Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w09 12/15 maq. 15-19
  • Lula U Thabile Nakong ea Mathata

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Lula U Thabile Nakong ea Mathata
  • Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Jehova ke “Molimo ea Thabileng”
  • Ho Talima Lintho ka Tsela e Loketseng ke Habohlokoa
  • Thabela ho Etsa Thato ea Molimo
  • “Ho Thaba Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova!”
  • Lumella Jehova Hore a U Tšelise
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova (O Ithutoang)—2020
  • Kamoo Anna a Ileng a Fumana Khotso Kateng
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2007
  • Tšepa Jehova, “Molimo oa Matšeliso ’Ohle”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2011
  • O Ile a Tšollela Pelo ea Hae ho Molimo ha a Rapela
    Etsisa Tumelo ea Bona
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—2009
w09 12/15 maq. 15-19

Lula U Thabile Nakong ea Mathata

“Bohle ba tšabelang ho [Jehova] ba tla thaba; ba tla hoeletsa ka thabo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.”—PES. 5:11.

1, 2. (a) Ke lintho life tse ling tse bakang matšoenyeho a mangata kajeno? (b) Ntle ho mathata a hlahelang batho bohle, Bakreste ba ’nete ba lokela ho mamella eng?

LIPAKI TSA JEHOVA le tsona li ntse li hlaheloa ke mathata a hlahelang batho ka kakaretso. Batho ba bangata ba Molimo ba ’nile ba angoa ke tlōlo ea molao, ntoa le lintho tse ling tse bontšang ho hloka toka. Likoluoa tsa tlhaho, bofutsana, ho kula le lefu li bakela batho ba bangata mahlomola. Ka nepo moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Rea tseba hore pōpo eohle e ntse e tsoela pele ho bobola hammoho le ho ba bohlokong hammoho ho fihlela joale.” (Bar. 8:22) Re boetse re kotula litholoana tsa ho se phethahale ha rōna. Joaloka Morena Davida oa boholo-holo, re ka ’na ra re: “Liphoso tsa ka li fetile holim’a hlooho ea ka; joaloka mojaro o boima li nkimetse haholo.”—Pes. 38:4.

2 Ntle ho mathata a hlahelang batho bohle, Bakreste ba ’nete ba jere thupa ea tlhokofatso ea tšoantšetso. (Luka 14:27) Ka sebele, barutuoa ba Jesu ba hloiloe ba bile ba hlorisoa joaloka eena. (Mat. 10:22, 23; Joh. 15:20; 16:2) Kahoo, e le hore re latele Kreste, ho hlokahala hore re ikitlaetse re be re mamelle ha re ntse re letetse mahlohonolo a lefatše le lecha.—Mat. 7:13, 14; Luka 13:24.

3. Re tseba joang hore ha ho hlokahale hore Bakreste ba iphelise habohloko e le hore ba khahlise Molimo?

3 Na see se bolela hore Bakreste ba ’nete ba phela bophelo bo bosula le bo sa thabiseng? Na bophelo ba rōna e lokela ho ba ba masoabi le ho hlonama feela ho fihlela bofelo bo fihla? Ho hlakile hore Jehova o batla hore re thabe ha re ntse re letetse hore litšepiso tsa hae li phethahale. Nako le nako Bibele e bolela hore barapeli ba ’nete ke batho ba thabileng. (Bala Esaia 65:13, 14.) Pesaleme ea 5:11 e re: “Bohle ba tšabelang ho [Jehova] ba tla thaba; ba tla hoeletsa ka thabo ho isa nakong e sa lekanyetsoang.” Ka sebele, ho ka khoneha hore ka tsela e itseng motho a thabe, a be le khotso kelellong a be a khotsofale esita leha a le har’a mathata. A re ke re hlahlobeng hore na Bibele e ka re thusa joang hore re lule re thabile le har’a mathata.

Jehova ke “Molimo ea Thabileng”

4. Molimo o ikutloa joang ha ho iphapanyetsoa thato ea hae?

4 Nahana ka mohlala oa Jehova. Kaha ke Molimo ea Matla ’Ohle, ke eena ea laolang leholimong le lefatšeng. Ha a hloke letho ebile ha a hloke motho. Leha ho le joalo, ho sa tsotellehe matla a hae a sa hlōloeng ke letho, e tlameha ebe Jehova o ile a utloa bohloko ka tsela e itseng ha e mong oa bara ba hae ba moea a ne a mo fetohela ’me e e-ba Satane. E tlameha ebe hamorao Molimo o ile a utloa bohloko ha mangeloi a mang le ’ona a kenella bofetoheling boo. Hape nahana ka bohloko boo Molimo a ileng a bo utloa ha Adama le Eva, bao e neng e le pōpo ea hae e tsoileng matsoho ea lefatšeng, ba ne ba mo furalla. Ho tloha ka nako eo, bana ba bona ba libilione ba ’nile ba hana bolaoli ba Jehova.—Bar. 3:23.

5. Ke eng eo ka ho khetheha e ’nileng ea utloisa Jehova bohloko?

5 Bofetoheli ba Satane bo ntse bo tota. Ka lilemo tse ka bang 6 000, Jehova o ’nile a shebella ha batho ba rapela litšoantšo, ba bolaea ba bile ba etsa liketso tse mabifi le tse tsoileng tseleng tsa ho kopanela liphate. (Gen. 6:5, 6, 11, 12) Ho feta moo, o ’nile a utloa mashano le linyefolo tse tšosang. Ka linako tse ling, esita le barapeli ba ’nete ba Molimo ba ’nile ba mo utloisa bohloko. Bibele e hlalosa ketsahalo e ’ngoe e joalo ka mantsoe ana: “Ba ne ba mo fetohela hangata hakaakang lefeelleng, ba mo utloisa bohloko lehoatateng! Ka makhetlo-khetlo ba ne ba leka Molimo, ba utloisa Mohalaleli oa Iseraele bohloko.” (Pes. 78:40, 41) Jehova o utloa bohloko haholo ha batho ba hae ba sa mo mamele. (Jer. 3:1-10) Ke ’nete hore lintho tse mpe lia etsahala ’me Jehova o utloa bohloko haholo ha li etsahala.—Bala Esaia 63:9, 10.

6. Molimo o sebetsana joang le maemo a utloisang bohloko?

6 Leha ho le joalo, Jehova ha a hlōlehe ho nka khato hobane a utloile bohloko kapa a soetsehile. Ha mathata a hlaha, Jehova o ’nile a nka bohato hang-hang ho etsa hore litholoana tsa ’ona li se ke tsa ba mpe haholo. O boetse o entse litokisetso tsa nako e telele e le hore qetellong morero oa hae o ka phethahala. Ka lebaka la litokisetso tsena tse molemo, ka thabo Jehova o labalabela ho bona ha ho tlosoa qoso bobusing ba hae ’me barapeli ba hae ba tšepahalang ba hlohonolofatsoa. (Pes. 104:31) Ka sebele, ho sa tsotellehe hore na o ’nile a nyelisoa hakae, Jehova e ntse e le “Molimo ea thabileng.”—1 Tim. 1:11; Pes. 16:11.

7, 8. Ha lintho li sa tsamaee hantle re ka etsisa Jehova joang?

7 Ke ’nete hore ha re na bokhoni bo kang ba Jehova tabeng ea ho rarolla mathata. Leha ho le joalo, re ka etsisa Jehova ha re sebetsana le lintho tse re utloisang bohloko. Ke ntho e tloaelehileng hore motho a utloe a nyahame ha lintho li sa tsamaee hantle, empa ha ho hlokahale hore re lule re le boemong boo. Kaha re bōpiloe ka setšoantšo sa Jehova, re na le matla a ho nahana le bohlale bo sebetsang, e leng lintho tse re thusang hore re hlahlobe mathata a rōna ebe re nka bohato bo loketseng ha ho khoneha.

8 Ntho e ’ngoe ea bohlokoa e ka re thusang hore re sebetsane le mathata ao re thulanang le ’ona bophelong, ke ho hlokomela hore lintho tse ling ha ho letho leo re ka le etsang ka tsona. Ho ikutloisa bohloko ka lintho tse joalo ho ka etsa hore re ferekane le ho feta ha ba ha re sitisa ho thabela lintho tse ngata tse amanang le borapeli ba ’nete. Ka mor’a hore re nke bohato bo loketseng ho rarolla bothata, ho ka ba molemo hore re khaotse ho nahana haholo ka bona empa re shebane le lintho tse ka re tsoelang molemo. Litlaleho tsa Bibele tse latelang li totobatsa ntlha ena hantle.

Ho Talima Lintho ka Tsela e Loketseng ke Habohlokoa

9. Anna o ile a bontša joang hore o ne a talima lintho ka tsela e loketseng?

9 Nahana ka mohlala oa Anna, eo e ileng ea e-ba ’mè oa moprofeta Samuele. O ne a nyahame kaha a ne a sa be le bana. Hape, o ne a songoa a bile a nyelisoa hobane a ne a sa be le bana. Ka linako tse ling, Anna o ne a nyahama hoo a neng a ee a lle ebe ha a je. (1 Sam. 1:2-7) Nakong e ’ngoe ha Anna a ne a etetse sehalalelong sa Jehova, “moea oa hae o ne o utloile bohloko, eaba o qala ho rapela Jehova ’me o lla haholo.” (1 Sam. 1:10) Ka mor’a hore Anna a tšollele Jehova maikutlo, moprista ea phahameng Eli o ile a tla ho eena ’me a re: “Tsamaea ka khotso, ’me e se eka Molimo oa Iseraele a ka phethahatsa kōpo ea hao e matla eo u e kōpileng ho eena.” (1 Sam. 1:17) Nakong ena Anna o ne a hlokomela hore ruri o entse sohle seo a neng a ka se khona. Ho ne ho se letho leo a neng a ka le etsa ka taba ea hore o ne a sa be le bana. Anna o ile a bontša hore o ne a talima lintho ka tsela e loketseng. Ka mor’a moo, o ile “a tsamaea ’me a ja, ’me sefahleho sa hae ha sea ka sa hlola se tšoenyeha.”—1 Sam. 1:18.

10. Pauluse o ile a bontša joang hore o talima lintho ka tsela e loketseng ha a ne a thulana le bothata boo a neng a ke ke a bo rarolla?

10 Moapostola Pauluse le eena o ile a bontša hore o ne a talima lintho ka tsela e loketseng ha a ne a thulana le litsietsi. O ne a e-na le ntho e neng e mo hlokofatsa haholo. O ile a re ke “moutloa nameng.” (2 Bakor. 12:7) Ho sa tsotellehe hore na e ne e le eng, Pauluse o ile a etsa sohle seo a neng a ka se khona ho e tlosa, a rapela Jehova hore a e tlose. Pauluse o ile a kōpa Jehova ka makhetlo a makae ka taba ee? Ka makhetlo a mararo. Ka mor’a hore a rapele lekhetlo la boraro, Molimo o ile a mo tsebisa hore ‘moutloa oo o nameng’ o ne o ke ke oa tlosoa ka mohlolo. Pauluse o ile a amohela taba ena eaba o shebana le ho sebeletsa Jehova ka botlalo.—Bala 2 Bakorinthe 12:8-10.

11. Thapelo le likōpo tse tiileng li re thusa joang hore re sebetsane le mahlomola?

11 Mehlala ena ha e bontše hore re lokela ho khaotsa ho rapela Jehova haeba re thulana le lintho tse re utloisang bohloko. (Pes. 86:7) Ho e-na le hoo, Lentsoe la Molimo lea re khothatsa le re: “Le se ke la tšoenyeha ka letho, empa nthong e ’ngoe le e ’ngoe ka thapelo le thapeli hammoho le liteboho likōpo tsa lōna tse matla li ke li tsebisoe Molimo.” Jehova o tla araba lithapeli le likōpo tse matla joalo joang? Bibele e phaella ka ho re: “’Me khotso ea Molimo e fetang monahano oohle e tla lebela lipelo tsa lōna le matla a lōna a kelello ka Kreste Jesu.” (Bafil. 4:6, 7) Ka sebele, Jehova a ka ’na a se ke a tlosa bothata ba rōna, empa a ka araba lithapelo tsa rōna ka hore a sireletse matla a rōna a kelello. Ka mor’a hore re rapele ka taba e itseng, re ka ’na ra hlokomela kotsi ea ho lula re tšoenyehile.

Thabela ho Etsa Thato ea Molimo

12. Ke hobane’ng ha ho nyahama nako e telele ho ka ba kotsi?

12 Liproverbia 24:10 e re: “Na u iponahalitse u nyahame letsatsing la mahlomola? Matla a hao a tla fokola.” Maele a mang ’ona a re: “Ka lebaka la bohloko ba pelo ho na le moea o hlomohileng.” (Liprov. 15:13) Bakreste ba bang ba ’nile ba nyahama hoo ba ileng ba khaotsa ho bala Bibele boinotšing le ho nahanisisa ka Lentsoe la Molimo. Lithapelo tsa bona ba li etsa ho phetha molao feela, ’me ba bile ba ikarola ho barapeli-’moho le bona. Ho hlakile hore ho ka ba kotsi hore motho a lule a nyahame.—Liprov. 18:1, 14.

13. Ke lintho life tse ka re thusang hore re loantše ho nyahama ’me tsa etsa hore re thabe?

13 Ka lehlakoreng le leng, ho ba le maikutlo a nepahetseng ho tla re thusa hore re tsepamise likelello linthong tse re thabisang. Davida o ile a ngola a re: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka.” (Pes. 40:8) Ha lintho li sa tsamaee hantle bophelong ba rōna, ha rea lokela ho khaotsa mokhoa oa rōna o motle oa borapeli. Ha e le hantle, ntho e ka etsang hore re loantše ho hlonama ke hore re etse lintho tse re thabisang. Jehova o re bolella hore re ka thaba ha re bala Lentsoe la hae re bile re le hlahloba kamehla. (Pes. 1:1, 2; Jak. 1:25) Mangolong a Halalelang le libokeng tsa Bokreste, re fumana “lipolelo tse khahlehang” tse ka re hlasimollang tsa ba tsa etsa hore lipelo tsa rōna li thabe.—Liprov. 12:25; 16:24.

14. Ke ntho efe eo Jehova a re tiisetsang eona e re thabisang hona joale?

14 Molimo o re fa mabaka a mangata a hore re thabe. Tšepiso ea hae ea hore o tla re pholosa ke lebaka le ka sehloohong la hore re thabe. (Pes. 13:5) Rea tseba hore ho sa tsotellehe hore na re etsahalloa ke eng hona joale, qetellong Molimo o tla putsa ba mo batlang ka tieo. (Bala Moeklesia 8:12.) Moprofeta Habakuke o ile a bontša hore o ne a kholisehile ka seo ha a ne a ngola a re: “Le hoja sefate sa feiga se ke ke sa thunya, ’me lifate tsa morara li ke ke tsa beha litholoana; mosebetsi oa sefate sa mohloaare o ka ’na oa fella ka ho hlōleha, ’me masimo a ka ’na a se ke a hlahisa lijo; mohlape oa likhutšoane o ka ’na oa tlosoa lesakeng, ’me ho ka ’na ha se ke ha e-ba le mohlape oa liphoofolo tse khōlō ka masakeng; empa leha ho le joalo, ha e le ’na, ke tla ithabela ho Jehova; ke tla inyakallela ho Molimo oa poloko ea ka.”—Hab. 3:17, 18.

“Ho Thaba Batho Bao Molimo oa Bona e Leng Jehova!”

15, 16. Bolela tse ling tsa lintho tseo Molimo a re fileng tsona tseo re ka li thabelang ha re ntse re letetse mahlohonolo ao re tla a fumana nakong e tlang.

15 Thato ea Jehova ke hore re thabele lintho tse molemo tseo a re fang tsona hona joale, ha re ntse re letetse bokamoso bo tsotehang boo re bo tšepisitsoeng. Bibele e re: “Kea tseba hore ha ho letho le molemo ho [batho] ho feta ho thaba le ho etsa se molemo nakong ea bophelo ba motho; le hore motho e mong le e mong a je ’me a noe le ho bona se molemo bakeng sa mosebetsi oohle oa hae o thata. Ke mpho ea Molimo.” (Moek. 3:12, 13) “Ho etsa se molemo” ho akarelletsa ho etsetsa batho ba bang liketso tse molemo. Jesu o itse ho fana ho tlisa thabo e khōlō ho feta ho amohela. Ho etsetsa balekane ba rōna, bana, batsoali le beng ka rōna ba bang liketso tse molemo ho khotsofatsa e le kannete. (Liprov. 3:27) Ha re le bonolo, re amohela baeti re bile re tšoarela balumeli-’moho le rōna, seo se ka etsa hore re thabe haholo ebile se thabisa Jehova. (Bagal. 6:10; Bakol. 3:12-14; 1 Pet. 4:8, 9) Ha re phethahatsa bosebeletsi ba rōna ka boitelo, seo se khotsofatsa e le kannete.

16 Mantsoe a Moeklesia a qotsitsoeng ka holimo, a bua ka lintho tse tloaelehileng tse thabisang bophelong, tse kang ho ja le ho noa. Ka sebele, esita le hoja re thulana le liteko re ka thabisoa ke lintho tseo Jehova a re fang tsona. Ho feta moo, ha ho hlokahale letho hore re thabele ho likela ha letsatsi ho tsotehang, ponahalo e ntle ea naha, menyakoe ea liphoofolo tse nyenyane esita le limakatso tse ling tsa tlhaho, empa lintho tsena lia hlolla ebile li ka re thabisa haholo. Ha re nahana ka lintho tsena, lerato leo re ratang Jehova ka lona lea eketseha kaha ke Mofani oa lintho tsohle tse molemo.

17. Ke eng e tla re lopolla ka botlalo linthong tse re utloisang bohloko, ’me ha re ntse re letetse seo re khothatsoa ke eng?

17 Ha e le hantle, lerato leo re ratang Molimo ka lona, ho mamela litaelo tsa hae le ho ba le tumelo sehlabelong sa thekollo, ho tla etsa hore re imolohe ka botlalo linthong tse utloisang bohloko tse bakoang ke bophelo bo sa phethahalang boo re bo phelang ’me ho etse hore re thabe ka ho sa feleng. (1 Joh. 5:3) Pele nako eo e fihla, re khothatsoa ke ho tseba hore Jehova o tseba hantle hore na ke lintho life tse re utloisang bohloko. Davida o ile a ngola a re: “Ke tla thaba ’me ke nyakalle ka lebaka la mosa oa hao o lerato, ka hore ebe u bone mahloreho a ka; u tsebile ka mahlomola a moea oa ka.” (Pes. 31:7) Jehova o tla re lopolla litlokotsing kaha oa re rata.—Pes. 34:19.

18. Ke hobane’ng ha thabo e lokela ho rena har’a batho ba Molimo?

18 E se eka re ka etsisa Jehova, e leng Molimo ea thabileng, ha re ntse re letetse hore litšepiso tsa hae li phethahale. A re qobeng hore maikutlo a fosahetseng a re sitise ho tsoela pele re sebeletsa Molimo. E se eka matla a ho nahana le bohlale bo sebetsang li ka re thusa ha re thulana le mathata. Jehova o tla re thusa hore re laole maikutlo a rōna le hore re nke mehato leha e le efe e hlokahalang ho fokotsa mathata a ka bakoang ke litlokotsi. A re thabeleng lintho tse molemo tse tsoang ho eena, ebang ke lintho tsa nama kapa tsa moea. Ha re lula re e-na le kamano e haufi le Molimo, re tla thaba hobane “ho thaba batho bao Molimo oa bona e leng Jehova!”—Pes. 144:15.

U Ithutile Eng?

• Re ka etsisa Jehova joang ha re sebetsana le lintho tse utloisang bohloko tse re hlahelang?

• Ho talima lintho ka tsela e loketseng ho ka re thusa joang hore re sebetsane le lintho tse re utloisang bohloko?

• Re ka thabela ho etsa thato ea Molimo joang nakong ea mahlomola?

[Litšoantšo tse leqepheng la 16]

Jehova o utloisoa bohloko ke lintho tse mpe tse etsahalang

[Tlhaloso ea Moo Setšoantšo se Nkiloeng Teng]

© G.M.B. Akash/Panos Pictures

[Litšoantšo tse leqepheng la 18]

Jehova o re file ntho e ka re thusang hore re lule re thabile

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela