Watchtower ONLINE LIBRARY
Watchtower
ONLINE LIBRARY
Sesotho (Lesotho)
  • BIBELE
  • LINGOLOA
  • LIBOKA
  • Batsoali​—⁠Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December
    • 3. (a) Ho tlile joang hore Timothea e be Mokreste, hona o ile a etsa’ng ho bontša hore o sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona? (b) Pauluse o ile a bua le Timothea ka lintho life tse tharo?

      3 Moapostola Pauluse o qalile ho etela Lystra ka selemo sa 47 mehleng ea baapostola. Mohlomong ke hona mona moo Timothea a ileng a ithuta Lentsoe la Molimo ’me ea e-ba Mokreste. Le hoja a ne a sa le mocha, o ile a sebelisa lintho tseo a ithutileng tsona eaba ka mor’a lilemo tse peli o qala ho tsamaea le Pauluse. Ka mor’a lilemo tse ka bang 16, Pauluse o ile a ngolla Timothea a re: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe le hore ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang [Mangolo a Seheberu], tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” (2 Tim. 3:14, 15) Hlokomela hore Pauluse o bua ka (1) ho tseba lingoliloeng tse halalelang, (2) ho susumelletsoa ho lumela lintho tseo a ithutileng tsona le (3) ho hlalefisetsoa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.

  • Batsoali​—⁠Thusang Bana ba Lona ho ba “Hlalefisetsa Poloko”
    Molula-Qhooa (O Ithutoang)—2017 | December
    • “UA SUSUMELLETSOA HORE U LI LUMELE”

      5. (a) Ho bolela’ng ho ‘susumelletsoa ho lumela’? (b) Ke’ng e re bontšang hore Timothea o ile a susumelletsoa ho lumela hore Jesu ke Mesia?

      5 Ho bohlokoa hore ngoana oa hao a tsebe lingoliloeng tse halalelang. Empa ha hoa lekana ho mo ruta feela ka batho le liketsahalo tse hlahang ka Bibeleng. Hopola hore Timothea le eena o ile a ‘susumelletsoa ho lumela.’ Polelo ea Segerike e sebelisitsoeng mona e bolela “ho kholiseha hore ntho e itseng ke ’nete.” Timothea o tsebile Mangolo a Seheberu “ho tloha boseeng,” e leng hore o a tsebile a sa le monyenyane haholo. Hamorao o ile a kholiseha hore Jesu ke eena Mesia. Tumelo ea Timothea e ne e le matla hoo a ileng a kolobetsoa eaba o qala ho sebetsa le Pauluse e le moromuoa.

      6. U ka thusa bana ba hao joang hore ba kholisehe hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?

      6 U ka thusa bana ba hao joang hore ba be le tumelo e matla joaloka Timothea? Ntlha ea pele, e-ba le mamello. Ho nka nako hore motho a be le tumelo e matla. Hape taba ea hore ebe uena u lumela ntho e itseng ha e bolele hore bana ba hao le bona ba se ba ntse ba e lumela. Ngoana ka mong o lokela ho sebelisa ‘matla a hae a ho nahana’ e le hore a kholisehe hore Bibele ke Lentsoe la Molimo. (Bala Baroma 12:1.) Uena u le motsoali, u ka thusa bana ba hao hore ba be le tumelo e matla, haholo-holo ha u araba lipotso tsa bona. Nahana ka mohlala o latelang.

      7, 8. (a) Mor’abo rona Thomas o etsa’ng ho bontša hore o na le mamello ha a ruta morali oa hae? (b) Ke neng u kileng oa hloka ho ba le mamello ha u ruta ngoana oa hao?

      7 Mor’abo rona Thomas o na le morali ea lilemo 11. O re ka linako tse ling morali oa hae o ee a mo botse lipotso tse kang: ‘Na Jehova o entse lefatše ka ho iphetola ha lintho? Ke hobane’ng ha re sa kenelle linthong tse ngata tsa sechaba, joaloka ho vouta, e le hore re ntlafatse lintho?’ Ka linako tse ling o lokela ho ithiba hore a se ke a mo bolella hore na a lumele eng. Mor’abo rona Thomas oa tseba hore motho ha a kholoe taba ka mor’a hore a bolelloe ntho e le ’ngoe feela, empa o lokela ho fuoa bopaki bo bongata.

      8 Mor’abo rona Thomas o boetse oa tseba hore o lokela ho ba le mamello e le hore a atlehe ho ruta morali oa hae. Ha e le hantle, Bakreste bohle ba lokela ho ba le mamello. (Bakol. 3:12) Mor’abo rona Thomas oa tseba hore ho tla mo nka nako hore a qetelle a kholisitse morali oa hae. O lokela ho mo kholisa ka hore a mo balle Bibele. O re: “Ha ’na le mohats’a ka re ruta morali oa rona, haholo-holo ka lintho tsa bohlokoa, re batla ho tseba hore na o kholoa seo a ithutileng sona le hore na lithuto tseo lia utloahala. Re thaba haholo ha a re botsa lipotso. Ke ne ke tla tšoenyeha haeba a ka lumela ntho e ’ngoe le e ’ngoe, a sa botse letho.”

      9. U ka kholisa bana ba hao joang hore Bibele ke Lentsoe la Molimo?

      9 Ha batsoali ba e-na le mamello ha ba ruta bana ba bona, bana bao ba tla utloisisa “bophara le bolelele le bophahamo le botebo” ba tumelo. (Baef. 3:18) Re ka ba ruta lintho tse loketseng lilemo tsa bona. Ha tumelo ea bona e ntse e e-ba matla, ho tla ba bonolo hore ba bue le bana ba bang ka lintho tseo ba li lumelang, ho akarelletsa bao ba kenang sekolo le bona. (1 Pet. 3:15) Mohlala, na bana ba hao ba khona ho hlalosa hore na ho etsahala’ng ha motho a e-shoa? Na ba utloa Bibele e hlalosa lintho ka tsela e utloahalang?a Hopola hore ho bohlokoa ho ba le mamello ha u thusa ngoana oa hao ho kholiseha hore Bibele ke Lentsoe la Molimo.—Deut. 6:6, 7.

      10. U lokela ho etsa’ng ho thusa ngoana oa hao hore a be le tumelo e matla?

      10 U lokela ho qala pele u kholisehe ka Lentsoe la Molimo e le hore u thuse ngoana oa hao hore a be le tumelo e matla. Morali’abo rona Stephanie ea nang le barali ba bararo o re: “Ho tloha ha barali ba ka ba sa le banyenyane, ke ne ke atisa ho re, ‘Na ke bolella bana ba ka hore na ke kholisoa ke’ng hore Jehova o teng, hore oa re rata le hore melao ea hae e nepahetse? Na bana ba ka baa bona hore ehlile ke rata Jehova?’ Nke ke ka lebella hore bana ba ka ba be le tumelo haeba ’na ke se na eona.”

Lingoliloeng Tsa Sesotho Lesotho (1985-2026)
Tsoa
Kena
  • Sesotho (Lesotho)
  • Romela
  • Ikhethele
  • Copyright © 2025 Watch Tower Bible and Tract Society of Pennsylvania
  • Kamoo e Lokelang ho Sebelisoa
  • Tumellano ea ho Boloka Lekunutu
  • Privacy Settings
  • JW.ORG
  • Kena
Romela