Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • g 6/07 maq. 4-7
  • Ho Ikemisetsa ho—Rua Kamoo U ka Amehang Kateng

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Ho Ikemisetsa ho—Rua Kamoo U ka Amehang Kateng
  • Tsoha!—2007
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Kamoo ho Amang Bana Kateng
  • Ho Etsahala’ng ka Batho ba Baholo?
  • U Batla’ng?
  • E-ba le Maikutlo a Nepahetseng ka Chelete
    Tsoha!—2015
  • Sebelisa Chelete ka Bohlale
    Tsoha!—2009
  • Ho Sebelisa Chelete Hantle
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Batsoali, Rutang Bana ba Lona ho Rata Jehova
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2019
Bala Tse Ling
Tsoha!—2007
g 6/07 maq. 4-7

Ho Ikemisetsa ho—Rua Kamoo U ka Amehang Kateng

LEFATŠENG lena leo batho ba fetang limilione tse 850 ba qetoang ke tlala, ho ka ’na ha e-ba thata ho nahana hore ho ba le ho hongata haholo ho ka baka mathata. Empa na u hlokometse hore lengolo le qotsitsoeng sehloohong se fetileng le lemosa batho ka ho rata chelete le ka ho ikemisetsa ho rua, eseng ka chelete ka boeona kapa leruo? Ho etsahala’ng ha batho ba phelela maruo le lintho tseo chelete e ka li rekang? Nahana pele ka tsela eo bana ba bona ba amehang ka eona.

Kamoo ho Amang Bana Kateng

Ho hakanngoa hore ka selemo se le seng feela, ngoana ea hōlelang Amerika o bona lintho tse fetang 40- 000 tse bapatsoang thelevisheneng. Joale ha seo se kopana le lipapali tsa video, libapala-’mino tsa sejoale-joale, mananeo a k’homphieutha hammoho le liaparo tsa mabitso tseo bana ba li bonang mabenkeleng le habo metsoalle ea bona, u ka inahanela hore na batsoali ba lula ba kōptjoa sena le sane ho le hokae. Batsoali ba bang ba fa bana ba bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang. Hobane’ng?

Batsoali ba bang ba etsa bonnete ba hore bana ba bona ba hōla ba se na boikutlo ba hore ba tingoa lintho, kaha bona ha ba hōla ba ne ba se na lintho tse mabothobotho. Batsoali ba bang bona ba tšaba hore ha ba hanela bana ka lintho, ba tla ba hloea. E mong oa bathehi ba sehlopha sa batsoali ba thusanang se Boulder, Colorado, U.S.A, o itse: “Ba batla ho ba metsoalle ea hlooho ea khomo ea bana ba bona ’me ba etsa bonnete ba hore ba ba le nako e monate.” Batsoali ba bang ba nahana hore ho fa bana limpho tse ngata ho koala sekheo sa ha ba le sieo ba le mosebetsing, moo ba qetang nako e ngata teng. Hape, ha beke e fela motsoali a sebelitse ka thata tlas’a khatello mosebetsing, a ka ’na a tsoafa ho tla opisoa hlooho ke ngoana ha a mo bolella hore “Che, eo u ke ke ua e fumana.”

Empa na batsoali ba fang bana ba bona ntho e ’ngoe le e ’ngoe eo ba e batlang baa ba thusa kapa baa ba senya? Ho makatsang ke hore bophelong, ho bonahala bana ba bokotsoang ba hloka teboho, ho e-na le hore ba rate batsoali ba bona le ho feta. Ha ba tsotelle le tsona limpho tseo ba ileng ba kena batsoali ba bona ka tsebeng hore ba li rekeloe. Motsamaisi oa sekolo se seng se mahareng o itse: “Ke hlokometse hore bana bao ha ba qala ba batla sena kapa sane ba se fuoang hang-hang, ba atisa ho nka libeke tse peli pele ba lahla tsona lintho tsena tseo ba neng ba li batla ka mahlo a matšo.”

Bana ba bokotsoang e ba batho ba joang ha ba hōla? Ho latela makasine ea Newsweek, lipatlisiso li bontša hore e ba batho ba baholo “bao ha maemo a nyolosetsa bophelong ho bang thata ho sebetsana le ’ona.” Kaha ha baa ithuta ho sebeletsa ntho ka thata hore ba e fumane, ba bang ba bona baa feila sekolong, baa hlōleha mosebetsing hammoho le lenyalong, ebe ka mor’a moo ba tsoela pele ba jeroe ke batsoali ba bona ka lichelete. Hape ba ka ’na ba tšoenyeha kapa ba tetebela maikutlong.

Ka hona, bana ba tetesoang ha e le hantle ho na le seo ba se tingoang. Ba tingoa monyetla oa ho ananela bohlokoa ba ho sebetsa, ho ikutloa ba e-na le seriti ba bile ba itšepa. Ngaka ea mafu a kelello, Jessie O’Neill, ea lemosa: “Ha u ruta bana hore ba ka fumana ntho eo ba e batlang neng le neng ha ba e batla, u ba etsetsa sehlōhō bophelong.”

Ho Etsahala’ng ka Batho ba Baholo?

Koranta ea Psychology Today, e tlaleha hore haeba u lenyalong, “ho sa tsotellehe hore na le nyalane nako e telele hakae kapa hore na le na le chelete e ngata hakae, ho ka etsahala hore lekhetlong le latelang ha le phehisana khang, e tla be e le ka litaba tsa lichelete.” E boetse e bolela hore “tsela eo banyalani ba itšoarang ka eona ha ba sa lumellane kapa ba soetsoa ke maemo a lichelete, e ka bontša esale pele hore na ba tla khona ho phelisana hammoho kapa ba tla hlōleha.” Banyalani ba nkang chelete le lintho tse bonahalang e le tsa bohlokoa ho tlōla ho hlakile hore ba beha lenyalo la bona kotsing. Ka sebele, ho ’nile ha hakanngoa hore banyalani ba hlalaneng, ba etsang karolo ea 90 lekholong ba bona, ba hlalane ka mabaka a amanang le lichelete.

Esita le haeba banyalani ba phela hammoho, bophelo ba lelapa la bona bo ka ’na ba tetema haeba ba amehile haholo ka chelete le mabothobotho a tsamaeang le eona. Ka mohlala, banyalani ba likolotong ba ka tenehelana le ho halefelana habonolo, e mong a beha e mong molato ka mathata a bona a lichelete. Maemong a mang banyalani ba amehile ka lintho tsa bona tse bonahalang hoo ba nang le nako e fokolang feela ea ho ba hammoho. Ho etsahala’ng haeba molekane e mong a reka ntho e bitsang chelete e ngata ’me a e patela molekane oa hae? Ho etsa joalo ho etsa hore ba qetelle ba etsa lintho tse itseng ka sekhukhu, ba ikutloe ba le molato le ho se tšepane—e leng lintho tse felisang thabo lenyalong.

Batho ba baholo ba ’maloa, ebang ba lenyalong kapa che, ba ’nile ba intša sehlabelo bakeng sa lintho tse bonahalang. Ba bang Afrika Boroa ba bile ba leka ho ipolaea hobane ba le tlas’a khatello ea ho batla ho phela ka tsela e mabothobotho ea bophelo ba linaheng tsa Bophirimela. United States teng, monna o ile a bolaea mosali oa hae, mora ea lilemo li 12 ’me a qetella ka eena, kamoo ho bonahalang kateng, o ne a le mathateng a lichelete.

Ke ’nete hore hase batho ba bangata ba shoang ka lebaka la ho hahamalla maruo. Empa ba ka ’na ba se fumane khotsofalo ea sebele bophelong ha ba ntse ba lelekisa leruo. Hape ba kulisoa ke haeba khatello ea mosebetsi kapa maemo a sithabetsang a lichelete a etsa hore ba tleloe ke tšabo, ba hlobaele, ba tšoaroe ke hlooho e sa eeng moriting, kapa ba tsoe liso ka maleng—e leng mathata a ka khutsufatsang bophelo ba motho. Esita le haeba motho a ka lemoha hore o lokela ho fetola lintho tse tlang pele bophelong ba hae, a ka ’na a lemoha seo e se e le morao haholo. Mohlomong molekane oa hae o tla be a se a sa mo tšepe, bana ba se ba amehile hampe maikutlong ’me le eena a se a kula. Mohlomong lintho tse ling tse senyehileng li ka loka, empa li tla hloka hore motho a sebetse ka thata. Ruri ba joalo ba “itlhabile hohle ka bohloko bo boholo.”—1 Timothea 6:10.

U Batla’ng?

Batho ba bangata ba batla ho ba le bophelo bo thabisang malapeng a bona, ho phela hantle ’meleng, ho ba le mosebetsi o motle le chelete e lekaneng hore motho a iphelele hantle. Hore motho a be le lintho tseo tse ’nè ka nako e le ’ngoe, ho hlokahala hore e be ea leka-lekaneng, ’me ha motho a amehile haholo ka chelete, ha e be ea leka-lekaneng. Ho ba bangata, ho lokisa boemo boo ho ka ’na ha bolela ho amohela mosebetsi o lefang chelete e tlaasana, lehae le lenyenyane, koloi e sa bitseng chelete e ngata kapa ho balelloa le ba tlaase maemong. Ke ba bakae ba bona ba ikemiselitseng ho furalla mabothobotho molemong oa lintho tsa bohlokoahali bophelong? Mosali e mong o ile a lumela: ‘Kea tseba hore ha ke hloke lintho tsena, empa ho thata ho khaohana le tsona!’ Ba bang ba batla ho li tela, empa ha ba batle hore e be bona ba bulang khoro.

Ho thoe’ng ka uena? Haeba u se u fumane tsela ea ho beha chelete le lintho tse bonahalang boemong ba tsona, u tšoaneloa ke pabatso. Ka lehlakoreng le leng, na sehlooho see seo u ntseng u se bala hona joale u se bala ka lepotlapotla hobane ha u na nako ka lebaka la tsela eo u phelang ka eona? Na u e mong oa ba bonang hore hoa hlokahala hore ba fokotse lintho tse bonahalang molemong oa bophelo bo botle haholoanyane ’meleng le maikutlong? Joale nka khato hona joale pele lerato la lintho tse bonahalang le baka tšenyo lelapeng la hao. Lebokose le leqepheng lena le fana ka litlhahiso tsa hore na u ka qalisa seo joang.

Ha lintho tse bonahalang li behiloe sebakeng sa tsona, setho se seng le se seng sa lelapa se tla rua molemo ’meleng le maikutlong. Leha ho le joalo, Bakreste bona ba na le lebaka le leng la ho ameha ka sena—ha ba batle hore lintho tse bonahalang li kena-kenane le kamano ea bona le Molimo. Ho rata lintho tse bonahalang ho ka beha bomoea ba motho kotsing joang, hona motho a ka thibela seo hore se se ke sa etsahala joang? Sehlooho se latelang se tla hlalosa.

Ntlha e Qolotsoeng e leqepheng la 5]

Hangata bana ba bokotsoang ha ba na teboho ’me lintho tseo ba ileng ba li batla ka mahlo a matšo li ba tena kapele

[Lebokose/Litšoantšo tse leqepheng la 7]

Ho Phela ka Tsela e Leka-lekaneng

Ho fokotsa lintho tse bonahalang ho tla hloka hore motho e be ea ikemiselitseng ’me a rere lintho hantle. Litlhahiso tse thusitseng ba bang ke tsena.

◼ SEKASEKA BOEMO. Ke eng eo u ka khaotsang ho e reka? Ke lintho life tseo u ka khaohanang le tsona? Peeletso ea makasine? Li-CD tsa ’mino? Lintho tse sa hlokahaleng tse khabisang koloi?

◼ LEKA BOPHELO BA HO BEBOFATSA LINTHO KA NAKOANA. Haeba u le lekhonono hore na u tla atleha ha u bebofalitse bophelo, ak’u leke seo likhoeli tse tšeletseng kapa selemo. Iponele hore na nako eo eohle eo u e qetileng u sebeletsa chelete le lintho tseo u nang le tsona e ne e fela e u tlisetsa thabo kapa che.

◼ RERISANA LE BANA KA TABA EA HO BEBOFATSA LINTHO KA LAPENG. Ka tsela ena, ba ka ’na ba u tšehetsa ’me ua fumana ho se thata ho ba hanela ka lintho tse itseng ha ho hlokahala.

◼ NAHANELA HO FA BANA BA HAO CHELETE E ITSENG. Ebang ba tla iketsetsa qeto ea ho e boloka hore ba fumane ntho e itseng eo ba e batlang, kapa ba tla e tela, ba tla ithuta ho ba le mamello le ho ananela lintho tseo ba nang le tsona. Hape ba tla ithuta ho iketsetsa liqeto.

◼ ITHUTE LITSELA TSA HO BABALLA CHELETE. Sheba lintho tse theotsoeng ha u reka. Rera hore na u batla ho sebelisa bokae. Tsamaisana le ba bang ka koloi ho fokotsa litšenyehelo. Sebelisa lintho tse jang motlakase seoelo. Alima libuka laebraring ho e-na le ho li reka.

◼ SEBELISA NAKO KA BOHLALE. Hopola hore morero oa ho bebofatsa bophelo hase hore u be le lintho tse fokolang, empa ke hore u be le nako e eketsehileng bakeng sa lintho tsa bohlokoa, tse joaloka ho fa ba lelapa le metsoalle nako e eketsehileng. Na u etsa seo?

[Setšoantšo se leqepheng la 6]

Ho ikemisetsa ho rua ho ka baka tsitsipano lenyalong

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela