-
Lelapa la Hao le ka Thaba Joang?—Karolo ea 1U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
Ha ho na lenyalo le se nang mathata. Kahoo banyalani ba lokela ho sebetsa ’moho hore ba a hlole. Bapala VIDEO ebe le buisana ka lipotso tse latelang.
Videong ee, ke lintho life tse bontšitseng hore banyalani bao ba ne ba se ba sa ratane joaloka pele?
Ke lintho life tseo ba ileng ba li etsa ho matlafatsa lenyalo la bona?
Bala 1 Bakorinthe 10:24 le Bakolose 3:13 ebe le buisana ka potso ena:
Ho mamela keletso ee ho ka matlafatsa lenyalo joang?
Bibele e re re lokela ho hlomphana. Ho hlompha motho ho bolela ho mo tšoara ka tsela e mosa le e mo sielang seriti. Bala Baroma 12:10 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Na monna kapa mosali o lokela ho emela molekane oa hae hore a mo hlomphe pele? Ke hobane’ng ha u cho joalo?
-
-
Etsa Hore ho Lule ho E-na le Bonngoe ka PhuthehongU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
3. U ka etsa’ng haeba ho bile le ho se utloane lipakeng tsa hao le Mokreste-’moho?
Le hoja re le bonngoeng, ha rea phethahala. Ka lebaka leo, ka linako tse ling re utloisana bohloko. Ke kahoo Lentsoe la Molimo le reng: “Tsoelang pele . . . le tšoarelana,” hape le re: “Joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lona.” (Bala Bakolose 3:13.) Re utloisa Jehova bohloko hangata, leha ho le joalo oa re tšoarela. Kahoo o lebeletse hore le rona re tšoarele bara le barali ba bo rona. Ha u hlokomela hore u utloisitse motho e mong bohloko, etsa boiteko ba ho lokisa litaba le eena.—Bala Matheu 5:23, 24.b
-
-
Etsa Hore ho Lule ho E-na le Bonngoe ka PhuthehongU ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
5. Tšoarela ka bolokolohi ’me u bope khotso
Jehova o re tšoarela ka bolokolohi le hoja ho se mohla a tla hloka hore re mo tšoarele. Bala Pesaleme ea 86:5 ebe le buisana ka lipotso tsena:
Jehova o re tšoarela haholo hakae?
Ke hobane’ng ha u ananela hore ebe oa re tšoarela?
Ke maemo afe a ka etsang hore ho be thata hore re utloane le batho ba bang?
Ke joang re ka etsisang Jehova ’me ra ba bonngoeng le bara le barali ba bo rona? Bala Liproverbia 19:11 ebe le buisana ka potso ena:
Haeba motho a u tena kapa a u utloisa bohloko, u ka etsa’ng hore u lokise boemo boo?
Ka linako tse ling re utloisa batho ba bang bohloko. Re lokela ho etsa’ng ha ho le joalo? Bapala VIDEO ebe le buisana ka potso e latelang.
Videong ee, morali oa bo rona o ile a etsa’ng hore a bope khotso?
-