Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 12/15 leq. 32
  • “Khotso ea Molimo e Fetang Khopolo Eohle”

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • “Khotso ea Molimo e Fetang Khopolo Eohle”
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 12/15 leq. 32

“Khotso ea Molimo e Fetang Khopolo Eohle”

HO PHOLLETSA le histori, bahlanka ba Molimo ba tšepahalang ba ile ba feta linakong tsa tsieleho e khōlō ea maikutlo. Seo ke ’nete hakaakang kajeno, kaha re phela ‘linakong tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona’! (2 Timothea 3:1, NW) Moapostola Pauluse o ile a eletsa Bakreste ho lahlela matšoenyeho a bona ho Jehova ka thapelo. Ka phello efe? “Khotso ea Molimo e fetang khopolo eohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a likelello tsa lōna ka Kreste Jesu.”—Ba-Filippi 4:7, NW.

‘Khotso ena ea Molimo’ ke’ng? Ke khutso e tlisoang ke ho ba le kamano e haufi-ufi le ’Mōpi. Katamelano e joalo e fana ka kholiseho ea hore, ho sa tsotellehe matšoenyeho a rōna, Jehova “a ke ke a furalla batho ba hae; a ke ke a lahla kherehloa bao e leng ba hae.”—Pesaleme ea 94:14, Today’s English Version.

Sena ha se bolele hore re ba ke keng ba hlaseloa ke mahlomola. Mopesaleme o ile a ngola: “Mahlomola a ea lokileng a mangata.” (Pesaleme ea 34:19) Empa khotso ea Molimo e ka tlisa khatholoho. Joang?

Khotso ea Molimo ke “e fetang khopolo,” ho ngotse Pauluse—kapa joalokaha e fetoletsoe ho Concordant Version, “e phahametseng boemo bo bong le bo bong ba kelello.” Matšoenyeho a ka re etsa hore re latsoe litsela tse fapa-fapaneng tsa tsieleho ea maikutlo. (Moeklesia 7:7) Leha ho le joalo, khotso ea Molimo e ka etsa hore re tsitse, haholo-holo ha re hloka “matla a fetang a tloaelehileng.”—2 Ba-Korinthe 4:7, NW; 2 Timothea 1:7.

Ho feta mona, khotso ea Molimo ke tšireletso. E ka “lebela lipelo tsa lōna le matla a likelello tsa lōna,” joalokaha Pauluse a ile a ngolla Bafilippi. Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “lebela” ke lentsoe le sebelisoang sesoleng le ka ’nang la tlisa mohopolong setšoantšo sa balebeli ba lulang ba lebetse bosiu le motšehare. Ka tsela e tšoanang, khotso ea Molimo e ka sebetsa joaloka molebeli ea lebetseng lipelo tsa rōna le matla a kelello tsa rōna ka lihora tse 24.—1 Ba-Korinthe 10:13; bapisa le Ba-Efese 4:26.

Ha re nahana ka liphephetso tse sithabetsang tseo re talimanang le tsona kajeno, na khotso ea Molimo hase ntho eo re lokelang ho ba le teboho ka eona?—Pesaleme ea 18:2; bapisa le Exoda 40:38.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela