Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Litšoantšo Tse Tsosang Takatso ea Boitšoaro bo Bobe—Na li Tlosa Bolutu Feela li se na Kotsi?
    Tsoha!—2002 | July 8
    • Ho tsosa takatso ea boitšoaro bo bobe ho ka kena-kenana ka ho toba le borapeli ba rōna ho Molimo. Ke ka hona Pauluse a ileng a ngola: “Ka hona, le bolaee litho tsa ’mele ea lōna . . . mabapi le bohlola, ho se hloeke, takatso ea botona kapa ea botšehali, takatso e kotsi, le ho chacheha ka mohono, e leng borapeli ba litšoantšo.”—Bakolose 3:5.

      Mona Pauluse o amahanya takatso ea botona kapa botšehali le ho chacheha ka mohono, e leng takatso e feteletseng bakeng sa ntho eo motho a se nang eona.a Ho chacheha ka mohono ke mofuta o mong oa borapeli ba litšoantšo. Hobane’ng? Hobane motho ea chachehelang ho itseng o ho beha ka pel’a ntho e ’ngoe le e ’ngoe, ho akarelletsa le Molimo. Litšoantšo tse tsosang takatso ea boitšoaro bo bobe li susumelletsa motho ho ba le takatso e feteletseng ea ntho eo a se nang eona. Sengoli se seng sa bolumeli se re: “U batla bophelo ba ho kopanela likobo ba motho e mong. . . . Sohle seo u se nahanang ke ho khotsofatsa takatso ea seo u se nang sona. . . . Re rapela seo re se lakatsang ka ho feteletseng.”

  • Litšoantšo Tse Tsosang Takatso ea Boitšoaro bo Bobe—Na li Tlosa Bolutu Feela li se na Kotsi?
    Tsoha!—2002 | July 8
    • a Mona Pauluse o ne a sa bue ka takatso e tloaelehileng ea ho kopanela likobo—takatso e tloaelehileng eo motho a bang le eona ea ho ba le kamano e haufi-ufi le molekane oa hae.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela