Pono ea Bibele
Na Moapostola Pauluse o ne a le Khahlanong le Basali?
‘LITHUTO tsa moapostola Pauluse li ’nile tsa sebelisoa e le motheo bakeng sa maikutlo a mangata a ho ba khahlanong le basali ka hare ho kereke ea . . . Bokreste.’ Ho boletse joalo Moahloli Cecilie Rushton oa Auckland, New Zealand, leselinyaneng le ileng la nehelanoa mathoasong a 1993 Sebokeng sa Molao sa Linaha tsa Selekane Cyprus. O ile a phaella: “Epistole ea hae e eang ho Timothea, e senola monahano oa hae: ‘Empa ha ke lumelle mosali ho ruta, leha e le hore a inkele bolaoli ba monna, empa a ikhutsetse.’”—1 Timothea 2:12, King James Version.
Ha Pauluse a ne a ngola mabapi le karolo kapa boemo ba basali, na e ne e mpa feela e le maikutlo a hae a botho a neng a hlalosoa, kapa na o ne a susumetsoa ka tsela ea bomolimo? Ha li talingoa kaofela ha tsona, na ka ’nete liepistole, kapa mangolo a Pauluse, a bontša maikutlo a ho ba khahlanong le basali? Ke maemong afe mantsoe a Pauluse ho Timothea a qotsitsoeng ka holimo a sebetsang?
Bopaki bo Buellang Pauluse
Har’a libuka tse 27 tsa Mangolo a Bakreste a Segerike, a 14 a ngotsoe ke Pauluse. Ho bontšang hore o ne a sebelisoa ke moea o halalelang e ne e le bokhoni ba hae ba mohlolo ba ho bua ka lipuo tse ngata. Ho phaella moo, bopaki bo bong e ne e le ba ho ba le lipono tse bontšang matla a phahametseng a tlhaho. (1 Ba-Korinthe 14:18; 2 Ba-Korinthe 12:1-5) Mohlala oa hae oa boitelo, oa sephefumolohi sohle, le oa lerato o ile oa hlahisa tlamahano e mofuthu ea kameho ea ngoan’abo motho pakeng tsa hae le Bakreste ba mehleng ea hae. (Liketso 20:37, 38) Mangolo a hae, ho akareletsa le seo a se buileng ka basali, a bōpa karolo ea ‘lengolo lohle le bululetsoeng ke Molimo ’me le le molemo bakeng sa ho ruta.’—2 Timothea 3:16, NW.
Basali Mangolong a Pauluse
Tlhokomelo e khethehileng ea Pauluse ho basali le ho ba tsotella li totobetse ka ho hlakileng ho pholletsa le mangolo a hae. Ka makhetlo-khetlo, o bua ka bona likarolong tsa bona tse fapaneng tsa phutheho le tsa lelapa. Ho le leng la mangolo a hae, o ile a tšoantša litšoaneleho tse lakatsehang tsa molisa oa Mokreste le tse bontšoang ke ’mè ea anyesang.—1 Ba-Thessalonika 2:7.
Bo-khaitseli ba bangata ba moapostola ba Bakreste, ba boletsoeng ka mabitso mangolong a hae, ke bao a ileng a ba babatsa ka mofuthu. Litumelisong tsa hae tse eang ho litho tsa phutheho ea Roma li ne li akareletsa tseo ka ho khethehileng li neng li tobisitsoe ho basali ba itseng “ba sebetsang ka thata Moreneng.” (Ba-Roma 16:12, NW) Mabapi le Efodia le Sintike, o ile a khothatsa baena ba Filippi ho “tsoela pele [ba] thusa basali bao ba ileng ba etsa boiteko bo matla le [eena] litabeng tse molemo.” (Ba-Filippi 4:3, NW) Lengolong la hae le eang ho Timothea, Pauluse o ile a ela hloko tumelo e behang mohlala ea nkhono oa mohlankana eo, Loise le ’mè oa hae, Eunise.—2 Timothea 1:5.
Ka lehlakoreng le leng, na ho na le pontšo leha e le efe mabapi le hore na bo-khaitseli ba Pauluse ba Bakreste ba ne ba ikutloa joang ka eena? Ho thabisang ke hore mabapi le Akila le Prisilla, banyalani bao a neng a tloaelane le bona haholo, o ile a tiisa hore hase Akila feela empa le mosali oa hae Prisilla, “ba kileng ba [mo] tella lihlooho tsa bona ho [mo] pholosa.”—Ba-Roma 16:3, 4.
Na ke Maikutlo a Khahlanong le Basali?
“U se ke ua khalemela ea hōlileng ka thata, empa u mo khothatse joalo ka hoja ke ntat’ao, ba bacha joalo ka hoja ke banab’eno; basali ba hōlileng joalo ka hoja ke bo-’m’ao, ba bacha joalo ka hoja ke bo-khaitselie, ka hloeko eohle.” (1 Timothea 5:1, 2) Na mantsoe aa a Pauluse a eang ho Timothea ha a bontše tlhompho e hloekileng ho basali? Pauluse o fane ka tlhompho e lekanang ho banna le ho basali ka phuthehong ea Bokreste. O ngotse: “Ha ho sa le mo-Juda, leha e le mo-Gerike; ha ho sa le ea ruiloeng, leha e le ea sa ruoang; ha ho sa le monna, leha e le mosali; hobane kaofela ha lōna le ntho e le ’ngoe ho Jesu Kreste.”—Ba-Galata 3:28.
Mabapi le likarolo tse fanoeng ke Molimo lenyalong, Pauluse o ngotse: “Lōna basali, le ikokobetse ka tlas’a banna ba lōna, joalo ka ha le ikokobetsa ho Morena; hobane monna ke hlooho ea mosali, joalo ka ha Kreste le eena e le hlooho ea Kereke, ’me ke eena ’Moloki oa ’mele oa hae.” (Ba-Efese 5:22, 23; bapisa le 1 Ba-Korinthe 11:3.) E, likarolo tse hlomphehang tsa monna le tsa mosali li fapane, empa sena hase fane ka maikutlo a hore molekane e mong ke ea tlaasana. Likarolo tsena lia tlatsana, ’me haeba e ’ngoe le e ’ngoe e phethahatsoa, e hlahisa phephetso e phahamisang katleho ea lelapa. Ho phaella moo, tšebeliso ea bohlooho ea monna e ne e sa lokela ho ba e hatellang kapa e se nang lerato. Pauluse o ile a tsoela pele: ‘Banna ba tšoanetse ho rata basali ba bona joalo ka ’mele oa bona,’ e be ba ikemiselitseng ho etsa boitelo bo boholo bakeng sa bona. (Ba-Efese 5:28, 29) Bana ba ne ba lokela ho utloa ntate le ’mè ka bobeli.—Ba-Efese 6:1, 2.
Ho lokelang hore ho eloe hloko hape, ke mantsoe a Pauluse mabapi le ho atamelana haufi-ufi lenyalong. Ka ho hloka leeme, Pauluse o ngotse: “Monna a nee mosali seo e leng tšoanelo, le mosali a etse joalo ho monna oa hae. ’Mele oa mosali ha o pusong ea hae, o mpa o le pusong ea monna; le ’mele oa monna ha o pusong ea hae, o mpa o le pusong ea mosali.”—1 Ba-Korinthe 7:3, 4.
“Mosali . . . a Itulele ka ho Ikhutsetsa”
Mabapi le mantsoe a Pauluse a ho 1 Timothea 2:12, a qotsitsoeng serapeng se qalang, na ho buella ha hae hore basali ba ‘khutse’ ho ne ho tsoaloa ke maikutlo a ho ba khahlanong le basali? Che! Ho ‘khutsa’ ho neng ho hlokahala ho ne ho le mabapi le ho ruta le ho sebelisa bolaoli ba moea ka phuthehong, ho ntse ho hopoletsoe kamano ea banna le basali e boletsoeng pejana ka taelo ea bomolimo.a
Sena hase bolele hore basali e ke ke ea e-ba matichere a ’nete ea bomolimo. Pauluse o ile a khothatsa basali ba hōlileng hore e be “matichere a se molemo” ho basali ba bacha. Ha ba latela mohlala oa Eunise le Loise, ba ileng ba rupela Timothea, bo-mmè ba Bakreste ba lokela ho koetlisa bana ba bona ka litsela tsa bomolimo. (Tite 2:3-5, NW; 2 Timothea 1:5) Kajeno, liphuthehong tsa Lipaki tsa Jehova, basali ba Bakreste ba likete-kete ba fumana khotsofalo moeeng ka ho latela mohlala oa Evodia le Sintike ka ho bolela litaba tse molemo phatlalatsa le ka ho etsa barutuoa ba banna le ba basali.—Pesaleme ea 68:11; Mattheu 28:19; Ba-Filippi 4:2, 3.
Kahoo, kahlolo ea hao ke efe? Na mangolo a Pauluse, ha a talingoa ka botlalo, a lokafatsa qoso ea hore a khahlanong le basali?
[Mongolo o botlaaseng ba leqephe]
a Mabapi le polelo “boikokobetso bo feletseng” ho 1 Timothea 2:11 (New International Version), setsebi sa Bibele W. E. Vine sea hlalosa: “Taelo eo ha e mabapi le ho inehela mohopolong le letsoalong la motho e mong, kapa ho lahla tokelo ea ho etsa kahlolo eo e leng ea botho; poleloana ‘ka boikokobetso bohle’ ke temoso khahlanong le ho inkela bolaoli, joaloka mohlala o temaneng e latelang.”