-
“Khotso E Be Le Lōna”Molula-Qhooa—1988 | February 15
-
-
4. Batho ba Jehova ba ka boloka khotso ea kelello le ea pelo joang linakong tsee tse bohloko?
4 Re phela mehleng ea qetello, ‘linakong tse bohloko.’ (2 Timothea 3:1) Banna ba lipere ba boletsoeng esale pele ho Tšenolo ba palame ho pholletsa le lefatše—joalokaha u ka bona ka lintoa, likhaello tsa lijo, le lefu le tlisoang ke ho kula. (Tšenolo 6:3-8) Batho ba Jehova le bona ba angoa ke maemo a ba pota-potileng. Kahoo ke joang u ka bolokang khotso ea bomolimo ea kelello le ea pelo? Ka ho ipoloka u le haufi-ufi le Mohloli o moholo oa matšeliso le khotso. Joalokaha sehlooho se kapele se bontšitse, sena se hloka ho rapela le ho kōpa khafetsa. Ka tsela eo “khotso ea Molimo, e fetisang kutloisiso eohle, e tla boloka lipelo tsa lōna le mehopolo ea lōna ho Jesu Kreste.”—Ba-Filippi 4:6, 7.
5. Ke hobane’ng ha Pauluse a ne a kholisehile hore “khotso ea Molimo” e ne e ka lebela lipelo tsa rōna?
5 Moapostola Pauluse, ea ngotseng mantsoe ao, o ne a ile a mamella likotsi le mathata ka boeena. O ne a ile a koalloa teronkong ’me a shaptjoa ke Bajode le Baroma. O ile a tlepetsoa ka majoe ’me a siuoa hore a shoe. Ho tsamaea ho ne ho le kotsi mehleng eo; Pauluse o ile a robeheloa ke sekepe ka makhetlo a mararo, ’me hangata o ne a ka ntšoa kotsi ke linokoane. O ile a qeta masiu a mangata a sa robale ’me khafetsa o ne a hlokofatsoa ke serame, tlala, le lenyora. Ho sa tsotellehe tseo kaofela, letsatsi le leng le le leng o ne a utloa “ho ameha ka liphutheho kaofela.” (2 Ba-Korinthe 11:24-28, NW) Kahoo ho tsoa phihlelong e khōlō ea botho, Pauluse o ne a tseba hore na “khotso ea Molimo” e ka lebelang lipelo tsa rōna ke ea bohlokoa hakae.
6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa ho haha le ho boloka tlamahano e mofuthu, e haufi-ufi le ’Mōpi oa rōna?
6 “Khotso ea Molimo” e ka hlalosoa e le boikutlo ba khutso le khotsofalo, bo bontšang kamano e ntle le Molimo. Hona ke habohlokoahali bakeng sa Bakreste, haholo-holo ha ba thulana le mahloriso kapa mahlomola. Hobane’ng? Koana, kaofela ha rōna ha rea phethahala; kahoo, ha re hlaseloa ke mathata, khatello, khanyetso, kapa re khinoa ke mathata a mefuta e fapa-fapaneng, re ne re ka tšoha habobebe. Hoo ho ka ’na ha khannela hore re hlōloe ho boloka botšepehi. Hoo ho ne ho tla tlisa thohako lebitsong la Molimo, ho re hlokise kamohelo ea Jehova, ’me ho ne ho ka etsa hore re lahleheloe ke bophelo bo sa feleng. Kahoo ke habohlokoa hakaakang ho loanela ho fumana “khotso ea Molimo” e tla re thusa ho thulana le liphephetso tse joalo ka katleho! Ka sebele khotso e joalo ke e ’ngoe ea ‘limpho tse ntle le lineo tse phethehileng’ tse fanoeng ke Ntate oa rōna oa leholimo.—Jakobo 1:17.
7, 8. (a) “Khotso ea Molimo” e theiloe holim’a eng, ’me e ‘fetisa kutloisiso eohle’ joang? (b) Khotso e joalo e ile ea bonahala e le mohlala joang tabeng ea moena e mong oa Moafrika?
7 E ka ’na eaba u bone hore batho ba bang ba tsoela pele ba tsitsitse ’me ba e-na le tšepo bophelong. Hangata hona ho tlisoa ke matla a tlhaho, tšusumetso ea lelapa, leruo, thuto, kapa maemo a mang a joalo. “Khotso ea Molimo” e fapane haholo. Ha ea theoa holim’a maemo a molemo, kapa hona hore e tla ka baka la matla a botho kapa monahano. Mohloli oa eona ke Molimo ’me ke “e fetisang kutloisiso eohle.” J. B. Phillips o beha Ba-Filippi 4:7 ka hore “khotso ea Molimo . . . e phahametse kutloisiso ea motho.” Hangata batho ba lefatše ba makatsoa ke tsela eo Bakreste ba talimanang le mathata a tebileng ka eona, ho tsoa kotsi ’meleng kapa le lona lefu.
8 Mohlala oa kajeno oa sena ke oa e mong oa Lipaki tsa Jehova ea neng a ntse a tsamaisa seboka sa Bokreste naheng e ’ngoe ea Afrika moo Lipaki, ka baka la tlhohlelletso e khōlō ea Mak’hatholike a sebaka seo li neng li qosoa ka hore ke likhukhuni. Ka tšohanyetso, basebetsi ba sepolesa-sesole ba hlaha ba tsomutse lisabole. Ba re basali le bana ba ee hae empa ba qala ho otla banna. Paki eo ea hopola: “Ke haelloa ke mantsoe ao ka ’ona nka hlalosang tsela eo re ileng ra tšoaroa ka eona. Mookameli ea ikarabellang o ile a phatlalatsa pepenene hore re ne re tla otloa ho isa lefung. Ke ile ka otloa ka molamu hoo ke bileng ka hlatsa mali ka matsatsi a 90 hamorao. Empa ke ne ke amehile ka bophelo ba metsoalle ea ka. Ke ile ka kōpa Jehova ka thapelo hore a hlokomele bophelo ba bana, linku tsa hae,” bao kaofela ba ileng ba pholoha. Ke mohlala o mokaakang oa ho boloka botsitso bomalimabeng bo tšabehang le oa ho nahanela ba bang ka lerato! E, Ntate oa rōna ea lerato oa leholimo o araba likōpo tsa bahlanka ba hae ba tšepahalang, o ba nea khotso ea hae. Le leng la masole a neng a hloletsoe ketsahalong eo le ile la bolela hore Molimo oa Lipaki “e tlameha e be ke oa ’nete.”
9. Ho bala Bibele le ho nahanisisa ka eona ho ka ba le phello efe?
9 Mehleng ena e thata, Bakreste ba bangata ba na le mathata a etsang hore ba ikutloe ba ferekane maikutlo ’me ba nyahame. Tsela e molemo ea ho boloka khotso ea kelello ke ho bala Bibele le ho nahanisisa ka eona. E ka kenya motho matla le boikemisetso ba ho tsoela pele le ho ema a tiile. “Lentsoe la Molimo lea phela ’me le fana ka matla.”—Ba-Heberu 4:12, NW.
10. Ho khona ho hopola mangolo e ne e ka ba tlhohonolofatso joang?
10 Empa, ho thoe’ng haeba re hlaheloa ke bomalimabe ka nako eo ka eona re ke keng ra fumana Bibele? Ka mohlala, Mokreste a ka ’na a tšoaroa ka tšohanyetso ’me a hlahleloa teronkong a se na Bibele. Tabeng eo, e ne e tla ba tlhohonolofatso ea sebele hore a khone ho hopola litemana tse kang Ba-Filippi 4:6, 7; Liproverbia 3:5, 6; 1 Petrose 5:6, 7; le Pesaleme ea 23. Na u ne u ke ke ua ananela ka ho tebileng hore u khona ho hopola le ho nahanisisa ka likarolo tse joalo? Tulong ea teronko e sa khahleheng, ho ne ho tla tšoana le hoja Jehova ka boeena a bua le uena. Lentsoe la Molimo le ka folisa likelello tse tetetsehileng, la tiisa lipelo tse tepeletseng, ’me la nkela matšoenyeho a kelello sebaka ka khotso. (Bona Pesaleme ea 119:165.) E, ke habohlokoa haholo ho kenya mangolo ka likelellong tsa rōna hona joale ha re sa ntsane re e-na le monyetla oa ho etsa joalo.
11. Moena e mong oa Netherlands o ile a bontša tlhokahalo ea lijo tsa moea joang?
11 Arthur Winkler ke e mong ea ileng a ananela Bibele ka ho tebileng, haholo-holo nakong ea ha Manazi a hapile Netherlands, ha Lipaki li ne li lokela ho ntšetsa pele tšebetso ea tsona ea Bokreste ka sekhukhu. Mapolesa a Jeremane a ne a ntse a tsōma Moena Winkler. Ha a qetella a mo tšoere, a ile a leka ho mo etsa hore a sekisetse empa a hlōleha. Eaba a mo otla ho fihlela a akheha. A ntšitsoe meno, mohlaare o katlaase o tlositsoe malulong, a otliloe ho fihlela a le maqeba hohle ’meleng, o ile a akheloa ka seleng e lefifi. Empa molebeli oa hae o ne a e-na le kutloelo-bohloko le botsoalle. Moena Winkler o ile a batla tataiso ea Jehova ka thapelo. O ile a boela a ikutloa a hloka lijo tsa moea ka ho tebileng ’me a kōpa molebeli hore a mo thuse. Hamorao, lemati la sele la buleha, ’me Bibele ea akheloa kahare. Moena Winkler oa hopola, “e ile ea e-ba thabo e kaakang, ho thabela mantsoe a ’nete a monate letsatsi le leng le le leng . . . ke ile ka ikutloa ke matlafala moeeng.”a
Khotso Ea Bomolimo E Tla Le Lebela
12. Ke hobane’ng ha ho e-na le tlhokahalo e khethehileng ho rōna hore re lebele lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello?
12 Jehova o tšepisa hore khotso ea hae “e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello.” (Ba-Filippi 4:7, NW) Hona ke habohlokoa hakaakang! Pelo ke setsi sa tšusumetso le maikutlo. Mehleng ena ea qetello, lipelo tsa rōna li ka fokolisoa habobebe ke tšabo le ho belaela, kapa tsa re eka hore re etse se fosahetseng. Mokhoa oa bophelo o tloaelehileng o ntse o hlepha ka potlako. Re lokela ho itebela re sa khaotse. Ho tlatsetsa ho hlokeng lipelo tse matla, re tlameha hore hape re matlafatse ‘matla a rōna a kelello’ ’me re tsamaisoe ke Molimo ka lentsoe la oona le ka phutheho ea oona.
13. Ke melemo efe e ka tlisoang ke ho lebela matla a rōna a kelello?
13 Ho latela W. E. Vine, lentsoe la Segerike noʹe·ma (le fetoletsoeng e le “matla a kelello”) le na le khopolo ea “morero” kapa “maqiti.” (An Expository Dictionary of New Testament Words) Kahona, khotso ea Molimo e ka matlafatsa morero oa rōna oa Bokreste le ho re lebela khahlanong le tšekamelo leha e le efe ea ho fokolisa kapa ho fetola likelello tsa rōna ntle ho lebaka le letle. Kahona ho nyahama kapa mathata li ne li ke ke tsa re ntša tseleng habobebe. Ka mohlala, haeba re rerile ho sebeletsa Jehova tšebeletsong e itseng e khethehileng, joaloka ho ba mosebeletsi oa pula-maliboho ka nako e tletseng kapa ho falla ho ea sebeletsa moo basebeletsi ba hlokahalang haholo, “khotso ea Molimo” e tla ba thuso e khōlō ho rōna ha re phehella ho leba pakaneng eo. (Bapisa Luka 1:3; Liketso 15:36; 19:21; Ba-Roma 15:22-24, 28; 1 Ba-Thessalonika 2:1, 18.) Ho matlafatsa matla a hao a kelello ho ea pele, nehelana ka nako e ngata ho ithuteng Lentsoe la Molimo le botsoalleng ba Bokreste. Kahona u fepa kelello ea hao le pelo ea hao ka likhopolo tse hloekileng, tse hahang. Na u khona ho nehelana ka nako e lekaneng ea ho ipoloka u tšoarehile ka ‘lipolelo’ tsa Molimo tse bululetsoeng? Na u lokela ho li ela hloko haholoanyane?
14. Re lokela ho ba seli ho utloa keletso efe e bululetsoeng, hona hobane’ng?
14 U ka bona hore pelo le kelello, kapa matla a kelello, lia ameha hore u fumane “khotso ea Molimo” le hore e u tsoele molemo. Sena se bontšoa ke keletso ea bomolimo: “Mora oa ka, mamelisisa taba tsa ka, u sekehele lipolelo tsa ka tsebe. Li se ke tsa tloha pel’a mahlo a hao, u ’ne u li boloke ka pelong. Hobane ho ba li fumaneng ke bophelo, ke boiketlo ba ’mele oohle oa bona. Boloka pelo ea hao ka ho fetisisa, hobane ke eona mehloli ea bophelo.”—Liproverbia 4:20-23.
15. Jesu o phetha karolo efe hore re be le “khotso ea Molimo”?
15 “Khotso ea Molimo” e tlisoang ke tlamahano e mofuthu, e haufi-ufi le Jehova e lebela lipelo tsa rōna le matla a kelello “ka Kreste Jesu.” (Ba-Filippi 4:7, NW) Jesu o phetha karolo efe ho see? Pauluse oa hlalosa: “A le ke le neoe mohau le khotso ke Molimo Ntate, le ke Morena oa rōna Jesu Kreste, ea iteletseng libe tsa rōna, a tle a re namolele lefatšeng la joale le lebe, ka ho rata ha Molimo, Ntat’a rōna.” (Ba-Galata 1:3, 4) E, Jesu o nehelane ka bophelo ba hae ka lerato e le hore re ka lopolloa. (Mattheu 20:28) Kahoo ke “ka Kreste Jesu” re ka bang ba amohelehang ho Jehova joaloka bahlanka ba hae ba ineetseng ’me ra ba boemong ba ho thabela khotso eo ea bomolimo eo e ka bang molebeli oa rōna.
-
-
“Khotso E Be Le Lōna”Molula-Qhooa—1988 | February 15
-
-
20. Motho ofe kapa ofe ea etsang phoso e tebileng o lokela ho etsa joang?
20 Haeba ho e-na le ba bang le molato oa phoso e tebileng empa ba e pata, ka ho hlakileng ba tla lahleheloa ke kamohelo ea Jehova le “khotso ea Molimo” eo ba neng ba e-na le eona. Hape ba tla lahleheloa ke khotso ea bona ea kelello. (Bapisa 2 Samuele 24:10; Mattheu 6:22, 23.) Joale, u ka bona hore na ke hobane’ng ha e le tlamo hore Mokreste leha e le ofe ea oetseng sebeng se tebileng a se bolele ho Jehova le ho baholo ba lerato, ba ka tlisang pholiso moeeng. (Esaia 1:18, 19; 32:1, 2; Jakobo 5:14, 15) Ha motho ea lahlehetsoeng ke ho leka-lekana moeeng ha a le tseleng e thellang ea sebe a batla thuso ho baena ba hōlileng tsebong, a ke ke a tsoela pele a e-na le letsoalo le khathatsehileng kapa a hloka khotso ea bomolimo.
21. Re na le lebaka lefe la ho leboha Jehova ka ho tebileng kajeno, ’me re lokela ho ba le boikemisetso bofe?
21 Ke tlotla e kaakang ho ba e mong oa Lipaki tse ineetseng tsa Jehova kajeno! Hohle ho re pota-potileng, lefatše lena la bosatane lea tsekoloha ’me le khaoha likoto. Haufinyane le tla feta. Batho ba bangata ba “felloa ke matla ka baka la tšabo le tebello ea tse tla tla holim’a lefatše.” Empa re ka phahamisa lihlooho tsa rōna hobane re tseba hore “topollo ea [rōna] e-ea atamela.” (Luka 21:25-28, NW) Ho bontša hore na re leboha Jehova hakaakang bakeng sa ‘khotso ea hae e fetisang kutloisiso eohle,’ a re etseng sohle se matleng a rōna ho sebeletsa ka botšepehi “Molimo o fanang ka khotso.”—Ba-Roma 15:33, NW; 1 Ba-Korinthe 15:58.
-