Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g21 no. 1 maq. 6-7
  • Tataiso e re Thusang Hore re Phelisane ka Khotso le Batho ba Bang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Tataiso e re Thusang Hore re Phelisane ka Khotso le Batho ba Bang
  • Tsoha!—2021
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Tšoarela Batho ba Bang
  • E-ba Motho ea Ikokobelitseng le ea Hlomphang
  • U se ke oa ba Leeme
  • E-ba Bonolo
  • E-ba Motho ea Fanang le ea Ananelang
  • Batho ba Fanang Baa Thaba
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2018
  • E-ba Seatla se Bulehileng
    Tsoha!—2025
  • ‘Tsoelang Pele ho Tšoarelana ka Bolokolohi’
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Tšoarelanang ka Bolokolohi
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
Bala Tse Ling
Tsoha!—2021
g21 no. 1 maq. 6-7
Lelapa le memme batho hore ba tl’o ja lijo tsa mantsiboea le lona.

Tataiso e re Thusang Hore re Phelisane ka Khotso le Batho ba Bang

’Mopi oa rona oa re bolella hore na ke joang re ka phelisanang le batho ba bang ka khotso, ebang ke batho bao re phelang le bona hae, bao re sebetsang le bona kapa metsoalle ea rona. Bona mehlala ea keletso ea hae e bohlale eo batho ba bangata ba ileng ba atleha ha ba e sebelisa.

Tšoarela Batho ba Bang

“Tsoelang pele . . . ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong.”​—BAKOLOSE 3:13.

Kaofela re etsa liphoso. Re ka utloisa batho ba bang bohloko kapa bona ba re utloisa bohloko. Taba ena e bolela hore kaofela re lokela ho tšoarela batho ba bang ’me le bona ba re tšoarele. Ha re tšoarela batho ba bang, re khaotsa ho ba jara ka pelo. Ha re ‘busetse bobe ka bobe’ ebile ha re lule re hopotsa motho liphoso le mefokolo ea hae. (Baroma 12:​17) Empa re lokela ho etsa’ng haeba motho e mong a re utloisitse bohloko haholo ’me re lula re nahana ka ntho eo a re entseng eona? Boemong boo re lokela ho buisana le motho eo ka tlhompho moo re leng bang. Ntho eo re batlang ho e finyella ke ho bopa khotso, eseng ho bontša motho e mong hore o fositse ’me rona re nepile.​—Baroma 12:18.

E-ba Motho ea Ikokobelitseng le ea Hlomphang

‘Ka ho ikokobetsa kelellong le nke hore ba bang ba le phahametse.’​—BAFILIPI 2:3.

Ha re ikokobelitse ebile re hlompha, batho ba bang ba thabela ho ba le rona. Baa tseba hore re tla ba mosa re be re ba nahanele le hore re ke ke ra ba utloisa bohloko ka boomo. Empa haeba re inka re phahametse batho ba bang kapa re lula re hatella hore lintho li etsoe ka tsela eo re batlang ka eona, re tla etsa hore ho be le likhohlano ebile re tla etsa hore batho ba se ke ba ikutloa ba phutholohile ha ba e-na le rona. Batho ba tla re qoba ’me ho tla ba thata hore re be le metsoalle.

U se ke oa ba Leeme

“Molimo ha a leeme, empa sechabeng se seng le se seng motho ea mo tšabang le ea sebetsang ho loka oa amoheleha ho eena.”​—LIKETSO 10:​34, 35.

’Mopi oa rona ha a nke batho ba bang ba le bohlokoa ho feta ba bang ka lebaka la linaha tseo ba tsoang ho tsona, puo ea bona, maemo a bona sechabeng kapa ’mala oa bona. “O entse ho tsoa mothong a le mong sechaba se seng le se seng sa batho.” (Liketso 17:​26) Taba ena e bolela hore batho kaofela ke bana ba motho. Ha re tšoara batho bohle ka tlhompho le ka mosa, re etsa hore ba thabe, le rona rea thaba ebile re thabisa ’Mopi oa rona.

E-ba Bonolo

“Le ikapese . . . bonolo.”​—BAKOLOSE 3:12.

Ha re le batho ba bonolo, re etsa hore batho ba bang ba ikutloe ba phutholohile. Ba ikutloa ba lokolohile ho bua le rona le ho re bontša liphoso tsa rona hobane baa tseba hore ha re na halefa. Ha motho e mong a re buisa a halefile, re ka mo theola bohale haeba re mo araba ka bonolo. Liproverbia 15:1 e re: “Karabo, ha e le bonolo, e leleka khalefo, empa lentsoe le utloisang bohloko le baka bohale.”

E-ba Motho ea Fanang le ea Ananelang

“Ho fana ho tlisa thabo e kholo ho feta ho amohela.”​—LIKETSO 20:35.

Kajeno batho ba bangata ba meharo ebile ba inahana bobona feela. Empa re ka thaba e le kannete haeba re fana. (Luka 6:​38) Batho ba fanang ba thabile hobane ba rata batho ho feta lintho tseo ba nang le tsona. Lerato leo le etsa hore e be batho ba ananelang ’me ba bontše kananelo ha motho e mong a ba fa ntho e itseng. (Bakolose 3:​15) Ipotse, ‘Na ke rata ho ba le batho ba sa faneng le ba se nang kananelo kapa ke rata ho ba le batho ba fanang ebile ba e-na le kananelo?’ Re ithuta’ng tabeng ee? E-ba seo u batlang hore batho ba bang ba be sona.​—Matheu 7:12.

Ha ke sa Khella Batho ba Bang Tlaase

“Mangolo a re: ‘Le nahanele ba bang ka tsela e tšoanang le eo le inahanelang ka eona . . . Le se ke la ba masene mahlong a lona.’ ” (Baroma 12:​16) “Keletso ena e nthusitse hore ke loantše boikhohomoso le mokhoa oa ho khella batho tlaase. Hona joale ha ke sa nka morabe oa heso o phahametse merabe e meng, ebile ha ke sa khella batho ba bolumeli bo bong tlaase. Hape ke se ke le motho ea nang le botsoalle ebile ke se ke lumelisa le batho ba bang.”​—Asha.

Asha.

Ithute haholoanyane:

E le hore u fumane likeletso tse ling tse ka u thusang ho ntlafatsa likamano tsa hao le batho ba bang, kena ho jw.org/st ’me u ee ho LITHUTO TSA BIBELE > KHOTSO LE THABO > LIKAMANO.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela