Litšupiso Tsa Bukana ea Seboka sa Bophelo le Tšebeletso ea Rona
LA 3-LA 9 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAGALATA 4-6
“ ‘Ketsahalo e Tšoantšetsang’ e Bolela’ng ho Rona?”
(Bagalata 4:24, 25) Lintho tsena ke ketsahalo e tšoantšetsang; etsoe basali bana ba bolela lilekane tse peli, sa Thabeng ea Sinai, se hlahisang bana ba bokhoba, seo hape e leng Hagare. 25 Joale Hagare enoa o bolela Sinai, thaba e Arabia, ’me o tšoana le Jerusalema kajeno, kaha o bokhobeng le bana ba hae.
it-1-E 1018 ¶2
Hagare
Ho latela moapostola Pauluse, Hagare ea neng a hlahella ketsahalong ea tšoantšetso o ne a emela Iseraele e neng e tlanngoe ke Molao oa selekane oa Jehova o ileng oa hlomamisoa Thabeng ea Sinai, e leng selekane se ileng sa hlahisa “bana ba bokhoba.” Kaha sechaba se ne se sekametse ho etseng bobe, se ne se sa khone ho boloka melao ea selekane seo. Baiseraele e ne e se sechaba se lokolohileng kaha ba ile ba nkoa e le baetsalibe ba tšoaneloang ke lefu, ka lebaka la selekane seo. Ke ka hona e neng e le makhoba. (Joh 8:34; Bar 8:1-3) Jerusalema ea mehleng ea Pauluse e ne e lumellana le Hagare, kaha e ne e le motse moholo o neng o emela mokhatlo oa Iseraele ea nama, o ileng oa ba bokhobeng le bana ba oona. Bakreste ba tlotsitsoeng ka moea ke bana ba “Jerusalema oa holimo,” e leng mosali oa Molimo oa tšoantšetso. Jerusalema enoa o tšoana le Sara ea lokolohileng kaha ha a e-so ka a e-ba bokhobeng. Empa joalokaha Isaka a ile a hlorisoa ke Ishmaele, le bana ba “Jerusalema oa holimo” ba ileng ba lokolloa ke Mora, ba ile ba hlorisoa ke bana ba Jerusalema ea ileng a etsoa lekhoba. Leha ho le joalo, Hagare le mora oa hae ba ile ba lelekoa, e leng se neng se tšoantšetsa ha Jehova a lahla Iseraele ea nama.—Gal 4:21-23; sheba le Joh 8: 31-40
(Bagalata 4:26, 27) Empa Jerusalema oa holimo o lokolohile, ’me ke ’m’a rona. 27 Kaha ho ngoliloe: “Thaba, uena nyopa e sa beleheng; tlerola ’me u hoeletse haholo, uena mosali ea se nang bohloko ba pelehi; etsoe bana ba mosali ea lahliloeng ba bangata ho feta ba ea nang le monna.”
E-ba le Tumelo e sa Thekeseleng ’Musong
Le hoja selekane sa Abrahama se ile sa phethahala ha litloholo tsa Abrahama li rua Naha e Tšepisitsoeng, Mangolo a bontša hore se boetse se phethahala ka kutloisiso ea moea. (Gal 4:22-25) Ha se phethahala ka kutloisiso ea moea, joalokaha moapostola Pauluse a hlalositse a le tlas’a pululelo, karolo e ka sehloohong ea peo ea Abrahama ke Kreste, ’me karolo ea bobeli ke Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsoeng ka moea. (Gal. 3:16, 29; Tše 5:9, 10; 14:1, 4) Mosali ea hlahisang peo ke “Jerusalema oa holimo”—e leng karolo e leholimong ea mokhatlo oa Molimo, e entsoeng ka libopuoa tsa moea tse tšepahalang. (Gal. 4:26, 31) Joalokaha selekane sa Abrahama se tšepisitse, peo ea mosali e ne e tla tlisetsa batho litlhohonolofatso.
(Bagalata 4:28-31) Joale rona, barab’eso, re bana ba tšepiso joalokaha ho ne ho le joalo ka Isaka. 29 Empa feela joalokaha nakong eo ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa nama a ile a qala ho hlorisa ea neng a tsoetsoe ka mokhoa oa moea, ho joalo le hona joale. 30 Leha ho le joalo, Lengolo le re’ng? “Leleka lekhabunyane le mora oa lona, kaha ho hang mora oa lekhabunyane e ke ke ea e-ba mojalefa le mora oa mosali ea lokolohileng.” 31 Ka lebaka leo, barab’eso, ha re bana ba lekhabunyane, empa re bana ba mosali ea lokolohileng.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Bagalata 4:6) Joale kahobane le bara, Molimo o rometse moea oa Mora oa hae ka lipelong tsa rona ’me oa hoeletsa: “Abba, Ntate!”
Re U Lome Tsebe?
Ke hobane’ng ha Jesu a ile a bitsa Jehova “Abba, Ntate” ha a rapela?
Lebitso la Searame ʼab·baʼʹ le ka bolela “ntate” kapa “Oho Ntate.” Makhetlong a mararo ao lebitso lena le hlahang ho ’ona ka Mangolong, le hlaha e le karolo ea thapelo ’me le sebelisoa ha ho buuoa ka Ntate oa rona ea leng leholimong, e leng Jehova. Lebitso lee ke la bohlokoa hakae?
The International Standard Bible Encyclopedia, e re: “Ha ho ipueloa feela mehleng ea Jesu, ka ho khetheha ʼabbaʼ e ne e sebelisoa ke bana ha ba bitsa bo-ntate ba bona ka tsela e bontšang hore ba na le kamano e haufi-ufi le bona ebile baa ba hlompha.” E ne e le tsela e monate eo bana ba bitsang bo-ntate ka eona ebile e le le leng la mantsoe ao bana ba a bitsang ha ba qala ho ithuta ho bua. Jesu o ile a bitsa Ntate oa hae ka tsela eo nakong eo a neng a mo rapela ka tieo. Ha a le serapeng sa Gethesemane, lihora tse seng kae feela pele a e-shoa, Jesu o ile a bitsa Jehova ka mantsoe ana, “Abba, Ntate” ha a rapela.—Mareka 14:36.
Buka e boletsoeng ka holimo ea ho etsa lipatlisiso e tsoela pele ho re: “Ka sebele hase ntho e tloaelehileng ho bona ho sebelisitsoe ʼAbbaʼ ha ho buuoa ka Molimo libukeng tsa Sejuda tsa mehleng ea Bagerike le Baroma ’me ha ho potang hore lebaka la seo ke hobane ho ne ho tla bonahala e le mokhoa o se nang tlhompho oa ho bua le Molimo.” Leha ho le joalo, “Jesu . . . o ile a mo bitsa ka tsela eo ha a rapela e le ho bontša ka tsela e sa tobang hore O ne a tiile ha a re o na le kamano e haufi-ufi le Molimo.” Mangolo a mang a mabeli moo “Abba” e hlahang teng—a ngotsoeng ke moapostola Pauluse—a bontša hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo le bona ba ne ba bitsa Molimo ka tsela eo ha ba mo rapela.—Baroma 8:15; Bagalata 4:6.
(Bagalata 6:17) Ho tloha joale ho ea pele ho se ke ha e-ba le ea nkhathatsang, kaha ’meleng oa ka ke jere matšoao a ho chesoa ka tšepe a lekhoba la Jesu.
Re U Lome Tsebe?
Moapostola Pauluse o ne a bua ka eng ha a ne a re ’meleng oa hae o jere “matšoao a ho chesoa ka tšepe a lekhoba la Jesu”?—Bagalata 6:17.
▪ E ka ’na eaba bamameli ba Pauluse ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba utloisisa mantsoe ana a hae ka litsela tse fapa-fapaneng. Ka mohlala, mehleng ea boholo-holo tšepe e chesang e ne e sebelisetsoa ho tšoaea batšoaruoa ba ntoa, masholu a tempeleng le makhoba a balehileng. E ne e le sekhobo ha motho a tšoailoe ka mabaka a joalo.
Leha ho le joalo, hase kamehla ho ba le letšoao la ho chesoa ka tšepe ho neng ho nkoa e le sekhobo. Batho ba bangata ba mehleng ea boholo-holo ba ne ba le sebelisa ho bontša hore ke ba morabe o itseng kapa ba sehlopha se itseng sa bolumeli. Ka mohlala, ho latela Theological Dictionary of the New Testament, “Basyria ba ne ba bontša hore ba inehetse ho melimo ea bona Hadad le Atargatis ka ho tšoauoa ka tšepe e chesang lenonyeletsong la letsoho kapa molaleng . . . Motho ea inehetseng ho Dionysus o ne a tšoauoa lekhasi la sefate sa ivy.”
Bahlalosi ba bangata ba mehleng ena ba nahana hore Pauluse o ne a bua ka mabali a ’meleng oa hae ao a ileng a ba le ’ona liketsahalong tse fapa-fapaneng ha a ne a otloa ha e ntse e le moromuoa oa Mokreste. (2 Bakorinthe 11:23-27) Leha ho le joalo, mohlomong Pauluse o ne a bolela hore mokhoa oa hae oa ho phela—eseng hakaalo mabali a ’meleng oa hae—e ne e le oona o neng o mo khetholla e le Mokreste.
’Malo oa Bibele
(Bagalata 4:1-20) Joale ke re hafeela mojalefa e sa le ngoana ho hang ha aa fapana le lekhoba, le hoja e le morena oa lintho tsohle, 2 empa o tlas’a banna ba ikarabellang le tlas’a batsamaisi ho fihlela ka letsatsi leo ntat’ae a le behileng esale pele. 3 Ka ho tšoanang le rona, ha re ne re le bana, re ile ra tsoela pele re entsoe makhoba ke lintho tsa motheo tsa lefatše. 4 Empa ha tekanyo e feletseng ea nako e fihla, Molimo o ile a romela Mora oa hae, ea tsoileng ho mosali le ea bileng tlas’a molao, 5 e le hore ka theko a ka lokolla ba tlas’a molao, e le hore le rona re ka amohela ho nkeloa ka lapeng re le bara. 6 Joale kahobane le bara, Molimo o rometse moea oa Mora oa hae ka lipelong tsa rona ’me oa hoeletsa: “Abba, Ntate!” 7 Kahoo, joale, ha u sa le lekhoba empa u mora; ’me haeba u mora, u boetse u mojalefa ka Molimo. 8 Leha ho le joalo, ha le ne le sa tsebe Molimo, joale le ile la ba makhoba a bao ka tlhaho e seng melimo. 9 Empa kaha joale le tseba Molimo, kapa ho e-na le hoo kaha joale le tsejoa ke Molimo, ho tla joang hore le khutlele hape linthong tse fokolang le tse futsanehileng tsa motheo ’me le batle ho ba makhoba a tsona hape? 10 Le boloka ka hloko matsatsi le likhoeli le linako le lilemo. 11 Ke tšohile ka lebaka la lona, hore ka tsela e itseng ke sehlile ntle ho morero mabapi le lona. 12 Barab’eso, kea le kopa, Le be kamoo ke leng kateng, hobane le ’na ke ne ke le kamoo le leng kateng. Ha lea mphosetsa ka letho. 13 Empa lea tseba hore ke ile ka le bolella litaba tse molemo ka lekhetlo la pele ka lebaka la ho kula ha ka nameng. 14 Seo e neng e le teko ho lona nameng ea ka, ha lea ka la se eisa kapa la se tšoela ka mathe ka ho nyonya; empa le ile la nkamohela joaloka lengeloi la Molimo, joaloka Kreste Jesu. 15 Joale, e kae thabo eo le neng le e-na le eona? Etsoe kea le pakela hore, hoja ho ne ho khoneha, le ka be le hontse mahlo a lona eaba le mpha ’ona. 16 Joale, he, na ke fetohile sera sa lona hobane ke le bolella ’nete? 17 Ba le batla ka cheseho, eseng ka tsela e ntle, empa ba batla ho le arohanya le ’na, e le hore le ka ba batla ka cheseho. 18 Leha ho le joalo, ho hotle hore le batloe ka cheseho ho se setle ka linako tsohle, eseng feela ha ke le teng ho lona, 19 bana ba ka ba banyenyane, bao ke boetseng ke leng bohlokong ba pelehi ke bona ho fihlela Kreste a boptjoa ho lona. 20 Empa ke ne nka lakatsa ho ba teng ho lona hona joale le ho bua ka tsela e fapaneng, hobane ke tsielehile ka lebaka la lona.
LA 10-LA 16 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAEFESE 1-3
“Kamoo Jehova a Tsamaisang Lintho e le ho Phethahatsa Morero oa Hae”
(Baefese 1:8, 9) O ile a etsa hore sena se re atele ka bohlale bohle le kelello e ntle, 9 ka hore o ile a re tsebisa sephiri se halalelang sa thato ea hae. Ke ho ea ka ho khahloa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho eena
it-2-E 837 ¶4
Sephiri se Halalelang
’Muso oa Bomesia. Libukeng tseo Pauluse a li ngotseng, o senola ka ho hlakileng sephiri se halalelang sa Kreste. Ho Baefese 1:9-11 o bua ka ha Molimo a tsebahatsa “sephiri se halalelang” sa thato ea hae, ka hore: “Ke ho ea ka ho khahloa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho eena bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng, e leng, ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng. E, ho eena, eo re ileng ra boela ra abeloa ho ba majalefa bonngoeng le eena, ka hore re ile ra khethoa esale pele ho ea ka morero oa ea sebetsang lintho tsohle ho ea ka tsela eo thato ea hae e rerang ka eona.” ‘Sephiri sena se halalelang’ se akarelletsa ’muso, eleng ’Muso oa Bomesia. “Lintho tse liholimong” tseo Pauluse a buang ka tsona, ke batho ba lebeletseng ho ba majalefa a ’Muso oa Leholimo le Kreste. “Lintho tse lefatšeng” ke batho ba letetseng ho tla phela lefatšeng. Jesu o ile a tsebisa barutuoa ba hae hore sephiri se halalelang se ne se amana le ’Muso ha a re: “Le nehiloe sephiri se halalelang sa ’muso oa Molimo.”—Mar 4:11.
(Baefese 1:10) bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng, e leng, ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng. E, ho eena
Jehova o Bokella Lelapa la Hae
Moshe o ile a bolella Baiseraele a re: “Jehova Molimo oa rona ke Jehova a le mong.” (De 6:4) Liketso tsa Jehova le morero oa hae lia lumellana. Kahoo, “tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng,” Molimo o ile a theha “tsamaiso”—e leng tokisetso ea ho momahanya libopuoa tsa hae tsohle tse leholimong le tse lefatšeng. (Bala Baefese 1:8-10.) Tsamaiso ena e tla phethahatsa morero oa eona ka mekhahlelo e ’meli. Mokhahlelong oa pele, Molimo o lokisetsa phutheho ea batlotsuoa hore e tle e phele leholimong moo e tla tsoela pele e sebetsa e etelletsoe pele ke Jesu Kreste. Mokhahlelo ona o ile oa qala ka Pentekonta ea 33 C.E. ha Jehova a ne a qala ho bokella batho ba neng ba tla busa le Kreste leholimong. (Lik 2:1-4) Kaha ho boletsoe hore batlotsuoa ba lokile ’me ba loketse ho phela ka lebaka la sehlabelo sa thekollo sa Kreste, baa tseba hore ba nketsoe ka lapeng e le “bana ba Molimo.”—Bar. 3:23, 24; 5:1; 8:15-17.
Mokhahlelo oa bobeli o lokisetsa batho ba tla phela Paradeiseng lefatšeng tlas’a ’Muso oa Kreste oa Bomesia. Karolo ea pele ea sehlopha sena ke ba “bongata bo boholo.” (Tše 7:9, 13-17; 21:1-5) Nakong ea Puso ea Lilemo Tse Sekete, ba tla ba le batho ba libilione ba tla tsosoa bafung. (Tše 20:12, 13) Nahana feela hore na tsoho e tla re fa menyetla e mengata hakaakang ea ho bontša hore re momahane! Qetellong ea lilemo tse sekete, “lintho tse lefatšeng” li tla lekoa ka lekhetlo la ho qetela. Batho ba tla tšepahala ba tla nkeloa ka lapeng e le “bana ba Molimo” ba lefatšeng.—Bar. 8:21; Tše 20:7, 8.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baefese 3:13) Ka lebaka leo ke le kopa hore le se ke la tela ka lebaka la matšoenyeho ana a ka molemong oa lona, kaha a bolela khanya bakeng sa lona.
U se ke Ua Lumella Letho ho U Sitisa ho Finyella Khanya
15 Ho ba le mamello ha re etsa thato ea Jehova ho thusa batho ba bang hore ba finyelle khanya. Ha Pauluse a ngolla phutheho ea Efese o ile a re: “Ke le kopa hore le se ke la tela ka lebaka la matšoenyeho ana a ka molemong oa lona, kaha a bolela khanya bakeng sa lona.” (Ef. 3:13) Matšoenyeho a Pauluse a ne “a bolela khanya” bakeng sa Baefese ka tsela efe? Ka hore ebe Pauluse o ne a ikemiselitse ho tsoela pele a sebeletsa barab’abo ho sa tsotellehe matšoenyeho, o ile a bontša Baefese hore tlotla eo ba neng ba e-na le eona hobane e le Bakreste e ne e le ntho ea bohlokoa ka ho fetisisa. Haeba Pauluse a ne a ile a tela ha a thulana le matšoenyeho, seo se ka be se ile sa fana ka maikutlo a hore kamano ea bona le Jehova, tšebeletso ea bona le tšepo ea bona e ne e se lintho tsa bohlokoa. Ho mamella ha Pauluse ho ile ha phahamisa Bokreste, ha bontša hore motho o lokela ho itella ho ba morutuoa.
(Baefese 3:19) le ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo, e le hore le ka tlala botlalo bohle boo Molimo a fanang ka bona.
“Ho Tseba Lerato la Kreste”
Lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “ho tseba” le bolela ho tseba “ka tsela e tobileng, ka phihlelo.” Ha re bontša lerato ka tsela eo Jesu a le bontšitseng ka eona—ka ho hloka boithati re itella ba bang, re ba qenehela litlhokong tsa bona, re ba tšoarela ho tsoa pelong—joale re ka utloisisa hantle maikutlo a hae. Ka tsela ena, re ba le phihlelo ea “ho tseba lerato la Kreste le fetang tsebo.” Le ka mohla a re se keng ra lebala hore ha re etsisa Kreste ka ho eketsehileng, re tla atamela haholoanyane ho eo Jesu a neng a mo etsisa ka ho phethahetseng, e leng Molimo oa rona ea lerato, Jehova.
’Malo oa Bibele
(Baefese 1:1-14) Pauluse, moapostola oa Kreste Jesu ka thato ea Molimo, ho bahalaleli ba leng Efese le ba tšepahalang bonngoeng le Kreste Jesu: 2 E se eka le ka ba le mosa o sa tšoanelang le khotso e tsoang ho Molimo Ntate le Morena Jesu Kreste. 3 Ho bokoe Molimo le Ntate oa Morena oa rona Jesu Kreste, kaha o re hlohonolofalitse ka tlhohonolofatso e ’ngoe le e ’ngoe ea moea libakeng tsa leholimo bonngoeng le Kreste, 4 feela joalokaha a ile a re khetha bonngoeng le eena pele lefatše le thehoa, e le hore re ka halalela ’me ra hloka sekoli ka pel’a hae leratong. 5 Etsoe o ile a re khetha esale pele hore re nkeloe ka lapeng re le bara ho eena ka Jesu Kreste, ho ea ka ho khahloa ha thato ea hae, 6 thorisong ea mosa oa hae o sa tšoanelang o khanyang oo ka mosa a ileng a re neha oona ka moratuoa oa hae. 7 Ka eena re na le tokollo ka thekollo ka mali a eo, e, tšoarelo ea litšito tsa rona, ho ea ka maruo a mosa oa hae o sa tšoanelang. 8 O ile a etsa hore sena se re atele ka bohlale bohle le kelello e ntle, 9 ka hore o ile a re tsebisa sephiri se halalelang sa thato ea hae. Ke ho ea ka ho khahloa ha hae hoo a ileng a ho rera ka ho eena 10 bakeng sa tsamaiso tekanyong e feletseng ea linako tse behiloeng, e leng, ho bokella lintho tsohle hape ho Kreste, lintho tse maholimong le lintho tse lefatšeng. E, ho eena, 11 eo re ileng ra boela ra abeloa ho ba majalefa bonngoeng le eena, ka hore re ile ra khethoa esale pele ho ea ka morero oa ea sebetsang lintho tsohle ho ea ka tsela eo thato ea hae e rerang ka eona, 12 e le hore re sebeletse thoriso ea khanya ea hae, rona bao re bileng ba pele ba ho ba le tšepo ho Kreste. 13 Empa le lona le ile la ba le tšepo ho eena ka mor’a hore le utloe lentsoe la ’nete, litaba tse molemo tse mabapi le poloko ea lona. Ka eena hape, ka mor’a hore le lumele, le ile la tiisoa ka moea o halalelang o tšepisitsoeng, 14 oo e leng pontšo esale pele ea lefa la rona, ka morero oa ho lokolla ka thekollo letlotlo [la Molimo], thorisong ea hae e khanyang.
LA 17-LA 23 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAEFESE 4-6
“Aparang Lihlomo Tse Feletseng Tsa Ntoa Tse Tsoang ho Molimo”
(Baefese 6:11-13) Aparang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo e le hore le ka khona ho ema le tiile khahlanong le maqiti a Diabolose; 12 hobane ha re loane le nama le mali, empa re loana le mebuso, le balaoli, le babusi ba lefatše ba lefifi lena, le makhotla a moea a khopo a leng libakeng tsa leholimo. 13 Ka lebaka lena nkang lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo, e le hore le ka khona ho hanyetsa ka letsatsi le khopo ’me, ka mor’a hore le etse lintho tsohle ka ho phethahetseng, le eme le tiile.
Bacha Itšireletseng Khahlanong le Diabolose
MOAPOSTOLA PAULUSE o ile a re bophelo ba Bakreste bo tšoana le ba masole. Leha ho le joalo, ha re loane le batho. Re loana le Satane le bademona ba hae. Le hoja re sa ba bone, ba teng ebile baa phela. Ke masole a khale a nang le boiphihlelo ba ho loana. Ka linako tse ling, ho ka bonahala eka re ke ke ra khona ho ba hlola. Bacha ke bona bao ka ho khetheha ba ka bonahalang eka ba ke ke ba hlola. Ba ka etsa’ng hore ba hlole lira tsee tse matla ho feta batho? Ba lokela ho ‘tsoela pele ho fumana matla Moreneng.’ Ba bangata ba entse joalo ’me baa atleha. Kaha ke masole, ba boetse ba ‘apara lihlomo tse feletseng tsa ntoa tse tsoang ho Molimo.’—Bala Baefese 6:10-12.
(Baefese 6:14, 15) Ka hona, le eme le tiile, matheka a lona a tlamiloe ka hohle ka ’nete, ’me le apere tšireletso ea sefuba ea ho loka, 15 le maoto a lona a roetse lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso.
Bacha Itšireletseng Khahlanong le Diabolose
Ka tsela e tšoanang, ’nete eo re ithutang eona Lentsoeng la Molimo e re sireletsa hore re se ke ra kholoa lithuto tsa bohata tse ka re etsang lira tsa Molimo. (Joh 8:31, 32; 1 Joh 4:1) Ha re ntse re rata Lentsoe la Molimo haholoanyane, ho tla ba bonolo hore re jare “tšireletso ea sefuba,” e leng ho phela ka melao ea Molimo. (Pes 111:7, 8; 1 Joh 5:3) Hape, ha re utloisisa Lentsoe la Molimo hantle, re tla ba sebete ha re bua ka lona ’me re tla hlola bahanyetsi ba rona.—1 Pe 3:15.
Melao ea Jehova e tšoana le tšireletso eo ea sefuba hobane e sireletsa lipelo tsa rona, e leng hore e tla re thusa hore re se ke ra etsa lintho tse sa khahliseng Jehova. (Lipr 4:23) Lesole le ne le ke ke la sebelisa tšireletso ea sefuba e entsoeng ka tšepe ea boleng bo tlaase. Ka tsela e tšoanang, re ke ke ra etsa lintho kamoo re batlang ebe ha re mamele tataiso ea Jehova. Lebaka ke hore ha re bohlale ho lekana hore re sireletse lipelo tsa rona. (Lipr 3:5, 6) Kahoo, kamehla re lokela ho netefatsa hore ‘litšepe tsa tšireletso ea rona ea sefuba’ li ntse li lutse hantle ’me li sirelelitse lipelo tsa rona.
Joalokaha lieta tsa lesole la Roma li ne li le thusa hore le atlehe ntoeng, maoto a rona a roala lihlomo tsa litaba tse molemo tsa khotso. (Esa 52:7; Bar 10:15) Ho ntse ho le joalo, re lokela ho ba sebete e le hore re bue le batho ka Bibele ha monyetla o hlaha. Mor’abo rona Bo ea lilemo li 20 o re: “Ke ne ke tšaba ho bua ka Bibele le bana bao ke kenang le bona ka tlelaseng. Ke ne ke soabela ho bua le bona ka eona. Empa ha ke hetla morao, kea ipotsa hore na ke ne ke soabisoa ke’ng. Hona joale ke thabela ho bua le lithaka tsa ka ka Bibele.
(Baefese 6:16, 17) Ka holim’a lintho tsohle, le nke thebe e kholo ea tumelo, eo ka eona le tla khona ho tima metsu eohle e tukang ea ea khopo. 17 Hape, le amohele helmete ea poloko, le sabole ea moea, ke hore, lentsoe la Molimo
Bacha Itšireletseng Khahlanong le Diabolose
E meng ea ‘metsu e tukang’ eo Diabolose a re betsang ka eona ke ho bua mashano ka Jehova. O batla hore re lumele hore Jehova ha a re tsotelle le hore ha ho motho ea re ratang. Morali’abo rona Ida ea lilemo li 19 o ne a e-na le bothata ba ho ikutloa a se na thuso. O re: “Hangata ke ne ke utloa eka Jehova o hole le ’na le hore e ke ke ea e-ba motsoalle oa ka.” O thusoa ke’ng hore a se ke a ikutloa joalo? O re: “Ha ke e-ba teng libokeng, tumelo ea ka ea matlafala. Leha ho le joalo, pele ke ne ke sa arabele ka libokeng, ke nka hore ha ho motho ea batlang ho utloa karabo ea ka. Empa hona joale kea lokisetsa ’me ke leka ho araba habeli kapa hararo. Le hoja ho se bonolo ho arabela, ke ikutloa ke thabile ka mor’a hore ke arabele. Hape, bara le barali babo rona baa nkhothatsa. Kamehla ha ke khutla libokeng, ke khutla ke kholisehile hore Jehova oa nthata.”
Joalokaha helmete e sireletsa boko ba lesole, “tšepo ea poloko” eo re nang le eona e sireletsa menahano ea rona. (1Th 5:8; Lipr 3:21) Tšepo e re thusa hore re lule re nahana ka litšepiso tsa Molimo, re be re talime mathata ka tsela e nepahetseng. (Pes 27:1, 14; Lik 24:15) Empa haeba re batla hore “helmete” ea rona e re sireletse, re lokela ho e roala hloohong ho e-na le hore re e tšoare ka letsoho.
Moapostola Pauluse o ile a re Lentsoe la Molimo le tšoana le sabole. Re lokela ho ithuta ho le sebelisa ka tsela e nepahetseng ha re buella tumelo ea rona kapa re lokisa tsela eo re nahanang ka eona. (2 Ko 10:4, 5; 2 Ti 2:15) U ka etsa’ng ho ntlafatsa bokhoni ba hao? Mor’abo rona Sebastian ea lilemo li 21 o re: “Ha ke ntse ke bala Bibele, ke ngola temana e le ’ngoe khaolong ka ’ngoe. Ke ngola litemana tseo ke li ratang haholo. Ha ke etsa joalo, ke hlokomela lintho tseo Jehova a li ratang. Mor’abo rona Daniel eo re buileng ka eena pejana, o re: “Ha ke ntse ke bala Bibele, ke tšoaea litemana tseo ke nahanang hore li tla thusa batho bao ke kopanang le bona tšimong. Ke hlokometse hore ba thabela ho mamela ha ba bona hore u rata Bibele ebile u kholisehile hore ke ’nete le hore u sebetsa ka thata hore u ba thuse.”
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Baefese 4:30) Hape, le se ke la soabisa moea o halalelang oa Molimo, oo le tiisitsoeng ka oona bakeng sa letsatsi la ho lokolloa ka thekollo.
it-1-E 1128 ¶3
Khalalelo
Moea o halalelang. Ke matla a Jehova a sebetsang kapa moea o laoloang ke eena, ho finyella merero eohle ea hae. O hloekile, oa halalela ’me Molimo o o sebelisetsa lintho tse molemo feela. Ke kahoo o bitsoang “moea o halalelang” kapa “moea oa khalalelo.” (Pes 51:11; Lu 11:13; Bar 1:4; Ef 1:13) Moea o halalelang o sebetsang ho motho ke matla a khalalelo kapa bohloeki. Ha motho a etsa ntho e fosahetseng kapa e sa hloekang o hanyetsa kapa o “soabisa” moea o halalelang. (Ef 4:30) Le hoja moea o halalelang e se motho, o bonahatsa seo Jehova a leng sona kahoo o ka ‘soaba.’ Ha motho a itloaetsa ho etsa lintho tse mpe o “tima mollo oa moea” o halalelang. (1Th 5:19) Haeba motho a tsoelapele ka boitšoaro boo, o utloisa moea o halalelang oa Molimo bohloko, kahoo Molimo o fetoha sera sa hae. (Esa 63:10) Motho ea soabisang moea o halalelang a ka ea boholeng ba hore a o nyefole, e leng sebe seo Jesu Kreste a ile a re se ke ke sa tšoareloa “tsamaisong ena ea lintho kapa e tlang ho tla.”—Mat 12:31, 32; Mar 3:28-30; sheba MOEA.
(Baefese 5:5) Etsoe sena lea se tseba, le se hlokomela e le lona, hore ha ho sehlola kapa motho ea sa hloekang kapa motho ea meharo, e leng ho bolelang ho ba morapeli oa litšoantšo, ea nang le lefa leha e le lefe ’musong oa Kreste le oa Molimo.
it-1-E 1006 ¶2
Meharo
E Bonahala ka Liketso. Meharo e bonahala ka tsela e hlakileng, ha motho a lakatsa ho etsa lintho tse mpe ka tsela e feteletseng. Mongoli oa Bibele Jakobo, o ile a re bolella hore ha takatso e mpe e se “e emere, e tsoala sebe”. (Jak 1:14, 15) Kahoo motho ea meharo o bonahala ka lintho tseo a li etsang. Moapostola Pauluse o bontšitse hore motho ea meharo ke “morapeli oa litšoantšo.” (Ef 5:5) Batho ba meharo ba etsa lintho tseo ba li ratang melimo oa bona, ba li beha pele ho tšebeletso eo ba lokela ho etsetsa ’Mopi oa bona.—Bar 1:24, 25.
’Malo oa Bibele
(Baefese 4:17-32) Ka hona, sena kea se bua le ho se paka Moreneng, hore le se ke la hlola le tsamaea feela joalokaha lichaba le tsona li tsamaea ho se ruiseng molemo ha likelello tsa tsona, 18 ha li ntse li le lefifing likelellong, ’me li arohile bophelong ba Molimo, ka lebaka la ho hloka tsebo ho leng ho tsona, ka lebaka la ho hloka boikutlo ha lipelo tsa tsona. 19 E le tse feletsoeng ke kutlo eohle ea boitšoaro, li ineheletse boitšoaro bo hlephileng ho sebetsa ho se hloeke ha mofuta o mong le o mong ka meharo. 20 Empa ha lea ithuta Kreste a le joalo,21 sebele, hafeela le ile la mo utloa ’me la rutoa ho sebelisoa eena, feela joalokaha ’nete e le ho Jesu, 22 e le hore le lahle botho ba khale bo lumellanang le tsela ea lona ea pele ea boitšoaro le bo ntseng bo bolisoa ho ea ka litakatso tsa bona tse thetsang; 23 empa hore le nchafale matleng a susumetsang likelello tsa lona, 24 le hore le apare botho bo bocha bo ileng ba boptjoa ho ea ka thato ea Molimo ho lokeng ha ’nete le botšepehing. 25 Ka lebaka leo, kaha joale le lahlile leshano, e mong le e mong oa lona a bue ’nete le moahelani oa hae, hobane re litho ba bang tsa ba bang. 26 Halefang, leha ho le joalo le se ke la etsa sebe; letsatsi le se ke la le likella le halefile, 27 hape le se ke la lumella Diabolose sebaka. 28 Ea utsoang a se ke a hlola a utsoa, empa ho e-na le hoo, a sebetse ka thata, a etse mosebetsi o molemo ka matsoho a hae, e le hore a ka ba le ho hong hoo a ho abelang ea hlokang. 29 Polelo e bolileng e se ke ea tsoa melomong ea lona, empa ho tsoe polelo efe kapa efe e molemo bakeng sa ho haha kamoo tlhokahalo e ka bang kateng, e le hore e ka fana ka se molemo ho ba e utloang. 30 Hape, le se ke la soabisa moea o halalelang oa Molimo, oo le tiisitsoeng ka oona bakeng sa letsatsi la ho lokolloa ka thekollo. 31 Lehloeo le nang le lonya le bohale le khalefo le ho tleroha le puo e nyefolang li ke li tlosoe tsohle ho lona hammoho le bobe bohle. 32 Empa le bontšane mosa, le be le qenehelo e bonolo, le tšoarelane ka bolokolohi feela joalokaha Molimo le eena ka Kreste a ile a le tšoarela ka bolokolohi.
LA 24-LA 30 JUNE
MATLOTLO A TSOANG BIBELENG | BAFILIPI 1-4
“Le se ke la Tšoenyeha ka Letho”
(Bafilipi 4:6) Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likopo tsa lona tse matla li ke li tsebisoe Molimo;
‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’
Ke’ng e ka re thusang hore re se ke ra tšoenyeha ka letho ’me re be le “khotso ea Molimo”? Pauluse o ile a bolella Bafilipi hore ba ka thusoa ke ho rapela. Kahoo, ha re tšoenyeha, re lokela ho rapela Jehova re mo bolelle lintho tse re tšoenyang. (Bala 1 Petrose 5:6, 7.) Re lokela ho ba le tumelo ho Jehova hobane oa re tsotella. Ha re mo rapela, re lokela ho mo leboha ka lintho tse molemo tseo a re etselitseng tsona. Re tla mo tšepa haholoanyane ha re lula re hopola hore a ka ‘etsa ka ho fetisisang ho feta lintho tsohle tseo re li kopang kapa re li nahanang.’—Ef 3:20.
(Bafilipi 4:7) ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lona le matla a lona a kelello ka Kreste Jesu.
‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’
Ha Bakreste ba Filipi ba bala lengolo le tsoang ho Pauluse, e ka ’na eaba ba ile ba hopola mehlolo eo Molimo a ileng a e etsa e le hore a mo thuse. Pauluse o ne a ba rutile’ng? O ne a ba rutile hore ba se ke ba tšoenyeha le hore ba rapele Molimo ’me ba ne ba tla ba le khotso. Empa Pauluse o ile a re ‘khotso ea Molimo e feta monahano oohle.’ O ne a bolela’ng? Bafetoleli ba bang ba Bibele ba re khotso ea Molimo “e feta litoro tsohle tsa rona” kapa “e molemo ho feta lintho tseo batho ba ka li rerang.” Kahoo, Pauluse o ne a bolela hore “khotso ea Molimo” e molemo ho feta kamoo re ka nahanang kateng. Le hoja re ke ke ra tseba hore na re tsoa le hokae ha mathata a re hloele setha, Jehova eena oa tseba ebile a ka etsa lintho tseo re sa li lebellang.—Bala 2 Petrose 2:9.
‘Khotso ea Molimo e Feta Monahano Oohle’
Ho tla etsahala’ng ha re e-ba le “khotso ea Molimo e fetang monahano oohle”? Bibele e re khotso eo ‘e tla lebela lipelo tsa rona le matla a rona a kelello ka Kreste Jesu.’ (Fil 4:7) Lentsoe la Seheberu le bolelang ho “lebela” le ne le sebelisoa haholo ha ho buuoa ka masole a neng a fuoe mosebetsi oa ho lebela motse mehleng ea khale. Motse oa Filipi o ne o lebeloa ke masole. Baahi ba motse oa Filipi ba ne ba robala thoichalala! bosiu, hobane ba tseba hore sehlopha sa masole se eme likeiting tsa motse ho o sireletsa. Kahoo, le rona ha re e-na le “khotso ea Molimo,” re tla lula re phutholohile hobane rea tseba hore Jehova oa re tsotella ebile o batla hore re atlehe bophelong. (1 Pe 5:10) Ka lebaka leo, ha se habonolo re tla nyahama kapa hona ho tšoenyeha.
Batlisisa Matlotlo a Patiloeng
(Bafilipi 2:17) Ho sa tsotellehe seo, esita le haeba ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno holim’a sehlabelo le tšebeletso ea phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho eona, kea nyakalla ’me ke thaba le lona kaofela.
it-2-E 528 ¶5
Nyehelo
Nyehelo ea Seno. Ho ne ho fanoa ka linyehelo tsa seno ka nako e le ’ngoe le linyehelo tse ling, haholo-holo ka mor’a hore Baiseraele ba lule Naheng e Tšepisitsoeng. (Nu 15:2, 5, 8-10) Nyehelo ena e ne e akarelletsa veine (“joala bo tahang”) hape e ne e tšeloa holim’a aletare. (Nu 28:7, 14; bapisa le Ex 30:9; Nu 15:10.) Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Filipi a re: “Haeba ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno holim’a sehlabelo le tšebeletso ea phatlalatsa eo tumelo e le isitseng ho eona, kea nyakalla.” Mona, o ile a sebelisa tšoantšetso ea nyehelo ea seno e le ha a bontša boikemisetso ba hae ba ho itella Bakreste ’moho le eena. (Fil 2:17) Pelenyana ho lefu la hae, o ile a ngolla Timothea a re: “Ke ntse ke tšolloa joaloka nyehelo ea seno, ’me nako e loketseng ea ho lokolloa ha ka e haufi.”—2Ti 4:6.
(Bafilipi 3:11) ho bona haeba ka mokhoa leha e le ofe nka fihlela tsoho ea pejana bafung.
‘Tsoho ea Pele’—E Ntse e Tsoela Pele!
Joale, litho tse tlotsitsoeng tsa “Iseraele ea Molimo” li lokela ho ba le Morena Jesu Kreste khanyeng ea leholimo, moo li “tla ba le Morena kamehla.” (Bagalata 6:16; 1 Bathesalonika 4:17) Ketsahalo eo e bitsoa “tsoho ea pejana” kapa ‘tsoho ea pele.’ (Bafilipi 3:10, 11; Tšenolo 20:6) Ha tsoho eo e se e phethiloe, e tla be e le nako ea hore batho ba limilione ba tsosetsoe lefatšeng ba e-na le tšepo ea ho fumana bophelo bo sa feleng Paradeiseng. Kahoo, ho sa tsotellehe hore na re na le tšepo ea ho ea phela leholimong kapa lefatšeng, re thahasella haholo ho tseba ka ‘tsoho ea pele.’ Ke tsoho ea mofuta ofe? E etsahala neng?
’Malo oa Bibele
(Bafilipi 4:10-23) Ke thaba haholo Moreneng hore joale qetellong le tsosolositse ho nahana ha lona molemong oa ka, hoo ka sebele le neng le nahana ka hona, empa la hloka monyetla. 11 Eseng hore ke bua mabapi le ho ba ea hlokang, kaha maemong afe kapa afe ao ke leng ho ’ona, ke ithutile ho khotsofala. 12 Ka sebele ke tseba ho haelloa ke lijo, ke tseba ho ba le ho hongata haholo. Nthong e ’ngoe le e ’ngoe le maemong ’ohle ke ithutile sephiri sa ho khora hammoho le ho lapa, ho ba le ho hongata haholo le ho hloka. 13 Bakeng sa lintho tsohle ke na le matla ka lebaka la ea mphang bonatla. 14 Leha ho le joalo, le entse hantle ka ho kopanela le ’na matšoenyehong a ka. 15 Ha e le hantle, lona Bafilipi, hape lea tseba hore qalong ea ho bolela litaba tse molemo, ha ke tloha Macedonia, ha ho phutheho e ileng ea nka karolo le ’na tabeng ea ho fana le ho amohela, haese lona le le bang; 16 hobane, esita le Thesalonika, le ile la nthomella ho hong hang le ka lekhetlo la bobeli bakeng sa seo ke se hlokang. 17 Eseng hore ke batla mpho ka tieo, empa hore ka tieo ke batla litholoana tse tlisang kekeletso e kholo tlalehong ea lona. 18 Leha ho le joalo, ke na le lintho tsohle ka botlalo ’me ke na le ho hongata haholo. Ke tletse, kaha joale ke amohetse ho Epafroditase lintho tse tsoang ho lona, monko o lephoka le monate, sehlabelo se amohelehang, se khahlisang haholo ho Molimo. 19 Ka mor’a moo, Molimo oa ka o tla fana ka botlalo ka sohle seo le se hlokang ho isa tekanyong ea maruo a hae khanyeng ka Kreste Jesu. 20 Joale ho Molimo le Ntat’a rona e be khanya ka ho sa feleng le kamehla. Amen. 21 Ntumelisetseng mohalaleli e mong le e mong ea bonngoeng le Kreste Jesu. Barab’eso ba nang le ’na ba le romela litumeliso. 22 Bahalaleli bohle, empa haholo-holo ba ntlo ea Cesare, ba le romela litumeliso. 23 Mosa o sa tšoanelang oa Morena Jesu Kreste o be le moea oo le o bontšang.