Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Na ho Siama ho Fosahetse?
    Tsoha!—2001 | July 8
    • “HO FETA MOO, BARAB’ESO, HA RE BATLE HORE LE HLOKE TSEBO MALEBANA LE BA ROBALANG LEFUNG; E LE HORE LE SE KE LA SARELOA FEELA JOALOKAHA BA BANG KAOFELA BA SE NANG TŠEPO LE BONA BA SARELOA.”—1 BATHESALONIKA 4:13.

      BIBELE e fana ka tšepo bakeng sa bohle ba shoeleng. Tsoho ea bafu eo Jesu a ileng a e etsa, haesita le lithuto tsa hae, li lebisa tlhokomelo nakong eo ka eona ba shoeleng ba tlang ho tsosoa. (Matheu 22:23-33; Mareka 5:35, 36, 41, 42; Luka 7:12-16) Tšepo ee e lokela ho re ama joang? Mantsoe a moapostola Pauluse a qotsitsoeng ka holimo a bontša hore tšepo ena e ka re tšelisa ha eo re mo ratang a e-shoa.

      Haeba u shoetsoe ke motho eo u mo ratang, ha ho pelaelo hore u utloile bohloko bo tsamaisanang le tlokotsi e joalo maikutlong. Theresa, ea shoetsoeng ke monna oa hae ea lilemo li 42 nakoana ka mor’a ho buuoa pelong, oa hlalosa: “Ke ile ka tšoha haholo! Ntho ea pele, ke ile ka apareloa ke tšabo ka ho feletseng. Eaba ho latela bohloko bo sa tloaelehang bo neng bo ntse bo tota ha nako e ntse e tsoela pele. Ke ne ke sa phetse ho lla.” Na maikutlo a joalo a bontša ho hloka tumelo tšepisong ea Jehova ea ho tsosa bafu? Na mantsoe a Pauluse a bolela hore ho siama ho fosahetse?

      Mehlala ea ba Ileng ba Siama Mehleng ea Bibele

      Re fumana likarabelo tsa lipotso tseo ka ho hlahlobisisa mehlala ea ba ileng ba siama mehleng ea Bibele. Litlalehong tse ngata lefu la setho se haufi-ufi sa lelapa le ne le lateloa ke nako ea ho siama. (Genese 27:41; 50:7-10; Pesaleme ea 35:14) Maikutlo a amanang le ho siama hona, hangata a ne a e-ba matla haholo.

  • Na ho Siama ho Fosahetse?
    Tsoha!—2001 | July 8
    • Leha ho le joalo, le hoja rōna joaloka Bakreste re utloa bohloko ka lebaka la lefu, ha re sareloe “joalokaha ba bang kaofela ba se nang tšepo le bona ba sareloa.” (1 Bathesalonika 4:13) Ha re itlohelle hore re sareloe ka tsela e feteletseng hobane ha re hloke tsebo malebana le boemo ba bafu. Rea tseba hore ha ba bohlokong kapa matšoenyehong empa ba boemong bo tšoanang le ba boroko bo tebileng, bo khutsitseng. (Moeklesia 9:5; Mareka 5:39; Johanne 11:11-14) Hape re kholisehile ka ho feletseng hore Jesu, e leng “tsoho le bophelo,” o tla phethahatsa tšepiso ea hae ea ho tsosa bohle ba “mabitleng a khopotso.”—Johanne 5:28, 29; 11:24, 25.

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela