-
‘Ho Hlokomela’ Lithahasello tsa ba HōlilengMolula-Qhooa—1987 | June 1
-
-
6, 7. le botlaaseng ba leqephe. (a) ‘Ngoliso’ e ne e le eng? (b) Ke hobane’ng ha ba ka tlaase ho lilemo tse 60 ba ne ba sa tšoanelehe hore ba ka amohela thuso? (c) Pauluse o ile a thusa bahlolohali ba bacha hore ba ka oela ‘tsuong’ joang?
6 Pauluse joale a re:“Ho ngoloe [lethathamong la ba amohelang thuso ea lichelete] mohlolohali eo lilemo tsa hae li sa haelleng ho phetha mashome a tšeletseng.” Mehleng ea Pauluse mosali ea kaholimo ho lilemo tse 60 ka ho hlakileng o ne a talingoa a sa khone ho iphelisa ’me ho se bonolo hore a ka nyaloa hape.a “Empa,” Pauluse o itse, “u hane bahlolohali ba bacha [bakeng sa ngoliso]; hobane litakatso ha li ba ngalisa Kreste, ba be ba rate ho nyaloa, ba kena tsuong ka ho fetola boitlamo ba bona ba pele lefeela.”—Litemana 9, 11, 12.
-
-
‘Ho Hlokomela’ Lithahasello tsa ba HōlilengMolula-Qhooa—1987 | June 1
-
-
a Levitike 27:1-7 e bua ka topollo ea batho ba neng ba ‘beoa’ (ka kano) tšebeletsong ea tempele. Theko ea topollo e ne e ea ka lilemo. Ha a le lilemo li 60 theko ena e ne e theoha haholo, ka ho hlakileng hobane motho ea mokaalo ho ne ho nkoa hore ha a sa khona ho sebetsa ka thata joaloka e monyenyane. The Encyclopædia Judaica e boetse e re: “Ho latela Buka ea Meetlo ea Bajode, botsofali . . . bo qala lilemong tse 60.”
-