Batsoali ba Tlas’a Khatello
HANGATA batsoali ha ba qala ho ba le bana ba bonahala ba le motlotlo haholo. Hoo e ka bang ntho e ’ngoe le e ’ngoe e amang lesea la bona e bonahala e ba thabisa. Ha lesea le qala ho bososela, le qala ho bua le ha le qala ho tataea e ba liketsahalo tsa bohlokoa. Ba qabola metsoalle le beng ka bona ka lipale le lifoto tsa lona. Ntle ho pelaelo, ba rata ngoana oa bona.
Leha ho le joalo, malapeng a mang, tlokotsi e hlaha ha lilemo li ntse li feta. Puo ea bosoasoi ea batsoali e nkeloa sebaka ke mantsoe a hlabang le a somang; ho koptjoa ka matsoho ka lerato ho nkeloa sebaka ke ho jabeloa kapa ho se thetsoe ka ho feletseng; ho ba motlotlo ha batsoali ho nkeloa sebaka ke ho halefa. Ba bangata ba re: “Hoja ka se ke ka ba le bana.” Malapeng a mang bothata bo bobe ho feta—batsoali ba ile ba hlōleha ho bontša ngoana lerato esita le boseeng ba hae! Maemong aa ka bobeli, ho etsahetse’ng? Lerato le kae?
Ka ho hlakileng bana ba ke ke ba khona ho fumana likarabo tsa lipotso tse joalo. Empa seo se ke ke sa ba thibela hore ba iketsetse liqeto. Botebong ba pelo ea hae, ngoana a ka ’na a fihlela qeto ea hore, ‘Haeba ’Mè kapa Ntate a sa nthate, ke kahobane ho e-na le ho hong ho phoso ka ’na. Ke tlameha ke hlile ke le mobe.’ Maikutlo ana a ka ’na a itsetsepela ka ho teba—a baka tšenyo e khōlō bophelong bohle.
Leha ho le joalo, ’nete ke hore batsoali ba ka ’na ba hlōleha ho bontša bana lerato leo ba le hlokang ka mabaka a mangata a sa tšoaneng. Ke ’nete hore kajeno batsoali ba tobane le likhatello tse tšosang, tse ling tsa tsona ke tsa tekanyo eo ho seng mohla e kileng ea e-ba teng. Ho batsoali ba sa ikemisetsang ho sebetsana le tsona ka ho loketseng, likhatello tsena li ka ba le phello e kotsi mosebetsing oo ba o etsang e le batsoali. Maele a mang a khale a re: “Ka ’nete, hloriso e ee e hlantše ea hlalefileng.”—Moeklesia 7:7.
“Linako Tse Mahlonoko Tseo ho Leng Thata ho Sebetsana le Tsona”
Mehla eo ho Nahanoang Hore ke ea Maemo a Molemo. Ke seo batho ba bangata ba lebeletseng ho se bona se etsahala lekholong lena la lilemo. Nahana—ho se ho se khatello ea moruo, tlala, komello le lintoa! Empa litšepiso tse joalo ha lia phethahala. Ho e-na le hoo, lefatše la kajeno le fetohile ka tsela eo mongoli e mong oa Bibele a ileng a profeta ka eona morao koana lekholong la pele la lilemo C.E. O ile a ngola hore mehleng ea rōna re ne re tla tobana le “linako tse mahlonoko tseo ho leng thata ho sebetsana le tsona.” (2 Timothea 3:1-5) Batsoali ba bangata ba ka lumellana ka tieo le mantsoe ao.
Hangata batsoali ba qalang ho ba le bana ba iphumana ba qakehile ke litšenyehelo tse phahameng tsa khōliso ea bana lefatšeng la kajeno. Hangata, batsoali ka bobeli ba tlameha ho sebetsa libakeng tse thōko le lehae e le hore feela ba khahlametse litlhoko tsa bophelo. Litšenyehelo tsa tlhokomelo ea meriana, liaparo, sekolo, tlhokomelo ea bana ha batsoali ba le mosebetsing, esita le lijo le bolulo kaofela li ka ’na tsa tlatsetsa ho phaellaneng ha likoloto tsa khoeli le khoeli ho sieang batsoali ba bangata ba e-na le boikutlo ba ho ba mothating oa ho tetebela. Boemo ba moruo bo hopotsa liithuti tsa Bibele ka boprofeta bo ho Tšenolo bo bolelang esale pele ka nako eo ka eona batho ba tlang ho sebelisa moputso oohle oa letsatsi bakeng sa ho reka lintho tse hlokahalang tse tšoarellang letsatsi le le leng feela!—Tšenolo 6:6.
Bana ba ke ke ba lebelloa hore ba utloisise likhatello tsena kaofela tse tobileng batsoali ba bona. Ha e le hantle, ka tlhaho, bana ba hloka, ’me ba lapela lerato le tlhokomelo. ’Me khatello eo ba e fumanang ho tsoa mecheng ea phatlalatso le ho bana ba kenang sekolo le bona ea hore ba be le lintho tsa ho bapala tsa morao-rao, liaparo le thepa ea elektronike hangata e baka khatello ho batsoali ka hore ba tlameha ho fana ka letoto le ntseng le eketseha la lintho tseo tse batloang.
Khatello e ’ngoe ho batsoali, e bonahalang e ntse e mpefala matsatsing ana, ke borabele. Ka ho thahasellisang, Bibele e ile ea profeta ka ho ngatafala ha bana ba sa mameleng batsoali e le pontšo e ’ngoe ea linako tsa rōna tse mahlonoko. (2 Timothea 3:2) Ke ’nete hore mathata a ho khalemela bana ha a macha. ’Me ha ho motsoali ea ka lokafatsang ho sotla ngoana ka hore ngoana o itšoere hampe. Empa na u ke ke ua lumela hore kajeno batsoali ba tlameha ho loanela ho hōlisa bana tikolohong e tletseng borabele? ’Mino o tummeng o hlohlelletsang khalefo, phetohelo le ho felloa ke tšepo; mananeo a TV a hlahisang batsoali e le litseketseke ’me bana e le bo-khoale-ntlhajana ba ba phahametseng; libaesekopo tse tlotlisang ho itšoara ka tsela e mabifi—ke litšusumetso tse pota-potileng bana kajeno. Bana ba latelang le ba etsisang boitšoaro bo joalo ba borabele ba ka tlisa khatello e tšabehang ho batsoali ba bona.
“Ba se Nang Boikutlo bo Mofuthu ba Tlhaho”
Leha ho le joalo, ho na le tšobotsi e ’ngoe hape boprofeteng bona ba khale e bontšang bothata bo bong bo boholo ho feta lelapeng kajeno. E bontša hore batho ba bangata haholo e tla ba “ba se nang boikutlo bo mofuthu ba tlhaho.” (2 Timothea 3:3) Boikutlo bo mofuthu ba tlhaho ke bona bo bolokang lelapa le momahane. Esita le batho ba tletseng lipelaelo ka ho fetisisa ka boprofeta ba Bibele ba tlameha ho amohela hore mehla ea rōna e bile le ho senyeha ho tšosang ha bophelo ba lelapa. Lefatšeng ho pota, manane a tlhalo a hloele mekoalaba. Libakeng tse ngata, malapa a motsoali a le mong kapa a nang le motsoali oa lenyalong la bobeli a atile ho feta malapa a tloaelehileng. Ka linako tse ling batsoali ba se nang balekane kapa bao e leng batsoali ba lenyalong la bobeli ba tobana le liphephetso le likhatello tse ikhethang tse ka etsang hore ho be thata ho bona ho bontša bana lerato leo ba le hlokang.
Leha ho le joalo, ho na le sesosa se seng se tebileng. Batsoali ba bangata kajeno ka bobona ba hōletse malapeng a neng a haelloa ke “boikutlo bo mofuthu ba tlhaho” kapa a se na bona ka ho feletseng—malapeng a arohantsoeng ke bofebe le tlhalo; malapeng a sentsoeng ke ho hloka botsoalle le lehloeo; mohlomong esita le malapeng ao ho ’ona mantsoe a hlabang, ho hlekefetsoa maikutlong, ’meleng kapa ka likamano tsa botona le botšehali ho neng ho tloaelehile. Ho hōlela malapeng a joalo hase feela hore ho senya bana empa ho ka boela ha senya seo ba tla ba sona ha e se e le batho ba baholo. Lipalo-palo li bontša boemo bo nyarosang—ba hore batsoali ba ileng ba hlekefetsoa bongoaneng ho ka etsahala hore le bona ba hlekefetse bana ba bona. Mehleng ea Bibele Bajuda ba ne ba e-na le maele a reng: “Bo-ntat’a bana ba jele morara o bolila, ’me meno a bana a thella.”—Ezekiele 18:2.
Leha ho le joalo, Molimo o ile a bolella batho ba hae hore lintho li ne li sa lokela ho ba ka tsela eo. (Ezekiele 18:3) Ntlha ea bohlokoa e lokela ho hatisoa mona. Na likhatello tsee kaofela tse holim’a batsoali li bolela hore ha ho letho le ka etsoang haese feela hore ba sotle bana ba bona? Le hanyenyane! Haeba u motsoali ’me u iphumana u loana le tse ling tsa likhatello tse boletsoeng pejana ’me u tšoenyehile ka hore na u tla ke u be motsoali ea molemo, e-ba sebete! Ha u karolo feela tjee ea lipalo-palo. Bophelo ba hao ba nakong e fetileng ha bo rere bokamoso ba hao ka mohlolo.
Tumellanong le tiisetso ea Mangolo ea hore ho ka khoneha ho ntlafatsa, buka e bitsoang Healthy Parenting e etsa tlhaloso ena: “Ntle le hore [u] ikemisetse ho nka mehato ea ho itšoara ka tsela e fapaneng le ea batsoali ba hao, mekhoa ea hao ea bongoaneng e tla ipheta-pheta ho sa tsotellehe hore na ua e rata kapa ha u e rate. E le hore lebili lena le eme, u tlameha ho hlokomela litšekamelo tse kotsi bophelong tseo u li ntšetsang pele ’me u ithute kamoo u ka li fetolang kateng.”
E, haeba ho hlokahala, u ka emisa lebili la khōliso e hlekefetsang! ’Me u ka sebetsana le likhatello tse etsang hore ho ba motsoali ho be thata hakana kajeno. Empa joang? Ke hokae moo u ka ithutang litekanyetso tse molemohali tse tšepahalang ka ho fetisisa, tsa ho ba motsoali ea molemo? Sehlooho sa rōna se latelang se tla tšohla taba ena.
[Setšoantšo se leqepheng la 6]
Ha ba le tlas’a khatello, batsoali ba bang ba hlōleha ho bontša bana ba bona lerato
[Setšoantšo se leqepheng la 7]
Batsoali ba lokela ho bontša bana ba bona lerato leo ba le hlokang