Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 9/15 maq. 28-30
  • Bakreste—Ba Tiile Empa baa Tenyetseha

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Bakreste—Ba Tiile Empa baa Tenyetseha
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Nako ea ho Tiea
  • Nako ea ho Tenyetseha
  • Baholo—ba Tiile empa baa Tenyetseha
  • Hlaolela ho ba ea Nahanelang Maemo
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Etsisa Jehova ka Hore U Fetohe le Maemo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2023
  • Utloang ba Etelletseng Pele
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1989
  • “Le ’Ne le Nke Banna ba Mofuta oo e le ba Bohlokoa”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 9/15 maq. 28-30

Bakreste—Ba Tiile Empa baa Tenyetseha

SEFATE se thata sa leoka ke tšoantšetso ea sebele ea matla. Ha meea e matla e puputla, hangata ha ho thata ho sona hore se eme se tiile. Le hoja sefate sa leoka se sa sisinyeheng habonolo se pholoha lifefo tse ngata ka lebaka la matla a sona ’me hape le ka baka la ho satalla le ho tiea ha sona, joang bo bonyenyane le bona bo a pholoha empa ka lebaka le fapaneng le leo. Lekunutu la bona ke lefe? Ho tenyetseha. Boa kobeha empa ha bo robjoe ke matla a moea.

Ho tenyetseha kapa ho satalla—e be ke hofe hoo e leng habohlokoa haholoanyane? Ha e le hantle, Mokreste o hloka motsoako oa tsona ka bobeli. Leha ho le joalo, teka-tekanyo ea ho tiea le ho tenyetseha e ka ’na ea haella le har’a batho ba bang ba Molimo. Ba na le melao-motheo e phahameng, empa ba seng bakae ba sekamela ho sekisetsa tlas’a maemo. Ba bang ba batla ba tšoana le “lehlaka le tsukutloang ke moea.” (Mattheu 11:7) Ba ineela likhatellong le litšusumetsong tsa lefatše lena le khopo. Kapa ba ka ’na ba mamella ho isa ntlheng eo ho eona ba lumellang ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

Joalokaha Salomone a boletse: “Nako e teng ea tsohle tse etsoang.” (Moeklesia 3:1) Ka baka leo, nako ea ho tiea le nako ea ho tenyetseha e ba teng neng?

Nako ea ho Tiea

Ka lekhetlo le leng, Morena Saule oa Iseraele o ile a laeloa ka ho toba: “E-ea joale, u bolaee ba-Amaleke [sechaba sa sera], ’me u neele tsohle tsa bona anathema, u se ke ua ba hauhela, u mpe u bolaee banna le basali, bana le ba anyang, le likhomo, le linku, le likamele, le liesele.” (1 Samuele 15:3) Baamaleke ba ne ba e-na le histori ea ho hanyetsa Molimo le batho ba oona ’me kahoo ba lokeloa ke hore ba felisoe ka ho phethahetseng. (Deuteronoma 25:17-19) Leha ho le joalo, “Saule le sechaba ba pholosa Agage [morena oa Amaleke], le linku tse ntle, le likhomo tse ntle tse nonneng . . . , ba sa rate ho li neela anathema.” Ho sekamisa melao ha Saule ho ne ho sa amohelehe ho Jehova. Moprofeta Samuele, a re, “bona, kutlo e fetisa sehlabelo.”—1 Samuele 15:9-22.

Thuto ea sena e hlakile: Ho ke ke ha ba le ho tenyetseha tabeng ea ho utloa Molimo. Moapostola Johanne o itse, “Ho rata Molimo, ke ha re boloka litaelo tsa oona, ’me litaelo tsa oona ha li boima.” (1 Johanne 5:3) Phihlelo ea Shadrake, Meshake, le Abede-Nego e bontša hore na bahlanka ba Molimo ba tlameha ho itokisetsa ho fella kae kutlong ena. Ba ile ba hana ho rapela setšoantšo seo Morena oa Babylona Nebukadnezare a neng a se emisitse. Hobane’ng? Hobane ka ho hlaka molao oa Molimo o ne o nyatsa borapeli ba litšoantšo. (Exoda 20:4-6) Ha baa ka ba bea lebaka la hore maemo a ne a hloka hore ba sokamise taelo ena ea bomolimo. Ho e-na le hoo, ka ho se sekisetse ba ile ba ikhethela lefu ho e-na le ho se utloe.—Daniele 3:16-18.

Bakreste ba bangata ha ba na bothata bo boholo ba ho ikokobeletsa melao e hlalositsoeng ka ho hlaka ea Bibele. Empa Bakreste baa bolelloa: “Utloang balisa ba lōna, ’me le ipee ka tlase ho bona.” (Ba-Heberu 13:17) Baholo ba phutheho ba ka ’na ba bea linako tse tobileng bakeng sa hore phutheho e kopane bakeng sa tšebeletso ea tšimo. Kapa ba ka ’na ba hlakisa hore thepa ea Holo ea ’Muso e lokela ho sebelisoa ka tsela e itseng. Ke ’nete, ha ho na temana ea Bibele e hlakisang hore na sefuthumatsi se lokela ho buleloa hakae kapa hore na ke mang ea lokelang ho se bulela. Leha ho le joalo, ha baholo ba etsa litlhahiso tse joalo, na hase ntho e ntle ho sebelisana le bona?

Ka ho tšoanang, monna a ka ’na a etsa liqeto tse fapa-fapaneng bakeng sa lelapa la hae. Ho ka ’na ha etsahala hore e be mosali oa Mokreste ha a lumellane le pono ea monna lintlheng tse itseng, empa o batla ho utloa ‘molao oa monna oa hae.’ (Ba-Roma 7:2) Ho utloa baholo, banna, batsoali, le bahiri ha hoa lokela ho hlokomolohuoa ka lebaka la hore re lokela ho tenyetseha.—Ba-Kolosse 3:18-24.

Nako ea ho Tenyetseha

Leha ho le joalo, ho boetse ho na le nako ea ho tenyetseha. Moapostola Pauluse o bontšitse sena ha a re: “ho etsa ha lōna lintho ka tekanyo e ntle ho lemohuoe ke bohle.” (Ba-Filippi 4:5, NW) Lentsoe la Segerike leo Pauluse a le sebelisitseng mona le bolela “ho se tsitlallele nthong kamoo ho bonahalang eka e ka teng; ho bolela ho nahanela hoo ho ‘talimang linnete tsa taba ka botho le ka tekanyo e ntle.’” (W. E. Vine, An Expository Dictionary of New Testament Words) Ho etsa lintho ka tekanyo e ntle hangata ke taba ea ho utloisisa ho tenyetseha le maemo a teng.

Ka mohlala, moromuoa ea sebeletsang naheng esele a ka ’na a potlakela ho hlokomela hore melao ea hoo ho thoeng ke mekhoa e metle ea moo e fapana le ea naha eo a hōletseng ho eona. Empa haeba a khesa litsela tsa batho ba sebaka seo ’me a hana ho etsa liphetoho tse itseng, tšebeletso ea hae e tla ba e molemo hakae? Ka hona ka bohlale o tenyetsehela litseleng tse molemo tsa mokhoa o mocha oa ho phela.—1 Ba-Korinthe 9:19-23.

Ho khahlisang, hang feela kamor’a hore a bolele ka basali ba babeli ba phutheho eo ba neng ba e-na le mathata a botho, Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba Filippi hore ba etse lintho ka tekanyo e ntle. (Ba-Filippi 4:2-5) Le hoja Pauluse a sa ka a re bolella hore na qabang ea bona e ne e le ea mofuta ofe, hangata likamano tse bosula li bakoa ke khaello ea ho etsa lintho ka tekanyo. Ha ho motho ea phuthulohang ha a le pel’a motho ea nyatsa-nyatsang kapa ea nang le moea oa bompoli. Salomone oa lemosa, “U se ke ua iketsa ea lokileng ka ho fetisisa, u se ke ua ipea ea hlalefileng ka ho tlōlisa; hobane ke ha u no u tla itimeletsa’ng na?”—Moeklesia 7:16.

Bakreste ba tlameha ho amohela ho se phethahale ha ba bang. Ke ho hotle hakaakang ha re leka ho sheba litaba ka pono ea motho e mong! Leha ho le joalo, ka masoabi Bakreste ba bang Korinthe ea boholo-holo ba ne ba amehile haholo ka “litokelo” tsa bona tsa botho hoo ba bileng ba sekamela ho iseng balumeli-’moho le bona makhotleng. Ka ho pepesa mathata a bona har’a ba sa lumelang, ha baa ka ba tlisa feela thohako holim’a phutheho empa hape ba hōlisa lekhalo le neng le le lipakeng tsa bona.—1 Ba-Korinthe 6:1-6.

Ka baka leo, Pauluse o ile a khothaletsa Bakreste ba khopisitsoeng ba Korinthe hore ba be le boikutlo ba ho ineela. A khothatsa: “Athe e se e le molato ruri ho lōna, ha le e-na le litseko. Na ha le ikhethele ke’ng ho etsoa hampe? Na ha le ikhethele ke’ng ho senyeheloa?” (1 Ba-Korinthe 6:7) Mokreste o ho nka e le leruo ho boloka likamano tse ntle le baena le bo-khaitseli ba hae moeeng.

Ho etsa lintho ka tekanyo e ntle ke ho loketseng haholo bakeng sa ba boholong. Ka mohlala, batsoali ba ka ’na ba bea nako e itseng eo ka eona bara le barali ba bona ba tlamehang ho ba lapeng ka eona mantsiboea. Empa ha re re ka lekhetlo le leng ngoana o kōpa hore ho etsoe ho fapaneng le hoo? Na e ke ke ea e-ba ho loketseng hore bonyane ho nahaneloe maemo ao a khethehileng a amehang? Ho thoe’ng ka baholo ba Bakreste? Na ho etsa lintho ka tekanyo e ntle hase e ’ngoe ea litšoaneleho tsa bona? (1 Timothea 3:3, NW) E. Empa ke neng hona joang ba lokelang ho bontša tšoaneleho ee?

Baholo—ba Tiile empa baa Tenyetseha

Moapostola Petrose ka lekhetlo le leng o kile a bapisa banna ba ‘etsang lintho ka tekanyo e ntle’ le ba ‘khahlisoang ka thata.’ (1 Petrose 2:18, NW) Moholo a ka ’na a fana ka litlhahiso tse itseng ho thusa moena ho ntlafatsa mokhoa oa hae oa ho bua. Empa haeba moholo a sebelisa litekanyetso tse thata-thata ’me a hlōloa ho nahanela thuto, bohlale, le maemo tsa moena eo, ho ka etsahala joang? Moena eo a ka ’na a hloea keletso kapa a nyahama haholo, a etsa qeto ea hore ho ‘thata ho khahlisa’ baholo.

Baholo ba tlameha hore hape e be ba tenyetsehang ha ba sebelisa melao e fapa-fapaneng ka phuthehong. Ha baa lokela hore le ka mohla ba lumelle hore melao e joalo ‘e etse lentsoe la Molimo lefeela’ ka ho e hatisa haholoanyane ho feta melao-motheo e phethahetseng ea Lentsoe la Jehova.—Mattheu 15:6; 23:23.

Ho loketse bakeng sa baholo hore e be ba tenyetsehang ha ho tenyetseha ho joalo ho sa ba fapose melao-motheo ea Mangolo. Ka mohlala, ba ka ’na ba hlokomela hore likopanong tse khōlō tse nang le batho ba bangata, ho khothaletsoa ka matla hore ho se ke ha bolokoa litulo. Empa na molao o joalo o ka tiisoa phuthehong e nyenyane moo ho nang le litulo tse ngata? Kapa baholo ba ka ’na ba ikutloa hore ka kakaretso moaparo oa mofuta o itseng—o kang baki le thae bakeng sa banna—o loketse bakeng sa boboleli ba ntlo le ntlo. Ho ile ha e-ba joalo phuthehong e ’ngoe ea naha ea Amerika Boroa. Leha ho le joalo, moholo oa moo a tseba hore mohlankana e mong o ne a ikhula hore a ka arolelana litaba tse molemo le ba bang. Lebaka? O ne a se na chelete ea ho reka baki le thae. Moholo a fihlela qeto ea hore ho tenyetseha ho loketse ’me ka hoo a khothaletsa mohlankana eo hore a qale ho arolelana tumelo ea hae le ba bang.

Ho tenyetseha ho tlameha ho bontšoa hape ha ho sebetsoa linyeoe ka phuthehong. Le hoja phoso e ka hloka hore mofosi a khaoloe, ho thoe’ng haeba a bontša pako? Jehova o ile a bea mohlala o loketseng litšebelisanong tsa hae le batho ba Ninive. Molimo o ne o itse ho Jonase: “Ka mora’ matsatsi a mashome a mane, Ninive o tla timetsoa.” Leha ho le joalo, ha batho ba bontša pako, Jehova ha a ka a tsitlallela ho phethahatsa timetso e neng e phatlalalitsoe. A hlokomela hore maemo a ne a fetohile. (Jonase 3:4, 10) Ka ho tšoanang, baholo ba lokela ho thabela ho ‘tšoarela ka tsela e kholo’ moo ho nang le bopaki bo hlakileng ba pako ea ’nete.—Esaia 55:7.

Ha ho bonolo ho boloka ho leka-lekana pakeng tsa ho tiea le ho tenyetseha. Ka tlhaho ho bonahala batho ba sa phethahalang ba sekametse ho etseng lintho ka mokhoa o feteletseng. Leha ho le joalo, Bakreste ba loanelang ho tiea empa e le ba tenyetsehang ba tla putsoa haholo. Kaha ba leka hore e be ba tenyetsehang, ba tla thabela likamano tse molemo le ba bang ’me ba tla qoba ho ferekana maikutlong ho hongata. Ho feta moo, kaha baholo ba khethiloeng ba tiile, ha ba sisinyehe mesebetsing e metle joaloka baboloki ba botšepehi, ba bea mohlala o hapang tšepo le tšebelisano tsa phutheho eohle, ha bohle ba tsoela pele hammoho ka tšepo ea bophelo bo sa feleng.—Esaia 32:2; 1 Ba-Korinthe 15:58.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela