-
Ithute Boitšoaro bo Botle ba Bokreste U be U bo Rute ba BangMolula-Qhooa—2002 | June 15
-
-
13. (a) Bibele e re thusa joang tabeng ea boitšoaro bo botle? (b) Bolela moko-taba oa keletso e ho 1 Bathesalonika 4:3-7.
13 Boitšoaro bo botle bo boetse bo ama batho ba bang. U ka bona sena mehlaleng e Lentsoeng la Molimo e bontšang bohlokoa ba ho sebelisa melao-motheo ea Molimo ea boitšoaro le liphello tsa ho e hlokomoloha. (Genese 39:1-9, 21; Joshua 7:1-25) Hape u ka fumana keletso e hlakileng ea boitšoaro bo botle e kang ena: “Sena ke seo Molimo a se ratang, hore le halaletsoe, hore le ile bohlola; hore e mong le e mong oa lōna a tsebe ho ruela sejana sa hae khalaletsong le tlhomphong, eseng takatsong ea botona kapa ea botšehali e chachehisang ka mohono e kang eo le lichaba tseo tse sa tsebeng Molimo li nang le eona; hore ho se ke ha e-ba le ea mong ea eang ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo tabeng ena, . . . etsoe Molimo ha aa re bitsa ka tumello ea ho se hloeke, empa o re bitsitse mabapi le khalaletso.”—1 Bathesalonika 4:3-7.
14. U ka ’na ua ipotsa lipotso life mabapi le keletso e fanoeng ho 1 Bathesalonika 4:3-7?
14 Hoo e ka bang e mong le e mong oa hlokomela hore temaneng ena, boitšoaro bo bobe ba ho kopanela liphate ke ho tlōla molao oa boitšoaro bo botle ba Bokreste. Leha ho le joalo, u ka fumana moelelo o tebileng ka ho eketsehileng oa temana ena. Litemana tse ling li fana ka monyetla oa hore motho a ithute tsona ka ho eketsehileng a be a thuise ka tsona, e leng se tla fella ka hore a li utloisise ka ho tebileng le ka ho nepahetseng haholoanyane. Ka mohlala, u ka nahana ka hore na Pauluse o ne a bolela eng ha a re ho etsa bohlola ho ka etsa hore motho a ee “ntlheng ea ho ntša kotsi le ho nyonyobela litokelo tsa mor’abo tabeng ena.” Ho ameha litokelo life, hona ho utloisisa see hamolemo ho tla u susumelletsa joang ka ho eketsehileng hore u boloke boitšoaro bo botle ba Bokreste? Ke joang liphello tsa ho batlisisa joalo li tlang ho u hlomella ka ho eketsehileng hore u rute ba bang u be u ba thuse hore ba tlotlise Molimo?
-
-
Ithute Boitšoaro bo Botle ba Bokreste U be U bo Rute ba BangMolula-Qhooa—2002 | June 15
-
-
16, 17. (a) Ke hokae moo u ka fumanang litlhaloso tse u behang leseling mabapi le litokelo tse boletsoeng ho 1 Bathesalonika 4:6? (b) Bohlola bo ka nyonyobela litokelo tsa batho ba bang ka litsela life?
16 A re sebeliseng mohlala o boletsoeng ka holimo oa 1 Bathesalonika 4:3-7. Ho ile ha hlaha potso mabapi le litokelo. Ke litokelo tsa mang? Hona ke joang litokelo tseo li ka nyonyobeloang? Ka lithulusi tse boletsoeng tsa ho ithuta, mohlomong u ka fumana litlhaloso tse ngata tse u behang leseling ka litemana tsena, le ka litokelo tseo Pauluse a neng a bua ka tsona. U ka bala litlhaloso tsena ho Insight on the Scriptures, Moqolo 1, leqepheng la 863-4; Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?, leqepheng la 145; Molula-Qhooa oa November 15, 1989, leqepheng la 31.
17 Ha u phehella ho ithuta, u tla bona hore lingoliloeng tsena li bontša kamoo mantsoe a Pauluse e leng ’nete kateng. Sehlola se siteloa Molimo ’me se ipepesetsa mafu. (1 Bakorinthe 6:18, 19; Baheberu 13:4) Monna ea etsang bohlola o nyonyobela litokelo tse fapa-fapaneng tsa mosali ea etsang sebe le eena. O mo amoha ho ba le boitšoaro bo hloekileng le letsoalo le hloekileng. Haeba ha aa nyaloa, monna enoa o nyonyobela tokelo ea hae ea ho kena lenyalong e le moroetsana le tokelo eo monna oa hae oa ka moso a nang le eona ea ho lebella hore e be ke moroetsana. O utloisa batsoali ba ngoanana eo bohloko le monna oa mosali eo bohloko haeba a nyetsoe. Monna ea itšoereng hampe o amoha lelapa la hae tokelo ea ho ba le tlaleho e hloekileng ea boitšoaro bo botle. Haeba ke setho sa phutheho ea Bokreste, o e tlisetsa thohako, o senya botumo ba eona.—1 Bakorinthe 5:1.
18. U rua molemo joang ha u ithuta Bibele ka boitšoaro bo botle ba Bokreste?
18 Na litlhaloso tsee tse mabapi le litokelo ha li u hlakisetse temana ee? Ka sebele ho ithuta tjena ke habohlokoa ka ho fetisisa. Ha u ntse u ho phehella, ua ithuta. Kutloisiso ea hao ka bonnete le botebo ba molaetsa oa Molimo ea hōla. U matlafatsa boikemisetso ba hao ba ho khomarela boitšoaro bo botle ba Bokreste ho sa tsotellehe hore na ho ka hlaha teko efe. Hape ak’u nahane hore na u ka ba mosuoe ea atlehang hakaakang! Ka mohlala, ha u ntse u ruta ba bang ’nete ea Bibele, u ka ba thusa hore ba be le kutloisiso e eketsehileng ea 1 Bathesalonika 4:3-7, ua eketsa kutloisiso ea bona le kananelo ea bona ka boitšoaro bo botle ba Bokreste. Kahoo, ho ithuta ho ka thusa uena le ba bang ba bangata hore le tlotlise Molimo. Mona re boletse mohlala o le mong feela, oa lengolo la Pauluse ho Bathesalonika. Ho sa na le litšobotsi tse ling tse ngata tsa boitšoaro bo botle ba Bokreste, ’me ka ho tšoanang ho na le mehlala e meng e mengata ea Bibele le likeletso tseo u ka ithutang tsona, ua li sebelisa, ua ba ua li ruta ba bang.
-