Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • Leha ho le joalo, ke litšoaneleho life tse fumanoang ka Bibeleng? Tse fanoeng feela ke tse boletsoeng ho 1 Timothea 3:8-10, 12, 13: “Bahlanka ba kereke [“bahlanka ba sebeletsang,” NW] le bona e be banna ba bokhabane, ba se ke ba e-ba le maleme a mabeli, ba se ke ba hlanyetsa veine, ba se ke ba batla leruo ka thetso; ba boloke sephiri sa tumelo ka letsoalo le hloekileng. Le bona ba tšoanetse ho lekoa pele, ba ntoo beoa bahlanka, ha ba se na sekoli. Hape, bahlanka ba kereke e be banna ba nang le basali ka bong, ba busang bana ba bona hantle le matlo a bona. Hobane ba sebelitseng tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo tumelong e ho Jesu Kreste.”

  • Lipotso tse Tsoang ho Babali
    Molula-Qhooa—1989 | July 1
    • Ho feta moo, banna ba buelloang joaloka bahlanka ba sebeletsang ba lokela hore ba be ba ‘lekiloe,’ ba fane ka bopaki ba boikutlo ba boikarabello. Hoo hase ho bolela hore ba sebeletsa nako ea ho lekoa pele. Ho e-na le hoo, ba tlameha hore ba be ba bontšitse khōlo ea Bokreste ka nako e utloahalang (ba kolobelitsoe bonyane selemo), e le banna ba utloisisang le ba khonang ho finyella lintho tseo ba li abetsoeng. Haeba motho e mocha ea “bokhabane” a bonahatsa litšobotsi tsena, ’me a e-na le boikokobetso a bile a finyella litšoaneleho tse ling, baholo ba ka ’na ba ’muella hore a khethoe leha a e-s’o ka a ba lilemo li 20. Banna ba bang ba ka ’na ba ba baholoanyane ha ba bontša ka ho hlaka hore ba khahlanyetsa litšoaneleho tsa ‘ho sebetsa tsa bohlanka boo hantle, ba ithuetse boholo bo molemo, le bonatla bo boholo.’

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela