Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 10/15 leq. 32
  • ‘U se ke Ua Hlomoha Joaloka ba Bang’

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • ‘U se ke Ua Hlomoha Joaloka ba Bang’
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 10/15 leq. 32

‘U se ke Ua Hlomoha Joaloka ba Bang’

NA U kile ua lemoha tsela eo palesa e bonahalang e kebisitse hlooho ka eona ka mor’a ho tiisetsa sefefo? E ka ba pono e amang maikutlo ka tsela e itseng. Ha e le hantle, sekhohola seo se sa lebelloang e ka ’na eaba se ile sa etsa hore liphoofolo tse se nang palo le batho—libōpuoa tse matla haholo ho feta palesa leha e le efe—li mathele ho ea itšireletsa. Empa, palesa eona e ile ea satalla moo, e itšoareletse ka metso, e tobane le khalefo e feletseng ea boemo ba leholimo. Joale, ke ena e eme e sa senyeha, e kebisitse hlooho empa e sa robeha, e bontša matla a fapaneng le ponahalo ea eona e tetemang. Mohlomong ua ipotsa, ha u e bohile ka tlhompho, hore na e tla fumana matla hape ’me e boele e phahamisetse hlooho ea eona e ntle holimo.

Ho batla ho le joalo ka batho. Linakong tsena tsa likhathatso, re tobana le lifefo tsa mefuta eohle. Mathata a tsa moruo, ho tepella maikutlo, ho kula, ho shoeloa ke moratuoa—lifefo tse matla joalo li re hlasela kaofela ka linako tse sa tšoaneng, ’me ka linako tse ling ha re na hona ho li qoba joalokaha palesa e ke ke ea iphothola eaba e mathela ho ea batla moo e ka itšireletsang teng. Hoa susumetsa ho bona batho ka bomong ba bonahalang ba tetema ba bontša matla a hlollang ’me ba mamella litlhaselo tse mabifi joalo. Ba ho etsa joang? Hangata senotlolo ke tumelo. Jakobo, ngoan’abo Jesu Kreste ka ’mè oa bona o ile a ngola: “Ua tseba hore ha tumelo ea hao e atleha ho tobana le liteko tse joalo, phello ke matla a ho mamella.”—Jakobo 1:3, Today’s English Version.

Senotlolo se seng ke tšepo. Ka mohlala, ha lefu le hlasela moratuoa oa motho, tšepo e ka etsa phapang e khōlō ho ba setseng ba phela. Moapostola Pauluse o ile a ngolla Bakreste ba Thessalonika: “Ha ke rate hore le ka hloka tsebo tabeng ea ba ithobaletseng, le tle le se ke la hlomoha joalo ka ba bang ba se nang tšepo.” (1 Ba-Thessalonika 4:13) Le hoja ka sebele Bakreste ba sareloa ka lebaka la lefu, phapang e teng. Ba na le tsebo e nepahetseng mabapi le boemo boo bafu ba leng ho bona le mabapi le tšepo ea tsoho.—Johanne 5:28, 29; Liketso 24:15.

Tsebo ena e ba fa tšepo. ’Me tšepo eo le eona, butle-butle e bebofatsa ho sareloa ha bona. E ba thusa ho mamella, le ho etsa ho fetang hoo. Ka nako e tšoanelang, joaloka palesa ka mor’a sefefo, ba ka phahamisa lihlooho mesarelong eaba ba fumana thabo le ho boela ba finyella se seng hape bophelong.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela