Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • E-ba ea Tenyetsehang, E-ba ea Lekanyetsang Lintho Hantle
    Molula-Qhooa—2008 | March 15
    • 2 Moapostola Pauluse o fana ka khothatso ena: “Ho ba le kahlolo e molemo [“ho tenyetseha,” Kingdom Interlinear] ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.”a (Bafil. 4:5) Kreste Jesu ke Morena ebile ke Hlooho ea phutheho ea Bokreste. (Baef. 5:23) Ke taba ea bohlokoa hakaakang hore e mong le e mong oa rōna a itšoare ka tsela e bontšang kahlolo e molemo, a bontše ho tenyetseha ka ho ikokobelletsa tataiso ea Kreste a be a tenyetsehe ha a sebelisana le batho ba bang!

  • E-ba ea Tenyetsehang, E-ba ea Lekanyetsang Lintho Hantle
    Molula-Qhooa—2008 | March 15
    • a Moapostola Pauluse o sebelisitse lentsoe leo ho leng thata ho le fetolela ka lentsoe le le leng la Sesotho. Buka e ’ngoe e re: “Se amehang mona ke hore motho a bontše ho tenyetseha ka ho ikemisetsa ho tela litokelo tseo a nang le tsona e le hore a bontše ho nahanela ba bang le ho ba mosa ho bona.” Kahoo lentsoe leo le na le moelelo oa ho tenyetseha le ho ba le kahlolo e molemo, eseng ho tsitlallela hore ho phethoe molao kapa hore motho a batle litokelo tsa hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela