-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1999 | July 15
-
-
“Joale re le fa litaelo, barab’abo rōna, . . . hore le tlohe ho mor’abo lōna e mong le e mong ea tsamaeang ka mokhoa o sa laoleheng eseng ho ea ka neano eo le e amohetseng ho rōna. Ka lehlakoreng la lōna, barab’eso, le se ke la tela ho etseng se nepahetseng. Empa haeba leha e le mang a sa mamele lentsoe la rōna ka lengolo lena, enoa le lule le mo tšoaile, le khaotse ho tloaelana le eena, e le hore a ka hlajoa ke lihlong. ’Me leha ho le joalo le se ke la mo nka e le sera, empa le tsoele pele ho mo eletsa joaloka mor’abo lōna.”—2 Bathesalonika 3:6, 13-15.
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1999 | July 15
-
-
Boemo bo fapaneng le a mararo a ka holimo ke bo amang ba “sa laoleheng” joalokaha ho builoe ka bona ho 2 Bathesalonika. Pauluse o ile a ngola hore bana e ne e ntse e le ‘barab’abo rōna,’ ba lokelang ho eletsoa le ho tšoaroa joaloka barab’abo rōna. Kahoo, bothata ba barab’abo rōna ba “sa laoleheng” e ne e se taba ea botho lipakeng tsa Bakreste ebile e ne e se taba e tebileng hoo baholo ba phutheho ba neng ba tlameha ho kenella ka ho khaola, joalokaha Pauluse a ile a etsa tabeng ea boitšoaro bo bobe ea Korinthe. Ba “sa laoleheng” ba ne ba se molato oa sebe se tebileng, joaloka monna ea ileng a khaoloa Korinthe.
-
-
Lipotso Tse Tsoang ho BabaliMolula-Qhooa—1999 | July 15
-
-
O ile a boela a tsebisa litho tsa phutheho hore e ne e tla ba ho loketseng hore joaloka Bakreste ka bomong li ‘tšoaee’ ba sa laoleheng. Sena se ne se bolela hore batho ka bomong ba lokela ho hlokomela bao liketso tsa bona li lumellanang le tsela eo phutheho e ileng ea lemosoa ka eona phatlalatsa. Pauluse o ile a fana ka keletso e reng, “le tlohe ho mor’abo lōna e mong le e mong ea tsamaeang ka mokhoa o sa laoleheng.” Ka sebele seo se ne se ke ke sa bolela hore ba qobe motho ea joalo ka ho feletseng, hobane ba ne ba lokela ho ‘tsoela pele ho mo eletsa joaloka mor’abo bona.’ Ba ne ba tla tsoela pele ho ba le kamano ea Bokreste libokeng ’me mohlomong le tšebeletsong. Ba ne ba ka ba le tšepo ea hore mor’abo bona o tla latela keletso ’me a tlohele mekhoa ea hae e tšoenyang.
-