“Seo le se Buang Kamehla e ke e be . . . se Nōkiloeng ka Letsoai”
1. Ho ‘nōka seo re se buang ka letsoai’ ho bolela’ng?
1 “Seo le se buang kamehla e ke e be se nang le mosa, se nōkiloeng ka letsoai, e le hore le tsebe kamoo le tšoanelang ho fana ka karabo ho e mong le e mong.” (Bakol. 4:6) Ho nōka seo re se buang ka letsoai ho bolela ho khetha mantsoe a nepahetseng le ho bua ka tsela e tla etsa hore lipuo tsa rōna li natefele motho eo re buang le eena. Ho etsa joalo ha re le tšimong ke habohlokoa haholo.
2. Jesu o ile a khona joang ho pakela mosali oa Mosamaria?
2 Mohlala oa Jesu: Ha Jesu a ntse a phomotse pel’a seliba, o ile a ithaopela ho bua le mosali oa Mosamaria ea neng a tlil’o kha metsi. Ka makhetlo a ’maloa ha ba ntse ba buisana, mosali enoa o ile a bua ka bora bo tsoetseng pele ka nako e telele pakeng tsa Bajuda le Basamaria. Hape o ile a bontša hore oa lumela hore Basamaria ke litloholo tsa Jakobo, le hoja Bajuda ba ne ba e-na le tumelo e matla ea hore Basamaria ke litloholo tsa balichaba. Ho e-na le ho mo hanyetsa, Jesu o ile a tsoela pele ho buisana le eena ka lintho tse molemo. Ka lebaka leo, o ile a khona ho fana ka bopaki bo ileng ba ruisa mosali enoa molemo hammoho le banna ba motse.—Joh. 4:7-15, 39.
3. Re ka latela mohlala oa Jesu joang ha re le tšimong?
3 Ha re ntse re bolela re lokela ho hopola pakane ea rōna—e leng ho ‘bolela litaba tse molemo tsa lintho tse molemo.’ (Bar. 10:15) Re batla ho bolella mong’a ntlo taba e ipiletsang le e hahang e tsoang Bibeleng, re sa etse hore a be le maikutlo a hore re hlasela seo a se lumelang. Haeba a hlahisa ntlha e fosahetseng, ha rea lokela ho mo araba ka tsela e bontšang hore rea mo hlasela. Na ho na le seo re lumellanang le sona tabeng eo a e buang kapa seo re ka mo babatsang ka sona? Mohlomong re ka kenyelletsa lengolo ka ho re, “Na u kile ua nahana taba ee ka tsela ee?”
4. Re lokela ho etsa’ng haeba mong’a ntlo a le rofo?
4 Ho thoe’ng haeba mong’a ntlo a le rofo kapa ho totobetse hore o mpa a batla ho pheha khang? Re lokela ho tsoela pele ho ba bonolo lipuong le liketsong tsa rōna. (2 Tim. 2:24, 25) Haeba motho eo a sa rate molaetsa oa ’Muso, ho molemo hore re khaotse moqoqo ka tsela e bohlale.—Mat. 7:6; 10:11-14.
5. Ho ile ha ba le liphello life tse molemo ha morali e mong oabo rōna a araba ka mosa?
5 Liphello Tse Molemo: Ha morali oabo rōna e mong a ne a leka ho pakela moahelani oa hae, mosali eo o ile a phatloha ka bohale, a mo hlapaola. Morali’abo rōna o ile a araba ka mosa a re: “Ke masoabi hore ebe u ikutloa ka tsela ena. E se eka u ka sala hantle.” Ka mor’a libeke tse peli, mosali eo o ile a kokota ha morali’abo rōna, a kōpa tšoarelo bakeng sa tsela eo a ileng a itšoara ka eona, ’me a bolela hore o ikemiselitse ho mamela seo morali’abo rōna a neng a batla ho se bua. Hangata karabo e mosa e hlahisa liphello tse molemo.—Liprov. 15:1; 25:15.
6. Ke hobane’ng ha e le habohlokoa hore seo re se buang tšimong e be se nōkiloeng ka letsoai?
6 Leka ka matla hore seo u se buang e be se nōkiloeng ka letsoai ha u bolela litaba tse molemo. Esita le haeba mong’a ntlo a sa batle ho mamela, a ka ’na a rata ho mamela nakong e tlang ha Lipaki Tsa Jehova li etela ha hae.