-
U ka Bolella Batho ba Bang Litaba Tse Tsoang ka Bibeleng Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
1. U ka etsa’ng hore u bolelle batho bao u ba tsebang lintho tseo u ithutileng tsona?
Barutuoa ba Jesu ba ile ba re: “Re ke ke ra khaotsa ho bua ka lintho tseo re li boneng le tseo re li utloileng.” (Liketso 4:20) Ba ne ba rata lintho tseo ba ithutileng tsona hoo ba neng ba batla ho li bolella batho ba bangata kahohle kamoo ba ka khonang. Na le uena u ikutloa ka tsela ee? Haeba ho joalo, batla menyetla ea hore ka tlhompho u bolelle ba lelapa le metsoalle ea hao hore na u ithutile’ng.—Bala Bakolose 4:6.
Tse ling tsa lintho tse tla u thusa hore u qalelle ho bua le ba bang
Ha u bua le ba lelapa, qala moqoqo oa Bibele ka ho re: “Ho na le ntho e thabisang eo ke ithutileng eona bekeng ena.”
Bolella motsoalle oa hao ea tšoenyehileng kapa ea kulang ka lengolo le khothatsang la Bibele.
Ha batho bao u sebetsang le bona ba u botsa hore na u ntse u ea joang, ba bolelle seo u ithutileng sona ha u ntse u ithuta Bibele kapa ha u le libokeng.
Bontša metsoalle ea hao websaete ea jw.org.
Mema batho ba bang hore ba be teng nakong eo le ithutang Bibele kapa u ba bontše hore na ba ka etsa kopo ea ho ithuta Bibele joang ho jw.org.
-
-
U ka Bolella Batho ba Bang Litaba Tse Tsoang ka Bibeleng Joang?U ka Thaba ka ho sa Feleng!—Lenaneo la ho Ithuta Bibele
-
-
4. Bua ka tlhompho
Ha u bua le batho ba bang ka Bibele, nahana ka hore na u tl’o re’ng le hore na u tl’o bua joang ka tsela e bontšang tlhompho. Bala 2 Timothea 2:24 le 1 Petrose 3:15 ebe le buisana ka lipotso tse latelang:
U ka sebelisa litemana tsee joang haeba u bua le batho ba bang ka Bibele?
Ba lelapa kapa metsoalle ea hao ba ka ’na ba se lumellane le uena. U lokela ho etsa’ng? Ha oa lokela ho etsa’ng?
Ke hobane’ng ha ho ka ba molemo hore u ba botse lipotso ka bohlale ho e-na le ho ba qobella hore ba lumellane le uena?
-