Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w95 10/15 leq. 32
  • Ba ho Entse ka Lebaka la Lerato

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ba ho Entse ka Lebaka la Lerato
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1995
w95 10/15 leq. 32

Ba ho Entse ka Lebaka la Lerato

MOHLOLOHALI e mong ea tšepahalang, ea nang le moea oa ho amohela baeti Canada o ne a hōlisa barali ba banyenyane ba bane e le Bakreste ba ’nete. Baholo ka phuthehong ba ile ba hlokomela hore lehae la hae le ne le hloka tokiso e khōlō. O ne a se na chelete leha e le tsebo ea ho iketsetsa mosebetsi oo. Kahoo tumellanong le molao-motheo o hlalositsoeng ho 1 Timothea 5:9, 10, ka mokhoa o masene baholo ba ile ba lokisetsa hore a etsetsoe mosebetsi oo. Joang?

Ho ile ha etsoa litokisetso tsa hore mohlolohali eo le bana ba hae ba be sieo hae ka matsatsi a mahlano. Batho ba fetang 80 phuthehong ba ile ba tšehetsa ka pelo eohle, ba fana ka thepa, chelete le nako. Hang ka mor’a hore lelapa leo le tsamaee, basebetsi ba chesehang ba ile ba aparela ntlo eo joaloka linotši. Karolo eohle e ka ntle ea ntlo e ile ea lokisoa. Mabota a ile a liloa bocha ’me a pentoa. Lifuluru tsa kutluloa ’me tsa bentšoa bocha. Ha kenngoa lithaele tse ncha tsa fuluru le k’haphete. Litokiso tsohle tse hlokahalang tsa motlakase le ho bonesa li ile tsa etsoa. Esita le thepa ea ka tlung e tsofetseng le e senyehileng e ile ea ntšoa ’me ha kenngoa e ncha. Nchafatso e feletseng e ile ea phethoa ka matsatsi a mahlano feela!

Boemo ba thabo le mosebetsi bo ile ba hlahisa ntho e atileng eo ho buoang ka eona tikolohong eo. Moahisani ea lilemo li 80 o ile a ameha maikutlo ke boiteko ba Lipaki hoo a ileng a tla le borashe ba hae ba ho penta ’me a tsitlella ho thusa. Mohiri oa e mong oa baithaopi o ile a nehelana ka semonya-monko oa lijo bakeng sa setofo sa kichine. Mohiri e mong o ile a fana ka lik’habote tse ncha tsa kichine. Monna e mong o ne a hloletsoe hoo a ileng a batla ho ithuta ho eketsehileng ka Lipaki tsa Jehova. Ka cheseho o ile a amohela buka ea U ka Phela ka ho sa Feleng Paradeiseng Lefatšeng.

Mohlolohali le barali ba hae ba ne ba maketse ka ho feletseng ha ba khutla. Ho ne ho e-na le meokho e mengata, letšeho le ho kopana ka matsoho—nako e ke keng ea lebaleha ea lerato le boikutlo ba Bokreste. Ka sebele, lerato la ’nete le kameho ka litho tse hlokang tsa phutheho ke letšoao la Bokreste ba ’nete, hobane Pauluse o ngotse: “Ka baka leo, ha re sa na le sebaka, a re etseng bohle hantle, empa haholo ba ntlo ea tumelo.”—Ba-Galata 6:10.

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela