Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w90 11/15 leq. 24
  • Bonngoe bo Fumaneha ka Tieo ka Kreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bonngoe bo Fumaneha ka Tieo ka Kreste
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bonngoe ke Morero oa Molimo
  • Lintho tse Hōlisang Bonngoe
  • Bonngoe ba Bokreste bo Tlotlisa Molimo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2010
  • Buka ea Bibele ea 49—Ba-Efese
    “Lengolo Lohle le Bululetsoe ke Molimo ’me le Molemo”
  • Lelapa la Jehova le Thabela Bonngoe ba Bohlokoa
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
  • Bolokang Bonngoe Matsatsing Ana a ho Qetela
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1996
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1990
w90 11/15 leq. 24

Bonngoe bo Fumaneha ka Tieo ka Kreste

Lintlha tse Khōlō tse ho Ba-Efese

MATHOASONG a 52 C.E., moapostola Pauluse o ile a bolela Efese. Motse ona oa khoebo o ruileng oa Asia Minor e ne e boetse e le setsi sa bolumeli ba bohata. Empa Bokreste bo ile ba atleha moo ka mor’a hore Pauluse a khutlele Efese, mohlomong mariheng a 52/53 C.E. O ne a fana ka lipuo letsatsi le letsatsi holong ea sekolo ’me a paka ka ntlo le ntlo nakong ea ho lula ha hae moo hoo e ka bang lilemo tse tharo.—Liketso 19:8-10; 20:20, 21, 31.

Ha a ntse a le teronkong Roma hoo e ka bang ka 60-61 C.E., Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Efese. Moko-taba oa lengolo la hae ke hore ho be le bonngoe ho Jesu Kreste ’me bo be teng ka eena. Ha e le hantle, le na le litšupiso tse 13 tse bontšang ‘bonngoe ho Kreste,’ ho feta lengolo lefe kapa lefe leo Pauluse a le ngotseng. Joaloka Baefese, re ka rua molemo mantsoeng a Pauluse a buang ka mosebetsi oa Kreste, re qobe boitšoaro bo bobe ’me re hanele matla a meea e khopo.

Bonngoe ke Morero oa Molimo

Pele, Pauluse o ile a hlalosa kamoo Molimo o neng o tla tlisa bonngoe ka Kreste. (1:1-23) Jehova o rerile ho bokella lintho tsohle tse leholimong le tse lefatšeng hammoho hape ka “puso” (NW) (tsela ea ho tsamaisa litaba). Ka Kreste, Molimo o ne o tla ikopanya le ba khethetsoeng bophelo ba leholimo le ba bang ba neng ba tla phela lefatšeng. Kajeno, Molimo o kopantse batlotsuoa le “bongata bo boholo ba batho,” ’me ho ‘bokelloa ha lintho tsohle tse lefatšeng’ ho tla tsoela pele ho fihlela ba mabitleng a khopotso ba utloa lentsoe la Jesu ’me ba tsoa ho ’ona. (Tšenolo 7:9; Johanne 5:28, 29) Re lokela ho leboha ka sena, feela joalokaha Pauluse a ile a rapella hore Baefese ba ananele tokisetso ea Molimo bakeng sa bona.

Bakreste ba Balichaba ke bona ba latelang bao ho ileng ha lebisoa tlhokomelo ho bona, bao pele ba neng ba shoele ka baka la sebe. (2:1–3:21) Ka Kreste, Molao o ile oa felisoa ’me ha raloa motheo bakeng sa Bajode le Balichaba hore ba kopane ’me ba fetohe tempele hore Molimo o lule ho eona ka moea. Mosebetsi oa Pauluse e ne e le ho tsebahatsa sephiri se halalelang sa hore Balichaba ba ka ba bonngoeng le Kreste, eo ka eena ba ka atamelang Molimo ka puo e lokolohileng. Pauluse o ile a boela a rapella Baefese, lekhetlong lena a kōpa Jehova hore a ba tiise ka matla ka tumelo le lerato.

Lintho tse Hōlisang Bonngoe

Pauluse o bontšitse hore Molimo o fane ka lintho tse tlatsetsang bonngoeng. (4:1-16) Har’a tsona ho na le ’mele o le mong oa moea e leng phutheho. ’Mele ona o sebetsa ka bonngoe tlas’a bohlooho ba Kreste. ’Me o fana ka limpho tsa banna ho thusa bohle ho ba le bonngoe tumelong.

Jehova o boetse o etsa hore ho be bonolo ho bontša litšoaneleho tsa Bokreste tse hōlisang bonngoe. (4:17–6:9) Ha ba se ba apere “botho bo bocha” (NW), Bakreste ba qoba ho hloka bomolimo ho joaloka puo e litšila. Ba tsamaea ka bohlale, ba bontša tlhompho ho Kreste, ’me ba bonahatsa boikokobetso bo loketseng.

Ho phaella moo, Molimo o nolofaletsa Bakreste ho hanela matla a meea e khopo e ratang ho senya bonngoe ba rōna. (6:10-24) Lihlomo tsa moea tse tsoang ho Molimo li fana ka tšireletso e joalo. Kahoo a re li sebeliseng ’me re rapele ka tieo, re akarelletse balumeli-’moho likōpong tsa rōna.

Ke keletso e ntle hakaakang eo Pauluse a e fileng Baefese! E se eka re ka e ela hloko ka ho qoba boitšoaro bo bobe le ho hanela matla a meea e khopo. ’Me a re ananeleng ka ho teba bonngoe boo re bo thabelang ka Jesu Kreste.

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 24]

Metsu e Tukang: Lihlomo tsa moea li akarelletsa “thebe ea tumelo” eo ka eona re ka timang “metsu eohle e tukang” ea Satane kapa re e etsa hore e se be kotsi. (Ba-Efese 6:16) Metsu e meng e neng e sebelisoa ke Maroma e ne e le mahlaka a fatuoeng ka hare a kentsoeng ka har’a tšepe e mohohlo e neng e tšeloa mokeli-keli o tukang ka tlas’a motsu. E ne e phosoa ka liqha tse sa tieang ho qoba ho tima mollo, ’me ho e ina metsing ho ne ho eketsa matla a malakabe. Empa lithebe tse khōlō li ne li sireletsa masole liqheng tse joalo, feela joalokaha tumelo ho Jehova e nolofaletsa bahlanka ba hae ho “tima metsu eohle e tukang ea molotsana.” E, tumelo e re thusa ho hanela lintho tse kang ho futuheloa ke meea e khopo hammoho le liteko tsa ho etsa bobe, ho hahamalla tsela ea bophelo ba ho rata lintho tse bonahalang, le ho inehella tšabong le lipelaelong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela