-
Sephiri se Halalelang Sea PhutholohaMolula-Qhooa—1990 | January 15
-
-
Sephiri se Halalelang Sea Phutholoha
“Sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo.”—1 TIMOTHEA 3:16, “NW.”
1. Ke sephiri sefe se hlalosoang ho 1 Timothea 3:16 (NW)?
NA U khahloa ke liphiri? Na u thabela ho sibolla liphiri? Boholo ba rōna re thabela hoo! Ka hona, ikopanye le rōna ha re hlahloba se seng sa liphiri tse hlollang ka ho fetisisa—sephiri se ileng sa lula se notleletsoe ka hare ho Lentsoe la Molimo ka likete tsa lilemo. Sephiri sena se halalelang se ama bophelo ba rōna haholo, ba hona joale le ba ka moso. Ke ‘sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo,’ seo re se hlalosetsoang ho 1 Timothea 3:16 (NW). Re lokela ho leboha Jehova hakaakang, ea “senolang liphiri,” ka hore e be ka mohau o re tsebisitse sephiri sena se hlollang le tlhaloso ea sona!—Daniele 2:28, 29.
2. (a) Ke neng ha Jehova a bua ka lekhetlo la pele ka sephiri se halalelang, ’me o ile a tšepisa eng ka nako eo? (b) Ke lipotso life tse hlokang likarabelo?
2 Jehova o ile a bua ka sephiri se halalelang ka lekhetlo la pele ka mor’a hore Noha e thetse Eva, ’me Adama a mo sale morao bofetoheling. Nakong eo Molimo o ile oa tšepisa hore “peō,” kapa bana, e ne e tla khoba hlooho ea Noha. (Genese 3:15) Peō ee ke mang? E ne e tla hlōla Noha joang? Na e ne e tla phahamisa ’nete ea Molimo le morero oa Oona mabapi le lefatše lee?
3. Boprofeta ba Molimo bo ile ba fana ka linotlolo life mabapi le ho tsejoa ha Peō le mosebetsi oa eona?
3 Ka mor’a nako, boprofeta ba Molimo bo ile ba senola lintho tse fanang ka leseli la ho tseba Peō le mosebetsi oa eona oa ka moso. E ne e tla ba setloholo sa Abrahama, e ne e tla ja lefa la ’muso oa Davida, ’me e ne e tla bitsoa Khosana ea Khotso. ‘Ho ata ha puso ea bohosana le khotso ho ne ho ke ke ha e-ba le bofelo.’ (Esaia 9:6, 7, NW; Genese 22:15-18, NW; Pesaleme ea 89:35-37, NW) Empa joalokaha Ba-Roma 16:25 (TLP), e bolela, sephiri seo se halalelang se ne “se patehile ho tloha tšimolohong.”
Ho Rarolla Sephiri
4. Sephiri se halalelang se qalile ho phutholoha joang ka 29 C.E.?
4 Qetellong, ka mor’a lilemo tse likete tse ’nè, leseli le ile la chaba! Ka tsela efe? Ka 29 C.E., Johanne o ile a kolobetsa Jesu oa Nazaretha Nōkeng ea Jordane, ’me lentsoe la Molimo le hlahang leholimong la phatlalatsa: “Enoa ke Mora oa ka ea ratoang, eo ke khahlisoang ke eena.” (Mattheu 3:17) Joale, qetellong Peō e tšepisitsoeng e ne e le ena! Sephiri se halalelang se ne se qalile ho phutholoha ka likarolo tsohle tsa sona tse khanyang, ho akarelletsa taba ea boinehelo ba bomolimo.
5. “Boinehelo ba bomolimo” ke eng, ’me bo ama ba nang le bona joang?
5 Re utloisisa eng ka “boinehelo ba bomolimo”? Ka Mangolong a Bokreste a Segerike, polelo ena e hlaha ka makhetlo a 20 feela, ’me makhetlo a fetang halofo ho ana ke mangolong a mabeli a Pauluse a eang ho Timothea. Khatiso ea Insight on the Scriptures e hlalosa “boinehelo ba bomolimo” e le “tlhompho, borapeli, le tšebeletso ho Molimo, hammoho le botšepehi bobusing ba oona ba bokahohleng.” Tlhompho e tsoa pelong e atamelang haufi le Molimo, ka tšabo ea boholo ba oona, ho hloka qalo le qetello ha oona, le bongata ba lintho tse hlollang tseo o li bōpileng, hammoho le teboho bakeng sa limpho tsa moea le tsa nama tseo o li tšollelang holim’a batho ba nang le kananelo. Ka sebele, e mong le e mong ho rōna ea nang le boinehelo ba bomolimo a ka bua joaloka mopesaleme ho Pesaleme ea 104:1: “Boka Jehova, moea oa ka! Jehova, Molimo oa ka, u moholo haholo, u apere khanya le bokhabane.”
6. (a) Barapeli ba Jehova ba fapane joang le batho ba lutseng feela ka likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana? (b) Pauluse o itse’ng ho Ba-Roma 11:33, 34, ka hona ho phahama lipotso life?
6 Boinehelo ba rōna ho Molimo bo tlameha ho bonahala, ’me hona ho bonahala ka liketso. Ntlheng ena, barapeli ba Molimo oa ’nete, Jehova, ba fapane haholo le batho ba lutseng feela ka likerekeng tsa Bokreste-’mōtoana tse helehang. Ho batho ba bangata lefatšeng, bolumeli—haeba ba sa ntsane ba e-na le bolumeli—ke ho phetha tšoanelo feela, seaparo se aparoang ho etsa hore ba hlahe ba halalela ha ba phela bophelo bo lumellanang le lefatše le silafetseng le ba potolohileng. Ha ba tsebe le hore na Molimo ke mang. Ka sebele, ho hlokahala hore batho ba joalo ba hlokomele mantsoe a Pauluse ho Liketso 17:23, moo a ileng a re ho Baathene ba neng ba rapela “Molimo o sa tsejoeng”: “Molimo oo le o rapelang le sa o tsebe, ke oona oo ’na ke le bolellang oona.” Mabapi le Molimo oo o tsotehang, ho Ba-Roma 11:33, 34 Pauluse o khotsa tjena: “A boliba ba monono, le ba bohlale, le ba tsebo ea Molimo! Likahlolo tsa oona ha li hlalohanngoe hakakang! Litsela tsa oona ha li na ho fihleloa hakakang! Hobane ke mang ea tsebileng khopolo ea Morena, kapa ke mang e bileng moeletsi oa hae?” Joale, re ka tseba litsela tsa Molimo joang? Ke ka ho ithuta ‘sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo.’ Empa re ka etsa seo joang?
7. Ke hobane’ng ha ho ka thoe “sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo”?
7 Ho 1 Timothea khaolo 3 (NW), moapostola Pauluse o qala ka ho hlakisa se hlokahalang ho bahlanka ba nang le boikarabelo ka tlung ea Molimo, eo temaneng ea 15 e hlalositsoeng e le “phutheho ea Molimo o phelang, tšiea le tšehetso ea ’nete.” Joale temaneng ea 16, Pauluse oa phaella: “Sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo hoa lumeloa hore se seholo.” Ka sebele se seholo hobane Jehova o ile a roma Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši lefatšeng ho tla notlolla sephiri sena, ho bontša hore na kannete boinehelo ba bomolimo ke eng le hore na ke ba bohlokoa hakae, hore ha ho letho le ka etsoang ka ntle ho bona, borapeling ba ’nete. Sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo se chabisoa tseleng ea Jesu ea bophelo mona lefatšeng. Bohle ba ratang Jehova ba tlameha ho haha tumelo ea bona le bophelo ba bona ho Kreste, ea behileng mohlala oa boinehelo ba bomolimo. Joale, Jesu o ile a hlakisa sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo joang?
Likarolo Tse Tšeletseng
8. (a) Likarolo tse tšeletseng tsa sephiri se halalelang seo Pauluse a se hlalosang ho 1 Timothea 3:16, (NW), ke life? (b) Ke mang ea bonahatsoang eo ho thoeng ke “O”?
8 Ka pululelo ea Molimo, Pauluse o arabela potso eo. Mona ho 1 Timothea 3:16 (NW), o hlalosa likarolo tse tšeletseng tsa sephiri sena se halalelang, o re: “O [1] ile a bonahatsoa nameng, [2] a phatlalatsoa a lokile moeeng, [3] a hlaha ho mangeloi, [4] a boleloa har’a lichaba, [5] ha lumeloa ho eena lefatšeng, [6] a amoheloa khanyeng.” Ke mang eo ho thoe’ng ke “O” ea bonahatsoang? Ka ho hlakileng, “O” enoa ke Peō e tšepisitsoeng, Jesu, ea tlileng ho tla etsa thato ea Molimo. Ke eena ea ka sehloohong sephiring se halalelang, e leng hoo kannete ho etsang hore se be seholo.
9. Ho na le bopaki bofe ba hore 1 Timothea 3:16, ha ea lokela ho baleha tjee: “Molimo o ile oa bonahatsoa nameng”?
9 Batšehetsi ba thuto ea Boraro-bo-bong ba leka ho ferekanya kutloisiso ea sephiri se halalelang ka ho bolela hore “O” eo ho buuoang ka eena ho 1 Timothea 3:16, ke Molimo ka booona. Ba thea tlhaloso eo Bibeleng ea King James e balehang tjena, “Molimo o ile oa bonahatsoa nameng.” Leha ho le joalo, e be meqolo ea Segerike e tšepahalang ka ho fetisisa e re’ng? Nako le nako e sebelisa seemeli “O” ho fapana le “Molimo.” Bahlahlobisisi ba taba e ngotsoeng joale baa lumela hore ho kenngoa ha “Molimo” lengolong lena ke phoso ea bakopitsi. Ka hona, liphetolelo tsa moraonyana, tse kang American Standard Version, The New English Bible, le New World Translation, ka nepo li baleha tjena: ‘O [kapa Eena ea] ile[ng] a bonahatsoa nameng.’ Che, e ne e se Molimo ka booona o ileng oa hlaha “nameng.” Ho fapana le hoo, e ne e le Mora oa oona ea ratoang eo hape e leng pōpo ea oona ea pele, eo moapostola Johanne a ngotseng tjena ka eena: “Lentsoe le ne le etsoe nama, ’me la aha har’a rōna le tletse mohau le ’nete, ’me re bohile khanya ea lona, e kang khanya ea Mora a ’notši ea tsoang ho Ntate.”—Johanne 1:14.
“O Ile a Bonahatsoa Nameng”
10. (a) Tšobotsi ea pele ea sephiri se halalelang e ile ea totobala joang ha Jesu a kolobetsoa? (b) Ke hobane’ng ha Jesu a ile a fetoha “Adama oa morao”?
10 Ha Jesu a kolobetsoa tšobotsi ea pele ea sephiri se halalelang e ile ea totobala: Jesu “o ile a bonahatsoa nameng” e le Mora oa Molimo ea tlotsitsoeng. Jehova Molimo o ne a ile a tlosa bophelo ba Mora oa hae leholimong a bo kenya pōpelong ea Maria e le hore Jesu a ka tsoaloa nameng e le motho ea phethahetseng. Ka hona, joalokaha 1 Ba-Korinthe 15:45-47 e bontša, Jesu o ile a fetoha Adama oa bobeli, kapa “oa morao,” moea oa motho o phethahetseng o tšoanang hantle le Adama oa pele. Ka morero ofe? Timothea oa pele 2:5, 6 e bua ka “Adama oa morao” e le “Jesu Kreste motho, ea ineetseng ho ba topollo ea bohle.” Motheong ona oa molao oa sehlabelo se phethahetseng sa botho, Jesu o buella selekane se secha mabapi le batho ba 144 000 ba fetohang majalefa hammoho le eena ’Musong oa hae.—Tšenolo 14:1-3.
11. Melemo ea sehlabelo sa topollo sa Jesu e atolohela ho bo-mang?
11 Na ba bang le bona ba ne ba tla rua molemo lefung la Jesu la sehlabelo? E, ho hlile ho joalo! Johanne oa pele 2:2 (NW), e bolela hore Jesu Kreste “ke sehlabelo sa poelano bakeng sa libe tsa rōna [ke hore, libe tsa Bakreste ba tlotsitsoeng ba kang Johanne], empa eseng bakeng sa tsa rōna feela empa hape le bakeng sa tsa lefatše lohle.” Melemo ea sehlabelo sa topollo sa Jesu e fetela hōle ka ’nģane ho Bakreste ba 144 000 ba tlotsitsoeng ho akarelletsa lefatše lohle la batho. “Bongata bo boholo ba batho” ba ntseng ba phela hona joale le ba likete tsa limillione ba tla tsosoa lefatšeng la Paradeise ba tla amohela bophelo bo sa feleng motheong oa tumelo ea bona sehlabelong sa topollo sa Jesu. Esita le hona joale, joalokaha ho profetiloe ho Tšenolo 7:9, 10, batho ba bongata bo boholo ba hlatsoitse liaparo tsa bona tse telele ’me ba li soeufalitse ka ho lumela maling a tšolotsoeng a Konyana, Jesu Kreste. Ba talingoa ba lokile bakeng sa ho ba le setsoalle le Molimo. Ka thabo, ba ithuta likarolo tse fapa-fapaneng tsa sephiri se halalelang ’me ba bontša boinehelo ba bomolimo tumellanong le mohlala oa Jesu!
Likarolo Tse Ling
12. Ke joang Jesu a ileng a “phatlalatsoa a lokile moeeng”?
12 Joale, ho thoe’ng ka tšobotsi ea bobeli e ho 1 Timothea 3:16 (NW)? Jesu o ile “a phatlalatsoa a lokile moeeng.” Empa joang? Ka hore Jehova a tsose Mora oa hae ea bolokileng botšepehi bafung ho ea bophelong ba moea. Sena se ne se lekana le phatlalatso ea Molimo ea hore Jesu o ne a lokile ka ho felletseng ’me a tšoaneleha bakeng sa litokelo tse ling tse phahameng. Kamoo Ba-Roma 1:4 (TLP) e ho behang ka teng, “ho ea ka Moea oa khalalelo ho ile ha boleloa, ka tsoho ea hae bafung, hore [Jesu] ke Mora ea matla oa Molimo.” Ha a tiisa sena lengolong la hae la pele, khaolo ea 3, temana ea 18 (TLP), Petrose oa re bolella: “Kreste le eena o shoetse libe tsa lōna hanngoe, ea lokileng a shoela ba sa lokang, e le hore a tle a le tlise ho Molimo. O ile a bolaoa ka nqeng ea ’mele, empa a khutlisetsoa bophelong ka Moea.” Na mohlala oa Jesu oa boinehelo ba bomolimo o u lebisa ho Molimo?
13. Jesu ea tsositsoeng o ile a itlhahisa ho mangeloi afe, ’me o ile a a bolella molaetsa oa mofuta ofe?
13 Ha a tsoela pele ho 1 Timothea 3:16 (NW), joale Pauluse o bua ka tšobotsi ea boraro ea sephiri se halalelang, o bolela hore Jesu o ile “a hlaha ho mangeloi.” E be mangeloi aa ke afe? Mabapi le Jesu, eo joale ‘a seng a phelisitsoe moeeng,’ ho 1 Petrose 3:19, 20, Petrose oa ngola: “Ke ka oona moea oo a ileng ho bolella meea e teronkong, e neng e ikhantšitse khale, ha Molimo o no o sa mameletse ka sebete, e leng mehleng ea Noe.” Ho latela Juda 6, meea eo ke “mangeloi a sa kang a tiisetsa boholong ba ’ona, a mpa a tlohile tulong tseo e neng e le tsa ’ona” maholimong. A ile a nka ’mele ea nama e le hore a ka thabela likamano tse litšila tsa botona le botšehali le basali. Ha Moroallo o qobella mangeloi ao ho khutlela sebakeng sa moea, a ile a lahleloa Tartarus, boemo ba ho nyelisoa ka ho felletseng. (2 Petrose 2:4, NW) Jesu ea tsositsoeng o ile a a bolella. Empa na oo e ne e le molaetsa oa poloko? Le hanyenyane! Ho fapana le hoo, Jesu o ile a nyatsa bokhopo ba ’ona e le bo khahlanong le boinehelo ba bomolimo. Batho leha e le bafe ba Molimo ba bapallang boitšoarong bo bobe ba botona le botšehali kajeno ba lokela ho fumana temoso kahlolong e phatlalalitsoeng holim’a mangeloi ao!
14. Litaba tse molemo tse mabapi le Jesu li ile tsa qala ho “boleloa har’a lichaba” joang?
14 Tšobotsi ea bone ea 1 Timothea 3:16 (NW), ke hore Jesu o ile “a boleloa har’a lichaba.” See se phethahalitsoe joang? Nakoana feela pele a tšoaroa, Jesu o ile a bolella baapostola ba hae: “Ka ’nete-nete ke re ho lōna: Ea lumelang ho ’na, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le eena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ea ho Ntate.” (Johanne 14:12) Nakoana ka mor’a moo, ka Pentekonta ea 33 C.E., Jesu o ile a tšollela moea o halalelang holim’a barutuoa ba hae, ’me litaba tse hlasimollang tsa hore “Molimo o tsositse Jesu eo” tsa qala ho bolelloa Bajode. Hamorao, Basamaria le bona ba ile ba amohela lentsoe la Molimo ’me ba qala ho amohela moea o halalelang. (Liketso 2:32; 8:14-17) Joale, ka 36 C.E., Petrose o ile a bolella Kornele le Balichaba ba bang ba neng ba phuthehetse tlung ea hae. Ka hona, litaba tse molemo tse mabapi le Jesu tsa qala ho “boleloa har’a lichaba,” ke hore, har’a batho bao e seng Bajode, bao ka ho tšoanang ba ileng ba tlotsoa ka moea o halalelang.
15. Ke eng e pakang hore Bakreste ba lekholong la pele la lilemo ba ne ba ithutile sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo hantle?
15 Joalokaha ho tlalehiloe ho Liketso 12:24, “lentsoe la Molimo la ’na la ata, la anafala.” Liketso 17:6 e tlaleha hore Greece leboea bahanyetsi ba ile ba hoa, joalokaha ba ntse ba etsa mono ho fihlela kajeno: “Batho bao ba ferekantseng lefatše lohle, ba tlile le koano.” Pele lilemo tse 30 li fela, Pauluse o ne a ka ngola a le Roma hore litaba tse molemo li ne li “bolelletsoe pōpo eohle e tlas’a leholimo.” (Ba-Kolosse 1:23, NW) Bakreste ba nakong eno ba ne ba ithutile hantle sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo. Ba ne ba se sebelisa ka cheseho e kaakang! ’Me e se eka le rōna ka ho tšoanang re ka ithuta sona ’me ra se sebelisa letsatsing lena leo e leng tlhoro ea ho bolela ka ’Muso!
16. Tšobotsi ea bohlano ea sephiri se halalelang e ne e le efe, ’me ke mosebetsi ofe o ileng oa etsa hore e totobale?
16 Ho arabela boboleling boo ba lekholong la pele la lilemo, tšobotsi ea bohlano ea sephiri se halalelang se ho 1 Timothea 3:16 (NW), e ile ea totobala haholo. Joale ho ile ‘ha lumeloa ho Jesu lefatšeng.’ Sena e ne e le phello ea boinehelo ba bomolimo bo tšoanang le ba Kreste ba baromuoa ba chesehang, ho akarelletsa Pauluse le Timothea. Ba ile ba isa litaba tse molemo Asia Minor le Europe, mohlomong ho ea fihla Spain, le Afrika Bochabela ka molomo oa Moethiopia ea kolobelitsoeng, ha Petrose a ntse a sebeletsa Babylona.
17. Ke hobane’ng ha ho lumeloa ho Jesu ho pholletsa le lefatše lohle la kajeno?
17 Ho thoe’ng ka mehla ea rōna? Ho tloha ka 1919 masala a tlotsitsoeng a ’nile a bontša boinehelo ba bomolimo bo behang mohlala. Batlotsuoa bana ba hahile mohaho o tiileng holim’a motheo oa tumelo o raliloeng ke Jesu. Haholo-holo ho tloha ka 1935, ba ’nile ba tsoela pele ho bokella bongata bo boholo ba batho, ba thabelang tebello ea ho feta “mahlomoleng a maholo” le ho thabela bophelo bo sa feleng lefatšeng la paradeise. (Tšenolo 7:9, 14) Ka hona, litaba tse molemo tse mabapi le Jesu li lumeloa ho pholletsa le lefatše lohle la kajeno. Ka boinehelo ba bomolimo, Lipaki tsa Jehova tse fetang 3 700 000 joale lia bolela ’me lia anafala lefatšeng ka bophara!
18. Ke joang Jesu a ileng a “amoheloa khanyeng”?
18 Karolo e ’ngoe hape ea sephiri seo se halalelang e sa ntsane e setse, e leng ea botšelela: Jesu o ile “a amoheloa khanyeng.” Nakong ea matsatsi a 40 ka mor’a hore a phelisetsoe moeeng, Jesu o ile a nka ’mele e bonahalang ea nama, a itlhahisa ho barutuoa ba hae ’me a ba bolella “tsa ’muso oa Molimo.” Joale o ile a nyolohela leholimong. (Liketso 1:3, 6-9) Ka hona, thapelo ea hae e tlalehiloeng ho Johanne 17:1-5, e ile ea arabeloa: “Ntate, . . . tlotlisa Mora oa hao, hore Mora oa hao a u tlotlise le eena . . . Ke u tlotlisitse lefatšeng . . . Joale, uena Ntate, u ntlotlise ho uena ka khanya eo ke neng ke e-na le eona ho uena, lefatše le e-so ho be teng.”
19. E tlameha e be ho khutlela ha Jesu leholimong ho ile ha thooletsoa ka eng?
19 E tlameha e be ho khutlela ha Jesu leholimong ho ile ha thooletsoa ka thabo e khōlō hakaakang! Nako e telele pele ho moo, ha Jehova a thea lefatše, ‘bara bohle ba Molimo ba ile ba bina ka nyakallo.’ (Jobo 38:7) E tlameha e be makhotla ao a mangeloi a ile a thaba le ho feta ha a boetse a amohela ’Muelli e Moholo ea tšepahalang oa bobusi ba Jehova ka har’a ’ona!
20. Ke hobane’ng ha Jesu a ruile lebitso le leholo hakaale, ’me o ile a etsa eng ha a ntse a le lefatšeng?
20 Ho Ba-Heberu 1:3, 4, Pauluse o bua tjena ka Jesu ea hlōlang: “Hobane a etse hlatsuo ea libe tsa rōna, o ile ho lula ka letsohong le letona la Boholo bo holimo; a etsoa ea ka holimo ho mangeloi, joale ka ha lebitso leo a le ruileng ka mokhoa oa lefa le fetisa la ’ona ka boholo.” Kreste o ile a amohela lebitso leno ka baka la ho hlōla ha hae bobe. Ka sebele Mora enoa oa Molimo e ne e bile pula-maliboho ea tsela ea boinehelo ba bomolimo mona lefatšeng. Hape o ne a behile mohlala bakeng sa bohle ba tla finyella bophelong bo sa feleng. Ha Jesu a phahamisetsoa letsohong le letona la Molimo leholimong, sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo se ile sa senoloa ka litšobotsi tsohle tsa sona.
-
-
Ho Ithuta Sephiri se Halalelang sa Boinehelo ba BomolimoMolula-Qhooa—1990 | January 15
-
-
Ho Ithuta Sephiri se Halalelang sa Boinehelo ba Bomolimo
“Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng.”—1 PETROSE 2:21.
1. Morero oa Jehova e bile ofe mabapi le ‘sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo’?
“SEPHIRI se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo” ha e sa le sephiri! (1 Timothea 3:16, NW) Se fapane hakaakang le liphiri tsa bolumeli ba bohata, tse kang Boraro-bo-bong bo makatsang, tse lulang e le liphiri! Ha ho motho ea ka li utloisisang. Ho fapana le hoo, Jehova o rerile hore sephiri se halalelang se senotsoeng ho motho e leng Jesu Kreste se lokela ho phatlalatsoa ka mokhoa o pharalletseng ka hohle kamoo ho ka khonehang. Jesu ka boeena o ile a fetoha mohlala o totobetseng oa ho ba ’moleli ea chesehang oa ’Muso oa Molimo. Re ka ithuta ho hongata molaetseng oa hae le mokhoeng oa hae oa ho bolela, joalokaha re tla bona hona joale.
2. Ke hobane’ng ha ho sebeletsa ha Jesu ho etelletsoa ka pele ho topollo? (Mattheu 20:28, TLP)
2 Ka hona, a re nahaneng ka ho eketsehileng ka ho ‘bonahatsoa ha Jesu nameng.’ (1 Timothea 3:16, NW) Ho Mattheu 20:28 (TLP), re bala hore Jesu “ha a ea tlela ho sebeletsoa, empa ho tla sebeletsa le ho neelana ka bophelo ba hae hore e be topollo ea ba bangata.” Sena se bile se etelletsa ho sebeletsa ha hae ka pele ho topollo. Hobane’ng? Morao koana Edene Noha e bolotsana e ile ea phea khang ka bobusi bo loketseng ba Jehova holim’a batho, ea fana ka maikutlo a hore pōpo ea Molimo e ne e e-na le phoso le hore tlas’a teko ha ho motho ea neng a ka boloka botšepehi ho Ea Holimo-limo. (Bapisa le Jobo 1:6-12; 2:1-10.) Tšebeletso ea Jesu e se nang sekoli e le motho ea phethahetseng, “Adama oa morao,” e ile ea bontša mophephetsi Satane e le raleshano ea khopo. (1 Ba-Korinthe 15:45) Ho feta moo, Jesu o ile a paka ka botlalo litšoaneleho tsa hae tsa ho sebeletsa e le “Lenģosa la Sehlooho le ’Moloki” ea behiloeng ke Molimo le tsa ho “ahlola lefatše . . . ka ho loka,” ho phahamisa bobusi ba Jehova.—Liketso 5:31, NW; 17:31.
3. Jesu o hanyelitse phephetso ea Satane ka ho felletseng joang?
3 Jesu o ile a hanyetsa ka ho felletseng phephetso e nyelisang ea Satane! Historing eohle, ha ho motho lefatšeng lena ea kileng a sebeletsa Molimo ka boinehelo bo joalo—ho sa tsotellehe linyeliso, litšomo, le ho hlokofatsoa ’meleng le kelellong. E le Mora oa Molimo, Kreste o ile a lokela ho mamella lithohako tse nyefolang. Har’a seo sohle—esita le ho isa lefung le sehlōhō le le tlotlollang—o ile a ema a tiile, a sa sisinyehe botšepehing ba hae ho Ntat’ae. Ho Ba-Filippi 2:8, 9 (NW), Pauluse o ngola hore ka baka la hore Jesu o utloile ‘ho fihlela lefung, e, lefu thupeng ea tlhokofatso, Molimo o mo phahamisitse ’me o mo file lebitso le ka holimo ho mabitso ’ohle.’ Jesu o ile a pepesa Satane e le raleshano ea kotsi joalokaha a fela a le joalo!
4. Ke hobane’ng ha Jesu a ne a ka bolella Pilato hore o tlile lefatšeng ho tla pakela ’nete?
4 Ka hona, qetellong ea lilemo tse seng kae feela tsa ho bolela ka mokhoa o pharalletseng, ka sebete Jesu o ne a ka pakela Ponse Pilato: “Ua bolela, ke morena; ke tsoaletsoe hona, ’me ke tletse hona lefatšeng, ke tle ke pake ’nete. E mong le e mong eo e leng oa ’nete, o utloa lentsoe la ka.” (Johanne 18:37) Jesu o ile a bontša boinehelo ba bomolimo bo phahameng ka ho fetisisa ha a bolela ’nete ea ’Muso oa Molimo ho pholletsa le Palestina eohle. O ile a koetlisetsa barutuoa ba hae hore le bona e be baboleli ba chesehang. Mohlala oa hae o re susumelletsa ho latela mehlaleng ea hae hakaakang kajeno!
Ho Ithuta ho Ea re Behetseng Mohlala
5. Ka ho talima Jesu ka tieo, re ka ithuta eng ka boinehelo ba bomolimo?
5 Ka boinehelo ba rōna ba bomolimo ho etseng thato ea Jehova, le rōna re ka paka Diabolose e le raleshano. Ho sa tsotellehe liteko tseo re fetang har’a tsona, ha ho le e ’ngoe e tla ke e lekane le mahlomola le linyeliso tseo Jesu a ileng a li latsoa. Ka hona, a re ithuteng ho Ea re Behetseng Mohlala. Joalokaha Ba-Heberu 12:1, 2 (NW), e re phehella, e se eka re ka matha peisong ka mamello “re ntse re talimile ka tieo Lenģosa la Sehlooho le Mophethahatsi oa tumelo ea rōna, Jesu.” Ho fapana le Adama, ea ileng a hlōleha ha a lekoa tabeng ea boinehelo ba bomolimo, Jesu o ile a fetoha motho a le mong lefatšeng ea ileng a hlōla liteko tsohle ka mokhoa o phethahetseng. Ho isa lefung, o ile a ipaka “a tšepahala, a se na molato, a sa silafatsoa, a arohile ho baetsalibe.” (Ba-Heberu 7:26, NW) Ka botšepehi bo se nang sekoli, o ne a ka re ho lira tsa hae: “Ke mang ho lōna ea ka mpeang molato oa sebe?” Jesu o ile a arabela phephetso ea Satane, a phatlalatsa: “’Musi oa lefatše . . . ha a na matla holim’a ka.” ’Me ha a qetella puo ea hae ea ho qetela ho barutuoa ba hae pele ho ho ekoa le ho tšoaroa ha hae, o ile a ba bolella: “Le mpe le bete lipelo; ke hlōtse lefatše.”—Johanne 8:46, TLP; 14:30, TLP; 16:33.
6. (a) Ke hobane’ng ha Jesu a tseba hore na ke khatholoho ea mofuta ofe eo batho ba e hlokang? (b) Jesu o bontšitse tšabo ea bomolimo ho isa tekanyong efe?
6 Ha a ntse a le nameng mona lefatšeng, Jesu o ile a latsoa se boleloang ke ho ba motho, ea “ka tlaasana ho mangeloi.” (Ba-Heberu 2:7) O tloaetse mefokolo ea batho ’me ka hona o hlomelletsoe hantle bakeng sa ho sebeletsa e le Morena le Moahloli oa batho ka lilemo tse sekete. Mora enoa oa Molimo, ea itseng, “Tloong ho ’na, lōna bohle ba khathetseng, ba imetsoeng, ’me ke tla le khatholla,” oa tseba hore na ke khatholoho ea mofuta ofe eo batho ba e hlokang. (Mattheu 11:28, TLP) Ba-Heberu 5:7-9 ea re bolella: “Ke Jesu eo, mehleng ea nama ea hae, ea kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokho, merapelo ea hae e bohloko ho ea neng a ka tseba ho mo loela lefung; ’me eitse hobane a utluoe, ka baka la borapeli ba hae, leha e ne e le Mora, o ithutile kutlo ka tse bohloko tse mo hlahetseng. ’Me joale, ha a phethehile [kutlong], o entsoe moetsi oa poloko e sa feleng ho bohle ba mo utloang.” Jesu ha aa ka a thekesela, esita le hoja a ne a lokela ho mamella ho isa ntlheng ea ho latsoa moutloa oa lefu la botho ha a amohela leqeba la ‘ho longoa serethe’ ke Noha e tletseng lehloeo. (Genese 3:15) Joaloka Jesu, e se eka ka mehla re ka bontša tšabo ea bomolimo, esita le ho isa lefung haeba ho hlokahala, re kholisehile hore Jehova Molimo o tla utloa merapelo ea rōna ’me a re nehe poloko.
‘Ho Phelela ho Loka’
7. Ho latela 1 Petrose 2:21-24, Kreste o re sietse mohlala ofe, ’me tsela ea hae ea bophelo e lokela ho re ama joang?
7 Ha a sa ntsane a bonahala nameng, ka botšepehi Jesu o ile a koaholla sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo. Ho 1 Petrose 2:21-24 rea bala: “Hobane Kreste le eena o utloisitsoe bohloko bakeng sa lōna, a le siela mehlala, le tle le hate moo a hatileng teng; eena ea sa kang a etsa sebe, ’me le thetso ha ea ka ea fumanoa molomong oa hae; enere ha a rohakoa, o na a sa rohake; ha a na a utloisoa bohloko, o na a sa bope; empa o na a tšepa ea ahlolang ka ho loka; eena ea jereng libe tsa rōna ’meleng oa hae sefapanong, hore re shoe ka nģa ea libe, re tle re phelele ho loka.” Ha re ntse re nahanisisa ka tsela ea Jesu ea bophelo, e re khothatsa hakaakang hore re phehelle boinehelo ba bomolimo, ho boloka botšepehi, le ho phelela ho loka joalokaha a entse!
8. Ke joang re ka phelelang ho loka joalokaha Jesu a entse?
8 Ruri Jesu o ile a phelela ho loka. Pesaleme ea 45:7 e profetile tjena ka eena: “U rata ho loka, ’me u hloile bokhopo.” Ha a sebelisa mantsoe ao ho Jesu, ho Ba-Heberu 1:9 moapostola Pauluse o itse: “U ratile ho loka, ’me u hloile bokhopo.” Leseling la kutloisiso ea rōna ea sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo, e se eka ka mehla re ka rata se lokileng ’me ra hloea se sebe joaloka Jesu. Boitšoarong ba Bokreste, boo lefatše la Satane le bo hlaselang ka mabifi hakana kajeno, le litšebelisanong tsohle tsa rōna le ba ka hare ho mokhatlo o hlophisitsoeng oa Molimo le ba ka ntle ho oona, a re ikemisetseng ho phelela ho loka, ho phahamisa melao-motheo e nepahetseng ea Jehova. Hape, a re iphepeng ka Lentsoe la Molimo re sa khaotse e le hore re ka ba le temoho ea bomolimo eo e leng ea bohlokoa haholo bakeng sa ho hanyetsa Diabolose le maqiti a hae!
9. Ke eng e ileng ea eketsa cheseho ea Jesu tšebeletsong, ’me see se ne se akarelletsa eng mabapi le balisa ba bohata ba bolumeli?
9 Ntho e ’ngoe hape e ile ea susumelletsa Jesu ho ba le cheseho tšebeletsong ea hae. Ntho eo e ne e le eng? Ho Mattheu 9:36 rea bala: “Ha a bona matšoele, a a utloela bohloko, hobane ba ne ba khathetse, ba saretsoe joale ka linku tse se nang molisa.” Kahoo Jesu o ile “a qala ho ba ruta taba tse ngata.” (Mareka 6:34) Kaha ho ne ho hlokahala, sena se ne se akarelletsa ho pepesa bokhopo le bobe ba balisa ba bohata ba bolumeli. Ho latela Mattheu 15:7-9, Jesu o ile a bua tjena ho ba bang ba bona: “Baikaketsi, Esaia o na a profete tsa lōna hantle, ha a itse: Sechaba sena se ntlhonepha ka molomo feela; empa pelo tsa bona li hole le ’na. Ba nkhumamella lefeela, ha ba ruta lithuto tseo e leng melao ea batho.”
Sephiri se Nyatsehang
10. Kajeno, “sephiri sa motho oa bokhopo” se likoloha holim’a bo-mang, ’me ba molato oa eng?
10 Joalokaha Jesu a ile a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba bohata, kahoo le rōna kajeno re nyatsa sephiri se hlahellang se fapane ka ho felletseng le sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo. Ho 2 Ba-Thessalonika 2:7, Pauluse o se bitsitse “sephiri sa bokhopo.” E ne e le sephiri lekholong la pele la lilemo C.E. hobane se ne se ke ke sa koaholloa ho fihlela ho fetile nako e telele ka mor’a lefu la baapostola. Kajeno, se likoloha holim’a baruti ba Bokreste-’mōtoana, ba thahasellang lipolotiki ho feta ho phatlalatsa litaba tse molemo tsa ’Muso o lokileng oa Molimo. Ho tletse boikaketsi ka har’a bona. Baevangeli ba thelevisheneng ba lihlotšoana tsa Boprostanta tsa Bokreste-’mōtoana ke mohlala o pepenene: baruti ba itlhahisang eka ba na le tsebo e ngata ba honya mehlape ea bona lichelete, ba haha litsi tse busoang ke bona tsa limillione tsa liranta, ba utloana le matekatse, ba lla ka boikaketsi ha bona ka bobona ba pepesoa, ’me ba tsoela pele ho qela chelete, ka mehla ba batla chelete e eketsehileng. Vatican ea Bok’hatholike ba Roma e itlhahisa ka mokhoa o nyatsehang ka ho tšoanang, ka likamano tsa eona tse mpe le lipolotiki, majaba-jaba a eona a bonoang ke bohle, le mekhoa e silafetseng ea tšebelisano le libanka.
11. Ho tla etsahala’ng ka baruti ba Bokreste-’mōtoana le Babylona e Moholo kaofela?
11 Ha ho makatse hore sehlopha sa baruti ba Bokreste-’mōtoana se ka tsebahatsoa e le “motho oa bokhopo”! (2 Ba-Thessalonika 2:3, NW) Karolo ena e khōlō ea Babylona e Moholo ea kang seotsoa e tla pepesoa ’me e senngoe ka ho felletseng, hammoho le bolumeli ba bohata kaofela. Joalokaha re bala ho Tšenolo 18:9-17, ka nako eno bo-ralipolotiki le bahoebi (bo-ralibanka ba bona) ba tla bokolla: “Jo! jo! Babylona, motse o moholo”! Babylona e Moholo le liphiri tsa hae o tla be a hlobolisitsoe, ’me hoo ho tla fapana ka ho felletseng le sohle se khantšang sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo.
12. Ho rata ha Jesu ho loka ho ile ha mo susumelletsa ho etsa joang?
12 Ho rata ha Jesu ho loka le ho hloea ha hae bokhopo ho ile ha mo susumelletsa ho ikitlaetsa a sa iqenehele molemong oa borapeli ba ’nete. Ha Kreste a ne a etetse Jerusalema ka lekhetlo la pele e le Mora ea tlotsitsoeng oa Molimo, o ile a leleka bahoebi le ba bapatsang ka chelete tempeleng, a phatlalatsa: “Tlosang lintho tsena mona, ’me ntlo ea Ntate le se ke la e etsa ntlo ea ho rekela.” (Johanne 2:13-17) Ha a etetse tempeleng hamorao, Jesu o ile a bolella Bajode ba hanyetsang: “Lōna, le tsoa ho ntat’a lōna, e leng Diabolose, ’me le rata ho phetha litakatso tsa ntat’a lōna. Eena ke ’molai ha e sa le ho qaleng; ha a lule ’neteng, hobane ha ho ’nete ho eena. Ha a bolela leshano, o ipuella tsa hae; hobane ke eena ea leshano, le ntate oa ea leshano.” (Johanne 8:44) Jesu o ile a bontša sebete se sekaakang ha a bolella balumeli bao pepenene hore ke bo-raleshano le bara ba Diabolose!
13. (a) Ke hokae haholo-holo moo ho hloea bokhopo ha Jesu ho senoloang? (b) Ke hobane’ng ha baruti ba khopo ba tšoaneloa ke kahlolo e tšoanang le e ileng ea phatlalatsoa ke Jesu holim’a bangoli le Bafarisi?
13 Ha ho kae kapa kae moo ho hloea ha Jesu bokhopo ho bontšitsoeng hamolemo ho feta ha a nyatsa ka mokhoa o hlabang bangoli le Bafarisi ba kang linoha tse kotsi, joalokaha ho tlalehiloe ho Mattheu khaolo ea 23. Mono o phatlalatsa “bomalimabe” hasupa, o ba bapisa le ‘mabitla a hlatsoitsoeng hore a be masoeu—a tletseng litšila tsohle, boikaketsi, le bokhopo.’ Jesu o ne a laba-labela hakaakang ho lopolla batho ba hatelletsoeng bokhopong boo! O ile a hoa: “Jerusalema, Jerusalema, ea bolaeang baprofeta, ea tlepetsang ka majoe ba rongoang ho uena, ke ratile hangata hakakang ho bokella bana ba hao, joale ka khoho ha e bokella litsuanyana tsa eona tlas’a mapheo a eona, empa le hanne. Bonang, ntlo ea lōna e tla sala e le lesupi.” (Litemana 37, 38) Baruti ba khopo ba mehleng ea rōna ba tšoaneloa ke kahlolo e tšoanang hobane, ka mantsoe a 2 Ba-Thessalonika 2:12, ‘ha ba lumele ’nete ba mpa ba thabela bokhopo.’ Bokhopo ba bona bo khahlanong le boinehelo ba bomolimo boo Jesu a bo bontšitseng ka botšepehi bo boholo ha a ntse a le lefatšeng.
Ho Phatlalatsa Likahlolo Tsa Molimo
14. Kananelo bakeng sa sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo e lokela ho re susumelletsa ho etsa joang?
14 Kananelo ea rōna bakeng sa sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo e lokela ho re susumelletsa hore ka mehla re latele mehlala ea Jesu haufi-ufi. Joaloka eena, re lokela ho chesehela ho bolela ka seo Esaia 61:2 e se hlalosang e le “ngoaha oa mehauhelo ea Jehova, le letsatsi la liphetetso tsa Molimo oa rōna.” ’Me e se eka ka cheseho re ka phetha karolo ea rōna ho “tšelisa ba llang kaofela.” Joaloka nakong ea ha Jesu a le lefatšeng, kajeno ho hloka sebete ho phatlalatsa likahlolo tsa Jehova, ho akarelletsa melaetsa e matla e hlahileng lihloohong tse tobang taba tsa Molula-Qhooa le bukeng ea Tšenolo—Tlhōrō ea Eona e Hlollang ka Botle e Haufi! Re tlameha ho bolela ka sebete le ka tlhompho, lipolelo tsa rōna e be tse “nokiloeng ka letsoai” e le hore e be tse latsoehang ho ba sekametseng ho lokeng. (Ba-Kolosse 4:6) Kaha re ithutile mohlaleng oa Jesu oa boinehelo ba bomolimo, e se eka ka nako ea teng re ka khona ho tlaleha hore re phethile mosebetsi oo Jehova a re fileng oona hore re o etse.—Mattheu 24:14; Johanne 17:4.
15. Mabapi le sephiri se halalelang sa Molimo, ho etsahetse’ng ho tloha ka 1914?
15 Ha a ntse a bonahala nameng, Jesu e ile ea e-ba Motho ea Behang Mohlala o motle hakaakang! Sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo se ile sa phethahatsoa ho eena ka ho hlakileng hakaakang! O ile a tlotlisa lebitso la Jehova ka sebete se sekaakang! ’Me Ntat’a Jesu o ile a mo putsa ka mokhoa o babatsehang hakaakang bakeng sa tsela ea hae ea ho boloka botšepehi! Empa ho sa ntsane ho e-na le ho eketsehileng sephiring se halalelang sa Molimo. Ho tloha ka 1914 re phetse ‘letsatsing la Morena.’ (Tšenolo 1:10) Joalokaha Tšenolo 10:7 (NW) e bolela, ke nako ea ‘hore sephiri se halalelang sa Molimo se tlisoe sephethong ho latela litaba tse molemo.’ Mantsoe a hlahang leholimong joale a phatlalalitse: “Mebuso ea lefatše e fetohile ’muso oa Morena [Jehova] oa rōna le oa Kreste oa hae, ’me o tla busa ka ho sa feleng.” (Tšenolo 11:15) Jehova o behile Morena oa Bomessia, Jesu Kreste, teroneng ea hae e khanyang hore e be ’musi hammoho le Eena!
16. Morena ea neng a sa tsoa behoa teroneng, Jesu Kreste, ka potlako o ile a bontša kameho ea hae bakeng sa bomolimo leholimong joang?
16 E le ’musi hammoho le Molimo ’Musong o sa tsoa tsoaloa, Jesu o boetse o bitsoa Mikaele (e bolelang “Ke Mang ea Tšoanang le Molimo?”). Ha ho lerabele le ka atlehang ho ba ea tšoanang le Molimo, ’me Morena ea sa tsoa behoa teroneng ka potlako o ile a bontša sena ka ho lihela Noha ea khale, Satane, le mangeloi a eona lefatšeng. (Tšenolo 12:7-9) E, Jesu o amehile ka bomolimo leholimong, feela joalokaha a ile a bontša boinehelo ba bomolimo ha a sa ntsane a le lefatšeng. Jesu Kreste ea tlotlisitsoeng a ke ke a phomola ho fihlela a felisitse bolumeli ba bohata ’me a tlositse ka ho felletseng mokhatlo oa Satane, o bonahalang le o sa bonahaleng.
17. Ho tloha ka 1914, ho ’nile ha etsahala’ng ho phethahatsa Mattheu 25:31-33?
17 Ho tloha ka 1914 phethahatso ea boprofeta bo fanoeng ke Jesu ka boeena ho Mattheu 25:31-33 e chabisitse leseli ka mokhoa o khanyang sephiring se halalelang sa Molimo. Mono Jesu oa phatlalatsa: “Mohla Mor’a motho a tlang a teetsoe hare ke khanya ea hae, mangeloi a e-na le eena kaofela, ke moo a tla lula teroneng ea khanya ea hae. Lichaba tsohle li tla bokelloa pel’a hae; ’me o tla khetha ba bang ho ba bang, joale ka molisa ha a khetha linku ho lipōli. O tla bea linku ka letsohong la hae le letona, a bee lipōli ho le letšehali.” A le boemong ba hae bo phahameng maholimong, Morena enoa, Moahloli enoa, le ’Muelli enoa ea khanyang oa boinehelo ba bomolimo o tla tlisa phetetso, holim’a motho oa bokhopo le litsekana tse ling tsa Babylona e Moholo pele, e ntano ba holim’a likarolo tsohle tse setseng tsa batšehetsi ba kang lipōli ba mokhatlo oa lefatšeng o khopo oa Satane. Joale Satane o tla koalloa sekoting. (Tšenolo 20:1-3) Empa “ba lokileng” ba kang linku ba tla ea bophelong bo sa feleng. (Mattheu 25:46) E se eka ho phehella ha hao boinehelo ba bomolimo ho ka u kenya sehlopheng seo sa ba lokileng!
18. Ke tokelo efe e thabisang eo re nang le eona mabapi le sephiri se halalelang sa boinehelo ba bomolimo?
18 Tšenolo 19:10 (NW) e re khothalletsa ho “rapela Molimo.” Hobane’ng? Lengolo leo le tsoela pele: “Hobane ho pakela Jesu ke hona ho bululelang ho profeta.” Kahoo boprofeta bo bongata bo bululetsoeng ba mehleng ea boholo-holo bo ne bo pakela Jesu! ’Me ha boprofeta bona bo ntse bo phethahatsoa, sephiri se halalelang sa Molimo se ’nile sa hlaka joaloka krystale. Ka hona, re thabela ho tseba hore sephiri se halalelang sa boinehelo bona ba bomolimo se ile sa etsoa motho Jesu. Re fuoe tokelo e babatsehang ea ho latela mehlaleng ea hae re le basebeletsi ba ikokobelitseng ba ’Muso oa Molimo. E, re fuoe tlotla ea ho kopanela ho utloisiseng le ho boleleng sephiri sohle se halalelang sa Molimo ho latela litaba tse molemo!
-