Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 29. Ke eng e tšoantšetsoang ke “naleli e khōlō e tukang joaloka lebone,” hona hobane’ng?

      29 Re se re bone se tšoantšetsoang ke naleli melaetseng ea Jesu e eang ho liphutheho tse supileng, eo ho eona linaleli tse supileng li tšoantšetsang baholo ka liphuthehong.b (Tšenolo 1:20) “Linaleli” tse tlotsitsoeng, hammoho le batlotsuoa ba bang bohle, ba aha libakeng tsa leholimo ka kutloisiso ea moea ho tloha nakong eo ka eona ba tiisoang ka moea o halalelang e le letšoao la hore ke majalefa a leholimo. (Baefese 2:6, 7) Leha ho le joalo, moapostola Pauluse o ile a lemosa hore har’a ba joalo ba kang linaleli ho ne ho tla hlaha bakoenehi, bo-ralihlotšoana tsa bokhelohi, ba neng ba tla khelosa mohlape. (Liketso 20:29, 30) Ho se tšepahale ho joalo ho ne ho tla fella ka bokoenehi bo boholo, ’me baholo bana ba oeleng ba ne ba tla etsa karolo ea motho ea sa eeng ka molao ea neng a tla iphahamisetsa boemong bo kang ba molimo har’a batho. (2 Bathesalonika 2:3, 4) Lintho tsena tseo Pauluse a ileng a lemosa ka tsona li ile tsa phethahala ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba hlahella lefatšeng. Sehlopha sena se emeloa hantle ke setšoantšo sa “naleli e khōlō e tukang joaloka lebone.”

  • Likotlo Tsa Jehova Holim’a Bokreste-’mōtoana
    Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi!
    • 31. (a) Baruti ba Bokreste-’mōtoana ba oele neng boemong ba “leholimo”? (b) Metsi ao baruti ba fanang ka ’ona a fetohile “lengana” joang, ’me litholoana e bile life ho ba bangata?

      31 Ha baruti ba Bokreste-’mōtoana ba koeneha Bokresteng ba ’nete, ba ile ba oa boemong bo phahameng ba “leholimo” bo hlalositsoeng ke Pauluse ho Baefese 2:6, 7. Ho e-na le ho fana ka metsi a hloekileng a ’nete, ba ile ba fana ka “lengana,” mashano a babang a tšoanang le lihele tsa mollo, pelekatori, Boraro-bo-bong le thuto ea hore qetello ea batho e reriloe esale pele; ho feta moo, ba ile ba isa lichaba ntoeng, ba hlōleha ho li haha hore e be bahlanka ba Molimo ba itšoereng hantle. Phello? Ba lumelang mashano ao ba ile ba jesoa chefo ea moea. Taba ea bona e ne e tšoana le ea Baiseraele ba sa tšepahaleng ba mehleng ea Jeremia, bao Jehova a ileng a re ho bona: “Bonang! ke ba jesa lengana, ’me ke tla ba fa metsi a chefo hore ba a noe. Etsoe bokoenehi bo ile naheng eohle bo tsoa ho baprofeta ba Jerusalema.”—Jeremia 9:15; 23:15.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela