Ho Phefumoloha “Moea” oa Lefatše Lena Hoa Bolaea!
“Ke lōna bao Molimo o ba phelisitseng le hoja le ne le shoele litlōlong tsa lōna le libeng tsa lōna, tseo le neng le tsamaea ho tsona pele . . . ho ea ka ’musi oa matla a moea.”—BA-EFESE 2:1, 2, NW.
1. Ho tlile joang hore tšilafatso ea moea e bolaee batho?
HO PHEFUMOLOHA moea o hloekileng! Ho khatholla hakaakang ha motho a e-tsoa ka kamoreng e bupetsaneng! Empa le hona libakeng tse bulehileng, tšilafalo ke bothata bo boholo kajeno. Lichefu tse tšolleloang sebakeng li atile ka mokhoa o tšosang linaheng tse ngata. Mosi o chefu, lerōle le hlahisoang ke ho phatloha ha karolo e setsing ea athomo, likokoana-hloko, le lipeō tse itseng tsa mafu, kaofela li tsamaea ka moea. Moea o phelisang, o fanoeng ka mosa o moholo hakana ke ’Mōpi oa rōna ea lerato, o ntse o fetoha o bolaeang haholoanyane ka lebaka la meharo ea motho le ho se tsotelle ha hae.
2. Ke “moea” ofe o silafetseng o kotsi le ho feta moea o silafetseng oo re ka ’nang ra o phefumoloha?
2 Leha ho le joalo, le hoja tšilafatso ea moea e le kotsi hakaalo, ho na le mofuta o mong o kotsi haholo oa “moea” o silafetseng o bileng o bolaeang. Hase moea o silafalitsoeng ke kotsi ea nuclear Chernobyl (U.S.S.R.) kapa leru la mosi o motšo oa Los Angeles, California, (U.S.A.). Che, re kotsing ea ho phefumoloha “moea” o bolaeang ka ho fetisisa. Moapostola Pauluse o ile a o bolela ha a re ho Bakreste-’moho le eena: “Ke lōna bao Molimo o ba phelisitseng le hoja le ne le shoele litlōlong tsa lōna le libeng tsa lōna, tseo le neng le tsamaea ho tsona pele ho ea ka tsamaiso ena ea lintho ea lefatše lena, ho ea ka ’musi oa matla a moea, moea o busang joale ho bara ba ho se utloe.”—Ba-Efese 2:1, 2, NW.
3, 4. (a) “’Musi oa matla a moea” ke mang? (b) Ke hobane’ng ha “moea” oa Ba-Efese 2:1, 2 e se sebaka seo bademona ba lulang ho sona?
3 “Moea” oo ke eng? Pauluse o bontša hore o na le “matla,” kapa puso, ’me ho na le “’musi” holim’a oona. Ha ho pelaelo hore na ’musi enoa ke mang. Ke Satane Diabolose, eo Jesu Kreste a ileng a mo bitsa “morena oa lefatše lena.” (Johanne 12:31) Liithuti tse ling tsa Bibele ha li lemoha sena li ikutloa hore Pauluse mona o alimile mehloling ea Sejode kapa ea bohetene ’me o buile ka moea e le sebaka seo ho lulang bademona ho sona, se laoloang ke Diabolose. Liphetolelo tse ngata tsa Bibele li bontša maikutlo ana. Empa “moea” ona hase ntho e le ’ngoe le ‘sebaka sa leholimo’ seo ho sona ho lulang “meea e bolotsana.”—Ba-Efese 6:11, 12.
4 Ha Pauluse a ne a ngolla Bakreste ba Efese, Satane le bademona ba ne ba sa ntsane ba le leholimong, le hoja ba ne ba lelekiloe mohaung oa Molimo. E ne e le hona ba tla theoleloa lefatšeng. (Tšenolo 12:7-10) Ho feta moo, moea ona o amana haholoanyane le batho ho feta libopuoa tsa moea. Kahoo, batho ba ne ba lokela ho utloa liphello ha ho tšolleloa nkho ea ho qetela ea bohale ba Molimo “sebakeng.”—Tšenolo 16:17-21.
5. “Moea” oo ho buisanoang ka oona mona ke ofe, ’me o na le phello efe holim’a batho?
5 Kahoo, ho bonahala eka Pauluse o sebelisa moea o phefumolohuoang, kapa sebaka, ho tšoantšetsa moea o akaretsang, kapa boikutlo bo laolang ba boikhabi le ho se utloe, o bontšoang ke batho ba ikarotseng ho Molimo. O tšoana hantle le “moea o busang joale ho bara ba ho se utloe” le “moea oa lefatše.” (Ba-Efese 2:2, NW; 1 Ba-Korinthe 2:12) Joalokaha moea o phefumolohuoang o le hohle, o loketse hore o ka phefumolohuoa, ka ho tšoanang “moea oa lefatše” o teng ka linako tsohle. Ho tloha boseeeng ho isa lebitleng, o phunyeletsa, o susumetsa le ho bōpa tsela eo batho ba nahanang ka eona le eo ba etsang lintho ka eona ha ba batla ho phetha litakatso, tšepo le meharo ea lipelo tsa bona.
6. (a) Matla a “moea” oa lefatše lee a totisoa joang, hona o sebelisa “matla” joang? (b) Ho phefumoloha “moea” ona ho ka susumeletsa motho hore a etsise tsela ea bofetoheli ea Diabolose joang?
6 Moea ona oa boetsalibe le oa bofetoheli o busa har’a batho ba sa phethahalang. Ha motho a ntse a phefumoloha “moea” ona, matla a oona a bolaeang a totisoa ke khatello ea methaka le takatso e ntseng e hōla ea menyaka ea nama. Kahoo, o na le “matla” a maholo holim’a batho. (Bapisa Ba-Roma 6:12-14.) Ha e le hantle, Diabolose ke moqapi oa bokhopo bohle. (Johanne 8:44) Ka hona o susumetsa batho hore ba etsise tsela ea hae ea bofetoheli ’me kahoo o susumetsa, o bōpa le ho laola moea ona o akaretsang, kapa “moea” ona o har’a batho. Joaloka “’musi” holim’a puso ena ea bobe, kapa “matla,” Satane o e sebelisetsa ho laola monahano oa batho. Mekha ea eona e qapetsoe ho boloka batho ba tšoarehile haholo ke ho khotsofatsa litakatso tsa nama le ho phehella lithahasello tsa lefatše hoo ba hlokang nako kapa tšekamelo ea ho tseba Molimo le ho ikokobeletsa moea oa oona o halalelang, “moea . . . o phelisang.” (Johanne 6:63) Ka puo ea moea, ba shoele.
7. (a) Ke ka tsela efe Bakreste e neng e le “bana ba bohale” ka nako e ’ngoe? (b) Hoba ha rōna Bakreste, ke phetoho efe e ileng ea etsahala?
7 Bakreste le bona ba ne ba le tlas’a “matla” ana kapa taolo ena, ea “moea” ona o silafetseng pele ba ithuta ’nete ea Lentsoe la Molimo ’me ba qala ho lumellana le litekanyetso tsa oona tse lokileng. ‘E, har’a batho ba lefatše re kile ra itšoara tumellanong le litakatso tsa nama ea rōna, re etsa lintho tse ratoang ke nama le mehopolo, ’me ka tlhaho re ne re le bana ba bohale joaloka ba bang.’ Empa hoba re be Bakreste, re ile ra khaotsa ho phefumoloha “moea” o bolaeang oa lefatše lena. Re ile ‘ra hlobola botho ba khale bo neng bo lumellana le tsela eo re neng re itšoere ka eona pele ’me ra apara botho bo bocha bo bōpiloeng ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing ba ’nete.’—Ba-Efese 2:3; 4:22-24.
8. Boemo ba rōna kajeno bo tšoana joang le ba sechaba sa Iseraele lefeelleng?
8 Joale kotsi ke hore kamor’a ho pholoha tikolohong e silafetseng ea lefatše lena re ka ’na ra ekeha hore re khutlele ho eona. Hona joale re botebong ba ‘nako ea bofelo’ le lintšing tsa lefatše le lecha. (Daniele 12:4) Ka sebele, ha re batle ho lahleheloa ka lebaka la ho oela lifing tse tšoanang le tseo Baiseraele ba ileng ba oela ho tsona. Hoba ba lokolloe ka mohlolo Egepeta le ha ba fihla meeling ea Lefatše la Pallo, ba likete ‘ba ile ba rapalatsoa lefeelleng.’ Hobane’ng? Hobane ba bang ba ile ba fetoha barapeli ba litšoantšo, ba bang ba etsa bohlola, ’me ba bang hape ba leka Jehova ka ho korotla le ho belaela ha bona. Pauluse o hlahisa ntlha e matla ha a re: “Efela taba tseo tsohle li ne li ba hlahele hore e be litemoso, ’me li ngoliloe hore re ithute ka tsona, rōna ba hlahetsoeng ke mehla ea bofelo.”—1 Ba-Korinthe 10:1-11.
9. (a) Re ka ba lefatšeng joang empa re se ba lona? (b) Re tlameha ho ba eng ho ipoloka hore re se ke ra koenngoa hape ke tikoloho ee e bolaeang ea lefatše?
9 Mabapi le barutuoa ba hae, Jesu o ile a rapela: ‘Hase ba lefatše, joale ka ha le ’na ke se oa lefatše. Ha ke u rapele hore u ba tlose lefatšeng, empa e le hore u ba sireletse bobeng.’ (Johanne 17:14, 15) Jehova o tla re sireletsa, empa a ke ke a re hahela ‘lekhoakhoa’ kapa a re sireletsa ka mohlolo ‘moeeng’ oa lefatše lena. (Jobo 1:9, 10) Kahoo phephetso ho rōna ke ho ba lefatšeng la Satane, empa re se karolo ea lona, ho pota-potoa ke “moea,” oa lona o silafetseng empa re sa o phefumolohe. Ha re bala lingoliloeng tsa lefatše, re shebella thelevishene, kapa re e-ea libakeng tsa boikhathollo, ho bonolo hore re pepesetsoe “moea” ona oa lefatše. Le hoja re ke ke ra qoba ho kopana le batho ba lefatše lena ka mokhoa o itseng—mosebetsing, sekolong le ka mekhoa e meng—re tlameha ho falimeha e le hore re se ke ra koenngoa hape hore re kene tikolohong e bolaeang ea lefatše lena.—1 Ba-Korinthe 15:33, 34.
10, 11. (a) Ho ba ha rōna ka paradeiseng ea moea ea Jehova ho ka tšoantšoa le ho ba sebakeng sa “ba sa tsubeng” joang? (b) Ho lokela hore ho nkoe mehato efe haeba monkho oa “moea” oa lefatše lena o utloahala?
10 Re ka ’na ra tšoantša boemo ba rōna le ho lula ka tlung ea lijo e nang le libaka tsa “ba tsubang” le “ba sa tsubeng.” Joaloka Bakreste ba ka paradeiseng ea moea ea Jehova, re lutse hantle ka karolong ea “ba sa tsubeng,” hōle le moea o akaretsang oa lefatše lena. Ka sebele, re ke ke ra ea ka boomo ’me ra lula karolong ea “ba tsubang.” Hoo e ne e ka ba bothoto. Empa ho atisa ho etsahala joang ha re le ka karolong ea “ba sa tsubeng” ka ntlong ea lijo? Moea o tletseng mosi le o silafetseng oa phunyelletsa, ’me re utloa ho nkha ha oona! Ha hona ho etsahala, na re fumana moea o silafetseng o hohela? Kapa na ho e-na le hoo ha re ke re potlakela ho tloha ho oona kapele kamoo re ka khonang?
11 Empa u etsa joang ha monkho oa “moea” oa lefatše lena o kena tseleng ea hao? Na u nka mehato e potlakileng ho tloha tšusumetsong ee e silafetseng? Haeba u lula moo ’me u o phefumoloha, u ka tiisa hore monahano oa hao o tla ameha. Ha u phefumoloha “moea” ona haleletsana, ke moo u eketsang hore u o mamelle. Ho feta moo, kamorao ho nako lephoka ha le sa u leleka empa le se le u hohela, le u taha, le lakatseha nameng. Mohlomong le ka ’na la matlafatsa takatso e ’ngoe ea lekunutu eo u ntseng u e loantša hore u e laole.
12. Ho hlokahala eng ho qoba ho angoa ke litšobotsi tseo tsa “moea” oa lefatše lee tse sa hlokomeleheng habonolo?
12 Lintho tse ling tse bolaeang tse silafatsang tsa “moea” oa lefatše lena ha li hlokomelehe habonolo, joalokaha lintho tse silafatsang moea oa sebele o phefumolohuoang tse kang carbon monoxide li sa nkhe kapa li sa latsoehe. Joale kotsi ke hore mohlomong ha re na ho utloa ‘mosi o bolaeang’ ho fihlela ha o re hapile. Kahoo, ho hlokahala re be seli hore mohlomong ha re hulanyetsoe lerabeng la lefu ke boikutlo ba boitaolo ba lefatše lena kapa ho se utloe ha lona litekanyetso tsa Molimo tsa ho loka. Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste-’moho le eena ho ‘khothatsana ka matsatsi ’ohle, e se be e mong ho bona a ka ithatafatsa ka thetso ea sebe.’—Ba-Heberu 3:13; Ba-Roma 12:2.
“Moea” oa Lefatše Lee o Entsoe ka Eng?
13. (a) Sebopeho se seng sa “moea” oa lefatše lena seo re lokelang ho ikalosa khahlanong le sona ke sefe? (b) Ho totobetse joang hore “moea” ona o hahlametse ba bang ho batho ba Jehova?
13 Ka lebaka la tšusumetso e matla ea “moea” oa lefatše lee, re ka ’na ra qala ho ba le maikutlo afe a tloaelehileng, le pele re ho hlokomela? Bo bong ke ho bapala ka lintho tsa boitšoaro bo bobe. Re pota-potiloe ke maikutlo a lefatše lena ka botona kapa botšehali le boitšoaro. Ba bangata ba re: ‘Ho lokile ho etsa bohlola, ho ba le bana ka ntle ho lenyalo, le ho itloaetsa bosodoma. Re etsa se tloaelehileng feela, sa tlhaho.’ Na “moea,” kapa moea o akaretsang ona oa lefatše o hahlametse batho ba Jehova? Ka bomalimabe, selemong sa tšebeletso sa 1986, ba 37 426 ba ile ba lokela ho khaoloa phuthehong ea Bokreste, boholo ba bona ka lebaka la ho etsa boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate. ’Me hona ha ho akarelletse palo e phahameng haholoanyane ea ba khalemetsoeng ka lebaka la boitšoaro bo bobe empa ba sa khaoloa hobane ba ile ba bontša pako ea ’nete.—Liproverbia 28:13.
14. Ke hobane’ng ha Bakreste ba bang ba kheloha boitšoarong, ba hana keletso efe ea Mangolo?
14 Ho etsahala joang tabeng ea ba ineelang boitšoarong bo bobe ba ho kopanela liphate? Ha linnete li senoha, hangata ho ee ho fumanoe hore ba tsosolositse ho phefumoloha “moea” o bolaeang oa lefatše lena. Ba lumelletse boikutlo ba lefatše hore bo ba bakele ho theola litekanyetso tsa bona. Ka mohlala, ba ka ’na ba qala ho shebella libaesekopo tseo lilemong tsa pele ho moo ba ka beng ba ile ba tsoa ka lehare ho tsona. Ho hobe le ho feta, thepeng ea video ea lapeng ba ka ’na ba shebella libaesekopo tseo ho totobetseng hore ha lia hloeka bakeng sa Mokreste. Ho bapala joalo ka lintho tsa boitšoaro bo bobe ho hanana ka ho toba le taelo ea Mangolo: “Ha e le bofebe, le litšila tsohle, le takatso ea moruo, ho se ke ha boleloa le mabitso a tsona har’a lōna, kamoo ho tšoanelang bahalaleli; leha e le taba e lihlong, leha e le ea booatla, leha e le ea mesoaso e mebe.”—Ba-Efese 5:3, 4.
15. Moleko oa ho bapala ka boitšoaro bo bobe ba botona kapa botšehali o ka qala habobebe joang?
15 Ke ’nete hore u ka ’na ua potlakela ho hana tlhahiso leha e le efe e totobetseng ea ho etsa bohlola. Empa u etsa joang ha e mong mosebetsing kapa sekolong a leka ho u phathatsa, a leka ho u tloaela ka mokhoa o feteletseng, kapa a u memela hore u tsoe le eena? Monkho oa “moea” oa lefatše lena kahoo u fapohetse ka tseleng ea hao. Na u itlohella hore u thabele tlhokomelo, ua e khothaletsa? Ho ea ka litlaleho tse fumanoang li e-tsoa ho baholo, phoso e atisa ho qala ka litsela tse bobebe joalo. Monna oa lefatše a ka ’na a re ho mosali oa Mokreste: “U shebahala hantle hakaakang kajeno!” Ho ka ’na ha e-ba monate ho utloa hoo, haholo haeba mosali eo a ikutloa eka o hlorile. Ho tebileng haholoanyane, ba bang ha baa ka ba itšoara ka bohlale ha ho lekoa hore ba phathatsoe. Ba itlhahisitse eka ha ba rate empa e le ka pelo e sa fellang hoo motho oa lefatše a ileng a khothaletsoa hore a tsoele pele ka seo a neng a se etsa. Ho thoe’ng haeba katamelo e joalo ea boitšoaro bo bobe ho mosali oa Mokreste e ntse e tsoela pele, ho tšoana le monkho oa moea o silafetseng o fokelang tseleng ea hae? Ka tsela e tiileng, a ka bolella monna eo hore ha a batle ’me a ke ke a amohela tlhokomelo ea hae. Haeba a ntse a tsoela pele ho phefumoloha “moea” ona, ho bonolo hore khanyetso ea hae e tla senyeha. A ka ’na a huleloa boitšoarong bo bobe, haeba e se lenyalong la bothoto.—Bapisa Liproverbia 5:3-14; 1 Ba-Korinthe 7:39.
16. Ho hlokahala eng ho ba “monkho o monate oa Kreste”?
16 Ka baka leo, potlakela ho hana “moea” oa boitšoaro bo bobe le o bolaeang oa lefatše lena. Ho e-na le ho ineela monkhong oa lona o hohelang e be u tlisetsa lebitso la Jehova le mokhatlo o hlophisitsoeng oa hae thohako, fetoha monkho o monate ho Molimo ka boikutlo ba hao le boitšoaro ba hao ba bomolimo. Pauluse o ile a ho bea ka tsela ena: “Hobane ho Molimo re monkho o monate oa Kreste har’a ba bolokehang le har’a ba timelang: ho ba bang re monkho oa lefu, o bolaeang; ho ba bang re monkho oa bophelo, o phelisang.” (2 Ba-Korinthe 2:15, 16) Ke eng e tsotellehang haeba ba bangata ba tsoenya linko ke tsela ea Bokreste? (1 Petrose 4:1-5) Tlohela lefatše le ee ka tsela ea lona, le kotula tholoana e mpe ea eona e tlang e le malapa a qhalaneng, bana ba matšeo, mafu a tšoaetsanoang ka ho kopanela liphate, a kang AIDS, le mahlomola a mang a se nang palo a maikutlo le a ’mele. U ke ke ua bolokoa feela mahlokong a mangata empa hape u tla ba le mohau oa Molimo. Ho feta moo, bonyane ba bang ba tla khahloa ke boitšoaro ba hao bo botle le molaetsa oa ’Muso oo u o bolelang, kahoo ba hoheloe ke “monkho oa bophelo, o phelisang.”
“Moea” oa Mekhoa ea Lefatše
17. Mekhoa ea ho apara le ho itlhopha e ka ’na ea senola joang hore motho o susumelitsoe ke moea o akaretsang oa lefatše lee?
17 Tšobotsi e ’ngoe ea “moea” oa lefatše lena e amana le mekhoa ea moaparo le boitlhopho. Ba bangata lefatšeng ba apara e le hore ba ka iketsa ba hohelang botoneng kapa botšehaling. Esita le bana ba ka tlaase ho lilemo tse leshome le metso e meraro ba batla ho iketsa hore ba bonahale eka ba baholoanyane, ba pepesa botona kapa botšehali. Na u hahlameloa ke “moea” ona o tletseng hohle, kapa boikutlo? Na u aparela ho hapa maikutlo, ho phephetsa, ho tsosa thahasello e sa lokelang ea ba batona kapa ba batšehali ho fapana le uena? Haeba ho joalo, u bapalla mollong. Ho phefumoloha “moea” ona ho tla bupetsa moea oa hao oa bokhabane, takatso ea hao ea hore u hloeke. (Mikea 6:8) Bao ba nang le moea oa lefatše ba tla huleloa ho uena. Ka liketso tsa hao, ba tla fumana molaetsa oa hore u loketse ho ikopanya le bona boitšoarong bo bobe. Empa ke hobane’ng ha u ka leba ka tsela ee ka ho lumella hore “moea” o joalo o u eke hore u etse se sebe mahlong a Molimo?
18. Ho hopola kamehla hore re emetse Jehova ho tla re thusa joang ho khetha mekhoa ea moaparo le boitlhopho?
18 Ho ba ba khabane, ha ho hlokahale hore re apare kapa re itlhophe ka bohlasoa kapa ka mokhoa o sa khahleheng. Nahana ka tsela eo boholo ba Lipaki tsa Jehova bo aparang ka eona le ho itlhopha ka eona. Li qoba mekhoa e feteletseng ea lefatše lena empa li itlhahisa li boheha, li hopola hore ke basebeletsi ba emelang Morena ’Musi oa bokahohle, Jehova. Tlohella lefatše la khale le ke le some mekhoa ea tsona e khabane ea ho apara. Li ke ke tsa lumella boikutlo ba lefatše lena bo li etse hore li theole litekanyetso tsa tsona tsa Bokreste. Moapostola Pauluse o ile a ngola, “Joale, seo ke se bolelang, seo ke se tiisang Moreneng, ke re: Le se hlole le phela joale ka ba-lichaba ba bang, ba eang ka bosaoana ba likelello tsa bona; . . . Ba timeletsoe ke kutlo eohle, ba ineetse bohlola, ba tle ba etse manyala ’ohle.” (Ba-Efese 4:17-19) Mokreste ea hōlileng tsebong o tla apara ka bokhabane, a sa etse feela se etsoang ke lichaba.—1 Timothea 2:9, 10.
19. Ha re buisane ka litšobotsi tse ka sehloohong tse peli tsa “moea” oa lefatše lena, ke eng e seng e totobetse ka kotsi ea ho o phefumoloha?
19 Ho tla fihlela mona, re buisane feela ka litšobotsi tse peli tsa “moea” oa lefatše lena. Empa re se re bone hore “moea” ona o kotsi haholo bophelong ba moea. Sehloohong se latelang, re tla bua ka litšobotsi tse ling tsa “moea” ona o bolaeang oo Diabolose le tsamaiso ea hae a sa khaotseng ho o bululela ho Bakreste, ka tšepo ea hore ba tla ineela ho oona. Ke habohlokoa hakaakang hore re qobe “moea” o joalo, hobane ho phefumoloha moea o akaretsang oa lefatše lena ho tšoana le ho phefumoloha mosi oa lefu!
U ne u Tla Arabela Joang?
◻ “Moea” oa lefatše lee ke eng, ’me o busoa ke mang?
◻ “Moea” oa lefatše o na le “matla” afe holim’a batho?
◻ Ho ka boleloa joang hore Bakreste ba sebakeng sa “ba sa tsubeng”?
◻ Mabapi le ho bapala ka lintho tsa boitšoaro bo bobe, “moea” oa lefatše lee o ka hahlamela batho ba Jehova joang?
◻ Bokhabane bo ka re thusa ho qoba ho susumetsoa ke “moea” oa lefatše lee joang mabapi le moaparo le boitlhopho?
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Na u hana ho phefumoloha “moea” o bolaeang oa lefatše lee?
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
U etsa eng ha monkho oa “moea” oa lefatše lee o fapohela ka tseleng ea hao?