Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ikitlaetseng ka Matla ho Leba Pakaneng!
    Molula-Qhooa—1990 | November 15
    • Tsoelang Pele le Ikitlaetsa ho Leba Pakaneng

      Joale moapostola o ile a bontša Bafilippi moo ba lokelang ho beha tšepo ea bona ha ba ntse ba ikitlaetsa ka matla ho leba pakaneng. (3:1-21) E lokela ho behoa ho Jesu Kreste, eseng nameng kapa lebollong joalokaha ba bang ba ne ba etsa. Pauluse o ne a nka mangolo a hae a mo pakang nameng e le lithōle ka lebaka la “boholo ba ho tseba Jesu Kreste.” Moapostola o ne a “mathela moo ho lekanntsoeng teng [“pakaneng,” NW], e leng pheo eo re e biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste” ’me a khothalletsa Bafilippi ho ba le boikutlo bo tšoanang ba kelello.

  • Ikitlaetseng ka Matla ho Leba Pakaneng!
    Molula-Qhooa—1990 | November 15
    • [Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 25]

      Ho Leba Pakaneng: Pauluse o ngotse: “Ke lebala tse kamorao, ’me ke hahamalla ho tse kapele; ke mathela moo ho lekanntsoeng teng [“pakaneng,” NW], e leng pheo eo re e biletsoang holimo ke Molimo, ka Jesu Kreste.” (Ba-Filippi 3:13, 14) Moapostola o ne a ikitlaetsa joaloka motho ea peisong. Ha a ka a senya nako le boiteko ka ho hetla morao empa o ile a ikitlaetsa ka matla ho leba pakaneng ea hae—joaloka semathi se ikitlaetsang ka matla hore se tsoe kholeng. Ho Pauluse le Bakreste ba bang ba tlotsitsoeng, moputso e ne e le bophelo ba leholimo ka tsoho ka mor’a ho qeta tsela ea lefatšeng ea botšepehi ho Molimo. Ho sa tsotellehe hore na tšepo ea rōna ke ea leholimong kapa ea lefatšeng, a re bolokeng botšepehi ho Jehova ’me re ikitlaetseng ka matla ho leba pakaneng joaloka Lipaki tsa hae.—2 Timothea 4:7.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela