Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 3. Motho o lokela ho etsa’ng pele a kolobetsoa?

      Pele u kolobetsoa ho bohlokoa hore u ithute ka Jehova le hore u be le tumelo e matla ho eena. (Bala Baheberu 11:6.) Ha u ntse u tsoela pele ho ithuta ka Jehova haholoanyane ’me tumelo ea hao e e-ba matla, u tla mo rata le ho feta. Ha ho pelaelo hore u tla batla ho bolella batho ba bang ka eena le ho phela ka melao ea hae. (2 Timothea 4:2; 1 Johanne 5:3) Ha motho a ‘tsamaea ka mokhoa o tšoanelang Jehova e le hore a mo khahlise ka botlalo,’ a ka batla ho nehela bophelo ba hae ho Molimo ’me a kolobetsoe.​—Bakolose 1:​9, 10.a

  • Ho Kolobetsoa ke Qeto e Molemo eo U ka e Etsang
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • a Haeba motho a ile a kolobetsoa bolumeling bo bong, o tla lokela ho kolobetsoa hape. Hobane’ng? Hobane bolumeli boo bo ne bo sa rute ’nete e ka Bibeleng.​—Sheba Liketso 19:​1-5 le Khaolo ea 13.

  • Na U se U Itokiselitse ho Kolobetsoa?
    U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
    • 1. U tlameha u tsebe Bibele hakae pele u kolobetsoa?

      E le hore u kolobetsoe, u lokela ho ba le ‘tsebo e nepahetseng ea ’nete.’ (1 Timothea 2:4) Sena ha se bolele hore pele u kolobetsoa u lokela hore u tsebe karabo ea potso e ’ngoe le e ’ngoe eo batho ba ka u botsang eona ka Bibele. Le Bakreste ba seng ba e-na le nako e telele ba kolobelitsoe ba tsoela pele ho ithuta. (Bakolose 1:​9, 10) Empa u lokela hore u utloisise lithuto tsa motheo tsa Bibele. Baholo ba phutheho ba tla u thusa ho bona hore na u na le tsebo e lekaneng.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela