-
Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
-
-
3 Boprofeta bo khahlisang ba Bibele bo ile ba bolela hore nako e ne e tla tla ea ha baeta-pele ba lefatše ba ne ba tla hle ba bolele “khotso le tšireletseho!”a Ha e le hantle, ha Machaba a Kopaneng a bolela 1986 e le “Selemo sa Khotso sa Machaba” a ile a kōpa hore hohle mekhatlo e ikitlaetse ka ho khethehileng hore ho tloha ka selemo seo e ntšetse pele pakane ea “khotso, tšireletseho ea machaba le tšebelisano.”1
4. Haeba tokisetso leha e le efe bakeng sa khotso le tšireletseho e tla u tsoela molemo, e tlameha ho rarolla mathata afe?
4 Empa na hona e ne e tla ba “khotso le tšireletseho” tsa ’nete? Na li ne li tla kena motseng oa heno le ka lapeng la hao ’me li sebetsane le mathata a u amang ka bouena? Na li ne li tla rarolla mathata a ntseng a eketseha a bonokoane le temallo ea lithethefatsi, theko e ntseng e phahama ea lijo, makhetho a boima, tšilafatso e ntseng e e-ja setsi, le ho senyeha ho ntseng ho kekela hoa likamano tsa lelapa? Hafeela a mang a maemo ana a ntse a tsoela pele, a tšosa khotso le tšireletseho tsa hao.
5, 6. Motheong oa phihlelo ea hao bophelong, na u lumela hore batho ba tla rarolla mathata ao?
5 Ke ’nete, batho ba na le tšepo ea hore ba tla hlōla mathata ana. Ba bolela hore, ha ba lokolotsoe boimeng bo sithabetsang ba lichelete tsa ntoa, ba ka sokolla letlotlo leo lohle, phuputso, le matla a sebelisoang ke batho hore ba rarolle mathata a joalo.
6 Na u hlile u lumela hoo? Na ho na le bopaki bo tiileng bo bontšang hore batho ba tla ke ba tlise pheko e sa feleng? Histori e bontša eng? Ka sebele, phihlelo ea hao ea botho bophelong e u bolella eng?
-
-
Khotso ea ’Nete le Tšireletseho li Haufi!Khotso ea ’Nete le Tšireletseho—U Ka Li Fumana Joang?
-
-
10 Ho khahlisang, boprofeta ba Bibele bo buang ka “khotso le tšireletseho” bo hlokometsoeng pejana, bo akarelletsa litšobotsi tsena: “Neng le neng ha ba re: ‘Khotso le tšireletseho!’ ke moo hang timetso ea tšohanyetso e tla ba oela holimo.” (1 Ba-Thessalonika 5:3, NW) Kahoo, ho totobetse hore khotso le tšireletseho leha e le life tseo baeta-pele ba batho ba li bolelang, e tla ba tsa nakoana. Hobane boprofeta bo bontša hore hang kamorao ho moo puso eohle ea batho e tla putuloa hore e fele, e tla nkeloa sebaka ke puso e le ’ngoe feela bakeng sa lefatše lohle—’Muso oa Molimo.
-