Litšobotsi Tseo re Lokelang ho li Phehella
“U phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo.”—1 TIM. 6:11.
1. Fana ka mohlala o bontšang hore na ho “phehella” ho bolela’ng.
U NAHANA’NG ha u utloa lentsoe “phehella”? Mohlomong u nahana ka se ileng sa etsahala mehleng ea Moshe ha lebotho la Baegepeta le ‘tsoela pele ho lelekisa’ Baiseraele, athe le tla shoela Leoatleng le Lefubelu. (Ex. 14:23) Kapa u ka ’na ua hopola kotsi eo motho a neng a tobana le eona ha a bolaile motho e mong ka phoso Iseraeleng ea boholo-holo. O ne a lokela ho fihla ka potlako ho o mong oa metse e tšeletseng e khethiloeng ea setšabelo. Ho seng joalo “mopheteletsi oa mali, kahobane pelo ea hae e tuka ke bohale, [o ne] a ka lelekisa ’molai ’me a mo fihlela, . . . a [mo] bolaea.”—Deut. 19:6.
2. (a) Ke moputso ofe oo Molimo a khothalelitseng Bakreste ba bang hore ba o phehelle? (b) Ke eng eo Jehova a e tšepisang boholo ba Bakreste kajeno?
2 Ho fapana le mehlala eo e boletsoeng ka holimo e hlahang ka Bibeleng, nahana ka boikutlo bo botle boo moapostola Pauluse a neng a e-na le bona ha a re: “Ke phehella pakaneng bakeng sa moputso oa pitso ea holimo ea Molimo ka Kreste Jesu.” (Bafil. 3:14) Bibele e bontša hore ka kakaretso, Bakreste ba tlotsitsoeng ba 144 000 ba akarelletsang Pauluse, ba fumana moputso oa ho phela leholimong. Ba tla busa lefatše hammoho le Jesu Kreste Pusong ea hae ea Lilemo Tse Sekete. Ke pakane e babatsehang hakaakang eo Molimo a ba khothalelitseng hore ba e phehelle! Leha ho le joalo, boholo ba Bakreste ba ’nete kajeno ba na le tšepo kapa pakane e fapaneng le eo. Ka lerato Jehova o ba tšepisa seo Adama le Eva ba ileng ba se lahla, e leng tšepo ea bophelo bo phethahetseng le bo sa feleng lefatšeng la paradeise.—Tšen. 7:4, 9; 21:1-4.
3. Re ka bontša joang hore re ananela mosa o sa tšoanelang oa Molimo?
3 Ka lebaka la ho se phethahale ha bona, batho ba baetsalibe ba ke ke ba fumana bophelo bo sa feleng ka matsapa a bona a ho etsa se nepahetseng. (Esa. 64:6) Batho ba ka fumana bophelo bo sa feleng feela ka ho ba le tumelo tokisetsong ea Molimo e lerato ea poloko e fumanoang ka Jesu Kreste. Re ka etsa’ng ho bontša hore re ananela mosa oo o sa tšoanelang oa Molimo? Ntho e ’ngoe eo re ka e etsang ke ho mamela taelo ena: “U phehelle ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello [le] maikutlo a bonolo.” (1 Tim. 6:11) Ho hlahloba litšobotsi tsena ho ka thusa e mong le e mong oa rōna hore a ikemisetse ho tsoela pele ho li phehella “ka botlalo haholo.”—1 Bathes. 4:1.
“U Phehelle ho Loka”
4. Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore ke habohlokoa ho phehella “ho loka,” hona mehato ea pele eo motho a lokelang ho e nka ke efe?
4 Mangolong a hae a mabeli a eang ho Timothea, moapostola Pauluse o ile a thathamisa litšobotsi tse lokelang ho phehelloa ’me lethathamo ka leng le ne le qala ka “ho loka.” (1 Tim. 6:11; 2 Tim. 2:22) Ho feta moo, litemaneng tse ling, khafetsa Bibele e re khothalletsa hore re phehelle ho loka. (Liprov. 15:9; 21:21; Esa. 51:1) E le hore re etse seo, re lokela ho qala ka ho “rua tsebo ka . . . Molimo a le mong feela oa ’nete, le ka eo [a] mo romileng, Jesu Kreste.” (Joh. 17:3) Ho phehella ho loka ho tla susumelletsa motho ho nka bohato bo itseng—ba hore a bakele libe tsa hae tsa nakong e fetileng ’me a “sokolohe” hore a etse thato ea Molimo.—Lik. 3:19.
5. Re tlameha ho etsa’ng hore re be ba lokileng mahlong a Molimo re be re lule re le boemong boo?
5 Ba limilione bao ruri ba phehellang ho loka ba nehetse bophelo ba bona ho Jehova ’me ba tšoantšelitse seo ka ho kolobetsoa metsing. Haeba hona joale u se u le Mokreste ea kolobelitsoeng, na u kile ua nahana ka hore tsela eo u phelang ka eona e lokela ho bontša hore u lula u phehella ho loka, e leng seo e ka ’nang eaba u se u ntse u se etsa? Seo se akarelletsa hore ha u etsa liqeto tsa bohlokoa u lemohe hore na Bibele e re “se nepahetseng le se fosahetseng” ke sefe. (Bala Baheberu 5:14.) Ka mohlala, haeba u Mokreste oa lesoha ea lilemong tsa ho nyala kapa ho nyaloa, na u ikemiselitse ka hohle-hohle hore u ke ke ua ratana le motho eo e seng Mokreste ea kolobelitsoeng? Ha ho pelaelo hore seo ke sona seo u se etsang haeba u phehella ho loka.—1 Bakor. 7:39.
6. Ho ameha eng ha motho a hlile a phehella ho loka?
6 Motho ea lokileng o fapane le ea iketsang eka o lokile kapa “ea lokileng ho feta tekano.” (Moek. 7:16) Jesu o ile a re lemosa hore re se ke ra itlhahisa re le ba lokileng ka tsela e joalo e le hore re bonahale re le molemo ho feta ba bang. (Mat. 6:1) Pelo ea ameha haeba motho a hlile a phehella ho loka, hobane ho akarelletsa ho lokisa menahano, maikutlo, sepheo le litakatso tse fosahetseng. Haeba re lula re loanela ho etsa sena, ho ke ke ha e-ba bonolo hore re etse libe tse tebileng. (Bala Liproverbia 4:23; bapisa le Jakobo 1:14, 15.) Ho feta moo, Jehova o tla re hlohonolofatsa ’me a re thuse ha re ntse re phehella litšobotsi tse ling tsa bohlokoa tsa Bokreste.
“U Phehelle . . . Boinehelo ba Bomolimo”
7. “Boinehelo ba bomolimo” ke eng?
7 Boinehelo bo bolela ho sebeletsa ka cheseho le ka botšepehi. Buka e ’ngoe e hlalosang mantsoe a Bibele e re lentsoe la Segerike le fetoletsoeng e le “boinehelo ba bomolimo” le bolela “boikutlo bo botle ba ho tšaba ho etsa ntho e ka senyang kamano ea rōna le Molimo.” Hangata Baiseraele ba ne ba hlōleha ho bontša boinehelo bo joalo, e leng se bontšoang ke liketso tsa bona tsa ho se mamele esita le ka mor’a hore Molimo a ba lopolle Egepeta.
8. (a) Sebe sa Adama se ile sa hlahisa potso efe? (b) Karabo ea ‘sephiri see se halalelang’ e ile ea senoloa joang?
8 Lilemo tse likete ka mor’a hore motho ea phethahetseng Adama a etse sebe, ho ne ho ntse ho setse potso e reng, “Na ho na le motho leha e le ofe ea ka bontšang boinehelo ba bomolimo ka tsela e phethahetseng?” Ka lilemo tseo tse makholo-kholo, ha ho na motho oa moetsalibe ea ileng a khona ho phela bophelo ba boinehelo ba bomolimo ka tsela e phethahetseng. Empa ka nako ea hae e loketseng, Jehova o ile a senola karabo ea ‘sephiri sena se halalelang.’ O ile a fetisetsa bophelo ba Mora oa hae oa leholimo ea tsoetsoeng a ’notši ka pōpelong ea Maria e le hore a tsoaloe e le motho ea phethahetseng. Bophelong bohle ba hae ha a le lefatšeng esita le ka lefu la hae le hlabisang lihlong, Jesu o ile a bontša hore na ho bolela’ng hore motho o chesehela ho phetha boinehelo ba hae ebile o tšepahala ka hohle-hohle ho Molimo oa ’nete. Lithapelo tsa hae li ne li bontša hore o hlompha Ntate oa hae ea lerato oa leholimo ka ho tebileng. (Mat. 11:25; Joh. 12:27, 28) Kahoo, Jehova o ile a bululela Pauluse hore a bue ka “boinehelo ba bomolimo” ha a hlalosa kamoo tsela eo Jesu a neng a phela ka eona e bileng mohlala o motle kateng.—Bala 1 Timothea. 3:16.
9. Re ka phehella boinehelo ba bomolimo joang?
9 Kaha re baetsalibe, re ke ke ra bonahatsa boinehelo ba bomolimo ka tsela e phethahetseng. Empa re ka bo phehella. Hore re etse seo, ho hlokahala hore re latele mohlala oa Kreste ka hohle kamoo ho ka khonehang. (1 Pet. 2:21) Ka tsela eo, re ke ke ra tšoana le baikaketsi “ba nang le ponahalo ea boinehelo ba bomolimo empa ba se na ’nete matleng bona.” (2 Tim. 3:5) Sena ha se bolele hore ha ho moo boinehelo ba bomolimo bo amanang teng le ponahalo ea rōna. Ka sebele lia amana. Ka mohlala, ha re khetha mose oa lenyalo kapa re etsa qeto ea hore na re apare eng ha re ea mabenkeleng, ponahalo ea rōna e lokela ho lula e tšoanela batho ba ipolelang hore ba “fa Molimo tlhompho ea borapeli.” (1 Tim. 2:9, 10) Ka sebele hore re phehelle boinehelo ba bomolimo, ho hlokahala hore re ele hloko melao-motheo e lokileng ea Molimo bophelong ba rōna ba letsatsi le letsatsi.
“U Phehelle . . . Tumelo”
10. Re lokela ho etsa’ng hore re boloke tumelo ea rōna e le matla?
10 Bala Baroma 10:17. E le hore Mokreste a be le tumelo e matla a be a e sireletse, o tlameha ho lula a thuisa ka linnete tsa bohlokoa tse ka Lentsoeng la Molimo. “Lekhoba le tšepahalang le le masene” le fane ka lingoliloeng tse ngata tse molemo. Libuka tse tharo tse ikhethang ke Motho e Moholo ka ho Fetisisa ea Kileng a Phela, Ithute ho Mosuoe e Moholo le ‘Tloo U be Molateli oa Ka,’ e leng lingoliloeng tse etselitsoeng ho re thusa ho tseba Kreste hamolemo e le hore re khone ho mo etsisa. (Mat. 24:45-47) Sehlopha sa lekhoba se boetse se lokisetsa liboka, likopano tse nyenyane le tse khōlō, tseo boholo ba tsona li tšohlang “lentsoe le mabapi le Kreste.” Na ho na le litsela leha e le life tseo ka tsona u nahanang hore u ka rua molemo ka botlalo litokisetsong tsee ha u ntse u ela “hloko ka tsela e fetang e tloaelehileng” seo Molimo a fanang ka sona?—Baheb. 2:1.
11. Thapelo le ho mamela li re thusa ho phehella tumelo joang?
11 Ntho e ’ngoe e ka re thusang ho ba le tumelo e matla ke thapelo. Ka nako e ’ngoe barutuoa ba Jesu ba ile ba mo kōpa hore: “Re fe tumelo e eketsehileng.” Le rōna re ka kōpa Molimo ka boikokobetso hore a re fe tumelo. (Luka 17:5) E le hore re be le tumelo e eketsehileng, re lokela ho rapella thuso ea moea o halalelang oa Molimo; etsoe tumelo ke tšobotsi e ’ngoe ea ‘tholoana ea moea.’ (Bagal. 5:22) Ho feta moo, ho mamela litaelo tsa Molimo ho matlafatsa tumelo ea rōna. Ka mohlala, re ka ’na ra ikitlaelletsa ho etsa se eketsehileng mosebetsing oa boboleli. Ha ho potang hore seo se tla re thabisa haholo. ’Me ha re ntse re nahana ka litlhohonolofatso tseo re tla li fumana ha re ‘batla ’muso pele le ho loka ha [Molimo],’ tumelo ea rōna e tla matlafala.—Mat. 6:33.
“U Phehelle . . . Lerato”
12, 13. (a) Taelo ea Jesu e ncha ke efe? (b) Litsela tse ling tsa bohlokoa tseo ka tsona re ka phehellang lerato le kang la Kreste ke life?
12 Bala 1 Timothea 5:1, 2. Pauluse o fane ka keletso e molemo ea hore na Bakreste ba ka bontšana lerato joang. Boinehelo ba rōna ba bomolimo bo lokela ho akarelletsa ho mamela taelo ea Jesu e ncha ea hore re “ratane” joalokaha a re ratile. (Joh. 13:34) Moapostola Johanne o ile a bontša ntlha ena ha a re: “Mang kapa mang ea nang le mokhoa oa lefatše lena oa ho tšehetsa bophelo ’me a bona mor’abo a hloka leha ho le joalo a mo koalla monyako oa qenehelo ea hae e bonolo, lerato la Molimo le lula ka tsela efe ho eena?” (1 Joh. 3:17) Na ho na le maemo ao u a hopolang ao ho ’ona u ileng ua bontša lerato ka tsela e tobileng?
13 Tsela e ’ngoe eo ka eona re phehellang lerato ke ka ho tšoarela barab’abo rōna, ho e-na le ho ba jara ka pelo. (Bala 1 Johanne 4:20.) Ho fapana le hoo, re batla ho latela keletso ena e bululetsoeng: “Tsoelang pele le mamellana le ho tšoarelana ka bolokolohi haeba leha e le mang a e-na le sesosa sa pelaelo khahlanong le e mong. Esita le joalokaha Jehova a ile a le tšoarela ka bolokolohi, le etse joalo le lōna.” (Bakol. 3:13) Na ka phuthehong ea heno ho na le motho eo u ka latelang keletso ee ha u sebelisana le eena? Na u tla mo tšoarela?
“U Phehelle . . . Mamello”
14. Re ka ithuta’ng ka phutheho ea Filadelfia?
14 Ho bonolo ho ikitlaelletsa ho finyella ntho eo motho a ka e fumanang kapele empa ho thata ho lelekisa ntho e tsoang pakeng tsa majoe kapa eo re tla e fumana ka mor’a nako e telele ho feta kamoo re neng re lebeletse kateng. Ka ho hlakileng, ho hlokahala hore re be le mamello ha re phehella pakane ea bophelo bo sa feleng. Morena Jesu o ile a re ho phutheho ea Filadelfia: “Kahobane u ile ua boloka lentsoe le mabapi le mamello ea ka, le ’na ke tla u phemisa hora ea teko.” (Tšen. 3:10) Ha e le hantle, Jesu o ile a ruta hore ho hlokahala hore re be le mamello—e leng tšobotsi e re thusang hore re se ke ra inehela ha re tobane le liteko le meleko. E tlameha ebe barab’abo rōna ba lekholong la pele la lilemo ba phutheho ea Filadelfia ba ile ba mamella liteko tse ngata tsa tumelo ka tsela e ikhethang. Kahoo, Jesu o ile a ba kholisa hore ba ne ba tla fumana thuso e eketsehileng nakong e tlang ha ba tobane le liteko tse khōloanyane.—Luka 16:10.
15. Jesu o ile a ruta thuto efe mabapi le mamello?
15 Jesu o ne a tseba hore balateli ba hae ba ne ba tla hlouoa ke beng ka bona ba sa lumelang esita le lefatše ka kakaretso, ke kahoo a ileng a ba khothatsa bonyane ka makhetlo a mabeli ka ho re: “Ea mameletseng ho isa bofelong ke eena ea tla pholoha.” (Mat. 10:22; 24:13) Jesu o ile a boela a bontša hore na ka nako eo balateli ba hae ba ne ba ka fumana matla a hlokahalang a ho mamella joang. Papisong e ’ngoe o ile a bapisa mobu o majoe le batho ba “amohelang [lentsoe la Molimo] ka thabo” empa ba oa ha ba tobane le liteko tsa tumelo. Leha ho le joalo, o ile a bapisa balateli ba hae le mobu o motle hobane ba ‘boloka’ lentsoe la Molimo ’me “ba beha litholoana ka mamello.”—Luka 8:13, 15.
16. Ke tokisetso efe e lerato e thusitseng batho ba limilione hore ba mamelle?
16 Na u lemohile hore na ho hlokahala’ng hore re mamelle? Re tlameha ho ‘boloka’ lentsoe la Molimo, re etse hore le lule le sebetsa lipelong le likelellong tsa rōna. Ho ba le Phetolelo ea Lefatše le Lecha ea Mangolo a Halalelang—e leng phetolelo ea Bibele e nepahetseng le e balehang habonolo—eo lenane la lipuo tseo e fumanehang ka tsona le ntseng le eketseha, ho re nolofalelitse ho etsa seo. Haeba letsatsi le letsatsi re thuisa ka karolo e itseng ea Lentsoe la Molimo, seo se tla re thusa ho fumana matla a hlokahalang e le hore re behe litholoana “ka mamello.”—Pes. 1:1, 2.
“U Phehelle . . . Maikutlo a Bonolo” le Khotso
17. (a) Ke hobane’ng ha “maikutlo a bonolo” e le a bohlokoa hakaale? (b) Jesu o ile a bontša joang hore o na le maikutlo a bonolo?
17 Ha ho na motho ea thabelang ho behoa molato ka ntho eo a sa a e buang kapa a sa e etsang. Ho tloaelehile hore batho ba itatole ba halefile ha ba behoa molato ka ntho eo ba sa e etsang. Ka sebele ho molemo ho ba le “maikutlo a bonolo”! (Bala Liproverbia 15:1.) Ha ho bobebe hore motho a lule a le bonolo ha a behoa molato ka ntho eo a sa e etsang. Jesu Kreste o ile a re behela mohlala o phethahetseng tabeng ena. “Ha a ne a ntse a hlapaoloa, ha aa ka a qala ho iphetetsa ka ho hlapaola. Ha a ne a utloa bohloko, ha aa ka a qala ho soka, empa a tsoela pele ho ’na a ipeha ho ea ahlolang ka ho loka.” (1 Pet. 2:23) Re ke ke ra lebella hore re tla ipabola joaloka Jesu ntlheng ena, empa na re ka ikitlaelletsa ho ntlafatsa tsela eo re bontšang maikutlo a bonolo ka eona?
18. (a) Molemo oa ho ba le maikutlo a bonolo ke ofe? (b) Ke tšobotsi efe e ’ngoe eo re khothalletsoang ho e phehella?
18 E se eka re ka etsisa Jesu ka hore “kamehla [re lule re] loketse ho ikarabella” mabapi le seo re se lumelang, re “etsa joalo le ka maikutlo a bonolo le tlhompho e tebileng.” (1 Pet. 3:15) Ka sebele, ho ba le maikutlo a bonolo ho ka re thusa hore ha re sa lumellane linthong tse itseng, re se ke ra ngangisana ka khalefo ebang re bua le batho bao re kopanang le bona tšebeletsong ea tšimo kapa re bua le balumeli-’moho le rōna. (2 Tim. 2:24, 25) Bonolo bo tla re thusa ho ba le khotso. Mohlomong ke ka lebaka leo ha Pauluse a ngolla Timothea lengolo la bobeli, a ileng a kenyelletsa “khotso” lethathamong la litšobotsi tseo re lokelang ho li phehella. (2 Tim. 2:22; bapisa le 1 Timothea 6:11.) Ruri “khotso” ke tšobotsi e ’ngoe eo Mangolo a re khothalletsang ho e phehella.—Pes. 34:14; Baheb. 12:14.
19. Ka mor’a hore re tšohle litšobotsi tsena tse supileng tsa Bokreste, u ikemiselitse ho phehella’ng, hona hobane’ng?
19 Re tšohlile litšobotsi tse supileng tseo Bakreste ba khothalletsoang ho li phehella—ho loka, boinehelo ba bomolimo, tumelo, lerato, mamello, maikutlo a bonolo le khotso. Ho monate hakaakang phuthehong e ’ngoe le e ’ngoe ha bara le barali babo rōna ba ikitlaelletsa ho bonahatsa ka botlalo haholo litšobotsi tsee tse ratehang! Sena se tla tlotlisa Jehova le ho mo nolofalletsa hore a bōpe e mong le e mong oa rōna hore a mo rorise.
Lintlha Tsa ho Thuisa
• Ho phehella ho loka le boinehelo ba bomolimo ho akarelletsa’ng?
• Ke eng e tla re thusa hore re phehelle tumelo le mamello?
• Lerato le lokela ho ama tsela eo re sebelisanang le ba bang ka eona joang?
• Ke hobane’ng ha re lokela ho phehella bonolo le khotso?
[Setšoantšo se leqepheng la 12]
Jesu o ile a re lemosa hore re se ke ra itlhahisa re le ba lokileng e le hore re ka khahlisa batho
[Setšoantšo se leqepheng la 13]
Re ka phehella tumelo ka ho thuisa ka linnete tsa Lentsoe la Molimo
[Setšoantšo se leqepheng la 15]
Re ka phehella lerato le maikutlo a bonolo