Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w88 8/15 maq. 4-7
  • Katleho—Joang Kapa Joang?

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Katleho—Joang Kapa Joang?
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Ba Khelositsoe—Joang?
  • Mahlaba a “Katleho”
  • Mofuta o Molemo oa Katleho
  • U ’Ne u Batle Katleho ea Moea
  • Fumana Katleho ea Sebele Bophelong
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2012
  • U ka Finyella Katleho ea Sebele Joang?
    Tsoha!—2014
  • Na Bakreste e Lokela ho ba Mafutsana?
    Tsoha!—2003
  • Tlhohonolofatso ea Jehova e’a Ruisa
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1986
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1988
w88 8/15 maq. 4-7

Katleho—Joang Kapa Joang?

BOIKEMISETSO ba ho atleha bo bontša hore motho o na le pakane e tiileng. Pakane ea hao bophelong ke efe? U itokiselitse ho etsa joang hore u e finyelle? Ka sebele, ntho ea pele eo u lokelang ho e phehella ke efe e le hore u ka khotsofala ua ba ua thaba kannete?

Linaheng tse ngata tse Hōlang Moruong, mokhoa o akaretsang oa bophelo o etsa hore batho ba lakatse lintho tse ngata. Ka lebaka la mathata ao ho talimanoeng le ’ona moo, re ka nahana ka keletso e loketseng e tsoang Lentsoeng la Molimo, e tla re thusa ho lekanya hamolemo lipakane tsa rōna le katleho ea rōna, ho sa tsotellehe hore na re phela hokae.

Ka bofuma bo ntseng bo ata, batho ba bangata ba phehellang katleho ea lichelete ba hlokomolohile ntho e ’ngoe le e ’ngoe. Ba bang ba sebelisa bolotsana hore ba e finyelle. Leha ho le joalo, ha ba fetoha Bakreste ba ’nete, ba lokela hore ba be ba lahlile ka ho feletseng boikutlo bona e le hore ba ka lumellana le litekanyetso tse lokileng tsa Bokreste.

Leha ho le joalo, le bona Bakreste ba bang ba tšoareha hape ho hahamalleng lipakane tsa lefatše. Ba ka ’na ba oela boitšoarong boo e seng ba Bokreste hore ba finyelle katleho. Batsoali ba hlokomoloha malapa a bona. Batho ka bomong ba hlokomoloha tšebeletso ea bona ho Molimo. U nahana hore phello e ka ba efe tabeng ea khotsofalo le thabo bophelong?

Ha e re hlokomelisa ka phello, Bibele ea lemosa: “Ba ikemiselitseng ho rua ba oela molekong le lerabeng le litakatsong tse ngata tse se nang kelello le tse kotsi . . . Hobane lerato la chelete ke motso oa lintho tsa mefuta eohle tse kotsi, ’me ka ho hahamalla lerato lena ba bang ba ’nile ba khelosoa tumelong ’me ba itlhabile hohle ka mahlaba a mangata.”—1 Timothea 6:9, 10, NW.

“Lintho tsa mefuta eohle tse kotsi.” ‘Ba hlabiloe hohle ke mahlaba a mangata.’ Ka sebele hoo ha ho utloahale joaloka tlhaloso ea khotsofalo le thabo, na ha ho joalo? Empa, phihlelo ea batho ba limillione ho theosa le makholo a lilemo, haesita le ho tla fihlela kajeno, e paka kamoo polelo eo ea Bibele e leng ea ’nete kateng. E be hoo joale ho khothaletsa eng tabeng ea lipakane tsa Mokreste le tsela ea hae ea bophelo?

Ba Khelositsoe—Joang?

Ke ka litsela life Bakreste ba ka khelosoang tumelong? Ba bang ba ile le boholeng ba ho hana ka ho feletseng boitšoaro ba bomolimo le litumelo tsa bomolimo. Mabakeng a mang batho ka bomong ba ’nile ba khelosoa tseleng ea boinehelo ba bomolimo, haesita le ho sebelisa hampe boinehelo bo joalo e le mokhoa oa ho fumana tšusumetso holim’a ba bang. Ka hona Bibele e bua ka “batho ba maikutlo a bolileng, ba lahlehetsoeng ke ’nete, ba lekanyang hore borapeli [boinehelo ba bomolimo, NW] ke mokhoa oa ho rua.” (1 Timothea 6:5) Ha ba sa lahle Bokreste ka ho feletseng, ba ka ’na ba iphumana ba tlōla melao-motheo ea Bibele eo e leng metsoako ea bohlokoa ea tumelo ea Bokreste.

Jesu o boleletse balateli ba hae hore ba se ke ba tšoana le batho ba lefatše ba busang holim’a ba bang. O itse: “Ho se ke ha e-ba joalo ho lōna; empa mang le mang ea ratang ho ba moholo har’a lōna, e ke e be mohlanka oa lōna.” Ha a nyatsa baeta-pele ba bolumeli ba Bajode, Jesu a ea pejana. A bontša hore lerato le leholo la tlhompheho ea lefatše le etsa hore motho a se ananeloe ke Molimo. (Mattheu 20:26; 23:6-9, 33) Kahoo, Bakreste ba lokela ho batla ho sebeletsana ho e-na le ho benya ka ba bang kapa ho ba busa. Morati oa chelete ea batlang katleho joang kapa joang a ka khelosoa habonolo tseleng ena.

U hlaha joang ntlheng ee? Na u iphumana u lekanya katleho ea hao ka hore na u na le matla a makae holim’a ba bang? Na u tsoelipanya litaba kapa u sotha melao-motheo ea Bokreste le lithuto e le hore u bontše matla a boholo kapa hore u a fumane? Na u ikutloa hore u tlameha ho finyella ho fetang ho finyelloang ke lithaka tsa hao ho sa tsotellehe eng kapa eng? Na u nyakallela haholo ho bua ka letlotlo la hao kapa seo u se finyelletseng mosebetsing oa boipheliso? Haeba ho joalo, ho hlokahala hore u hlahlobe hore na e be u ntse u khelosoa tumelong kapa che.

Mahlaba a “Katleho”

Jesu o boetse a re: “Le se ke la ipokellela matlotlo lefatšeng . . . Hobane moo letlotlo la hao le leng teng, ke moo le pelo ea hao e tla ba teng. . . . Le ka sitoa ho sebeletsa Molimo le Mamona [Maruo, TLP].” (Mattheu 6:19-24) Na batsoali ba lebisang bana ba bona haholo-holo lipakaneng tsa lintho tse bonahalang le mesebetsing ea boipheliso ea lefatše ba latela keletso ee? Na khatiso katlehong ea lefatše e tšoaneloa ke tahlehelo haeba bana ba tlohela ’nete ’me ba inkela mekhoa ea bophelo eo e seng ea Bokreste? Na ke ho tšoanelehang ho tela bophelo ba bona ba moea kapa, bonyane, ho bo bea kotsing ka lebaka la “matlotlo lefatšeng”? Batsoali ba etsang sena hangata ba iphumana le bona ba ‘hlabiloe hohle ke mahlaba a mangata’ ka lebaka la ho ameha ka bana ba bona le ho ikoahlaea bakeng sa ho lahleheloa ke bona moeeng ’me ka linako tse ling le nameng.

Lerato la maruo ke monghali ea thata. Le hloka ka matla nako, matla, le mahlale tsa motho; ’me le bupetsa boinehelo ba bomolimo. Hangata le eka batho hore ba batle leruo le eketsehileng le ho hlompheha haholoanyane lefatšeng, kahoo le ba hulela hole haholoanyane le tumelo. Ka nepo Bibele e re: “Ea ratang silefera, silefera e ke ke ea mo khorisa; ea ratang ho phela ka nala, le eena a ke ke a hola ka eona.”—Moeklesia 5:10.

Le kamor’a hore e be Mokreste, lerato la mohoebi e mong oa Moafrika la ho atleha licheleteng le ne le nka sebaka sa pele bophelong ba hae. O ile a hlokomoloha mesebetsi ea Bokreste a ikhethela maeto a botsoalle le bahoebi bahabo ba lefatše. Ha aa ka a tsoela pele moeeng, ho sa tsotellehe boiteko ba baholo ba phutheho ea habo ba ho mo thusa. Kahoo a iphumana a ipeile tlokotsing moeeng—a le sebakeng feela moo e neng e se Mokreste ho hang empa o ne a batla hore a nkoe e le eena. Kaofela ha rōna re ka ananela hore boemo ba hae bo ne bo sa khothaletse khotsofalo e tebileng bophelong kapa thabo ea nako e telele.

Batho ba joalo ba tlameha ho talimana le mahlaba a moea. Ho tsoakana ka khoebo le boithabiso le batho ba se nang matsoalo a matla ka botšepehi kapa boitšoaro ba likamano tsa botona le botšehali ho pepesetsa motho litšusumetso tse sa haheng. Bakreste ba pepesoang ka tsela eo ba lokela ho loana le litšusumetso tsena, ’me hangata ba lokela ho loana le matsoalo a bona. Ba bang qetellong ba tšoana le metsoalle ea bona ’me ba khelosoa ka ho feletseng tumelong. (1 Ba-Korinthe 15:33) Katleho licheleteng ke ea molemo oa eng ha e isa tlhōlehong e joalo ea moea le ea boitšoaro? Joalokaha Jesu a itse: “Leha motho a ka rua lefatše lohle, ha a timeletsoe ke moea oa hae, ekaba o ruile’ng ka lona na?”—Mattheu 16:26.

Mofuta o Molemo oa Katleho

Phihlelo e tiisitse hore ke bohlale ho ela hloko keletso ena ea Bibele: “Le se ke la ipapisa le lefatše lena, le mpe . . . le lemohe ho ratoang ke Molimo, hore na ke hofe, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.” “Se rateng lefatše, leha e le tse lefatšeng; ekare ha motho a rata lefatše, lerato la Ntate ha le eo ho eena.” E, re bohlale haeba re sa etsise lefatše kapa ho chachehela seo le fanang ka sona. Kameho ea rōna e khōlō e lokela ho ba bakeng sa ho ananeloa ke Molimo, ho ke keng ha fumanoa ka ho lelekisa lintho tsa lefatše.—Ba-Roma 12:2; 1 Johanne 2:15, 16.

Jesu o ile a etsetsa sena papiso ka molemi ea neng a tšepile letlotlo la hae empa eo Molimo o ileng oa re ho eena: “Leoatla toee! Ka bona bosiu bona, moea oa hao o tla latoa ho uena; ’me lintho tseo u li lokisitseng, e tla ba tsa mang na?” Ha a akaretsa setšoantšo sa hae, Jesu o itse: “Ea ipokellelang matlotlo, a mpa a sa ruele ho Molimo, o joalo.” Jesu o ne a bontša hore “bophelo ba motho bo ke ke ba tsoa bongateng ba lintho tseo a li ruileng, leha li mo atetse haholo.”—Luka 12:15-21.

Jesu o sebelisitse mohlala o hlakileng oa ’musi e monyenyane oa morui ho bontša ntho e tšoanang. Monna enoa o ne a atlehile ka kutloisiso ea lefatše, ’me ka ho totobetseng o ne a batla ho ba khabane boitšoarong. Leha ho le joalo, Jesu ha aa ka a mo bea e le mohlala oa katleho. Ho e-na le hoo, Jesu o itse ho ne ho tla ba thata bakeng sa batho ba joalo ‘ho kena ’musong oa Molimo.’ Batho ba bangata ba leng boemong bo joalo ha baa itokisetsa ho tela lithahasello tsa lintho tse bonahalang le ho batla ’Muso oa Molimo e le pakane ea pele bophelong ba bona.—Luka 18:18-30.

Ha a hatisa ho ea pele hore lithahasello tsa moea li tla pele, Jesu o itse: “Le se ke la belaela ka ho re: Re tla ja’ng? kapa, re tla noa’ng? kapa, re tla ikapesa ka’ng? Hobane ntho tseo tsohle ke tse batloang ke bahetene; empa Ntat’a lōna ea maholimong o tseba hoba le hloka lintho tseo tsohle. Le mpe le batle ’muso oa Molimo le ho loka ha oona pele; ’me lintho tseo tsohle le tla li ekeletsoa.” Kahoo, le tabeng ea lintho tse hlokahalang, re tlameha ho hloaea lintho tse tlang pele. Hore re atlehe kannete—hore re finyelle thabo le ho fumana khotsofalo ea ’nete—lintho tsa moea li lokela ho tla pele ho tse bonahalang.—Mattheu 6:31-33.

U ’Ne u Batle Katleho ea Moea

Ka hona tsela e bohlale ka ho hlakileng ke ho batla katleho ka ho phehella ’Muso oa Molimo le ho loka ha oona. Hona ho ama ho ithuta Bibele e le hore u ka ‘itemohela ho ratoang ke Molimo, ho molemo, ho khahlehang, ho phethehileng.’ Thato ea hae e akareletsa hore bophelong ba hao u eteletse pele tšebeletso ea hae, hore u be le kabelo e feletseng tšebeletsong ea Bokreste, hore u se ke ua hlokomoloha liboka tsa Bokreste, le hore u phele bophelo bo khabane boitšoarong tumellanong le ho loka ha Molimo. Lintho tsena ha lia lokela ho behelloa kathōko bakeng sa lithahasello tse bonahalang kapa ho lumelloa hore li li koahele. Ana ke ’ona maikutlo ao keletso ea Jesu e neng e fana ka ’ona ho ’musi e monyenyane oa morui: “Rekisa ka lintho tsa hao tsohle, ’me u li abele bafumanehi, ’me u tla ba le letlotlo leholimong; u ntano tla, u ntatele.”—Ba-Roma 12:2; Luka 18:22.

Ka ho etsa sena, u tla be u haha bomoea ba hao le ba lelapa la hao. Ho e-na le ho ikutloa u phahame kapa u beile tšepo ea hao maruong a sa tsitsang, u tla ba har’a ba ‘atetsoeng ke mesebetsi e molemo, ba ipokellelang letlotlo mehleng e tlang, le nang le motheo o molemo, ba tle ba rue bophelo bo sa feleng.’ E, pakane ea hao e ka ba bophelo bo sa feleng Paradeiseng ea lefatšeng e tsosolositsoeng hobane “lefatše lea feta, le eona takatso ea lona; empa ea etsang thato ea Molimo, o hlola ka ho sa feleng.” Ha ho katleho e kholoanyane ho eo eo u neng u ka e finyella.—1 Timothea 6:17-19; 1 Johanne 2:17.

[Setšoantšo se leqepheng la 5]

Na chelete ke senotlolo?

[Setšoantšo se leqepheng la 7]

Na batsoali ba tla romela bana ba bona ho ea lelekisa katleho ka thuto ea univesithi kapa ea koleche?

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela