PHELA JOALOKA MOKRESTE
Tšoara Basali ba Baholo Joaloka Bo-’mè, Basali ba Bacha Joaloka Likhaitseli
Bibele e re khothalletsa hore re tšoare Bakreste-’moho le rona ba baholo joalokaha eka ke bo-’mè kapa bo-ntate le ba banyane joaloka bana ba bo rona. (Bala 1 Timothea 5:1, 2.) Ka ho khetheha bara ba bo rona ba lokela ho tšoara barali ba bo rona ka tlhompho ’me ba ba siele seriti.
Mora oa bo rona haa lokela ho bapala ka maikutlo a barali ba bo rona kapa a etse ntho e ’ngoe e itseng e ka etsang hore morali oa bo rona a ikutloe a sa phutholoha ha a e-na le eena. (Job 31:1) Mora oa bo rona oa lesoha haa lokela ho etsa eka o rata morali oa bo rona oa lesoha empa a tseba hantle hore ha a mo rate.
Ka mosa baholo ba lokela ho mamela ha barali ba bo rona ba ba botsa lipotso kapa ba batla ho tseba ka ntho e ’ngoe e itseng. Ka ho khetheha baholo ba hlokomela barali ba bo rona ba se nang balekane e le hore ba khone ho ba sireletsa.—Ru 2:8, 9.
SHEBELANG VIDEO EA TSOELA PELE HO BONTŠA LERATO KA PHUTHEHONG—HO BA SE NANG BO-NTATE LE BAHLOLOHALI, EBE LE ARABA LIPOTSO TSE LATELANG:
Phutheho e ile ea bontša joang hore e rata morali oa bo rona Myint?
Lerato leo phutheho e ileng ea le bontša le ile la fana ka bopaki joang ho batho ba bang?
Lerato leo phutheho e ileng ea le bontša le ile la ama barali ba morali oa bo rona Myint joang?
Ke lintho life tse ling tseo u ka li etsang ho bontša hore u nka barali ba bo rona ba phuthehong ea lona e le ba bohlokoa ebile oa ba rata?