Kamoo U ka Lemohang le ho Hlōla Bofokoli Leha e le Bofe ba Moea
HO LATELA TŠŌMO EA MAGERIKE, ACHILLES E NE E LE MOHLABANI EA SEBETE ka ho fetisisa bahlabaning ba Magerike Ntoeng ea Trojan, moo ho neng ho futuheloa motse oa Troy. Tšōmo e bolela hore ha Achilles e sa le ngoana, ’mè oa hae o ne a mo qoelise Nōkeng ea Styx, ka hona, a etsa hore e-be ea ke keng a tsoa kotsi ntle feela le moo a neng a mo tšoere teng—serethe sa Achilles, ho latela maele. Ke hona moo motsu o bolaeang o ileng oa betsoa ke Paris, mora oa Morena Priam oa Troy, o ileng oa hlaba teng ’me oa bolaea Achilles.
Bakreste ke masole a Kreste, a loanang ntoa ea moea. (2 Timothea 2:3) Moapostola Pauluse oa hlalosa: “Re na le ntoa, eseng khahlanong le mali le nama, empa khahlanong le mebuso, khahlanong le ba nang le matla a ho laela, khahlanong le babusi ba lefatše ba lefifi lena, khahlanong le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo.” E, lira tsa rōna ke Satane Diabolose le bademona ba hae.—Baefese 6:12.
Ka ho hlakileng, ntoa ena e ka be e sekametse lehlakoreng le le leng hoja re ne re sa fumane thuso ho Jehova Molimo, ea ’nileng a hlalosoa e le “mohale oa ntoa.” (Exoda 15:3, NW) Re fuoe lihlomo tsa moea hore re tsebe ho itšireletsa lireng tsa rōna tse khopo. Ke ka hona moapostola a ileng a phehella: “Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose.”—Baefese 6:11.
Ntle ho pelaelo, lihlomo tse fanoeng ke Jehova Molimo ke tse molemo ka ho fetisisa, tse khonang ho emela mofuta leha e le ofe oa tlhaselo ea moea. Bona fela lethathamo leo Pauluse a faneng ka lona: senyepa sa ’nete, tšireletso ea sefuba ea ho loka, lieta tsa litaba tse molemo, thebe e khōlō ea tumelo, helmete ea poloko, le sabole ea moea. Ke lihlomo life tse molemo ho feta tsee tseo motho a ka li lebellang? Lesole la Mokreste ha le apere lihlomo tsena tsa ntoa le na le monyetla o mong le o mong oa ho hlōla, ho sa tsotellehe litlhaselo tse matla.—Baefese 6:13-17.
’Me le hoja lihlomo tsa moea tse tsoang ho Jehova e le tse molemo ka ho fetisisa ’me e le tse re sireletsang, ha rea lokela ho nka lintho hasesaane. Re hopotse Achilles eo ho neng ho nahanoa hore a ke ke a hlōloa, na ka mohlomong re na le sebaka seo re fokolang ho sona, serethe sa Achilles sa moea? Seo se ka re bolaea haeba re ka tšoaroa re sa lebella.
Hlahloba Lihlomo Tsa Hao Tsa Moea
Motho eo ka makhetlo a mabeli a ileng a hapa khau ea khauta ea Olimpiki ka ho thelelisa leqhoeng, eo ho bonahalang a ne a koenne hantle haholo ’meleng, o ile a oa ka tšohanyetso ’me a shoa nakong eo a neng a ntse a ikoetlisa. Nakoana ka mor’a moo, ho ile ha tlalehoa taba e bohloko ho The New York Times: “Halofo ea Maamerika a 600 000 a hlaseloang ke lefu la pelo selemo le selemo ha a be le matšoao a eona pele e etsahala.” Ka ho hlakileng, tsela eo re ikutloang ka eona ha se eona e lekanyang hore na boemo ba bophelo ba rōna ba ’mele bo joang.
Ke ntho e tšoanang le ha ho tluoa bophelong ba rōna ba moea. Keletso ea Bibele e re: “Ea nahanang hore o eme a a hlokomele hore a se ke a oa.” (1 Bakorinthe 10:12) Le hoja lihlomo tsa rōna tsa moea e le tsona tse molemo ka ho fetisisa tse ka fumanoang, ho ntse ho ka hlaha bofokoli. Sena se etsoa ke hore re tsoaletsoe sebeng, ’me botho ba rōna ba boetsalibe le bo sa phethahalang bo ka hlōla habonolo feela qeto e tiileng eo re e nkileng ea ho etsa thato ea Molimo. (Pesaleme ea 51:5) Ho sa tsotellehe boikemisetso ba rōna bo botle, pelo ea rōna e mano e ka re thetsa ka ho qapa mabaka a bohata kapa boikemelo ba bohata, e le hore re ka hlokomoloha habonolo feela bofokoli boo re nang le bona ’me ra ithetsa ka hore lintho li ntse li tsamaea hantle.—Jeremia 17:9; Baroma 7:21-23.
Ho phaella moo, re phela lefatšeng leo ho lona hangata boikutlo ba se nepahetseng le se fosahetseng bo ferekanngoang le ho khopamisoa. Hore na ntho e itseng e nepahetse kapa e fosahetse ho ka itšetleha ka hore na motho o ikutloa joang ka eona. Lipapatso, boithabiso bo ratoang le mecha ea litaba li khothalletsa monahano ona. Ka ho hlakileng, haeba re sa falimehe, re ka koeetsoa hore re nahane ka tsela eo, ’me lihlomo tsa rōna tsa ntoa ea moea li ka qala ho fokola.
Ho e-na le hore re oele boemong bo kotsi joalo, re lokela ho ela hloko keletso ea Bibele: “Le ’ne le inonye hore na le tumelong, le ’ne le leke seo lōna ka bolōna le leng sona.” (2 Bakorinthe 13:5) Ha re etsa joalo, re tla khona ho lemoha bofokoli leha e le bofe bo ka ’nang ba hlaha ’me re nke mehato e hlokahalang ho bo lokisa pele lira tsa rōna li ka bo lemoha ’me tsa qala ho hlasela. Leha ho le joalo, re ka etsa tlhahlobo e joalo joang? Ke matšoao afe ao re lokelang ho a sheba boitlhahlobong boo?
Ho Lemoha Matšoao
Letšoao le leng le tloaelehileng le ka bontšang bofokoli ba moea ke ho nyehlisa tloaelong ea rōna ea ho ba le thuto ea botho. Ba bang baa lumela hore ba tlameha ho ithuta ka ho eketsehileng, empa ho bonahala ba sitoa ho ipha nako ea hona. Ka lebaka la bophelo ba kajeno bo maphathaphathe, ho bonolo ho ba boemong bo joalo bo bobe. Leha ho le joalo, ho hobe le ho feta ke hore hangata batho ba ikemela ka hore lintho ha li mpe hakaalo kaha ba bala litokollo tsa Bibele neng le neng ha ba khona, ba bile ba khona ho ea libokeng tse ling tsa Bokreste.
Ho ipehela lebaka le joalo ke ho ithetsa. Ho tšoana le motho ea nahanang hore o phathahane haholo hoo a sitoang ho lula fatše ’me a je lijo tse nepahetseng, ka hona, o loma mona le mane ha a ntse a etsa sena le sane. Le hoja a ke ke a bolaoa ke tlala, a ka ’na a ba le mathata a bophelo bo botle ba ’mele neng kapa neng. Ka tsela e tšoanang, ha re sa je lijo tse hahang tsa moea ka tsela e tsitsitseng, ka potlako re ka ba le mefokolo lihlomong tsa rōna tsa moea. Kaha re lula re hlaseloa ke leshano la lefatše lena le mekhoa ea lona, re ka inehela habonolo litlhaselong tse bolaeang tsa Satane.
Letšoao le leng le bontšang bofokoli ba moea ke ho lahleheloa ke boikutlo ba ho potlaka ntoeng ea rōna ea moea. Nakong ea khotso, lesole ha le be tlas’a khatello ea ntoa le kotsi eo e ka e bakang. Ka hona, le ka ’na la qhoaolla likobo. Haeba ka tšohanyetso le bitsetsoa ntoeng, ka sebele e ka ’na eaba le ne le sa itokisetsa. Ke ntho e tšoanang le moeeng. Haeba re lumella boikutlo ba rōna ba ho potlaka hore bo thefulehe, re ka ba ba sa itokisetsang ho hlōla litlhaselo tse ka re hlahelang.
Leha ho le joalo, re ka tseba joang haeba re oetse boemong boo? Re ka ipotsa lipotso tse tla senola boemo ba sebele ba lintho: Na ke labalabela ho ea tšebeletsong joalokaha ke labalabela ho intša? Na ke ikemiselitse ho qeta nako ke lokisetsa liboka joalokaha ke ikemisetsa ho ea mabenkeleng kapa ho shebella TV? Na ke nahana hape ka lipakane tseo ke neng ke li hahamalla kapa menyetla eo ke ileng ka e tela ha ke e-ba Mokreste? Na ke lakatsa bophelo boo ho thoe’ng ke bo monate boo ba bang ba bo phelang? Tsena ke lipotso tse fatang maikutlo, empa lia thusa hore ho fumanoe bofokoli leha e le bofe bo teng lihlomong tsa rōna tsa moea.
Kaha lihlomo tse sireletsang tseo re nang le tsona ke tsa moea, ke habohlokoa hore moea oa Molimo o tsamaee ka bolokolohi bophelong ba rōna. Sena se bonahala ka tsela eo litholoana tsa moea oa Molimo li bonahalang ka eona liketsong tsa rōna. Na u teneha kapele kapa hona ho khena ha ba bang ba etsa kapa ba bua ntho eo u sa e rateng? Na u fumana ho le thata ho amohela keletso, kapa u utloa eka ba bang ba lula ba u tšoaea-tšoaea liphoso? Na u honohela ka matla litlhohonolofatso tsa ba bang le lintho tseo ba li finyellang? Na u fumana ho le thata ho sebelisana le ba bang, haholo-holo lithaka tsa hao? Ho itlhahloba ka botšepehi ho tla re thusa hore re bone hore na bophelo ba rōna bo tletse ka litholoana tsa moea oa Molimo kapa hore na mesebetsi ea nama e hlahella ka tsela e sa bonahaleng.—Bagalata 5:22-26; Baefese 4:22-27.
Mehato ea Sebele ea ho Hlōla Bofokoli ba Moea
Ho lemoha matšoao a bofokoli ba moea ke ntho e ’ngoe; ’me ho tobana le ’ona le ho nka khato e lokisang boemo ke ntho e ’ngoe e fapaneng. Ka masoabi, ba bangata ba sekamela ho ikemeleng, ho beheng mabaka a sa utloahaleng, ho nyenyefatseng bothata kapa ho latola hore bothata bo teng. Seo se kotsi hakaakang—se tšoana le ho ea ntoeng ka lihlomo tse sa fellang! Tsela e joalo e tla re pepesetsa tlhaselo ea Satane. Ho e-na le hoo, re lokela ho nka khato e nepahetseng ka potlako ho lokisa bofokoli leha e le bofe boo re ka bo hlokomelang. Re ka etsa eng?—Baroma 8:13; Jakobo 1:22-25.
Kaha re ntoeng ea moea—ntoa e kopanyelletsang ho laola maikutlo le pelo tsa Mokreste—re lokela ho etsa sohle seo re ka se khonang ho sireletsa matla a rōna a kelello. Hopola hore har’a likarolo tsa lihlomo tsa rōna tsa moea ho na le “tšireletso ea sefuba ea ho loka,” e sireletsang pelo ea rōna, le “helmete ea poloko,” e sireletsang kelello ea rōna. Ho ithuta ho sebelisa litokisetso tsena ka tsela e atlehang ho ka etsa phapang lipakeng tsa ho hlōla le ho hlōloa.—Baefese 6:14-17; Liproverbia 4:23; Baroma 12:2.
Ho apara “tšireletso ea sefuba” ka tsela e nepahetseng ho hloka hore re itlhahlobe kamehla mabapi le ho rata ha rōna ho loka le ho hloea ho hloka molao. (Pesaleme ea 45:7; 97:10; Amose 5:15) Na litekanyetso tsa rōna li nyehlile joaloka tsa lefatše? Na hona joale re fumana lintho tse kileng tsa re nyarosa le ho re khopisa e se e le tse thabisang—ebang ke tse etsahalang bophelong kapa tse hlahang thelevisheneng le libaesekopong, libukeng le limakasineng? Lerato la se lokileng le tla re thusa ho elelloa hore seo lefatše le se tlotlisang e le tokoloho le tsoelo-pele, ka sebele e ka ba boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali le boikhohomoso tse ikhakantseng.—Baroma 13:13, 14; Tite 2:12.
Ho roala “helmete ea poloko” ho kopanyelletsa ho bona ka ho hlakileng ka leihlo la moea litlhohonolofatso tse larileng kapele, re sa itumelle ho khelosoa ke lintho tse phatsimang le tse botle bo thetsang tsa lefatše lena. (Baheberu 12:2, 3; 1 Johanne 2:16) Ho ba le pono ena ho tla re thusa hore re behe lithahasello tsa ’muso ka pele ho lintho tse bonahalang tseo re ka li fumanang le melemo ea botho. (Matheu 6:33) Ka hona, ho etsa bonnete ba hore re roetse sehlomo sena moo se tšoanetseng, re lokela ho ipotsa ka botšepehi: Ke hahamalla eng bophelong? Na ke na le lipakane tse khethehileng tsa moea? Ke etsa eng ho li finyella? E-bang re ba setseng ba Bakreste ba tlotsitsoeng kapa ba “bongata bo boholo” bo se nang palo, re lokela ho etsisa Pauluse ea ileng a re: “Ha ke inke ke se ke o tšoere; empa ho na le ntho e le ’ngoe ka oona: Ha ke lebala lintho tse ka morao le ho hahamalla linthong tse ka pele, ke phehella pakaneng.”—Tšenolo 7:9; Bafilippi 3:13, 14.
Tlhaloso ea Pauluse ea lihlomo tsa rōna tsa moea e fella ka temoso ena: “Ka mofuta o mong le o mong oa thapelo le thapeli le tsoela pele ho rapela ka nako e ’ngoe le e ’ngoe ka moea. ’Me ho finyella seo le lule le falimehile ka tiisetso eohle le ka thapeli molemong oa bahalaleli bohle.” (Baefese 6:18) Sena se bontša mehato e ’meli e nepahetseng eo re ka e nkang ho hlōla kapa ho thibela bofokoli leha e le bofe ba moea: Hlaolela botsoalle bo botle le Molimo ’me u be le kamano e haufi le Bakreste-’moho le uena.
Ha re itloaelitse ho ea ho Jehova ka lithapelo tsa “mofuta o mong le o mong,” (ho bolela libe tsa rōna, ho kōpa tšoarelo, ho kōpa tataiso, ho leboha litlhohonolofatso, lithoriso tse tsoang pelong) ’me e le “ka nako e ’ngoe le e ’ngoe” (phatlalatsa, sephiring, boinotšing, nako eo ho itlisang feela), re atamela haufi-ufi le Jehova. Eo ke tšireletso e khōlō ka ho fetisisa eo re ka bang le eona.—Baroma 8:31; Jakobo 4:7, 8.
Ka lehlakoreng le leng, re khothalletsoa hore re rapele “molemong oa bahalaleli bohle,” ke hore, bakeng sa Bakreste-’moho le rōna. Lithapelong tsa rōna re ka ’na ra hopola barab’abo rōna ba moea ba linaheng tse hōle ba hlorisoang kapa ba hlokofatsoang ke mathata a mang. Empa ho thoe’ng ka Bakreste bao re sebetsang le bona le bao re kopanang le bona letsatsi le leng le le leng? Le bona ho ba rapella ke ntho e nepahetseng, joalokaha Jesu le eena a ile a rapella barutuoa ba hae. (Johanne 17:9; Jakobo 5:16) Lithapelo tse joalo li re kopanya hammoho ’me li re matlafaletsa ho ema re tiile khahlanong le litlhaselo tsa “ea khopo.”—2 Bathesalonika 3:1-3.
Ntho ea ho qetela, lula u hopola keletso e lerato ea moapostola Petrose: “Bofelo ba lintho tsohle bo atametse. Ka hona, le hlaphoheloe likelellong, ’me le falimehe mabapi le lithapelo. Ka holimo ho lintho tsohle, le be le lerato le matla haholo e mong ho e mong, hobane lerato le koahela libe tse ngata haholo.” (1 Petrose 4:7, 8) Ho bonolo haholo ho lumella ho se phethahale ha botho—ha batho ba bang le ha rōna ka borōna—hore ho kene lipelong le likelellong tsa rōna ’me ho fetohe tšitiso, likhopiso. Satane o tseba bofokoli bona ba motho hantle. Le leng la maqiti a hae a mano ke ho etsa hore ho se be le kutloano e le hore a ka hlōla. Ka lebaka leo, re lokela ho potlakela ho koahela liphoso tse joalo ka lerato le tebileng bakeng sa ba bang ’me re se ‘lumelle Diabolose sebaka.’—Baefese 4:25-27.
Ipoloke U le Matla Moeeng Hona Joale
U etsa’ng ha u hlokomela hore moriri oa hao ha oa kameha kapa thae ea hao e sothehile? E tlameha ebe u lokisa boemo kapele kamoo u ka khonang. Ke batho ba fokolang ba ka itlohellang feela, ba nka hore ntho e bonahalang, e sa tloaelehang joaloka eo ha e tsotellehe. A re sebetseng boemo ka potlako joalo ha ho tluoa tabeng ea bofokoli ba rōna ba moea. Likoli tse bonahalang li ka ’na tsa etsa hore batho ba li shebe ka ho se li amohele, empa bofokoli ba moea bo sa lokisoeng bo ka fella ka ho se amoheloe ke Jehova.—1 Samuele 16:7.
Ka lerato, Jehova o re file sohle seo re se hlokang ho re thusa hore re motsule bofokoli leha e le bofe ba moea le ho ipoloka re le matla moeeng. Ka liboka tsa Bokreste, lingoliloeng tsa Bibele le Bakreste-’moho le rōna ba hōlileng tsebong le ba tsotellang, o fana ka likhopotso le litlhahiso tse sebetsang tsa hore na re lokela ho etsa eng. Ho sallane le rōna hore na rea li amohela le ho li sebelisa. Sena se hloka boiteko le ho itaea. Empa hopola seo moapostola Pauluse a ileng a se bolela ka botšepehi: “Tsela eo ke mathang ka eona hase ka ho se nepisise; tsela eo ke tobisang ho otla ha ka ka eona ke ka tsela ea hore ke se ke ka ba ea otlang moea; empa ke teteka ’mele oa ka ’me ke o tšoara joaloka lekhoba, e le hore, ka mor’a hore ke bolele ho ba bang, ’na ka bonna ke se ke ka ba ea sa amoheleheng ka tsela e itseng.”—1 Bakorinthe 9:26, 27.
Falimeha ’me le ka mohla u se ke ua itumella ho ba le serethe sa Achilles sa moea. Ho e-na le hoo, e se eka ka boikokobetso le ka sebete re ka etsa se hlokahalang hona joale hore re lemohe ’me re hlōle bofokoli leha e le bofe ba moea boo re nang le bona.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 19]
“LE ’NE LE INONYE HORE NA LE TUMELONG, LE ’NE LE LEKE SEO LŌNA KA BOLŌNA LE LENG SONA.”—2 Bakorinthe 13:5.
[Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 21]
“LE FALIMEHE MABAPI LE LITHAPELO. KA HOLIMO HO LINTHO TSOHLE, LE BE LE LERATO LE MATLA HAHOLO E MONG HO E MONG, HOBANE LERATO LE KOAHELA LIBE TSE NGATA HAHOLO.”—1 Petrose 4:7, 8.
[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 20]
IPOTSE...
◆ Na ke labalabela ho qeta nako ke lokisetsa liboka joalokaha ke labalabela ho ea mabenkeleng kapa ho shebella TV?
◆ Na ke lakatsa bophelo boo ho thoe’ng ke bo monate boo ba bang ba bo phelang?
◆ Na ke teneha kapele ha ba bang ba etsa kapa ba bua ntho eo ke sa e rateng?
◆ Na ke fumana ho le thata ho amohela keletso, kapa ke utloa eka ba bang ba lula ba ntšoaea-tšoaea liphoso?
◆ Na ke fumana ho le thata ho sebelisana le ba bang?
◆ Na litekanyetso tsa ka li nyehlile joaloka tsa lefatše?
◆ Na ke na le lipakane tse khethehileng tsa moea?
◆ Ke etsa eng ho finyella lipakane tsa ka tsa moea?
[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 18]
Achilles: From the book Great Men and Famous Women; Roman soldiers and page 21: Historic Costume in Pictures/Dover Publications, Inc., New York