Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • w94 4/15 maq. 8-13
  • Thuto e Molemo Bakeng sa Linako tsa Rōna tse Mahlonoko

Ha ho na video mona.

Ka masoabi ho bile le bothata.

  • Thuto e Molemo Bakeng sa Linako tsa Rōna tse Mahlonoko
  • Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
  • Lihloohoana
  • Lingoloa Tse Tšoanang
  • Thuto e Tsoang Historing
  • Boprofeta bo Mabapi le Linako tsa Rōna
  • Kotula Melemo e Enneng
  • Na Kannete re Phela “Matsatsing a ho Qetela?”
    Molula-Qhooa O Tsebahatsa ’Muso Oa Jehova—2006
  • Haufinyane Morero oa Molimo o Tla Phethahala
    Morero oa Bophelo ke Eng? U ka o Fumana Joang?
  • Na re Phela “Matsatsing a ho Qetela”?
    Ha e le Hantle ke Eng Seo Bibele e se Rutang?
  • Lintho Tsee Tsohle li Bolela’ng?
    Le Lule le Lebetse!
Bala Tse Ling
Molula-Qhooa o Tsebahatsa ’Muso oa Jehova—1994
w94 4/15 maq. 8-13

Thuto e Molemo Bakeng sa Linako tsa Rōna tse Mahlonoko

“Tseba sena, hore mehleng ea qetello ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. . . . Batho ba khopo le bathetsi ba tla tsoela pele ho tloha bobeng ho ea bobeng bo eketsehileng, ba thetsa le ho thetsoa.”—2 TIMOTHEA 3:1, 13, NW.

1, 2. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella lithuto tseo re li latelang?

NA U ntse u thusoa, kapa u ntse u ntšoa kotsi? Na mathata a hao aa rarolloa kapa aa mpefatsoa? Ke eng? Ke lithuto. E, lithuto li ka ama bophelo ba hao haholo, ka tsela e molemo kapa e mpe.

2 Liprofesa tse tharo tsa boemo bo bohareng li ile tsa fuputsa sena haufinyane ’me tsa ngola seo li se fumaneng ho Journal for the Scientific Study of Religion. Ke ’nete hore mohlomong ha lia ithuta ka uena kapa lelapa la hao. Leha ho le joalo, seo li se fumaneng se bontša hore ho na le kamano pakeng tsa lithuto le katleho ea motho, kapa ho hlōleha ha hae mabapi le ho sebetsana le linako tsa rōna tse mahlonoko ka katleho. Sehloohong se latelang, re tla hlokomela seo li se fumaneng.

3, 4. Bopaki bo bong ba hore re phela linakong tse mahlonoko ke bofe?

3 Leha ho le joalo, taba ea pele nahana ka potso ena: Na ua lumela hore re phela linakong tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona? Haeba ho joalo, ka sebele u tla bona hore bopaki bo tiisa hore tsena ke “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5, NW) Tsela eo batho ba amehang ka eona ea fapana. Ka mohlala, mohlomong u tseba linaha tseo hona joale li aroloang litsekana ha mekha e fapa-fapaneng e loanela puso ea lipolotiki. Libakeng tse ling, lipolao li bakoa ke ho se tšoane ha bolumeli kapa lihlopha tsa merabe. Hase masole feela a tsoang kotsi. Ak’u nahane ka basali le banana ba se nang palo ba ’nileng ba hlokofatsoa, kapa batho ba hōlileng ba ’nileng ba amohuoa tokelo ea ho fumana lijo, ho futhumala, le ho ba le bolulo. Ho na le lenane le leholo la batho ba utloang bohloko bo boholo, e leng se fellang ka manane a maholo haholo a baphaphathehi le masisa-pelo a mangata a amanang le boemo boo.

4 Hape linako tsa rōna li tšoauoa ka mathata a moruo, a fellang ka ho koaloa ha lifektheri, ho se hiroe, ho se fumane melemo ea chelete nakong ea bokuli, botsofali, ho se hiroe le ho se fumane penshene, ho theoha ha matla a chelete, le ho haella ha lijo kapa ho fokotseha ha tsona. Na u ka eketsa ho hong lethathamong lee la mathata? Mohlomong ho joalo. Batho ba limilione ho pota lefatše ba hlokofatsoa ke khaello ea lijo le mafu. Mohlomong u kile ua bona lifoto tse tšosang tsa Afrika Bochabela tse bontšang banna, basali le bana ba mamaraneng. Ba limilione linaheng tsa Asia ba utloa bohloko ka mokhoa o tšoanang.

5, 6. Ke hobane’ng ha ho ka boleloa hore mafu le ’ona ke tšobotsi e hlōlang ea linako tsa rōna tse mahlonoko?

5 Kaofela re utloile ka mafu a tšosang a ntseng a eketseha. Ka January 25, 1993, The New York Times e ile ea re: “Har’a ho ata ha boitšoaro bo hlephileng ba botona le botšehali pakeng tsa batho ba mefuta eohle, boikaketsi le thibelo e hlokang taolo, seoa sa AIDS Latin America se haufi le ho feta sa United States . . . Boholo ba keketseho ena bo bakoa ke tšoaetso e eketsehang har’a . . . basali.” Ka October 1992, U.S.News & World Report e ile ea re: “Ke lilemong tse mashome a mabeli feela tse fetileng ha ngaka e khōlō ea U.S. e thoholetsa tlhōlo e ’ngoe ea tse khōlōhali tsa bophelo bo botle ba sechaba tse kileng tsa e-ba teng, e ileng ea tsebisa hore ke nako ea ho ‘khaotsa ho tšoenyeha ka mafu a tšoaetsanoang.’” Hona joale ho joang? “Lipetlele li boetse li tletse tsoete ke bahlaseluoa ba mahloko ao ho neng ho nahanoa hore a hlōtsoe. . . . Likokoana-hloko tse bakang mafu li ntse li e-ba le mekhoa e bohlale haholoanyane e amanang le liphatsa tsa lefutso e li lumellang ho hōla ka sekhahla se fetang sa ho etsoa ha meriana e mecha e thibelang likokoana-hloko. . . . ‘Re kena mehleng e mecha ea mafu a tšoaetsanoang.’”

6 Mohlala o mong ke ona, Newsweek ea January 11, 1993, e ile ea tlaleha: “Hona joale ho lekanyetsoa hore likokoana-hloko tsa malaria li tšoaetsa batho ba ka bang limilione tse 270 selemo se seng le se seng, ’me li bolaea batho ba ka bang limilione tse 2 . . . le ho bakela bonyane batho ba limilione tse 100 bokuli bo matla. . . . Ka nako e tšoanang, lefu lena le ntse le ipha matla hoo lithethefatsi tse neng li le phekola pele li seng li sa khone ho le phekola. . . . Ho ka etsahala hore haufinyane mafu a mang a se hlole a phekoleha.” Sena sea tšosa.

7. Kajeno ba bangata ba arabela joang linakong tse thata?

7 E ka ’na eaba u hlokometse hore linakong tsena tse bohloko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona, ba bangata ba batla thuso bakeng sa ho rarolla mathata a bona. Nahana ka ba retelehelang libukeng bakeng sa ho sebetsana ka katleho le khatello kapa lefu le itseng le lecha. Ba bang ba batla keletso ka matla tabeng ea ho hlōleha ha lenyalo, ho tlhokomelo ea bana, tahi kapa likhathatso tsa lithethefatsi, kapa mokhoa oa ho leka-lekanya litlhoko tsa mosebetsi oa bona le likhatello tseo ba tobanang le tsona lapeng. E, ba hlile ba hloka thuso! Na u loana le bothata ba botho kapa u tobane le a mang a mathata a bakoang ke ntoa, tlala, kapa tšenyo? Esita le haeba bothata bo hatellang bo bonahala bo ke ke ba rarolleha, u na le mabaka a ho botsa, ‘Ke hobane’ng ha re fihletse boemo bo mahlonoko hakana?’

8. Ke hobane’ng ha re lokela ho retelehela Bibeleng bakeng sa temohisiso le tataiso?

8 Pele re ka sebetsana le boemo bona ka katleho ’me ra fumana khotsofalo bophelong hona joale le nakong e tlang, ho hlokahala hore re tsebe lebaka leo ka lona re tobaneng le linako tsena tse mahlonoko. Ka ho toba, seo se fana ka lebaka la hore e mong le e mong oa rōna a nahane ka Bibele. Ke hobane’ng ha re supa Bibeleng? Hobane ke eona feela e nang le boprofeta bo nepahetseng, histori e ngotsoeng esale pele, e bontšang mabaka a matšoenyeho a rōna, moo re leng teng, le moo re eang.

Thuto e Tsoang Historing

9, 10. Boprofeta ba Jesu ho Mattheu khaolo 24 bo phethahalitsoe joang lekholong la pele la lilemo?

9 Molula-Qhooa oa February 15, 1994, o ile oa fana ka kakaretso e thahasellisang ea boprofeta ba Jesu bo hlakileng ho Mattheu khaolo 24. Ha u phetla Bibele ea hao khaolong eo, u ka bona temaneng ea 3 hore baapostola ba Jesu ba ile ba kōpa pontšo mabapi le ho ba teng ha hae ha nako e tlang le ho fela ha tsamaiso ea lintho. Joale, litemaneng tsa 5 ho ea ho 14, Jesu o boletse esale pele ka bo-Kreste ba bohata, lintoa, khaello ea lijo, mahloriso a Bakreste, ho hloka molao, le boboleli ba ’Muso oa Molimo bo pharaletseng.

10 Histori e paka hore lintho tsona tseo li ile tsa etsahala nakong ea bofelo ba tsamaiso ea Sejode ea lintho. Haeba u ne u phela ka nako eo, na tseo e ka be e sa ka ea e-ba linako tse thata? Leha ho le joalo, lintho li ne li ea sehlohlolong, mahlomola ao ho seng mohla a kileng a e-ba teng Jerusalema le tsamaisong ea Sejode. Temaneng ea 15 re qala ho bala ka se ileng sa etsahala hang ha Baroma ba hlasela Jerusalema ka 66 C.E. Liketsahalo tseo li ile tsa fihla sehlohlolong sa tsona ka mahlomola ao Jesu a ileng a bua ka ’ona temaneng ea 21—timetso ea Jerusalema ka 70 C.E., mahlomola a maholo ka ho fetisisa a kileng a hlahela motse oo. Ho ntse ho le joalo, ua tseba hore histori ha ea ka ea emisa ka nako eo, leha e le hona hore Jesu o itse e tla emisa ka nako eo. Litemaneng tsa 23 ho ea ho 28, o ile a bontša hore ka mor’a mahlomola a 70 C.E., ho na le lintho tse neng li tla etsahala.

11. Phethahatso ea lekholo la pele la lilemo ea Mattheu khaolo 24 e amana joang le mehla ea rōna?

11 Ba bang kajeno ba ka ’na ba ba le tšekamelo ea ho iphapanyetsa lintho tse joalo ho tloha nakong e fetileng ka ho re ‘joale?’ Seo e ka ba phoso. Ho phethahala ha boprofeta nakong eo e fetileng ke habohlokoa haholo. Hobane’ng? Ha e le hantle, lintoa, litlala, litšisinyeho tsa lefatše, mafu a seoa, le mahloriso mehleng ea bofelo ba tsamaiso ea Sejode li ne li lokela ho bonahatsoa phethahatsong e khōloanyane ka mor’a hore “mehla e khethiloeng ea lichaba” e fele ka 1914. (Luka 21:24, NW) Batho ba bangata ba phelang hona joale e bile lipaki tse boneng Ntoa ea I ea Lefatše ka mahlo ha phethahatso ena ea kajeno e qaleha. Empa esita le haeba u hlahile ka mor’a 1914, u bone ha boprofeta ba Jesu bo phethahala. Liketsahalo tsa lekholo lena la bo20 la lilemo li paka ka tsela e matla hore hona joale re phela bofelong ba tsamaiso ena ea lintho e khopo ea hona joale.

12. Ho latela Jesu, re ka hla ra lebella ho bona eng?

12 Sena se bolela hore “mahlomola” a Mattheu 24:29 a larile ka pele ho rōna. A tla akareletsa limakatso tsa leholimo tse ke keng tsa lekanngoa. Temana ea 30 e bontša hore ka nako eo batho ba tla bona pontšo e fapaneng—e pakang hore timetso e atametse. Ho latela tlaleho e tšoanang le eo e ho Luka 21:25-28 (NW), nakong eo e tlang, ‘batho ba tla tepella ka lebaka la tšabo le tebello ea lintho tse tlelang lefatše.’ Tlaleho ea Luka le eona e bolela hore ka nako eo Bakreste ba tla phahamisetsa lihlooho tsa bona holimo hobane topollo ea bona e tla be e atametse.

13. Ke lintlha life tse peli tse ka sehloohong tseo ho hlokahalang hore re lebise tlhokomelo ea rōna ho tsona?

13 U ka ’na ua re: ‘Ke utloisisa sena sohle, empa ke nahana hore taba ke hore na nka utloisisa ka ba ka sebetsana ka katleho le linako tsa rōna tse thata?’ U nepile. Ntlha ea pele, re lokela ho hlokomela mathata a ka sehloohong ’me re bone kamoo re ka a qobang kateng. Ntlha ea bobeli e amanang le eo, ke kamoo lithuto tsa Mangolo li ka re thusang ho thabela bophelo bo molemo hona joale. Mabapi le sena, phetla Bibele ea hao ho 2 Timothea khaolo 3, ’me u bone kamoo mantsoe a moapostola Pauluse a ka u thusang hore u sebetsane le linako tsena tse thata.

Boprofeta bo Mabapi le Linako tsa Rōna

14. Ke hobane’ng ha ho na le lebaka la ho lumela hore ho hlahloba 2 Timothea 3:1-5 ho ka re tsoela molemo?

14 Molimo o ile a bululela Pauluse hore a ngolle Mokreste ea tšepahalang Timothea keletso e molemo e ileng ea mo thusa ho phela bophelo bo atlehileng le bo thabileng haholoanyane. Karolo ea seo Pauluse a ileng a se ngola e ne e lokela ho phethahala haholoanyane mehleng ea rōna. Esita le haeba u ikutloa hore u a tseba hantle, hona joale latela ka hloko mantsoe ana a boprofeta a ho 2 Timothea 3:1-5. (NW) Pauluse o ngotse: “Empa tseba sena, hore mehleng ea qetello ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona. Hobane batho e tla ba baithati, ba ratang chelete, ba ikhopolang ho tlōla, ba ikhohomosang, banyefoli, ba sa utloeng batsoali, ba sa leboheng, ba sa tšepahaleng, ba se nang kameho e lerato ea tlhaho, ba sa bulehelang tumellano leha e le efe, baetselletsi, ba se nang boitšoaro, ba bohale bo tšosang, ba sa rateng molemo, baeki, ba lihlooho li thata, ba tletseng boikakaso, ba ratang menyaka ho e-na le ho rata Molimo, ba nang le sebōpeho sa borapeli empa ba ipaka ba sa tšepahalle matla a bona.”

15. Ke hobane’ng ha re lokela ho thahasella 2 Timothea 3:1 ka ho khethehileng hona joale?

15 Ka kōpo hlokomela, ho na le lintho tse 19 tse thathamisitsoeng. Pele re li hlahloba ’me re ba boemong ba ho fumana molemo, fumana pono e akaretsang. Sheba temana ea 1. Pauluse o boletse esale pele: “Mehleng ea qetello ho tla ba le linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Ke ‘mehla efe ea qetello’? Ho bile le mehla ea qetello e mengata, joaloka mehla ea qetello ea Pompeii oa boholo-holo kapa mehla ea qetello ea morena ea itseng kapa lelapa la borena. Esita le Bibele e bua ka mehla ea qetello e ’maloa, e kang mehla ea qetello ea tsamaiso ea Sejode. (Liketso 2:16, 17) Leha ho le joalo, Jesu o ile a re ralla motheo e le hore re ka utloisisa hore ‘mehla ea qetello’ eo Pauluse a ileng a bua ka eona e supa nakong ea rōna.

16. Ke boemo bofe boo setšoantšo sa koro le mofoka se ileng sa bo bolela esale pele bakeng sa mehla ea rōna?

16 Jesu o entse sena ka setšoantšo sa koro le mofoka. Tsena li ile tsa jaloa tšimong ’me tsa tloheloa hore li hōle. O boletse hore koro le mofoka li emela batho—Bakreste ba ’nete le ba bohata. Re bua ka setšoantšo sena hobane se tiisa hore nako e telele e tla feta pele ho bofelo ba tsamaiso eohle e khopo. Ha e fihla, ho na le ntho e tla be e hōlile ka ho feletseng. Efe? Bokoenehi, kapa ho fetohela Bokreste ba ’nete, ho fellang ka bokhopo bo boholo. Boprofeta bo bong ba Bibele bo tiisa hore sena se tla etsahala mehleng ea bofelo ea tsamaiso e khopo. Ke moo re leng teng, bofelong ba tsamaiso ea lintho.—Mattheu 13:24-30, 36-43.

17. Ke boitsebiso bofe bo tšoanang boo 2 Timothea 3:1-5 e fanang ka bona ka ho fela ha tsamaiso ea lintho?

17 Na u bona bohlokoa ba see? Timothea oa Bobeli 3:1-5 e re fa pontšo e tšoanang ea hore bofelong ba tsamaiso ea lintho, kapa mehleng ea qetello, litholoana tse pota-potileng Bakreste e ne e tla ba tse mpe. Pauluse o ne a sa bolele hore lintho tsena tse 19 tse thathamisitsoeng e tla ba tsela ea sehlooho ea ho paka hore mehla ea qetello e fihlile. Ho e-na le hoo, o ne a hlokomelisa ka seo re tla tlameha ho loana le sona mehleng ea qetello. Temana ea 1 e bua ka “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” Polelo eo e tsoa Segerikeng, ’me ha e le hantle e bolela “linako tse khethiloeng tse mabifi.” (Kingdom Interlinear) Na ha u lumele hore “mabifi” a hlalosa ka nepo seo re tobaneng le sona kajeno? Polelo ena e bululetsoeng e tsoela pele ho fana ka temohisiso ea bomolimo mehleng ea rōna.

18. Re lokela ho lebisa tlhokomelo ea rōna ho eng ha re ntse re ithuta mantsoe a Pauluse a boprofeta?

18 Thahasello ea rōna boprofeteng bona e lokela ho etsa hore re hlokomele mehlala e tšosang ea kamoo nako ea rōna e leng bohloko kateng, kapa e leng mabifi. Hopola lintlha tsa rōna tse peli tsa sehlooho: (1) ho hlokomela mathata a etsang hore linako tsa rōna e be tse thata le ho bona kamoo re ka a qobang kateng; (2) ho latela lithuto tseo ka ’nete li sebetsang le tse ka re thusang ho thabela bophelo bo molemo. Kahoo ho e-na le ho hatisa lintlha tse seng molemo, re tla lebisa tlhokomelo lithutong tse ka re thusang le malapa a rōna linakong tsena tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.

Kotula Melemo e Enneng

19. U bone bopaki bofe ba hore batho ke baithati?

19 Pauluse o qala lethathamo la hae ka ho bolela esale pele hore mehleng ea qetello, “batho e tla ba baithati.” (2 Timothea 3:2) O ne a bolela’ng? U ne u tla be u nepile ha u ka bolela hore ho theosa le histori ho bile le banna le basali ba inahanang bobona, ba amehileng ka lithahasello tsa bona feela. Leha ho le joalo, ha ho pelaelo hore bofokoli bona bo atile ka mokhoa o sa tloaelehang kajeno. Bo feteletse ho batho ba bangata. Ke hoo e ka bang boitšoaro bo tloaelehileng lefatšeng la lipolotiki le la khoebo. Banna le basali ba phehella ho busa le botumo ka litsela tsohle. Ke hore, hangata ho sa tsotellehe liphello ho ba bang, hobane batho ba joalo ba baithati ha ba tsotelle kamoo ba ntšang ba bang kotsi kateng. Ba potlakela ho qosa kapa ho qhekella ba bang. U ka utloisisa hore na ke ka lebaka la’ng ha ba bangata ba re ona ke “moloko oa ’na.” Batho ba se nang boitšoaro le baikakasi baa ata.

20. Keletso ea Bibele e fapane joang le moea oa boithati o leng teng?

20 Ha re rate ho hopotsoa ka liphihlelo tse bohloko tseo re bileng le tsona ha re sebelisana le batho ba “baithati.” Leha ho le joalo, ke ’nete hore ka ho talima bothata bona ka botšepehi, Bibele ea re thusa, hobane e re ruta kamoo re ka qobang leraba lena. E re: “Le se ke la etsa letho ka takatso e matla ea boithati kapa ka takatso ea lefeela ea ho ithorisa, le ikokobetse e mong ho e mong, ka linako tsohle le nahane hore ba bang ba molemo ho le feta. Batlang lithahasello tsa ba bang, eseng tsa lōna feela.” “U se ke ua inahana ho feta kamoo u loketseng kateng. Ho e-na le hoo, e-ba ea inyenyefatsang menahanong ea hao.” Keletso eo e molemohali e fumanoa ho Ba-Filippi 2:3, 4 le Ba-Roma 12:3, ho latela phetolelo ea Today’s English Version.

21, 22. (a) Ke bopaki bofe bo pharaletseng ba hore keletso e joalo e ka ipaka ho ba molemo kajeno? (b) Keletso ea Molimo e bile le phello efe ho batho ba tloaelehileng?

21 E mong a ka ’na a ipelaetsa, ‘Seo se utloahala se le molemo, empa ha se sebetse.’ Ruri sea sebetsa. Se ka atleha, ebile sea atleha ho batho ba tloaelehileng kajeno. Ka 1990 mohatisi oa Univesithi ea Oxford o ile a hatisa The Social Dimensions of Sectarianism. Khaolo 8 e ne e e-na le sehlooho se reng “Lipaki tsa Jehova Naheng ea K’hatholike,” ’me se hlalositse phuputso e entsoeng Belgium. Rea bala: “Ha re talima khoheli e molemo ea hore motho e be Paki, ntle le ho hoheloa ke ‘’Nete’ ka boeona, ba ileng ba arabela phuputsong ka linako tse ling ba ile ba bolela litšobotsi tse fetang e le ’ngoe. . . . Mofuthu, botsoalle, lerato, le bonngoe e bile litšobotsi tse ileng tsa boleloa ka makhetlo a mangata, empa botšepehi, le boitšoaro ba botho ‘le ho etsa lintho tumellanong le melao-motheo ea Bibele’ e bile tse ling tsa litšobotsi tseo Lipaki li neng li li nka e le tse ratehang.”

22 Re ka ’na ra tšoantša pono eo e akaretsang le setšoantšo se nkiloeng ka lense e nkang setšoantšo se sehōloanyane; haeba ho e-na le hoo, u sebelisa lense e atametsang ntho e nkoang setšoantšo haufi, kapa lense e etselitsoeng ho nka setšoantšo sa boholo bo sa tloaelehang, u ne u ka bonela liphihlelo tse ngata tsa bophelo haufi. Tsena li ne li tla akareletsa banna ba neng ba ikakasa, bo-’mampoli, kapa bao e neng e le baithati ka tsela e feteletseng empa bao hona joale ba leng bonolo haholoanyane, ba fetohileng banna le bo-ntate ba bontšang kameho e lerato e mosa haholoanyane ho balekane ba bona, bana, le ba bang. Hape li ka akareletsa basali bao e neng e le bahatelli kapa ba le lipelo li thata ’me bao hona joale ba thusang ba bang ho ithuta tsela ea Bokreste ba ’nete. Ho na le mehlala e joalo e likete tse makholo. Hona joale, ka kōpo ak’u arabele ka botšepehi. Na u ne u ke ke ua ho fumana ho le molemo ho ba har’a batho ba joalo ho e-na le hore ka linako tsohle u tobane le banna le basali ba baithati ba iketeletsang pele? Na seo se ne se ke ke sa etsa hore ho be bonolo haholoanyane hore re sebetsane ka katleho le linako tsa rōna tse mahlonoko? Kahoo na ho latela lithuto tse joalo tsa Bibele ho ke ke ha etsa hore u thabe haholoanyane?

23. Ke hobane’ng ha ho tla ba molemo ho lebisa tlhokomelo e eketsehileng ho 2 Timothea 3:2-5?

23 Leha ho le joalo, re hlahlobile ntlha ea pele feela ea lethathamo la Pauluse le tlalehiloeng ho 2 Timothea 3:2-5. Ho thoe’ng ka tse ling? Na ho li hlahloba ka hloko le tsona ho tla u thusa ho hlokomela mathata a ka sehloohong a mehla ea rōna e le hore u ka a qoba ho be ho u nolofaletse ho utloisisa tsela e tla tlisetsa uena le baratuoa ba hao thabo e eketsehileng? Sehlooho se latelang se tla u thusa hore u arabe lipotso tseo le ho fumana litlhohonolofatso tse enneng.

Lintlha tse Lokelang ho Hopoloa

◻ Bopaki bo bong ba hore re phela linakong tse mahlonoko ke bofe?

◻ Ke hobane’ng ha re ka kholiseha hore re phela mehleng ea qetello?

◻ Ke lintlha life tse peli tsa sehlooho tseo re ka li fumanang ka ho ithuta 2 Timothea 3:1-5?

◻ Nakong ena ea ha ba bangata e le baithati, lithuto tsa Bibele li thusitse batho ba Jehova joang?

[Litlhaloso Tsa Moo Litšoantšo li Nkiloeng Teng tse leqepheng la 8]

Photo top left: Andy Hernandez/Sipa Press; photo bottom right: Jose Nicolas/Sipa Press

    Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
    Tsoa
    Kena
    • Sesotho (Lesotho)
    • Romela
    • Ikhethele
    • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
    • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
    • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
    • Privacy Settings
    • JW.ORG
    • Kena
    Romela