Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g20 no. 3 maq. 8-9
  • Sheba Makhabane a Batho ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Sheba Makhabane a Batho ba Bang
  • Tsoha!—2020
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Bothata
  • Keletso ea Bibele e Re’ng?
  • Seo U ka se Etsang
  • Ho Fela ha Khethollo
    Tsoha!—2004
  • Khethollo​—⁠Na e u Tšoaelitse?
    Tsoha!—2020
  • Lefatše le se Nang Khethollo—Le Tla ba Teng Neng?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2013
  • Nka Hlōla Maikutlo a Leeme la Morabe Joang?
    Tsoha!—1988
Bala Tse Ling
Tsoha!—2020
g20 no. 3 maq. 8-9
Litšoantšo: 1. Banyalani ba potlakileng ba koatetse mosali oa sefofu ea keneng tseleng ea bona ha ba ntse ba tsamaea seterateng. 2. Hamorao, banyalani bao ba khotsa mosali eo oa sefofu ha a bapala seletsa sa ’mino konsareteng.

Sheba Makhabane A Batho Ba Bang

Bothata

Boikhohomoso bo ka etsa hore re be le khethollo. Motho ea ikhohomosang o inka e le motho oa bohlokoa ho feta kamoo ho leng kateng. O inka a phahametse batho ba bang ’me ha a sheba batho bao a sa tšoaneng le bona o nka a ba phahametse. Mang kapa mang a ka oela lerabeng lena. Encyclopædia Britannica e re: “Litsong tse ngata batho ba nka ba phahametse ba bang ho ea ka hore na ba ja eng, ba apara eng, ba tloaetse ho etsa eng, ba lumela eng kapa hore na ba nka eng e le ea bohlokoa, joalo joalo.” Re ka qoba mokhoa oo o bokooa oa ho nahana joang?

Keletso ea Bibele e Re’ng?

‘Ka ho ikokobetsa kelellong le nke hore ba bang ba le phahametse.’​—BAFILIPI 2:3.

Temana ee e bolela’ng? E le hore re qobe boikhohomoso re lokela ho sebetsa ka thata hore re be le boikokobetso. Boikokobetso bo re thusa ho hlokomela hore maemong a mang batho ba re phahametse. Ha ho na motho ea phahametseng ba bang ka ntho e ’ngoe le e ’ngoe.

Nahana ka mohlala oa Stefan. O holetse naheng ea bokomonisi, leha ho le joalo ha nako e ntse e ea o ile a khona ho hlola khethollo eo a neng a e-na le eona ho batho ba sa hlaheng linaheng tsa bokomonisi. O re: “Ke lumela hore ho bohlokoa ho nka ba bang ba u phahametse haeba u batla ho loantša khethollo. Ha ke tsebe lintho tsohle. Nka ithuta ho hong ho motho e mong le e mong.”

Seo U ka se Etsang

Leka hore ha u icheba u se ke oa bona lintho tse ntle feela empa u bone le mefokolo ea hao. Amohela hore batho ba bang baa u hloa linthong tse itseng. U se ke oa nka hore batho ba sehlotšoana se itseng ba na le mefokolo e tšoanang kaofela.

Ho e-na le ho etsa liqeto tse fosahetseng ka sehlopha se itseng, ak’u ipotse pele:

Amohela hore batho ba bang baa u hlola linthong tse itseng

  • ‘Na lintho tseo ke sa li rateng ka motho eo ehlile li mpe kapa empa li fapane le tseo ke li tloaetseng?’

  • ‘Na motho eo a ka khona ho bona moo ke haellang teng?’

  • ‘Ke lintho life tseo motho eo a ntlholang ka tsona?’

Haeba u ka araba lipotso tsena ka botšepehi, seo se ka ’na sa u thusa ho hlola khethollo hape u ka ’na oa hlokomela lintho tseo u li ratang ka motho eo.

Nahana ka Mohlala Ona: Nelson (United States)

“Ke qetile boholo ba lilemo tsa ka tsa bocha ke lula har’a batho bao boholo ba bona e neng e le ba setso se le seng le ba morabe o le mong. Empa ha ke le lilemo li 19, ke ile ka fallela toropong e kholo ke il’o sebetsa femeng. Ha ke le moo, basebetsi ’moho le ’na le baahisane ba ka e ne e le batho ba litso le merabe e fapaneng.

“E ile eare ha ke tloaela basebetsi ’moho le ’na ’me re fetoha metsoalle, ke ile ka iponela ka mahlo hore lebala la motho, puo eo a e buang esita le sechaba seo a tsoang ho sona ha se re letho ka hore na motho eo o sebetsa ka thata hakae, o tšepahala hakae kapa hore na o ikutloa joang.

“Hamorao ke ile ka nyalana le mosali ea neng a hlaha morabeng o fapaneng le oa ka ’me ke ile ka thabela ho ithuta lintho tse ngata tse ncha tse kang lijo tsa mefuta e meng le mefuta e meng ea ’mino. Bophelo bo nthutile hore kaofela ha rona re na makhabane le mefokolo. Ho ipuela ’nete feela, ke bona eka ke se ke le motho ea molemonyana hobane ke nka batho ba bang e le ba bohlokoa ’me ke leka ho etsisa lintho tseo ke li ratang ka bona le hoja setso le litloaelo tsa bona li fapane hole le tsa ka.”

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela