-ntate ka ho khetheha boikarabelo ba hore ba rute bana ba bona ho rata Molimo le ho etsa hore ba ananele litekanyetso tsa Molimo? Temaneng ea pele ea Baefese 6:1 khaolong ea botšelela, moapostola Pauluse o ne a bua ka ntate le ’mè ha a bolella bana hore ‘ba mamele batsoali ba bona.’a

      Ho hlakile hore haeba ntate a le sieo, ’mè ke eena ea lokelang ho nka boikarabelo bona. Bo-’mè ba bangata ba se nang balekane ba atlehile ho hōlisa bana ba bona ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova Molimo. Leha ho le joalo, haeba ’mè ea joalo a nyaloa, monna oa Mokreste o lokela ho etella pele. ’Mè eena o tla tšehetsa ka lerato ketello-pele ea ntate ho koetliseng le ho laeeng bana ba bona.

      U ka laea kapa hona ho koetlisa bana ba hao joang ntle le ho ba “halefisa”? Ha ho na mekhoa e itseng ea lekunutu, haholo-holo kaha bana ha ba tšoane. Empa batsoali ba lokela ho nahanisisa tsela eo ba fanang ka taeo ka eona, kamehla ba bontše ho rata le ho hlompha bana ba bona. Hoa thahasellisa hore taba ena ea ho se halefise bana ba hao e phetiloe hape ka Mangolong ho Bakolose 3:21. Mono bo-ntate ba boetse baa eletsoa: “Lōna bo-ntate, le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.”

      Batsoali ba bang ba kharumela le hona ho tlatsetsa bana ba bona lerata. Ha ho pelaelo hore sena se khentša bana ba bona. Empa Bibele e khothalletsa sena: “Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lōna.” (Baefese 4:31) Hape Bibele e re “lekhoba la Morena ha ho hlokahale hore le loane, empa ho hlokahala hore le be bonolo ho bohle.”—2 Timothea 2:24.

  • Ho fa Bana Tlhokomelo eo ba e Hlokang
    Tsoha!—2005 | February 8
    • a Mona Pauluse o sebelisitse lentsoe la Segerike go·neuʹsin, le nkiloeng ho lentsoe go·neusʹ, le bolelang “motsoali.” Empa temaneng ea bone o sebelisitse lentsoe la Segerike pa·teʹres, le bolelang “bo-ntate.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela