Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w97 9/15 maq. 29-31
  • Aristakase—Motsoalle ea Tšepahalang

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Aristakase—Motsoalle ea Tšepahalang
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ho Tloha Greece ho ea Jerusalema
  • Leeto le Eang Roma
  • “Moholehuoa-’moho” le Pauluse
  • “Thuso e Matlafatsang”
  • U ka ba “Thuso e Matlafatsang”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Tsamaea Litseleng Tsa Jehova
    Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2008
  • E-ba Sebete, Jehova o Tla U Thusa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Basebetsi-’moho le Pauluse E ne e le Bo-mang?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1999
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1997
w97 9/15 maq. 29-31

Aristakase—Motsoalle ea Tšepahalang

ARISTAKASE o ne a le har’a ba bangata ba basebetsi-’moho le moapostola Pauluse ba neng ba tšepahala. U nahana ka eng ha u utloa lebitso la hae? Na u hopola ho itseng? Na u ka khona ho bolela hore na o ile a phetha karolo efe ho tlatsetsa historing ea Bakreste ba pele? Le hoja e ka ’na eaba Aristakase hase e mong oa batho bao re tloaelaneng le bona haholo ka Bibeleng, o ile a ameha liketsahalong tse ngata tse boleloang ka Mangolong a Segerike a Bakreste.

Ka hona, Aristakase e ne e le mang? O ne a e-na le kamano efe le Pauluse? Ke hobane’ng ha ho ka thoe Aristakase e ne e le motsoalle ea tšepahalang? ’Me re ka ithuta eng ka ho hlahloba mohlala oa hae?

Ho hlahella ha Aristakase ho hapang tlhokomelo tlalehong ea buka ea Liketso ho hlaha har’a lerata le moferefere tsa mahoohoo a sa laoleheng a motseng oa Efese. (Liketso 19:23-41) Ho etsa litempelana tsa silevera tsa molingoana oa bohata, Artemise, e ne e le khoebo e kenyang chelete bakeng sa Demetriase le litei tse ling tsa silevera tsa Efese. Kahoo, ha letšolo la Pauluse la ho bolela motseng oo le baka hore batho ba bangata ba lahle borapeli bo litšila ba molimotsana enoa, Demetriase o ile a rotetsa hlaha ho litei tse ling. O ile a li bolella hore ho bolela ha Pauluse ho ne ho sa sokele ho fumana ha bona chelete feela empa, ho ne ho boetse ho hlahisa monyetla oa hore borapeli ba Artemise bo fele.

A sa khone ho fumana Pauluse, ka likhoka mahoohoo a halefileng a ile a hulela metsoalle ea hae Aristakase le Gaiase lebaleng la liketsahalo. Kaha bobeli ba bona ba ne ba le kotsing e khōlō, metsoalle ea Pauluse e ile ea mo kōpa ka tieo hore “a se ke a ipeha kotsing ka lebaleng la liketsahalo.”

Inahane u le boemong boo. Ka lihora tse ka bang peli, mahoohoo ao a sa laoleheng a ne a ntse a hooa, “O moholo Artemise oa Baefese!” E tlameha ebe e bile phihlelo e tšosang ka sebele ho Aristakase le Gaiase ho iphumana ba le mohaung oa letšoele leo le ferekaneng ka ho feletseng, ’me ba bile ba sitoa le ho ipuella. E tlameha ebe ba ne ba ipotsa hore na ebe ba tla tsoa moo ba ntse ba phela. Ka lehlohonolo, ba ile ba tsoa ba phela. Ka sebele, ho hlaka ha tlaleho ea Luka ho entse hore litsebi tse ling li nahane hore o ile a fumana bopaki ho lipaki tse boneng ka mahlo, mohlomong ho Aristakase le Gaiase ka bobona.

Qetellong motlalehi oa motse o ile a khutsisa morusu oo. E tlameha ebe Aristakase le Gaiase ba ile ba imoloha ka ho hlollang ha ba mo utloa a bolela ho hloka ha bona molato kantle ho leeme ’me ba bona morusu o ba potolohileng o fela.

U ka be u ile ua ikutloa joang ka mor’a phihlelo e joalo? Na u ka be u ile ua qeta ka hore ho ba molekane oa Pauluse mosebetsing oa boromuoa ha hoa u lokela, hore ho kotsi haholo le hore ho ne ho tla ba molemo ho iphelela bophelo bo se nang likhathatso? Aristakase ha aa ka a nahana joalo! Kaha o ne a e-tsoa Thesalonika, mohlomong o ne a se a ntse a tseba ka likotsi tsa ho bolela litaba tse molemo. Ha Pauluse a ne a bolela motseng oa habo lilemong tse ’maloa tse fetileng, le moo ho ne ho ile ha tsoha moferefere. (Liketso 17:1-9; 20:4) Aristakase o ile a khomarela Pauluse ka botšepehi.

Ho Tloha Greece ho ea Jerusalema

Likhoeli tse ’maloa ka mor’a moferefere o neng o ile oa etsoa ke litei tsa silevera, Pauluse o ne a le Greece ’me a le mothating oa ho qalisa leeto ka sekepe ho ea Syria, tseleng e eang Jerusalema, ha “Bajuda ba ne ba rerile morero o mobe ka lenyele khahlanong le eena.” (Liketso 20:2, 3) Ke mang eo re mo fumanang a e-na le Pauluse boemong boo bo kotsi? Aristakase!

Tšokelo ena e ncha e ile ea etsa hore Pauluse, Aristakase le metsoalle e meng ea bona ba fetole litokisetso tsa bona, ba qala ka ho tsamaea ba fapohela ho pholletsa le Macedonia, ba thatika le lebōpo la leoatle la Asia Minor pele ba qetella ba kene sekepeng Patara, ho leba Foenisia. (Liketso 20:4, 5, 13-15; 21:1-3) Ka ho hlakileng, morero oa leeto lena e ne e le ho fetisetsa menehelo ea Bakreste ba Macedonia le ba Akaia ho barab’abo bona ba hlokang ba Jerusalema. (Liketso 24:17; Baroma 15:25, 26) Ho ile ha tsamaea batho ba bangata, mohlomong ka lebaka la hore ba ne ba tšepetsoe boikarabelo bona ke liphutheho tse sa tšoaneng. Ha ho pelaelo hore sehlopha se seholo joalo se ne se boetse se tla etsa hore ba sireletsehe haholoanyane.

Aristakase o bile le tokelo e khōlō ka ho tsamaea le Pauluse ho tloha Greece ho ea Jerusalema. Leha ho le joalo, leeto la bona le hlahlamang e ne e le ho tloha Judea ho ea Roma.

Leeto le Eang Roma

Lekhetlong lena, boemo bo ne bo fapane haholo. Pauluse o ne a bile litlamong ka lilemo tse peli Sesarea, o ne a ipilelitse ho Sesare ’me a romeloa Roma a ntse a le litlamong. (Liketso 24:27; 25:11, 12) Leka ho nahana hore na metsoalle ea Pauluse e ne e ikutloa joang. Leeto la ho tloha Sesarea ho ea Roma e ne e tla ba le lelelele le le khathatsang kelello, leo ho lona ho neng ho sa tsejoe se neng se ka ’na sa etsahala ka pele. Ke mang ea neng a ka tsamaea le eena bakeng sa ho mo tšehetsa le ho mo thusa? Ho ile ha khethoa banna ba babeli kapa ba ile ba ithaopa ka bobona. E ne e le Aristakase le Luka, mongoli oa Liketso.—Liketso 27:1, 2.

Luka le Aristakase ba ile ba khona joang ho palama sekepe sona seo mothating oo oa ha se ne se e-ea Roma? Rahistori Giuseppe Ricciotti o na le mohopolo oa hore: “Batho bana ba babeli ba ile ba palama joaloka baeti ba itsamaelang leeto la bona . . . kapa, mohlomong ba ile ba amoheloa ka lebaka la mosa oa molaoli oa lekholo oa lebotho la Roma, ea ileng a iketsa eka o ba nka joaloka makhoba a Pauluse, kaha molao o ne o lumella moahi oa Moroma hore a ka thusoa ke makhoba a ’maloa.” Pauluse o tlamehile a be a ile a tiea hakaakang ke boteng ba bona le khothatso ea bona!

Luka le Aristakase ba ile ba bontša lerato la bona ho Pauluse ka ho beha bophelo ba bona kotsing. Ha e le hantle, ba ile ba ba le phihlelo e sokelang bophelo ba bona nakong eo ba neng ba robeheloa ke sekepe sehlekehlekeng sa Malta, bona hammoho le motsoalle eo oa bona oa moholehuoa.—Liketso 27:13–28:1.

“Moholehuoa-’moho” le Pauluse

Ha Pauluse a ne a ngolla Bakolose le Filemone mangolo ka 60-61 C.E., Aristakase le Luka ba ne ba ntse ba le lehlakoreng la hae Roma. Ho buuoa ka Aristakase le Epafrase e le ‘baholehuoa-’moho’ le Pauluse. (Bakolose 4:10, 14; Filemone 23, 24) Kahoo, ho bonahala eka ka nako e ’ngoe Aristakase o kile a kena teronkong le Pauluse.

Le hoja Pauluse e ne e le motšoaruoa Roma ka lilemo tse ka bang peli, o ne a lumeletsoe ho lula ntlong eo a e hirileng a ntse a lebetsoe, moo a neng a ka bolella baeti ba hae litaba tse molemo. (Liketso 28:16, 30) Ka hona, Aristakase, Epafrase, Luka le ba bang ba ile ba sebeletsa Pauluse, ba mo thusa le ho mo tšehetsa.

“Thuso e Matlafatsang”

Ka mor’a ho hlahloba liketsahalo tse fapaneng tseo Aristakase a hlahang ho tsona tlalehong e bululetsoeng ea Bibele, re ka re e ne e le motho oa mofuta ofe? Ho latela mongoli W. D. Thomas, Aristakase o “hlahella e le monna ea neng a ka tobana le khanyetso ’me a e feta ho sa thefuloa tumelo ea hae le boikemisetso ba hae ba ho sebeletsa ho-ea-ho-ile. O hlahella e le monna ea neng a rata Molimo, eseng feela ha ho theosetsa, empa hape le ha ho nyolosetsa.”

Pauluse o re Aristakase le ba bang e ne e le “thuso e matlafatsang” (pa·re·go·riʹa, ka Segerike) ho eena, ka mantsoe a mang, e ne e le mohloli oa khothatso. (Bakolose 4:10, 11) Ka hona, ka ho tšelisa Pauluse le ho mo khothatsa, Aristakase e ne e le motsoalle oa sebele linakong tsa mathata. E tlameha hore ebe e bile phihlelo e khotsofatsang haholo le e matlafatsang moeeng hore ebe o ile a tsamaea le moapostola eo le ho ba motsoalle oa hae ka lilemo tse ngatanyana.

Re ka ’na ra se ke ra iphumana re le boemong bo hapang tlhokomelo joaloka ba Aristakase. Leha ho le joalo, bohle ba phuthehong ea Bokreste kajeno ba lokela ho ba le botšepehi bo tšoanang ho barab’abo Kreste ba moea le ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Jehova. (Bapisa le Matheu 25:34-40.) Ho ka etsahala hore hamorao, barapeli-’moho le rōna bao re ba tsebang ba hlaheloe ke mahlomola kapa matšoenyeho, mohlomong ka lebaka la ho shoeloa ke eo ba mo ratang, ho kula kapa liteko tse ling. Ka ho ba khomarela le ho ba thusa, ho ba tšelisa le ho ba khothatsa, re ka fumana thabo ’me ra ipaka re le metsoalle e tšepahalang.—Bapisa le Liproverbia 17:17; Liketso 20:35.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela