Ho Bolela Litaba Tse Molemo ka Kholiseho e Matla
1 Mathoasong a lekholo la pele la lilemo, Jesu Kreste o ile a laela balateli ba hae hore ba bolele litaba tse molemo tsa ’Muso le ‘ho etsa batho ba lichaba tsohle barutuoa.’ (Mat. 24:14; 28:19, 20) Lipaki tsa Jehova li nkile taelo eo ea hae ka ho teba, hoo ho ea qetellong ea lekholo la bo20 la lilemo, mokhatlo oabo rōna oa bara ba motho oa Bokreste o eketsehileng ho ba le barutuoa ba fetang 5 900 000 linaheng tse 234. Ke mohoo o mokaakang oa thoriso e eang ho Ntate oa rōna oa leholimo!
2 Hona joale re kene lekholong la bo21 la lilemo. Sera sa rōna ka bolotsana se leka ho kenakenana le mosebetsi oa rōna o ka sehloohong oa ho bolela ka ’Muso le ho etsa barutuoa. Se sebelisa likhatello tsa tsamaiso ena ea lintho ka boiteko ba ho khelosa tlhokomelo ea rōna, ho re qetela nako le ho re qeta matla ka linthoana-nthoana le lithahasello tse se nang molemo. Ho e-na le hore re lumelle tsamaiso ena ho re bolella hore na hoa bohlokoa ke eng bophelong, re ipakela ka Lentsoe la Molimo hore na hoa bohlokoa ke eng—ho etsa thato ea Jehova. (Baroma 12:2) Seo se bolela ho mamela khothatso ea Mangolo ea ‘ho bolela lentsoe nakong e tšoanelang le nakong e likhathatso le ho phetha bosebeletsi ba rōna ka botlalo.’—2 Tim. 4:2, 5.
3 Hlaolela Kholiseho e Tiileng: Bakreste ho hlokahala hore ba ‘eme ba feletse le ka kholiseho e tiileng thatong eohle ea Molimo.’ (Bakol. 4:12) Lentsoe “kholiseho” le hlalosoa e le “tšusumetso kapa tumelo e matla; boemo ba ho ba ea khotsoeng.” Joaloka Bakreste re tlameha ho kholiseha hore lentsoe la Molimo la boprofeta le tiile le hore hona joale re kenelletse hare nakong ea bofelo. Re tlameha ho ba le tumelo e matla joaloka eo moapostola Pauluse a bileng le eona, ea ileng a bolela hore litaba tse molemo “ha e le hantle, ke matla a Molimo a poloko ho e mong le e mong ea nang le tumelo.”—Baroma 1:16.
4 Diabolose o sebelisa batho ba khopo le baikhakanyi, bao ka bobona ba khelositsoeng, ho susumetsa le ho khelosa ba bang. (2 Tim. 3:13) Kaha re lemositsoe esale pele ka sena, re nka mehato ea ho matlafatsa ho kholiseha ha rōna ka hore re na le ’nete. Ho e-na le ho lumella hore lipelaelo tsa bophelo li fokolise cheseho ea rōna, re tsoela pele ho beha lithahasello tsa ’Muso pele. (Mat. 6:33, 34) Leha e le hore re batla ho fifalloa ke pono ea ho potlaka ha mehla ea rōna, mohlomong re ikutloa hore bofelo ba tsamaiso ena bo sa le hōle. Bo ntse bo atamela ho feta leha e le neng pele. (1 Pet. 4:7) Le hoja re ka ’na ra ba le maikutlo a hore ho hasa litaba tse molemo linaheng tse ling ho na le phello e fokolang ka lebaka la bopaki bo seng bo fanoe, mosebetsi oa ho lemosa o tlameha ho tsoela pele.—Ezek. 33:7-9.
5 Lipotso tse ka sehloohong nakong ena ea ho qetela ke tsena: ‘Na ke nka thōmo ea Jesu ea ho etsa barutuoa ka ho teba? Ha ke bolela litaba tse molemo, na ke bonahatsa kholiseho e matla ea hore ’Muso ke oa sebele? Na ke ikemiselitse ho ba le karolo e khōlō ka hohle tšebeletsong ee e pholosang bophelo?’ Ka ho hlokomela hore na re kenelletse hakae mehleng ena ea bofelo, re tlameha ho ikela hloko le ho ela hloko thōmo ea rōna ea ho bolela le ho ruta. Ka ho etsa joalo re tla ipholosa le ho pholosa ba re mamelang. (1 Tim. 4:16) Kaofela ha rōna re ka matlafatsa ho kholiseha ha rōna joang joaloka basebeletsi?
6 Etsisang Bathesalonika: Moapostola Pauluse, ha a hopola mosebetsi o thata oa barab’abo rōna Thesalonika, o ile a re ka bona: “Litaba tse molemo tseo re li bolelang ha lia ka tsa hlaha har’a lōna ka puo feela empa hape le ka matla le ka moea o halalelang le kholiseho e matla, feela joalokaha le tseba hore na re ile ra ba batho ba mofuta ofe ho lōna ka lebaka la lōna; ’me le ile la ba baetsisi ba rōna le ba Morena, kaha le ile la amohela lentsoe tlas’a matšoenyeho a mangata ka thabo ea moea o halalelang.” (1 Bathes. 1:5, 6) E, Pauluse o ile a babatsa phutheho ea Bathesalonika hobane ho sa tsotellehe matšoenyeho a maholo ba ile ba bolela ka cheseho le ka kholiseho e matla. Ba ile ba nolofalletsoa ke eng ho etsa see? Ho isa bohōleng bo itseng, cheseho le kholiseho eo ba e boneng ho moapostola Pauluse le basebetsi-’moho le eena e bile le phello e ntle ho bona. Joang?
7 Bophelo ba Pauluse le ba ba tsamaeang le eena bo ile ba paka hore ba ne ba e-na le moea oa Molimo ho bona le hore ka pelo eohle ba ne ba lumela ho seo ba neng ba se bolela. Pele ba e-tla Thesalonika, Pauluse le Silase ba ile ba tšoaroa hampe Filippi. Ho se nyeoe, ba ile ba otloa, ba kenngoa teronkong ’me ba kenngoa metšoasong. Leha ho le joalo, phihlelo ena e lekang ha ea ka ea fokolisa cheseho ea bona bakeng sa litaba tse molemo. Ho kenella ha Molimo ho ile ha etsa hore ba lokolloe, ha etsa hore molebeli oa teronko le ba ntlo ea hae ba sokolohe, ’me ha bula tsela ea hore bara bana babo rōna ba tsoele pele ka tšebeletso ea bona.—Lik. 16:19-34.
8 Ka matla a moea oa Molimo, Pauluse o ile a ea Thesalonika. Ha a le moo o ile a sebetsa ka thata hore a fumane lintho tseo a li hlokang eaba o itukubetsa ka matla ho ruteng Bathesalonika ’nete. Ha aa ka a tsilatsila ho bolela litaba tse molemo ha monyetla o mong le o mong o hlaha. (1 Bathes. 2:9) Ho bolela ha Pauluse ka kholiseho e matla ho bile le phello e matla ho batho ba moo hoo ba bang ba bona ba ileng ba tlohela borapeli ba bona ba pele ba litšoantšo ’me ea e-ba bahlanka ba Molimo oa ’nete, Jehova.—1 Bathes. 1:8-10.
9 Mahloriso ha aa ka a thibela balumeli ba bacha hore ba bolele litaba tse molemo. Ba susumelitsoe ke tumelo ea bona eo ba sa tsoa e fumana ’me ba kholisehile ka ho feletseng hore ba tla fumana mahlohonolo a sa feleng, Bathesalonika ba ile ba susumelletseha ho bolela ’nete eo ba e amohetseng ka cheseho. Phutheho eo e ne e le mafolofolo hoo litaba tsa tumelo ea eona le cheseho li ileng tsa namela le likarolong tse ling tsa Macedonia esita le Akaia. Kahoo, ha Pauluse a ne a ngola lengolo la hae la pele le eang ho Bathesalonika, mesebetsi ea bona e metle e ne e se e ntse e tsejoa. (1 Bathes. 1:7) Ke mohlala o ikhethang hakaakang!
10 Ba Ile ba Susumetsoa ke ho Rata Molimo le Batho: Rōna, joaloka Bathesalonika re ka boloka kholiseho e matla joang ha re bolela litaba tse molemo kajeno? Pauluse o ile a ngola tjena ka bona: “Re hopola re sa phetse mosebetsi oa lōna o tšepahalang le boiteko ba lōna bo thata ka lebaka la lerato.” (1 Bathes. 1:3, NW, ftn.) Ho ne ho hlakile hore ba na le lerato le tebileng le le tlohang botebong ba pelo ho Jehova Molimo le ho batho bao ba ba bolellang. Ke lona lerato lena le ileng la susumetsa Pauluse le metsoalle ea hae hore ba fe Bathesalonika “eseng feela litaba tse molemo tsa Molimo, empa le lisoule tsa [bona].”—1 Bathes. 2:8.
11 Ka ho tšoanang, lerato la rōna le tebileng ho Jehova le ho batho ba bang le re susumelletsa ho kopanela ka botlalo mosebetsing oa ho bolela oo Molimo a re fileng oona hore re o etse. Re e-na le lerato leo, rea hlokomela hore boikarabelo ba rōna, boo re bo filoeng ke Molimo ke ho hasa litaba tse molemo. Ka ho thuisa ka kholiseho le ka kananelo ka lintho tsohle tseo Jehova a re etselitseng tsona ho re tataisetsa ‘bophelong ba sebele,’ re susumelletseha ho bolella ba bang linnete tse tšoanang tse babatsehang tseo re li lumelang ka lipelo tsohle tsa rōna.—1 Tim. 6:19.
12 Ha re ntse re tšoarehile mosebetsing oa ho bolela, lerato la rōna ho Jehova le ho batho le tlameha ho tsoela pele le hōla. Haeba le hōla, re tla susumelletseha ho matlafatsa ho kopanela ha rōna tšebeletsong ea ntlo le ntlo le ho phehella mefuta e meng eohle ea ho paka e re bulehetseng. Re tla sebelisa menyetla ea ho pakela beng ka rōna, baahelani le batho bao re ba tloaetseng ka tsela e sa reroang. Le hoja batho ba bangata ba ka ’na ba hana litaba tse molemo tseo re ba fang tsona ’me ba bang ba tla ikemisetsa ho kenakenana le ho phatlalatsoa ha ’Muso, re ikutloa re thabile. Hobane’ng? Hobane rea tseba hore re entse sohle seo re ka se khonang ho paka ka ’Muso le ho thusa batho hore ba fumane poloko. ’Me Jehova o tla hlohonolofatsa boiteko ba rōna ba ho fumana ba lipelo li lokileng. Esita leha re pota-potiloe ke likhatello tsa bophelo ’me le Satane a batla ho re amoha thabo, re khona ho boloka kholiseho ea rōna e matla le cheseho ea rōna ka ho pakela ba bang. Ha kaofela ha rōna re etsa karolo ea rōna, sena se fella ka liphutheho tse matla, tse chesehang joaloka ea Thesalonika.
13 Le ka Mohla U se ke ua Tela Tlas’a Teko: Kholiseho e boetse ea hlokahala ha re tobana le liteko tse sa tšoaneng. (1 Pet. 1:6, 7) Jesu o ile a hlakisetsa barutuoa ba hae hore haeba ba mo latela, e ne e “tla ba ba hloiloeng ke lichaba tsohle.” (Mat. 24:9) Pauluse le Silase ba ile ba latsoa sena ha ba le Filippi. Tlaleho e ho Liketso khaolo ea 16 e bolela hore Pauluse le Silase ba ile ba lahleloa teronkong e ka hare ’me ba kenngoa metšoasong. Ka tloaelo, teronko e khōlō e ne e le mofuta oa lebala kapa mathule a pota-potiloeng ke lisele tseo khanya le moea li neng li kena hantle. Leha ho le joalo, teronko e ka hare, e ne e se na tokisetso ea khanya le moea o lekaneng. Pauluse le Silase ba ile ba tlameha ho mamella lefifi, mocheso le monkho oa sebaka sena se sebe sa teronko. Na u ka inahanela bohloko boo ba tlamehang ba ile ba bo utloa ha ba ntse ba kentsoe metšoasong lihora tse telele ka mekokotlo e matetetso le e fophang mali ka lebaka la ho shapuoa?
14 Ho sa tsotellehe liteko tsena, Pauluse le Silase ba ile ba lula ba tšepahala. Ba ile ba bontša kholiseho e tlohang botebong ba pelo, e ileng ea ba matlafaletsa ho sebeletsa Jehova ho sa tsotellehe teko. Ho kholiseha ha bona ho totobatsoa ke temana ea 25 khaolong ea 16 Ac 16:25, moo e bolelang hore Pauluse le Silase ba ne ba “rapela ’me ba rorisa Molimo ka pina.” Bonneteng, le hoja ba ne ba le ka teronkong e ka hare, ba ne ba kholisehile hore Molimo oa ba amohela hoo ba ileng ba bina haholo hoo ba neng ba ka utluoa ke batšoaruoa ba bang! Re tlameha ho ba le kholiseho e tšoanang kajeno ha re tobane le liteko tsa tumelo ea rōna.
15 Liteko tseo Diabolose a re hlaselang ka tsona li ngata. Ho ba bang e ka ’na ea e-ba mahloriso a tsoang ka lapeng. Barab’abo rōna ba bangata ba tobane le liphephetso tsa molao. Ho ka ’na ha tobanoa le khanyetso ea bakoenehi. Ho na le mathata a lichelete le ho tšoenyeha ka mekhoa ea boipheliso. Ba bacha ba tobana le khatello ea lithaka sekolong. Re ka tobana le liteko tsee ka katleho joang? Ho hlokahala eng ho bonahatsa kholiseho?
16 Ntho ea pele le e ka sehloohong, ho hlokahala re boloke kamano e haufi-ufi ea botho le Jehova. Ha Pauluse le Silase ba ne ba le teronkong e ka hare, ha baa ka ba sebelisa nako eo ho belaela ka boemo ba bona bophelong kapa ho ikutloela bohloko. Kapele-pele ba ile ba retelehela ho Molimo ka thapelo le ho mo rorisa ka pina. Hobane’ng? Hobane ba ne ba e-na le kamano e haufi-ufi ea botho le Ntate oa bona oa leholimo. Ba ile ba hlokomela hore ba utloa bohloko ka lebaka la ho loka le hore ho pholoha ha bona ho ne ho le matsohong a Jehova.—Pes. 3:8.
17 Ha re tobana le liteko kajeno, le rōna re tlameha ho talima ho Jehova. Pauluse o re khothalletsa hore rōna joaloka Bakreste ‘likōpo tsa rōna tse matla li tsebisoe Molimo; ’me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa rōna le matla a rōna a kelello.’ (Bafil. 4:6, 7) Ke ho tšelisang hakaakang ho tseba hore Jehova a ke ke a re tlohella hore re fete liteko re le bang! (Esa. 41:10) Kamehla o na le rōna hafeela re mo sebeletsa ka kholiseho ea ’nete.—Pes. 46:7.
18 Thuso e ’ngoe ea bohlokoa ea ho bonahatsa kholiseho ke ho lula re tšoarehile tšebeletsong ea Jehova. (1 Bakor. 15:58) Pauluse le Silase ba ile ba hlahleloa teronkong hobane ba ne ba tšoarehile ba bolela litaba tse molemo. Na ba ile ba khaotsa ho bolela ka lebaka la liteko tsa bona? Che, ba ile ba tsoela pele ho bolela leha ba le teronkong, ’me ka mor’a hore ba lokolloe, ba ile ba leba Thesalonika ’me ba ea synagogeng ea Bajuda ho ea “behelana mabaka le bona ho tsoa Mangolong.” (Lik. 17:1-3) Ha re e-na le tšusumetso e matla kapa tumelo ho Jehova ’me re kholisehile hore re na le ’nete, ha ho letho le tla “re arohanya le lerato la Molimo le leng ho Kreste Jesu Morena oa rōna.”—Baroma 8:35-39.
19 Mehlala ea Kajeno ea Kholiseho e Matla: Ho na le mehlala e mengata e ikhethang ea ba bontšitseng kholiseho e matla mehleng ea rōna joaloka Pauluse le Silase. Morali e mong oabo rōna ea pholohileng kampong ea mahloriso ea Auschwitz o pheta tumelo e sa sisinyeheng le kholiseho e bontšitsoeng ke bara le barali babo rōna moo. Oa pheta: “Ka lekhetlo le leng ha ke ntse ke hlongoa lipotso, ofisiri e ’ngoe e ile ea tla ho ’na e finne lifeisi. E ile ea re, ‘Re tla etsa eng ka lōna batho ting? Ha re le tšoara, ha le tsotelle. Ha re le isa teronkong, ha hore le hore teke! Ha re le isa kampong ea mahloriso, ha ho le khathatse. Ha re le ahlolela lefu, le ikemela feela ha le tšoenyehe. Re tla etsa eng ka lōna?’” Ke ho matlafatsang tumelo hakaakang ho bona tumelo eo barab’abo rōna ba neng ba e-na le eona tlas’a maemo a joalo a boima! Kamehla ba ne ba talima ho Jehova hore a ba thuse ho mamella.
20 Ka sebele re hopola kholiseho ea barab’abo rōna ba bangata ha ba tobane le lehloeo la morabe le iponahalitseng lilemong tsa morao tjena. Ho sa tsotellehe ho iphumana ba le maemong a kotsi, barab’abo rōna ba ikarabellang ba ikemiselitse ho bona hore bara le barali babo bona baa feptjoa moeeng. Kaofela ba tsoela pele ba tšepahala ba e-na le kholiseho e matla ea hore ‘sebetsa leha e le sefe se tla etsoa khahlanong le bona ha se na ho atleha.’—Esa. 54:17, NW.
21 Bara le barali babo rōna ba bangata ba nang le balekane ba sa lumelang le bona ba bonahatsa tumelo e matla le mamello. Mora e mong oabo rōna Guadeloupe o ile a kopana le khanyetso e matla e tsoang ho mosali oa hae ea sa lumelang. E le ho mo nyahamisa le ho mo sitisa ho ea libokeng tsa Bokreste, o ne a sa mo phehele lijo leha e le ho mo hlatsoetsa, ho mo aenela kapa hona ho roka liphahlo tsa hae. Ka linako tse ling o ne a qeta matsatsi-tsatsi a sa mo buise. Empa ka ho bonahatsa kholiseho e tlohang botebong ba pelo ka ho sebeletsa Jehova le ho retelehela ho eena ka thapelo bakeng sa thuso, mora enoa oabo rōna o ile a khona ho mamella tseo tsohle. Nako e kae? Lilemo tse ka bang 20—tseo ka mor’a tsona mosali oa hae butle-butle a ileng a fetola pelo ea hae. Qetellong, o ne a ka thaba e le kannete hobane mosali o ile a amohela tšepo ea ’Muso oa Molimo.
22 Qetellong, ha rea tlameha ho lebala ho kholiseha ho matla ha bara le barali babo rōna ba bacha ba kenang sekolo letsatsi le leng le le leng ’me ba sebetsana le khatello ea lithaka le liphephetso tse ling. Mabapi le khatello ea ho batla ho amoheleha sekolong, ngoanana e mong e monyenyane oa Paki o ile a re: “Ha u le sekolong, kamehla e mong le e mong o u khothalletsa hore u be lerabelenyana. Bana ba u hlompha haholoanyane ha u khutla meeling ea bobe.” Bacha ba rōna ba tobana le khatello e kaakang! Ba tlameha ho etsa qeto e tiileng kelellong le pelong e le hore ba hanele teko.
23 Ba bangata ba bacha ba rōna ba etsa hantle ho boloka botšepehi ba bona ho sa tsotellehe liteko. Mohlala o mong ke oa morali e mong oabo rōna e monyenyane ea lulang Fora. Ka letsatsi le leng ka mor’a lijo tsa motšehare, bashanyana ba bang ba ile ba leka ho mo qobella ho ba suna, empa o ile a rapela ’me a hana ka matla, kahoo bashanyana bao ba ile ba mo tlohela. Hamorao, e mong oa bona a khutlela ho eena ’me a mo bolella hore o tsota sebete sa hae. O ile a khona ho mo pakela hantle ka ’Muso, a hlalosa litekanyetso tse phahameng tseo Jehova a li behelang bohle ba batlang ho kopanela mahlohonolong a oona. Nakong ea ha likolo li butsoe, o ile a ba a hlalosetsa bohle ba sehlopheng sa hae litumelo tsa hae.
24 Ke tokelo ea bohlokoa hakaakang eo re nang le eona ea ho balelloa har’a bao Jehova a thabelang ho ba sebelisa ho bua ka kholiseho e tiileng ka thato ea hae! (Bakol. 4:12) Ho phaella moo, re na le monyetla o babatsehang oa ho paka botšepehi ba rōna ha re hlaseloa ke Sera sa rōna se kang tau, Satane Diabolose. (1 Pet. 5:8, 9) Le ka mohla re se lebale hore Jehova o sebelisa molaetsa oa ’Muso ho tlisa pholoho ho rōna ba o bolelang le ba o mamelang. E se eka liqeto tseo re li etsang le tsela eo re phelang ka eona letsatsi le letsatsi li ka paka hore re beha ’Muso pele. A re tsoeleng pele ho bolela litaba tse molemo ka kholiseho e matla!