Bacha, Ikhetheleng ho Sebeletsa Jehova
“Le ikhethele kajeno eo le tla mo sebeletsa.”—JOSHUA 24:15.
1, 2. Ke mefuta efe e fosahetseng ea kolobetso e ’nileng ea etsoa Bokreste-’mōtoaneng?
“TLOHELANG [bana] hore e be Bakreste ha ba se ba khona ho tseba Kreste.” Mongoli ea bitsoang Tertullian o ile a ngola mantsoe ana ho elella bofelong ba lekholo la bobeli la lilemo C.E. O ne a hanyetsa taba ea kolobetso ea masea, e leng mokhoa o neng o se o mela ka metso ka har’a Bokreste ba bokoenehi ba mehleng ea hae. Ha Mongoli oa Boholo-holo oa Kereke e leng Augustine, a ne a hanyetsa Tertullian le Bibele, o ile a bolela hore kolobetso e tlosa letheba la sebe sa tšimolohong le hore masea a shoang a sa kolobetsoa a ahloleloa ho ea liheleng. Tumelo ena e ile ea hōlisa tloaelo ea ho kolobetsa masea hang feela ha a qeta ho hlaha.
2 Likereke tse khōlō tsa Bokreste-’mōtoana li ntse li kolobetsa masea a sa tsoa tsoaloa. Ho feta moo, ho pholletsa le histori, babusi le baeta-pele ba bolumeli ba linaha tseo thoeng ke tsa Bokreste ba ne ba qobella “bahetene” ba hlōtsoeng hore ba kolobetsoe. Empa taba ea ho kolobetsoa ha masea le ea ho kolobetsoa ha batho ba baholo ka likhoka ha ea thehoa Bibeleng.
Kajeno ha ho na Motho ea Tsoaloang a Inehetse
3, 4. Ke eng e ka thusang bana ba batsoali ba inehetseng hore ba inehele ka ho ithaopa?
3 Bibele e bontša hore Molimo o nka bana ba banyenyane ba halalela esita leha ba e-na le motsoali a le mong feela eo e leng Mokreste ea tšepahalang. (1 Bakorinthe 7:14) Na seo se etsa hore bana bao e be bahlanka ba Jehova ba inehetseng? Che. Leha ho le joalo, bana ba hōlisoang ke batsoali ba inehetseng ho Jehova ba fumana koetliso e ka etsang hore ba ithaopele ho inehela ho Jehova. Morena ea bohlale, e leng Solomone o ile a ngola a re: “Uena mora oa ka, u boloke taelo ea ntat’ao, ’me u se ke ua furalla molao oa ’m’ao. . . . Ha u tsamaea, e tla u tataisa; ha u robala, e tla u lebela; ’me ha u tsohile, e tla ameha ka uena. Etsoe taelo ke lebone, molao ke leseli, ’me likhalemelo tsa taeo ke tsela ea bophelo.”—Liproverbia 6:20-23.
4 Tataiso eo batsoali ba Bakreste ba fanang ka eona e ka sireletsa bana, haeba feela ba ithaopela ho e latela. Solomone o ile a boela a re: “Mora ea bohlale o thabisa ntat’ae, ’me mora ea hlokang kelello ke mesarelo ea ’m’ae.” “Uena mora oa ka, utloa ’me u hlalefe, ’me u tsamaise pelo ea hao tseleng.” (Liproverbia 10:1; 23:19) Ka sebele, haeba lōna bana le batla ho rua molemo koetlisong eo batsoali ba fanang ka eona, le lokela ho ithaopela ho amohela tataiso, keletso le taeo. Ha lea tsoaloa le le bohlale, empa le ka ‘hlalefa’ ’me la ithaopela ho latela “tsela ea bophelo.”
Ho Laola Kelello ke Eng?
5. Pauluse o ile a fa bo-ntate le bana keletso efe?
5 Moapostola Pauluse o ile a ngola a re: “Bana, le mamele batsoali ba lōna bonngoeng le Morena, kaha sena se lokile: ‘Hlompha ntat’ao le ’m’ao’; e leng taelo ea pele e nang le tšepiso: ‘E le hore u ka tsoella hantle le hore u ka phela ka nako e telele lefatšeng.’ Lōna, bo-ntate, le se ke la halefisa bana ba lōna, empa le tsoele pele ho ba hōlisa ka taeo le kelello e laoloang ke Jehova.”—Baefese 6:1-4.
6, 7. Ho hōlisa bana ka “kelello e laoloang ke Jehova” ho akarelletsa eng, hona ke hobane’ng ha see se sa bolele hore batsoali ba susumetsa bana ba bona ka mokhoa o fosahetseng?
6 Na batsoali ba Bakreste ba susumetsa bana ba bona ka mokhoa o fosahetseng ha ba ba hōlisa ka “taeo le kelello e laoloang ke Jehova”? Che. Ke mang ea ka tšoaeang batsoali phoso ha ba ruta bana ba bona lintho tseo ba nkang hore li nepahetse ebile li le molemo boitšoarong? Ha ho motho ea tšoaeang phoso batho ba latolang boteng ba Molimo ha ba ruta bana bona hore Molimo ha a eo. Maroma a K’hatholike a ikutloa a tlamehile ho hōlisa bana ba ’ona ka tumelo ea K’hatholike, ’me ha ho motho ea a tšoaeang phoso ha a leka ho etsa seo. Ka ho tšoanang, Lipaki Tsa Jehova ha lia lokela ho qosoa ka hore li laola likelello tsa bana ba tsona ha li ba hōlisa hore ba be le monahano oa Jehova ka linnete tsa motheo le ka melao-motheo ea boitšoaro.
7 Ho ea ka Theological Dictionary of the New Testament, lentsoe la pele la Segerike le fetoletsoeng e le “kelello e laoloang” ho Baefese 6:4 le bolela mohato o nkoang bakeng sa ho “lokisa kelello, ho lokisa ntho e fosahetseng, ho ntlafatsa boikutlo [ba motho] linthong tsa moea.” Ho thoe’ng haeba mocha a hana koetliso eo batsoali ba mo fang eona ka lebaka la khatello ea lithaka, e leng takatso ea ho latela bongata? Ke mang eo ho ka thoe’ng o hatella ka mokhoa o kotsi—na ho ka thoe ke batsoali kapa ke lithaka tsa mocha eo? Haeba lithaka tsa mocha enoa li mo susumetsa hore a sebelise lithethefatsi, a noe joala haholo, kapa a kopanele boitšoarong bo bobe, na batsoali ba lokela ho tšoauoa phoso ha ba leka ho lokisa monahano oa ngoana oa bona le ha ba mo thusa hore a hlokomele liphello tsa boitšoaro bo joalo bo kotsi?
8. Ho ‘susumelletsa Timothea hore a lumele’ ho ne ho akarelletsa’ng?
8 Moapostola Pauluse o ile a ngolla mohlankana Timothea a re: “U tsoele pele linthong tseo u ileng ua ithuta tsona le tseo u ileng ua susumelletsoa hore u li lumele, u tseba hore na u ile ua ithuta tsona ho batho bafe le hore ho tloha boseeng u tsebile lingoliloeng tse halalelang, tse khonang ho u hlalefisetsa poloko ka tumelo mabapi le Kreste Jesu.” (2 Timothea 3:14, 15) Ho tloha ha Timothea esale ngoana, ’mè oa hae le nkhono oa hae ba ile ba tiisa tumelo ea hae ho Molimo ka matla tsebong ea Mangolo a Halalelang. (Liketso 16:1; 2 Timothea 1:5) Hamorao, ha e se e le Bakreste, ha baa ka ba qobella Timothea ho lumela empa ba ile ba mo ‘susumelletsa ho lumela’ ka ho mo behela mabaka a utloahalang a thehiloeng tsebong ea Mangolo.
Jehova o U Khothalletsa Hore U Khethe
9. (a) Jehova o ile a hlompha batho ba hae joang, hona e le ka lebaka lefe? (b) Mora ea tsoetsoeng a ’notši oa Molimo o ile a bontša joang hore o na le bolokolohi ba ho ikhethela?
9 Jehova a ka be a bōpile batho hore ba tšoane le liphoofolo, tse se nang boikhethelo ba ho etsa ntho leha e le efe e ’ngoe ntle feela ho eo li bōpetsoeng ho e etsa. Ho e-na le hoo, o ile a ba hlompha ka ho ba fa bolokolohi ba ho ikhethela. Molimo oa rōna o rata batho ba mo sebeletsang ka ho rata. O thabela ho bona batho ba hae, ba banyenyane le ba baholo, ba mo sebeletsa hobane ba mo rata. Mohlala o motle ka ho fetisisa oa motho ea ileng a ikokobeletsa thato ea Molimo ka ho rata ke oa Mora oa hae ea tsoetsoeng a ’notši, eo Jehova a ileng a re ka eena: “Enoa ke Mora oa ka, ea ratoang, eo ke mo amohetseng.” (Matheu 3:17) Mora enoa oa letsibolo o ile a re ho Ntate oa hae: “Ke thabetse ho etsa thato ea hao, Molimo oa ka, molao oa hao o ka har’a litho tsa ka tse ka hare.”—Pesaleme ea 40:8; Baheberu 10:9, 10.
10. Motheo oa ho sebeletsa Jehova ka tsela e amohelehang ke ofe?
10 Jehova o lebeletse hore ba mo sebeletsang tlas’a tataiso ea Mora oa hae ba bontše boikemisetso bo tšoanang ba ho ikokobeletsa thato ea Hae. Ka tsela ea boprofeta, mopesaleme o ile a bina a re: “Batho ba hao ba tla itlhahisa ka ho rata letsatsing la lebotho la hao la sesole. Bokhabaneng ba khalalelo, ho tsoa pōpelong ea mafube, u na le sehlopha sa bahlankana ba joaloka marotholi a phoka.” (Pesaleme ea 110:3) Mokhatlo oohle oa Jehova o hlophisitsoeng, e leng karolo e leholimong le karolo e lefatšeng, o sebetsa motheong oa ho ikokobeletsa thato ea Molimo ka ho rata.
11. Ke khetho efe eo bacha ba hōlisitsoeng ke batsoali ba inehetseng ba lokelang ho e etsa?
11 Kahoo lōna bacha le lokela ho utloisisa hore batsoali ba lōna kapa baholo ba Bakreste ka phuthehong ba ke ke ba le qobella hore le kolobetsoe. Takatso ea ho sebeletsa Jehova e lokela ho tsoa ho lōna. Joshua o ile a bolella Baiseraele a re: ‘Sebeletsang Jehova ka ho hloka molato le ka ’nete . . . Ikhetheleng kajeno eo le tla mo sebeletsa.’ (Joshua 24:14-22) Ka ho tšoanang, ke lōna ba lokelang ho ikhethela ho inehela ho Jehova le ho sebelisa bophelo ba lōna bakeng sa ho etsa thato ea hae.
Amohela Boikarabelo ba Hao
12. (a) Le hoja batsoali ba ka koetlisa bana ba bona, ke eng seo ba ke keng ba ba etsetsa sona? (b) Ke neng mocha a ikarabellang ka pel’a Jehova bakeng sa lintho tseo a khethang ho li etsa?
12 Joale, ho fihla nako eo ka eona lōna bacha le seng le sa hlole le sireletsoa ke botšepehi ba batsoali ba lōna. (1 Bakorinthe 7:14) Morutuoa Jakobo o ile a ngola a re: “Haeba motho a tseba ho etsa se nepahetseng leha ho le joalo a sa se etse, o etsa sebe.” (Jakobo 4:17) Batsoali ba ke ke ba sebeletsa Molimo molemong oa bana ba bona joalokaha bana le bona ba ke ke ba sebeletsa Molimo molemong oa batsoali ba bona. (Ezekiele 18:20) Na u ithutile ka Jehova le merero ea hae? Na u se u hōlile ka ho lekaneng hore u utloisise seo u ithutileng sona le ho qala ho ba le kamano e haufi le eena? Kahoo, na e ke ke ea e-ba ho utloahalang ho nahana hore Molimo o nka hore u ka khona ho iketsetsa qeto ea ho mo sebeletsa?
13. Ke lipotso life tseo bacha ba sa kolobetsoang ba lokelang ho ipotsa tsona?
13 Na u mocha ea sa kolobetsoang ea ntseng a hōlisoa ke batsoali ba rapelang Molimo, ea bang teng libokeng tsa Bokreste le ea bileng a kopanelang mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso? Haeba ho joalo, ak’u ipotse lipotso tse latelang ka botšepehi: ‘Ke hobane’ng ha ke etsa see? Na ke ba teng libokeng le ho kopanela mosebetsing oa boboleli hobane batsoali ba ka ba lebeletse hore ke etse joalo kapa ke etsa joalo hobane ke batla ho khahlisa Jehova?’ Na u ipaketse e le uena “thato ea Molimo e molemo le e amohelehang le e phethahetseng”?—Baroma 12:2.
Ke Hobane’ng ha U Lieha ho Kolobetsoa?
14. Ke mehlala efe e ka Bibeleng e bontšang hore motho ha aa lokela ho lieha ho kolobetsoa ho sa hlokahale?
14 “Ke eng se nthibelang ho kolobetsoa?” Monna oa Moethiopia ea ileng a botsa moevangeli Filipi potso ena o ne a sa tsoa ithuta hore Jesu ke Mesia. Empa Moethiopia enoa o ne a e-na le tsebo e lekaneng ea Mangolo hore a elelloe hore ha aa lokela ho lieha ho bolela phatlalatsa hore ho tloha ka nako eo ho ea pele o ne a tla sebeletsa Jehova e le karolo ea phutheho ea Bokreste, ’me seo se ile sa mo thabisa haholo. (Liketso 8:26-39) Ka ho tšoanang, mosali ea bitsoang Lydia, ea ileng a bula pelo ea hae “haholo hore a ele hloko lintho tse ntseng li buuoa ke Pauluse,” eena le ba ntlo ea hae ba ile ba “kolobetsoa” kapele-pele. (Liketso 16:14, 15) Ka ho tšoanang, molebeli oa teronko oa Filipi o ile a mamela Pauluse le Silase ha ba ntse “ba mo bolella lentsoe la Jehova,” eaba “eena le ba ntlo ea hae ba kolobetsoa ntle ho tieho.” (Liketso 16:25-34) Ka hona, haeba u na le tsebo ea motheo ka Jehova le merero ea hae, u na le takatso ea sebele ea ho etsa thato ea hae, ebile u na le botumo bo botle ka phuthehong ’me u ba teng kamehla libokeng le ho kopanela mosebetsing oa ho bolela litaba tse molemo tsa ’Muso, ke hobane’ng ha u lieha ho kolobetsoa?—Matheu 28:19, 20.
15, 16. (a) Ke monahano ofe o fosahetseng o ka ’nang oa thibela bacha ba bang ho kolobetsoa? (b) Boinehelo le kolobetso li ka sireletsa bacha joang?
15 Na ebe mohlomong u tsilatsila ho nka khato ee ea bohlokoa hobane u tšaba hore u tla qosoa haeba ho ka etsahala hore u oele boitšoarong bo bobe? Haeba ho joalo, nahana ka taba ena: Na u ne u ka hana ho batla laesense ea ho khanna hobane feela u tšaba hore u ka ’na ua etsa kotsi ka letsatsi le leng? Ho hlakile hore u ne u ke ke ua etsa joalo! Ka ho tšoanang, ha ua lokela ho tsilatsila hore u kolobetsoe haeba u tšoaneleha. Ha e le hantle, u tla ba le boikemisetso bo matla ba ho etsa sohle se matleng a hao ho hanela boitšoaro bo bobe haeba u nehetse bophelo ba hao ho Jehova ’me u lumetse ho etsa thato ea hae. (Bafilipi 4:13) Bacha, ka kōpo hle, le se ke la nahana hore haeba le lieha ho kolobetsoa, le qoba ho ikarabella ka seo le se etsang. Ha le se le hōlile, le ikarabella ho Jehova ka seo le se etsang ho sa tsotellehe hore na le kolobelitsoe kapa che.—Baroma 14:11, 12.
16 Lipaki tse ngata lefatšeng lohle li lumela hore qeto ea tsona ea ho kolobetsoa bocheng e ile ea li thusa haholo. Nahana ka mohlala oa mocha e mong oa Paki ea lilemo li 23 oa Europe Bophirimela. O hopola hore ho kolobetsoa ha hae a le lilemo li 13 ho ile ha mo susumeletsa ho ba hlokolosi hore a se ke a hlōloa ke “litakatso tsa tlhaho tsa bocha.” (2 Timothea 2:22) Ha a sa le monyenyane, o ile a etsa qeto ea ho ba mosebeletsi oa nako e tletseng. Kajeno, o thabela ho sebeletsa ofising ea lekala ea Lipaki Tsa Jehova. Bacha kaofela ba khethang ho sebeletsa Jehova, ho akarelletsa le uena, ba letetsoe ke litlhohonolofatso tse khōlō.
17. Ke linthong life moo ho hlokahalang hore re “tsoele pele ho lemoha seo thato ea Jehova e leng sona”?
17 Boinehelo le kolobetso ke pontšo ea hore re qala tsela ea bophelo eo ho eona re nahanang ka thato ea Jehova nthong e ’ngoe le e ’ngoe eo re e etsang. Ho phethahatsa boinehelo ba rōna ho akarelletsa ho ‘ithekela nako.’ Re ka etsa seo joang? Ka ho sebelisa nako eo re neng re ka e qeta re hahamalla lintho tsa lefeela ebe joale re e sebelisetsa ho ithuta Bibele ka botebo, ho ba teng kamehla libokeng tsa Bokreste le ho kopanela ka ho feletseng mosebetsing oa ho bolela ‘litaba tse molemo tsa ’muso.’ (Baefese 5:15, 16; Matheu 24:14) Boinehelo ba rōna ho Jehova le takatso ea rōna ea ho etsa thato ea hae li tla re tsoela molemo likarolong tsohle tsa bophelo ba rōna, tse akarelletsang tsela eo re ikhathollang ka eona, mekhoa ea rōna ea ho ja le ho noa le mofuta oa ’mino oo re o mamelang. Ke hobane’ng ha u sa khethe mofuta oa boikhathollo oo u tla o thabela ka ho sa feleng? Bacha ba Lipaki ba thabileng ba likete ba tla u bolella hore ho na le litsela tse ngata tse molemo tseo motho a ka ithabisang ka tsona empa ka nako e tšoanang a sa hlokomolohe “thato ea Jehova.”—Baefese 5:17-19.
“Re Tla Tsamaea le Lōna”
18. Ke lipotso life tseo bacha ba lokelang ho ipotsa tsona?
18 Ho tloha ka 1513 B.C.E. ho isa ho Pentekonta ea 33 C.E., Jehova o ne a e-na le batho ba hlophisitsoeng lefatšeng bao a neng a ba khethile hore ba mo rapele le ho ba lipaki tsa hae. (Esaia 43:12) Bana ba Baiseraele ba ile ba tsoalloa sechabeng seo. Ho tloha ka Pentekonta, Jehova o na le “sechaba” se secha lefatšeng, e leng Iseraele ea moea, “batho bakeng sa lebitso la hae.” (1 Petrose 2:9, 10; Liketso 15:14; Bagalata 6:16) Moapostola Pauluse o bolela hore Kreste o itlhoekiselitse “sechaba seo ka ho khethehileng e leng sa hae, se chesehelang mesebetsi e metle.” (Tite 2:14) Lōna bacha, le lokolohile ho iphumanela hore na ebe sechaba seo se ka fumanoa hokae. Kajeno ke bo-mang ba bōpang “sechaba se lokileng se bolokang boitšoaro bo tšepahalang,” ba phelang tumellanong le melao-motheo ea Bibele, bao e leng Lipaki Tsa Jehova tse tšepahalang le ba phatlalatsang ’Muso oa hae e le oona tšepo feela bakeng sa moloko oa batho? (Esaia 26:2-4) Ak’u hlokomele lintho tse etsoang ke likereke tsa Bokreste-’mōtoana le malumeli a mang, ebe u bapisa boitšoaro ba tsona le seo Bibele e reng bahlanka ba ’nete ba Molimo ba lokela ho se etsa.
19. Batho ba limilione lefatšeng ka bophara ba kholisehile ka eng?
19 Batho ba limilione lefatšeng ka bophara, ho akarelletsa le bacha ba bangata, ba kholisehile hore ‘sechaba seo se lokileng’ ke masala a tlotsitsoeng a Lipaki Tsa Jehova. Ba re ho Baiseraele bana ba moea: “Re tla tsamaea le lōna, etsoe re utloile hore Molimo o na le lōna.” (Zakaria 8:23) Ka sebele re kholisehile ebile re rapella hore lōna bacha le tla etsa qeto ea ho ba har’a batho ba Molimo ’me kahoo le “khethe bophelo”—e leng bophelo bo sa feleng lefatšeng le lecha la Jehova.—Deuteronoma 30:15-20; 2 Petrose 3:11-13.
Tlhahlobo
• Ho laola kelello ho akarelletsa eng?
• Ke tšebeletso ea mofuta ofe e amohelehang ho Jehova?
• Ke khetho efe eo bacha bohle ba hōlisitsoeng ke batsoali ba inehetseng ba lokelang ho e etsa?
• Ke hobane’ng ha motho a sa lokela ho lieha ho kolobetsoa ho sa hlokahale?
[Litšoantšo tse leqepheng la 26]
U tla mamela mang?
[Setšoantšo se leqepheng la 28]
Boinehelo le kolobetso li ka u sireletsa joang?
[Setšoantšo se leqepheng la 29]
Ke eng se u thibelang ho kolobetsoa?