Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w06 11/1 maq. 4-7
  • Keletso e ka Tšeptjoang ea ho Hōlisa Bana

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Keletso e ka Tšeptjoang ea ho Hōlisa Bana
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Qeta Nako U E-na le Bona
  • Ba Rute Melao e Nepahetseng ea Boitšoaro
  • E-ba le Kahlolo e Molemo
  • Rua Molemo Keletsong e ka Tšeptjoang
  • Koetlisa Ngoana oa Hao ho Tloha Boseeng
    Lekunutu la Thabo ea Lelapa
  • Ho Haha Lelapa le Matla Moeeng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2001
  • Batsoali, le ka Thusa Bana ba Lona Joang Hore ba Rate Jehova?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2022
  • Na Bibele e ka U Thusa ho Koetlisa Bana ba Hao?
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2004
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
w06 11/1 maq. 4-7

Keletso e ka Tšeptjoang ea ho Hōlisa Bana

HA RUTH a bua ka nako ea ha a ne a imile ka lekhetlo la pele o re: “Ke ne ke le lilemo li 19, ke lula hōle le ba lelapa leso, ho hang ke ne ke sa itokisetsa boemo boo ke neng ke le ho bona.” Kaha e ne e le eena ngoana feela, o ne a sa ka a nahana haholo ka taba ea hore e ka ba motsoali. Ke hokae moo a neng a ka fumana keletso e ka tšeptjoang?

Ka lehlakoreng le leng, Jan, eo hona joale a nang le bana ba babeli ba seng ba hōlile, oa hopola: “Qalong ke ne ke itšepa haholo. Empa kapele ke ile ka hlokomela hore ke ne ke se na phihlelo.” Ho sa tsotellehe hore na qalong batsoali ba iphumana ba sa tsebe tsela e molemohali ea ho hōlisa bana ba bona kapa hamorao ba ferekanngoa ke mokhoa oo ba o sebelisang oa ho hōlisa bana ba bona, ke hokae moo ba ka fumanang thuso ea ho hōlisa bana ba bona?

Kajeno, batsoali ba bangata ba batla thuso Inthaneteng. Leha ho le joalo, u ka ’na ua ipotsa hore na ebe keletso e fumanoang moo e ka tšeptjoa hakae. Ho na le lebaka le utloahalang la hore motho a be hlokolosi haholo. Na u hlile u tseba batho ba u fang keletso Inthaneteng? Bona ba atlehile hakae ho hōlisa bana ba bona? Ha ho pelaelo hore u batla ho ba hlokolosi litabeng tse amang lelapa la hao. Joalokaha sehlooho se fetileng se bontšitse, ka linako tse ling, esita le keletso ea litsebi ha e sebetse. Joale u ka leba hokae?

Mohloli oa bohlokoahali oa keletso tabeng ea ho hōlisa bana ke Jehova Molimo, Moqapi oa lelapa. (Baefese 3:15) Ke eena feela setsebi sa ’makhonthe. Ka Lentsoeng la hae, Bibele, o fana ka thuto e tšepahalang le e sebetsang e le kannete. (Pesaleme ea 32:8; Esaia 48:17, 18) Leha ho le joalo, ke boikarabelo ba rōna hore re e sebelise.

Banyalani ba ’maloa ba ile ba kōptjoa hore ba bolele seo ba ithutileng sona ha ba ntse ba hōlisa bana ba bona hore e be batho ba baholo ba tsitsitseng le ba tšabang Molimo. Ba boletse hore, ho sebelisa melao-motheo ea Bibele ke hona ho ba thusitseng haholo hore ba atlehe. Ba fumane hore keletso ea Bibele kajeno e ntse e tšepahala ho tšoana le kamoo e neng e tšepahala kateng ha Bibele e ne e qala ho ngoloa.

Qeta Nako U E-na le Bona

Ha Catherine, ea nang le bana ba babeli, a ne a botsoa hore na ke keletso efe e mo thusitseng haholo, kapele o ile a bua ka Deuteronoma 6:7. Temana ena e re: ‘U rute mora oa hao [melao-motheo ea Bibele] ka ho pheta-pheta ’me u bue ka [eona] ha u lutse ka tlung ea hao le ha u tsamaea tseleng le ha u robala le ha u tsoha.’ Catherine o ile a elelloa hore e le hore a sebelise keletso ena, o ne a lokela ho qeta nako e itseng a e-na le bana ba hae.

E ka ’na eaba u ntse u nahana, ‘ha ho bonolo ho etsa joalo.’ Kaha malapeng a mangata batsoali ka bobeli ba lokela ho sebetsa e le hore ba phelise lelapa, ba ka khona joang ho qeta nako ba e-na le bana ba bona empa ba phathahane joalo? Torlief, eo hona joale mora oa hae a nang le lelapa la hae, o bolela hore ntho ea bohlokoa ke ho sebelisa keletso e ho Deuteronoma. Tsamaea le bana ba hao hohle moo u eang teng, ’me menyetla ea ho bua e tla itlela habonolo feela. Torlief o re: “’Na le mora oa ka re ne re sebetsa ’moho mesebetsing ea lelapa. Re ne re nka maeto re le lelapa. Re ne re bile re ja hammoho.” Ka lebaka leo, o re, “kamehla mora oa rōna o ne a phutholoha ha a bua le rōna.”

Leha ho le joalo, ho thoe’ng ha le se le sa buisane ka bolokolohi ebile ho le thata hore le qoqe? Ka linako tse ling sena sea etsahala ha bana ba ntse ba hōla. Le mona, ho qeta nako e eketsehileng le bona ho ka thusa. Monna oa Catherine, e leng Ken, o hopola hore ha morali oa bona a se a kena boroetsaneng, o ne a tletleba ka hore ntat’ae ha a mo mamele ha a bua. Sena ke sello se tloaelehileng sa bacha. O ne a tla etsa’ng? Ken oa hopola: “Ke ile ka etsa qeto ea ho qeta nako e eketsehileng le eena re le babeli feela, re bua ka lintho tseo a li nahanang, maikutlo a hae le lintho tse mo khopisang. Ka sebele seo se ile sa thusa.” (Liproverbia 20:5) Leha ho le joalo, Ken o lumela hore lebaka le entseng hore mokhoa ona o sebetse ke hobane ba ne ba tloaetse ho buisana ka lelapeng la bona. O re: “’Na le morali oa ka re ne re utloana kamehla, kahoo o ile a ikutloa a phutholohile hore a ka bua le ’na.”

Ho thahasellisang ke hore, phuputso e ’ngoe ea morao tjena e tlalehile hore bacha ke bona bao ka tloaelo ba reng batsoali le bana ha ba qete nako e lekaneng ba le hammoho. Kahoo ke hobane’ng ha le sa sebelise keletso ea Bibele? Qeta nako e ngata kamoo ho ka khonehang u e-na le bana ba hao—ha u qhoaollotse likobo le ha u sebetsa, ha u le lapeng le ha u tsamaea, hoseng ha u tsoha le bosiu pele u robala. Haeba ho khoneha, e ea le bona kae kapa kae moo u eang teng. Joalokaha Deuteronoma 6:7 e bontša, ha ho letho le ka nkang sebaka sa hore u qete nako u e-na le bana ba hao.

Ba Rute Melao e Nepahetseng ea Boitšoaro

Mario, ea nang le bana ba babeli, le eena o buella sena: “Rata bana ba hao haholo, ’me u ba balle.” Leha ho le joalo, taba hase feela hore u susumetse matla a kelello a bana ba hao. U lokela ho ba ruta mokhoa oa ho khetholla ntho e nepahetseng ho e fosahetseng. Mario o phaella ka ho re: “Ithute Bibele le bona.”

Ka lebaka leo, Bibele e eletsa batsoali: “Le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le ba hōlise ka lerato ka keletso le lithuto tsa Bokreste ba ’nete.” (Baefese 6:4, Weymouth) Kajeno thuto ea boitšoaro ea haella malapeng a mangata. Ba bang ba lumela hore ha bana ba ntse ba hōla, ba tla khona ho ikhethela melao ea boitšoaro eo ba ka e latelang. Na u nka see e le ntho e utloahalang? Feela joalokaha ’mele ea bacha e hloka lijo tse nang le phepo e ntle e le hore ba hōle ba le matla ’me ba shahlile, likelello le lipelo tsa bona le tsona li lokela ho rutoa. Haeba bana ba hao ba sa ithute melao ea boitšoaro ho uena lapeng, ha ho pelaelo hore ba tla nka maikutlo a bao ba kenang sekolo le bona le a matichere kapa ao ba a fumanang mecheng ea litaba.

Bibele e ka thusa batsoali ho ruta bana ba bona kamoo ba ka khethollang se nepahetseng ho se fosahetseng. (2 Timothea 3:16, 17) Jeff, eo e leng moholo oa Mokreste ea nang le phihlelo ea hōlisitseng bana ba babeli, o khothaletsa taba ea ho sebelisa Bibele bakeng sa ho ruta bana melao e nepahetseng ea boitšoaro. O re: “Ho sebelisa Bibele ho thusa bana ho bona kamoo ’Mōpi a ikutloang kateng ka taba e itseng, eseng feela kamoo ’Mè le Ntate ba ikutloang kateng. Re hlokometse kamoo Bibele e bang le liphello tse ikhethang kateng kelellong le pelong ea motho. Ha re ba khalemella boitšoaro bo itseng bo sa lokang kapa monahano, re ne re ipha nako ea ho batla lengolo le loketseng. Ebe joale, ha re e-na le ngoana eo ka thōko, re re a bale temana eo. Hangata ngoana o ne a qala ho ntša meokho ha a qeta ho bala lengolo. Seo se ile sa re makatsa. Bibele e ile ea e-ba le tšusumetso e matla ho feta ntho leha e le efe eo re neng re ka nahana ho e bua kapa ho e etsa.”

Baheberu 4:12 ea hlalosa: “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla . . . ’me le khona ho lemoha menahano le boikemisetso ba pelo.” Ka hona molaetsa oa Bibele hase feela likhopolo kapa liphihlelo tsa batho bao Molimo a ileng a ba sebelisa e le bangoli. Ho e-na le hoo, o bontša seo Molimo a se nahanang litabeng tsa boitšoaro. Sena se etsa hore molaetsa oa Bibele e be o ikhethang har’a likeletso tse ling tsohle. Ha u sebelisa Bibele hore u rute bana hao, u ba thusa ho talima litaba kamoo Molimo a li talimang kateng. Thuto ea hao e ba le matla, ’me u ba le monyetla o moholo oa hore u finyelle pelo ea ngoana oa hao.

Catherine, ea boletsoeng pejana, o lumellana le sena. O re: “Ha boemo bo ne bo le thata haholo, re ne re ikitlaelletsa ho batla keletso Lentsoeng la Molimo—’me e ne e sebetsa!” Na u ka sebelisa Bibele haholoanyane ha u ruta bana ba hao ho khetholla se nepahetseng ho se fosahetseng?

E-ba le Kahlolo e Molemo

Moapostola Pauluse o bua ka molao-motheo o mong oa bohlokoa o ka thusang tabeng ea ho hōlisa ngoana. O ile a khothalletsa Bakreste-’moho le eena a re: “Ho ba le kahlolo e molemo ha lōna ho ke ho tsejoe ke batho bohle.” (Bafilipi 4:5) Ha ho pelaelo hore sena se akarelletsa ho etsa hore bana ba rōna ba bone hore re na le kahlolo e molemo. Hopola, ho ba le kahlolo e molemo ho bontša ho ba le “bohlale bo tsoang holimo.”—Jakobo 3:17.

Leha ho le joalo, ho ba le kahlolo e molemo ho phetha karolo efe tabeng ea ho koetlisa bana ba rōna? Le hoja re ba fa thuso eohle eo re ka ba fang eona, ha re laole ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e etsang. Ka mohlala, Mario, eo ho builoeng ka eena pejana, ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me oa hopola: “Kamehla re ne re khothalletsa bana ba rōna ho nahana ka kolobetso, tšebeletso ea nako e tletseng le lipakane tse ling tsa moea. Empa re ne re hlakisa hore ba lokela ho ikhethela ho etsa joalo ka nako e loketseng.” Liphello? Hona joale bana ba bona ka bobeli ba sebeletsa e le baevangeli ba nako e tletseng.

Bibele e lemosa bo-ntate ho Bakolose 3:21 e re: “Le se ke la khentša bana ba lōna, e le hore ba se ke ba nyahama.” Catherine o ananela temana ena. Ha motsoali a felloa ke mamello, o halefa le feela kapa o lebella ho hongata haholo. Empa, o re, “u se ke ua lebella hore ngoana oa hao a etse lintho tseo u ke keng ua li etsa.” Catherine le eena ke e mong oa Lipaki Tsa Jehova, ’me o phaella ka ho re: “Etsa hore ba thabele ho sebeletsa Jehova.”

Jeff, eo ho buuoeng ka eena pejana, o etsa tlhahiso e latelang e sebetsang: “Ha bana ba rōna ba ntse ba hōla, motsoalle e mong oa rōna oa hlooho ea khomo o ile a re bolella hore o hlokometse hore na ke ka makhetlo a mangata hakae a neng a hanela bana ba hae ka lintho tse itseng. Seo se ne se ba ferekanya, se etsa hore ba ikutloe eka ba hateletsoe. E le ho qoba sena, motsoalle oa ka o ile a etsa tlhahiso ea hore re batle litsela tsa ho lumela ha ba re kōpa lintho tse itseng.

Jeff o re: “Keletso eo e ne e le molemo haholo. Joale re ile ra batla menyetla ea hore bana ba rōna ba etse lintho le bana ba bang maemong ao re a lumeletseng. Kahoo re ne re ea ho bona ebe re re: ‘Na le ne le tseba hore nyeo o il’o etsa hore le hore? Na ha le batle ho ea?’ Kapa haeba bana ba ne ba re kōpa hore re ba ise kae-kae, re ne re iqobella ho ea esita leha re ne re khathetse. Re ne re ho etsa e le hore feela re qobe ho hana.” Sena ke sona seo ho ba le kahlolo e molemo ho hlileng ho se bolelang—ho hloka leeme, ho nahanela le ho feto-fetoha empa u sa sekisetse melao-motheo ea Bibele.

Rua Molemo Keletsong e ka Tšeptjoang

Boholo ba banyalani bana hona joale e se e le bo-nkhono le bo-ntate-moholo. Ba thabela ho bona melao-motheo e tšoanang ea Bibele e thusa bana ba bona hore ebe batsoali ba atlehileng. Na keletso ea Bibele e ka u tsoela molemo?

Ha Ruth, eo ho buuoeng ka eena qalong, e ne e e-ba motsoali, ka linako tse ling eena le monna oa hae ba ne ba ikutloa ba se na mang oe! Empa thuso e ne e le teng. Ba ne ba e-na le keletso ea boleng bo phahameng haholo e fumanehang Lentsoeng la Molimo, e leng Bibele. Lipaki Tsa Jehova li hlahisitse lingoliloeng tse ngata tse ntle haholo tsa ho ithuta Bibele tse ka thusang batsoali. Tsona li akarelletsa buka e reng Ithute ho Mosuoe e Moholo, Buka ea ka ea Lipale tsa Bibele, Lipotso Bacha Baa Botsa—Likarabo tse Sebetsang le Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela. Monna oa Ruth, e leng Torlief, o re: “Kajeno ho na le keletso e ngata e theiloeng Bibeleng eo batsoali ba ka iphumanelang eona habonolo. Haeba feela ba e sebelisa, e ka ba thusa ho sebetsana le taba ea hōlisa ngoana maemong ’ohle a bophelo.”

[Lebokose/Setšoantšo se leqepheng la 5]

Seo LITSEBI li se Buang . . . Seo BIBELE e se Buang

Tabeng ea ho Bontša Lerato:

Bukeng e bitsoang The Psychological Care of Infant and Child (1928), Dr. John Broadus Watson o ile a eletsa batsoali a re: “Le ka mohla u se ke ua haka le ho meta” bana ba hao. “Le ka mohla u se ke ua ba lumella hore ba lule liropeng tsa hao.” Leha ho le joalo, morao tjena, Dr. Vera Lane le Dr. Dorothy Molyneaux ba boletse se latelang makasineng e bitsoang Our Children (March 1999): “Lipatlisiso li bontša hore bana ba banyenyane bao ho seng motho ea ba amang kapa ea ba bontšang lerato hangata ha ba atlehe.”

Ha ho bapisoa, Esaia 66:12 e bua ka Molimo e le ea bontšang batho ba hae lerato a sebelisa mantsoe a lerato le bontšoang ke motsoali. Ka ho tšoanang, ha barutuoa ba Jesu ba ne ba leka ho thibela batho ho tlisa bana ba banyenyane ho Jesu, o ile a ba khalemela, a re: “Tlohelang bana ba banyenyane ba tle ho ’na; le se ke la leka ho ba thibela.” Eaba “o sika bana bao ’me o qala ho ba hlohonolofatsa.”—Mareka 10:14, 16.

Tabeng ea ho Ruta Melao e Nepahetseng ea Boitšoaro:

Ka 1969, sehloohong sa New York Times Magazine, Dr. Bruno Bettelheim o ile a hatisa hore ngoana “o na le tokelo ea ho ba le maikutlo a hae ka lintho, a sa susumetsoeng ke [lithuto] tsa [batsoali ba hae], empa a susumetsoang feela ke seo eena ka boeena a se boneng bophelong.” Leha ho le joalo, hoo e ka bang lilemo tse 30 hamorao, Dr. Robert Coles, mongoli oa buka e bitsoang The Moral Intelligence of Children (1997), o ile a lumela: “Ka sebele bana ba hloka ho ikutloa ba e-na le morero le tataiso bophelong, ba e-na le melao-motheo ea bohlokoa” e lumeletsoeng ke batsoali ba bona le batho ba bang ba baholo.

Liproverbia 22:6 e eletsa batsoali: “Koetlisa moshanyana ho ea ka tsela e mo loketseng; esita le ha a tsofala a ke ke a e kheloha.” Lentsoe la Seheberu le fetoletsoeng e le “koetlisa” le boetse le bolela “ho qala” ’me mona le bontša ho qalisa koetliso ea pele ea lesea. Kahoo batsoali ba khothaletsoa hore ba qale ho ruta bana ba bona melao e nepahetseng ea boitšoaro ho tloha boseeng ho ea pele. (2 Timothea 3:14, 15) Ho ka etsahala hore ba se ke ba lebala lintho tseo ba ithutileng tsona ha ba sa le banyenyane.

Tabeng ea ho Laea:

Dr. James Dobson o ile a ngola mantsoe a latelang bukeng e bitsoang The Strong-Willed Child (1978): “Ha motsoali ea lerato a sebelisa thupa, seo e ba kofuto e rutang ea ho thibela boitšoaro bo sa lokang.” Ka lehlakoreng le leng, sehloohong se nkiloeng khatisong ea bosupa ea buka e tsebahalang e bitsoang Baby and Child Care (1998), Dr. Benjamin Spock o itse: “Ho shapa bana ho ba ruta hore motho e moholo, le ea matla o na le bolaoli ba ho etsa seo a se ratang, ho sa tsotellehe hore na o nepile kapa che.”

Mabapi le taeo, Bibele e re: “Thupa le khalemelo li fana ka bohlale.” (Liproverbia 29:15) Leha ho le joalo, hase bana bohle ba hlokang thupa. Liproverbia 17:10 e re: “Khalemelo e matla e sebetsa ka ho tebileng ho ea nang le kutloisiso ho feta ho otla ea hlokang kelello ka makhetlo a lekholo.”

[Setšoantšo]

Sebelisa Bibele hore u finyelle pelo

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Batsoali ba bohlale ba lokisetsa bana ba bona boithabiso

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela