Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g93 3/8 maq. 27-28
  • Thero ea Malapa Pono ea Mokreste

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thero ea Malapa Pono ea Mokreste
  • Tsoha!—1993
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Boikarabelo Boo Molimo a Faneng ka Bona
  • Ho Laola Pelehi
  • Ke Mang ea Lokelang ho Etsa Qeto ka Boholo ba Lelapa?
    Tsoha!—1996
  • Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
  • Ho Beleha Bana Ka Kutloisiso Mehleng Ena ea Bofelo
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Ke Hobane’ng ha ba se na Bana?
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2000
Bala Tse Ling
Tsoha!—1993
g93 3/8 maq. 27-28

Thero ea Malapa Pono ea Mokreste

SEBOKENG sa pele sa Lefatše sa Palo ea Batho ka 1974, lichaba tse 140 tse neng li kopane li ile tsa etsa qeto ea hore banyalani bohle “ba na le tokelo ea motheo ea ho iketsetsa qeto ka bolokolohi le ka tsela e bontšang boikarabelo tabeng ea lenane la bana bao ba batlang ho ba le bona, le ea tsela ea ho ba hlahlamisa le ea ho fumana boitsebiso, thuto le tsela ea ho etsa joalo.”

Ba bangata ba nahana hore qeto ena ke e molemo. Ke ’nete hore Molimo o ile a bolella Adama le Eva, ’me hamorao lelapa la Noe hore ‘ba ngatafale ’me ba tlale lefatše,’ empa taelo e joalo e ne e sa fuoa Bakreste. (Genese 1:28; 9:1) Ha ho moo Mangolo a khothaletsang banyalani ba Bakreste ho ba le bana kapa hona ho ba bolella hore ba se be le bona. Banyalani ke bona ba lokelang ho iketsetsa qeto ea hore na ba batla bana kapa che, ’me haeba ba rera ho ba le bana, ba rera hore ba tla ba le ba bakae le hore ba tla ba le bona neng.

Boikarabelo Boo Molimo a Faneng ka Bona

Leha ho le joalo, na u ile oa hlokomela hore Sebokeng sa Lefatše sa Palo ea Batho ho boletsoe hore banyalani ba lokela ho etsa qeto “ka tsela e bontšang boikarabelo tabeng ea lenane la bana bao ba batlang ho ba le bona, le ea tsela ea ho hlahlamisa bana ba bona”? Molao-motheo ona oa boikarabelo o boetse o tumellanong le Bibele. Batsoali ba Bakreste ba hlokomela hore le hoja bana e le mpho ea bohlokoa e tsoang ho Molimo, mpho ena e tsamaisana le boikarabelo bo boholo.

Taba ea pele, ho na le boikarabelo ba ho hlokomela bana ka lintho tse bonahalang. Bibele e re: “Ka sebele haeba motho leha e ofe a sa tsebe ho hlokomela bao e leng ba hae, ’me haholo-holo bao e leng litho tsa lelapa la hae, o latotse tumelo ’me o mobe ho feta motho ea se nang tumelo.”—1 Timothea 5:8, NW.

Ho hlokomela lelapa la hao ho akareletsa ho fetang feela ho beha lijo tafoleng le ho lefa melato, le hoja hangata sena ka linako tse ling e le mosebetsi ka bosona. Banyalani ba Bakreste ba nang le boikarabelo ha ba rera boholo ba malapa a bona, ba tla nahanela boiketlo ba ’mè ba maikutlo, ba kelello le ba moea. Ho hlokomela ngoana ho hloka nako e ngata haholo, ’me haeba bana ba hlahlamana kapele haholo, hangata bo-’mè ha ba tele feela nako ea bona ea ho phomola, ea boithabiso, tsoelo-pele ea botho le ho ameha mesebetsing ea Bokreste, empa ba boetse ba tela nako ea bona ea bophelo bo botle ba ’mele le ba moea.

Batsoali ba Bakreste ba nang le boikarabelo ba tla boela ba nahanele litlhoko tsa bana ba bona. The State of the World’s Population 1991 e re: “Bana ba hlahetseng malapeng ao ho oona bana ba hlahlamisoang kapele haholo ba lokela ho hlōlisana le banab’abo bona le likhaitseli bakeng sa lijo, liaparo le lerato la batsoali. Hape ho bonolo hore ba tšoaetsoe mafu. Haeba bana bana ba phela ho fihlela ba fetile lilemo tsa bona tsa bonyenyane, ho ka etsahala hore ba liehe ho hōla ’me matla a bona a kelello a holofale. Menyetla ea hore bana bana e be batho ba baholo e fokola haholo.” Bonneteng, ha ho joalo ka mehla ka malapa a maholo, empa ke ntho e ’ngoe eo banyalani ba Bakreste ba lokelang ho nahana ka eona ha ba rera lenane la bana leo ba le batlang.

Batsoali ba Bakreste ba na le tlamo ea ho hlokomela bana ba bona moeeng joalokaha Bibele e laela: “Le lōna bo-ntat’a bana, le se ke la khentša bana ba lōna, empa le ba hōlisetse Morena ka ho ba khalemela le ho ba ruta hantle.”—Ba-Efese 6:4, BPN.

Emeka, Mokreste eo e leng tichere ea molao Nigeria, e se e le selemo joale a kene lenyalong ’me haa potlakela ho ba le lelapa le leholo. “’Na le mosali oa ka re ile ra buisana ka hore na re tla ba le bana ba bakae. Re ile ra nahana ka ho ba le ba bahlano empa ra etsa qeto ea ho ba le ba bararo. Hamorao re ile ra etsa qeto ea hore ba babeli ba tla ba molemo. Ho thata ho hōlisa bana ho latela melao-motheo ea Bibele. Ke boikarabelo bo boholo.”

Banyalani ba bang ba Bakreste ba entse qeto ea ho se be le bana molemong oa ho sebelisa nako ea bona ho sebeletsa Molimo. Moromuoa e mong oa Afrika ea ileng a lumellana le monna oa hae hore ba se be le bana o ile a re: “Ha ke ikutloe eka ke lahlehetsoe ke ho hong ka ho se be le bana. Le hoja ’na le monna oa ka re sa ka ra latsoa thabo ea botsoali, bophelo ba rōna bo ’nile ba tlala ka mefuta e meng ea thabo. Ka ho tšoareha ho thuseng ba bang ho ithuta ’nete ea Bibele, re na le bana ba moea likarolong tse ngata tsa lefatše. Rea ba rata, ’me le bona baa re rata. Ho na le tlamahano e khethehileng mahareng a rōna le bona. Ka lebaka le utloahalang, moapostola Pauluse o ile a itšoantša le ’mè oa mohlokomeli ka baka la lerato leo a neng a na le lona ho bao a ba thusitseng moeeng.”—1 Ba-Thessalonika 2:7, 8.

Ho Laola Pelehi

Na Bibele e nyatsa ho laola pelehi? Che, ha e ho nyatse. Banyalani ke bona ba iketsetsang khetho. Haeba banyalani ba etsa qeto ea ho laola pelehi, khetho ea bona ea ho sebelisa lithibela-pelehi ke taba ea bona ea botho. Leha ho le joalo, mokhoa oa ho laola pelehi oo banyalani ba Bakreste ba o khethang o lokela ho laoloa ke ho hlompha khalalelo ea bophelo. Kaha Bibele e bontša hore bophelo ba motho bo qala nakong ea kemolo, Bakreste ba lokela ho qoba mekhoa ea ho laola pelehi e ntšang mpa kapa e tla bolaea bophelo ba lesea le ntseng le hōla ka pōpelong.—Pesaleme ea 139:16; bapisa le Exoda 21:22, 23; Jeremia 1:5.

Kahoo e se eka banyalani ba ka khetha mekhoa e fapa-fapaneng e loketseng tabeng ea thero ea malapa. Ba bang ba ka ’na ba lakatsa ho fokotsa lenane la bana bao ba tla ba le bona. Ba bang, ba sebelisa mokhoa o itseng oa ho laola pelehi, mohlomong ba ka etsa qeto ea ho se be le bana ho hang. Ho na le mekhoa e mengata ea ho laola pelehi e fumanehang, ’me o mong le o mong o na le melemo le likotsi tsa ’ona. Ha banyalani ba etsa qeto ea hore na ke mokhoa ofe o leng molemo bakeng sa bona, ba lokela ho hopola hore mekhoa e meng e sebetsa hamolemo ho feta e meng. Ba lokela ho botsisisa ka liphello tsa eona tse ka bang kotsi. Lingaka le likliniki tsa thero ea malapa li hlomeletsoe hamolemo bakeng sa ho fana ka likeletso ka mekhoa ea ho laola pelehi le ho thusa banyalani ho khetha mokhoa o tla khahlametsa litlhoko tsa bona.

Qeto eo banyalani ba e etsang ea ho ba le bana ba bangata, ba seng ba kae, kapa ho se be le bona ho hang ke ea botho. Ke qeto e nang le liphello tsa ka ho sa feleng. E tla ba ntho ea bohlokoa hore banyalani ba lekanyetse lintho ka hloko le ka thapelo ka tsela e molemo haholo.

[Lebokose le leqepheng la 28, 29]

Mekhoa ea ho Laola Pelehi e Tsebahalang Ho Inyopisa

Ho banna: Ke mokhoa o bonolo oa ho buuoa oo ho oona ho etsoang lesobana mokotlaneng oa marete ebe methapo e tsamaisang peō ea botona ea khaoloa.

Ho basali: Ke mokhoa oa ho buuoa moo litselana tseo mahe a tsamaeang ka tsona ho ea pōpelong (li-fallopian tube) li tlangoang kapa li khaoloang bakeng sa ho thibela lehe ho fetela ka pōpelong.

Melemo: Har’a mekhoa eohle ea ho laola pelehi, ho inyopisa ke mokhoa o sebetsang hamolemo ka ho fetisisa.

Mathata: E ka ba tsa ka ho sa feleng. Ho banna le basali, ho buuoa hona ho ka etsolloa hore ba boele ba be le bana, empa sena se ke ke sa tiisoa.a

Lipilisi tse Laolang Pelehi

Li kopanyeletsa progestin-only minipill. Li sebetsa ka tsela ea ho kena-kenana le litekanyetso tse tloaelehileng tsa li-hormone tsa mosali bakeng sa ho thibela lehe hore le be boemong boo le ka fetelang pōpelong.b

Melemo: Ke mokhoa o sebetsang haholo oa ho thibela kemolo.

Mathata: Ho na le liphello tse kotsi empa lia fokola ho batho ba sa tsubeng ba phetseng hantle ba ka tlaase ho lilemo tse 40.

Diaphragm le Metsoako e Bolaeang Peō

Diaphragm ke komiki ea rekere e bōpehileng joaloka sekotlolo seo molomo oa sona o pota-potiloeng ke lebilinyana le temekang. Ka mor’a ho tšela jelly kapa cream e bolaeang peō (spermicide) ka komiking ena, e kenngoa ka sethong sa mosali sa botšehali hore e koahele molomo oa pōpelo.

Melemo: Ke mokhoa o sireletsehileng le o tšepahalang haholo oa ho laola pelehi ha o sebelisoa ka mokhoa o nepahetseng.

Mathata: Komiki ena e lokela ho sebelisoa ka linako tsohle ha banyalani ba kopanela likobo. Ho hlokahala tsebo bakeng sa ho kenya ntho ena ka tsela e nepahetseng, ’me e lokela ho kenngoa pele ho kopaneloa likobo ’me ka mor’a moo e tloheloe lihora tse tšeletseng ho isa ho tse robeli.

Cap ea Molomo oa Pōpelo

Ke sesebelisoa sa polasetiki kapa rekere se bōpehileng joaloka komiki empa se le senyenyane ho feta diaphragm. Joaloka diaphragm, e kenngoa molomong oa pōpelo empa e lekana hantle haholoanyane ’me ha e hloke cream e bolaeang peō kapa jelly.

Melemo: Cap ena e molemo haholoanyane ho feta diaphragm ’me e ka lula moo lihora tse 48. Ha ho hlokahale hore ho tlotsoe motsoako o bolaeang peō nako le nako ha ho kopaneloa likobo.

Mathata: Ho thata haholoanyane ho e kenya ho feta diaphragm, ’me ho koahela ha eona molomo oa pōpelo ho lokela ho hlahlojoa pele le ka mor’a lekhetlo le leng le le leng la ho kopanela likobo. Ho tšoaetsoa ha molomo oa pōpelo ke likotsi tse ka hlahang. Cap ena e lokela ho kenngoa feela ke basali ba bang le litlhahlobo tse tloaelehileng tsa Pap.

Seponche

Ke seponche se nang le motsoako o bolaeang peō o nang le polyurethane se kenngoang ka har’a setho sa botšehali bakeng sa ho koahela molomo oa pōpelo, ka tsela ena se etsa mokoallo oa sebele le oa lik’hemik’hale ho thibela peō. Se ka lahloa ka mor’a hore se sebelisoe.

Melemo: Seponche sena se ka tloheloa ka moo ka lihora tse 24 ’me se sebetsa hamolemo hafeela ho kopanela likobo ho ka boela ha phetoa nakong eo.

Mathata: Ho tlalehiloe liketsahalo tse ling tsa allergy le tse seng kae tsa matšoao a lefu le bonahalang ka feberu, ’metso o bohloko le ho retela ho basali ba sebelisang lithibela-kemolo (toxic shock syndrome).

Intrauterine Device

Sesebelisoa sena se entsoeng ka tšepe kapa polasetiki se boetse se bitsoa IUD, loop, kapa coil, se kenngoa ka pōpelong. Le hoja ho sa tsejoe hantle hore na se sebetsa joang, lingaka li lumela hore se thibela-kemolo ka litsela tse ngatanyana. Mohlomong e ’ngoe ea litsela tsena ke ho thibela lehe le emolisitsoeng hore le itšoarelle leboteng la pōpelo.

Melemo: Ke mokhoa o tšepahalang oa ho thibela kemolo.

Mathata: Ka linako tse ling mokhoa ona o fella ka ho tsoa mali kapa ka ho tšoaroa ke lehlaba, ’me ka linako tse ling tsela eo o sebetsang ka eona e ntša mpa.c

Li-condom

Ke rekere e kenang sethong sa botona ho thibela peō ea botona ho kena ka sethong sa botšehali.

Melemo: Ke mokhoa o sireletsehileng le o sebetsang oa ho thibela kemolo. Mokhoa ona o fokotsa menyetla ea ho tšoaetsoa ke mafu a tšoaetsanoang ka likamano tsa botona le botšehali ho akareletsa le AIDS.

Mathata: Ba bang ha ba rate mokhoa ona kaha ho o sebelisa ho kena-kenana le ho kopanela likobo.

Withdrawal

Ke ho ntša setho sa botona pele se ntšetsa peō ea botona ka sethong sa botšehali.

Melemo: Mokhoa ona ha o bake litšenyehelo, litokisetso tse etsoang esale pele kapa lisebelisoa tseo eseng karolo ea ’mele.

Mathata: Mokhoa ona ha o khotsofatse nakong ea ho kopanela likobo, o hloka boitšoaro bo boholo, ’me hape ha o tšepahale haholo.

Mokhoa oa Rhythm

Banyalani ba khaotsa ho kopanela likobo matsatsing a mosali a potoloho ea ho ilela khoeli ao a ka imang ka ’ona.

Melemo: Mokhoa ona o sireletsehile, ha o na liphello tse kotsi, ha o hloke bohato bo itseng nakong ea ho kopanela likobo.

Mathata: Hase mokhoa o atlehang haholo oa ho thibela ho ima ka ntle le haeba banyalani ba ikemiselitse ho se be le bana ’me ba latela litaelo tsa mokhoa ona haufi-ufi.

Hormonal Implant

Ke mokhoa o mocha ka ho fetisisa oa ho thibela kemolo, ho kenngoa lisilindara tse ngata tse nyenyane tsa silicon ka tlas’a letlalo la mosali ka lehafing. Ho fihlela lilemong tse hlano lisilindara tsena li tla tsoela pele ho qhatsetsa tekanyo e fokolang haholo ea li-hormone maling. Nakong ena mosali o sireletsehile hore a se ke a ima.

Melemo: Mokhoa ona o molemo haholo. Hore a boele a ime ho ka etsolloa ka ho ntša lisilindara tsena.

Mathata: A fokola haholo. A tšoana le a progestin-only birth-control pill (minipill). Ha ho sebelisoa lipilisi tsa progestin-only, ho thibela kemolo ho tšoana le ho ntša mpa.d

[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]

a Puisano ea hore na ho inyopisa ho lumellana le melao-motheo ea Bokreste e ka fumanoa ho Molula-Qhooa oa May 1, 1985, leqephe 31.

b Puisano ea kamoo lipilisi tsa ho thibela kemolo li thibelang kemolo ka teng e fumanoa ho Molula-Qhooa oa June 15, 1989, leqephe 29.

c Puisano ea hore na ho sebelisa IUD ho lumellana le melao-motheo ea Bokreste e fumanoa ho The Watchtower ea May 15, 1979, maqephe 30-1.

d Puisano ea kamoo lipilisi tsa ho thibela kemolo li thibelang kemolo ka teng e fumanoa ho Molula-Qhooa oa June 15, 1989, leqephe 29.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela