Batho ba Rutiloeng ho ba le Lerato
LERATO ke boikutlo bo mofuthu bo tlisoang ke kamohelo, ketso e mosa kapa ho ba le lithahasello tse tšoanang. Lerato ke kamano e mofuthu. Ha le na boithati, le tšepahala ka ho sa sekisetseng, ’me le bontša ho ameha ka ba bang ka ketso e mosa. Lerato le fapane ka ho feletseng le lehloeo. Motho ea susumetsoang ke lehloeo o qetoa ke maikutlo a hae; ea susumetsoang ke lerato o nahana ka ba bang.
Lerato kapa lehloeo—ke hofe ho laolang bophelo ba hao? Ena hase potso feela tjee e se nang molemo kaha bokamoso ba hao ba ka ho sa feleng bo itšetlehile ka karabo ea eona. Le hoja ba phela lefatšeng le rutiloeng lehloeo, batho ba limilione ba ithuta ho ba le lerato. Sena ba se etsa ka ho apara botho bo bocha. Hase feela hore ba bua ka ho ba le lerato; ba ikitlaelletsa ho le sebelisa.
Haeba u kile ua ba teng sebokeng sa Lipaki tsa Jehova, e ka ’na eaba u ile ua khahloa ke seo u se boneng. Ho sa tsotellehe hore na ke tsa sechaba sefe, Lipaki tsa Jehova li kopane borapeling. Li theha mokhatlo oa sebele oa bara ba motho. Sena se ka bonoa liphuthehong le likopanong tsa tsona tsa sebaka ka seng empa mohlomong haholo-holo libakeng tseo li li bitsang malapa a Bethele. Tsena ke lihlopha tsa baithaopi ba phelang le ho sebetsa ’moho e le lelapa, ho hlahiseng le ho abeng likhatiso tsa Bibele. Naheng e ’ngoe le e ’ngoe, ba bang ba bona ba hlokomela mosebetsi o etsoang ke Lipaki tsa Jehova moo. Ena hase tšebetso e fokolang, kaha e akarelletsa liphutheho tse fetang 82 000 linaheng tse 233—ka 1997. E le ho finyella tlhoko ena, batho ba fetang 16 000 ba sebeletsa malapeng a Bethele lefatšeng ho pota, ho akarelletsa le ntlo-khōlō ea lefatše le mehahong ea makala a manyenyane a sa tšoaneng linaheng tse 103.
Boholo ba malapa a Bethele a entsoe ka baahi ba naha eo ofisi ea lekala leo e leng ho eona. Empa eseng ka bona feela. Malapa a mang a Bethele a entsoe ka Lipaki tse tsoang lichabeng tse sa tšoaneng, merabeng kapa mefuteng e sa tšoaneng ea morabe ’me pele li ne li e-na le limelo tse fapaneng tsa bolumeli. Ka mohlala, lelapa le leng la Bethele le nang le batho ba ka bang 1200 le Selters, Jeremane, ke la batho ba tsoang lichabeng tse ka bang 30. Ke’ng se ba nolofalletsang ho phela, ho sebetsa le ho rapela ’moho ka khotso le ka bonngoe, tikolohong ee e se nang lehloeo? Ba latela keletso ea Bibele e ho Bakolose 3:14, e reng:
“Le Ikapese Lerato”
Ha ho motho ea tsoetsoeng a apere, leha e le hore ho na le motho ea aparang ka ho bua ka ho apara feela. Ho ikapesa ho akarelletsa ho etsa liqeto tse hlakileng le ho etsa boiteko bo matla ba ho li phethahatsa. Ka ho tšoanang, ha ho motho ea tsoetsoeng a apere lerato. Ho bua ka lona feela ha hoa lekana. Ho hlokahala boiteko.
Liaparo li sebeletsa merero e mengata. Li sireletsa ’mele, li pata likarolo tse sa rateheng tsa ’mele kapa mefokolo, ’me ho isa bohōleng bo itseng li senola botho ba motho. Ho joalo le ka lerato. Le sebeletsa e le tšireletso kaha ho rata melao-motheo e lokileng le botsoalle bo botle ho susumelletsa motho ho qoba botsoalle kapa libaka tse ka bang kotsi. Le sebeletsa ho sireletsa likamano tsa botho, tseo e lokelang ho ba tsa bohlokoa ho rōna. Motho ea ratang ba bang ho ka etsahala hore le eena a ratoe ke ba bang ka ho tšoanang, ’me ea qobang ho ntša ba bang kotsi ho ka etsahala hore le eena a se ke a ntšoa kotsi.
Lerato le boetse le pata litšobotsi tse sa rateheng tsa botho ba rōna, tse ka ’nang tsa ipaka e le tse tšoenyang batho ba bang. Na hase ’nete hore re na le tšekamelo ea ho tlōlisa mahlo liphoso tse fokolang tsa batho ba nang le lerato ho e-na le tsa batho ba ikhohomosang, ba ikakasang, ba inahanang bobona le ba hlokang lerato?
Batho ba ikapesang lerato ba senola botho bo botle bo kang ba Kreste. Le hoja botle ba ’mele bo le letlalong feela, botle ba moea bo mothong ka kakaretso. Mohlomong u tseba batho bao u nkang hore ba batle, eseng ka lebaka la ponahalo ea bona ea ’mele, empa ka lebaka la botho ba bona bo hlileng bo leng mofuthu. Ka lehlakoreng le leng, ba bangata ba rōna re tseba basali kapa banna ba litšobotsi li ntle bao re sa kang ra khahloa ke bona hang feela ha botho ba bona ba sebele bo hlahella. Ke ho khathollang hakaakang ho ba haufi le batho ba ikapesitseng lerato!
Ho Nkela Lehloeo Sebaka ka Lerato
Hore lehloeo le ka nkeloa sebaka ke lerato ho ile ha bontšoa patlisisong e entsoeng ka 1994 ho Lipaki tsa Jehova tse 145 958 tsa Jeremane.
Ho noa ho tlōlisang, tšebeliso e mpe ea lithethefatsi, tlōlo ea molao, papali ea chelete le boitšoaro ba botlokotsebe kapa bo mabifi kaofela, ka litsela tse sa tšoaneng, li bontša boithati, bo ka fehlang lehloeo habonolo. Empa karolo ea 38,7 lekholong ea bao ho buisanoeng le bona e boletse hore e le hore ba finyelle litekanyetso tse phahameng tsa Bibele tse buelloang ke Lipaki, ba ile ba hlōla bothata bo le bo bong kapa a ’maloa mathateng ana. Ho rata Molimo le litekanyetso tsa hae tse lokileng tsa boitšoaro ho ile ha ba susumelletsa ho etsa seo. Lipaki tsa Jehova li ile tsa fana ka thuso e lerato, hangata e le ho batho ka bomong. Lilemong tse hlano tse fetileng (1992-1996), batho ba 1616 894 ba linaheng tse 233 ba ile ba thusoa ho etsa liphetoho, ba hlōla lehloeo ka matla a lerato le phahametseng tsohle.
Ka ho sebelisa lerato le se nang boithati manyalong a tsona, Lipaki tsa Jehova li atleha ho ba le manyalo a tsitsitseng. Linaheng tse ling manyalong a mang le a mang a mabeli kapa a mararo le le leng le fella ka tlhalo. Empa patlisiso e boletsoeng ka holimo e bontša hore hona joale ke karolo ea 4,9 lekholong feela ea Lipaki tse boemong ba tlhalo kapa tse arohaneng le balekane ba tsona. Leha ho le joalo, ke habohlokoa ho hopola hore boholo ba palo ea bana ke ba hlalileng pele e e-ba Lipaki tsa Jehova.
Kaha Molimo ea lerato ke Morupeli e Moholo ea rutang ba mo ratang litsela tsa hae, Lipaki tsa Jehova li isa lerato la tsona ho eena, pele ho tsohle. Ho fapana le batho ba bang, bao e ka ’nang eaba ke “ba ratang menyaka ho e-na le ba ratang Molimo,” Lipaki tsa Jehova li beha Molimo sebakeng sa pele. (2 Timothea 3:4) Ho fapana le litsela tsa lefatše lena le se nang molao, Paki e tloaelehileng e qeta lihora tse 17,5 beke e ’ngoe le e ’ngoe mesebetsing ea bolumeli. Ho hlakile hore Lipaki li na le likelello tse sekametseng linthong tsa moea. Ke sona se li etsang hore li thabe. Jesu o ile a re: “Ho thaba ba elang hloko tlhoko ea bona ea moea, kaha ’muso oa maholimo ke oa bona.”—Matheu 5:3.
Mongoli oa Pesaleme ea 118 o re mohlanka oa ’nete oa Molimo ha ho hlokahale hore a tšabe batho. “Jehova o nkemetse; ha ke tšabe letho, motho a ka nketsa’ng?” (Temaneng ea 6) Ho beha tšepo e feletseng ho Molimo ho tlosa sesosa se seng sa ho hloea le ho tšaba batho ba bang.
Mokreste, ha a tseba hore Molimo ‘o lieha ho halefa, o tletse mohau le ’nete,’ o tla loanela ho tlosa bohale bophelong ba hae, kaha bo ka tlatsetsa ho bakeng lehloeo. Ho hlaolela litholoana tsa moea oa Molimo, tse akarelletsang bonolo le boitšoaro, ho tla mo thusa ho finyella sena.—Pesaleme ea 86:15; Bagalata 5:22, 23.
Mokreste oa ’nete o ikokobelitse ’me ha a inahane ho tlōlisa kamoo a lokelang kateng. (Baroma 12:3) O hlaolela lerato litšebelisanong tsa hae le ba bang. Ho fapana le lehloeo, lerato “ha le halefe. Ha le boloke tlaleho ea se kotsi.”—1 Bakorinthe 13:5.
Ka sebele, ho tšaba, ho halefa, kapa ho ba le boikutlo ba tahlehelo ho ka baka lehloeo bathong. Empa lerato, ka ho nkela lehloeo sebaka, lea hlōla. Ka sebele, lerato ke tšusumetso e matla ka ho fetisisa bokahohleng kaha “Molimo ke lerato.”—1 Johanne 4:8.
Haufinyane Lehloeo le Tla Fella Ruri
Kaha hase karolo ea botho ba Jehova Molimo, boithati le lehloeo li ke ke tsa tsoela pele ka ho sa feleng. Ntle ho pelaelo, li tlameha ho tlosoa, ’me li nkeloe sebaka ke lerato, le tlang ho tsoela pele ka ho sa feleng. Haeba u lakatsa ho phela lefatšeng le se nang lehloeo le le tletseng lerato, e-re Lipaki tsa Jehova li u hlalosetse ho tsoa Bibeleng se hlokahalang bakeng sa ho phelela ho le bona.
E, e ka ba hantle hore e mong le e mong oa rōna a ipotse, ‘Ke tšobotsi efe e laolang bophelo ba ka, lerato kapa lehloeo?’ Ena hase potso feela tjee e se nang molemo. Motho ea latelang mohanyetsi oa Molimo, molimo ea lehloeo, a ke ke a phela halelele. Motho ea latelang Jehova, Molimo ea lerato, o tla phela ka ho sa feleng!—1 Johanne 2:15-17.
[Setšoantšo se leqepheng la 10]
Esita le hona joale batho ba ka ikapesa lerato